Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 22

Ke Keletso Efe e ka re Tsoelang Molemo?

Ke Keletso Efe e ka re Tsoelang Molemo?

“Jehova o fana ka bohlale.”​—LIPROV. 2:6.

PINA EA 89 Mamela ’Me U Hlohonolofatsoe

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ke hobane’ng ha re hloka hore Molimo a re fe bohlale? (Liproverbia 4:7)

 NA HO na le qeto ea bohlokoa eo u ileng oa lokela ho e etsa? Ha ho pelaelo hore u ile oa rapella bohlale hobane u ne u tseba hore oa bo hloka. (Jak. 1:5) Morena Solomone o ile a re: “Bohlale ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.” (Bala Liproverbia 4:7.) Solomone o ne a sa bue ka bohlale ba batho empa o ne a bua ka bohlale bo tsoang ho Jehova Molimo. (Liprov. 2:6) Na bohlale boo Molimo a re fang bona bo ka re thusa hore re tsebe seo re lokelang ho se etsa ha re e-na le mathata? Sehlooho sena se tla bontša hore na bohlale boo bo ka re thusa joang.

2. Re ka etsa’ng e le hore re be bohlale?

2 Tsela e ’ngoe eo re ka bang bohlale ka eona ke ka hore re ithute ho banna ba babeli ba neng ba le bohlale haholo le ho sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona. Re tl’o qala pele ka ho bua ka Solomone. Bibele e re “Molimo a tsoela pele ho fa Solomone bohlale le kutloisiso ka tekanyo e kholo haholo.” (1 Mar. 4:​29) Ka mor’a moo, re tla bua ka Jesu ea neng a le bohlale ho feta motho leha e le ofe. (Mat. 12:​42) Bibele e ile ea re ka Jesu: “Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae, moea oa bohlale le oa kutloisiso.”​—Esa. 11:2.

3. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

3 Bohlale boo Molimo a ileng a bo fa Solomone le Jesu bo ile ba ba thusa hore ba fane ka keletso ka lintho tsa bohlokoa. Sehloohong sena re tl’o bua ka tsena tse tharo: Ho ba le maikutlo a nepahetseng ka chelete, mosebetsi le ka rona.

MAIKUTLO A HAO KE AFE KA CHELETE?

4. Solomone le Jesu ba ne ba fapane joang?

4 Solomone e ne e le morui a bile a e-na le ntlo e majabajaba. (1 Mar. 10:​7, 14, 15) Jesu eena o ne a se na lintho tse ngata a bile a se na ntlo. (Mat. 8:​20) Leha ho le joalo, kaha Jehova Molimo o ne a ba file bohlale, ha baa ka ba nka lintho tseo ba nang le tsona e le tsa bohlokoa ka ho fetisisa.

5. Maikutlo a Solomone e ne e le afe ka chelete?

5 Solomone o ile a re chelete ke “tšireletso.” (Moek. 7:​12) Ha re e-na le chelete re ka khona ho ba le lintho tseo re li hlokang le tse ling tseo re li batlang. Solomone o ne a ruile haholo. Leha ho le joalo, o ile a hlokomela hore ho na le lintho tseo e leng tsa bohlokoa ho feta chelete. Ka mohlala, o ile a re: “Lebitso le lokela ho khethoa ho e-na le maruo a mangata.” (Liprov. 22:1) Solomone o ile a boela a re hangata batho ba ratang chelete ha ba thabele lintho tseo ba nang le tsona. (Moek. 5:​10, 12) O ile a re ha rea lokela ho nka chelete e le eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa hobane e ka fela ka ho panya ha leihlo.​—Liprov. 23:​4, 5.   

Na maikutlo a hao ka lintho tseo u nang le tsona a etsa hore u se ke oa beha ’Muso pele? (Sheba serapa sa 6 le 7) *

6. Jesu o ne a nka lintho tseo a neng a e-na le tsona joang? (Matheu 6:​31-33)

6 Jesu o ne a sa nke lintho tseo a nang le tsona e le tsa bohlokoa ka ho fetisisa. E ne e le motho ea thabelang lijo. (Luka 19:​2, 6, 7) Ka letsatsi le leng o ile a etsa veine e monate haholo ’me oo e ne e le mohlolo oa hae oa pele. (Joh. 2:​10, 11) O ne a apere seaparo se turang letsatsing leo a shoeleng ka lona. (Joh. 19:​23, 24) Ho ntse ho le joalo, Jesu ha aa ka a nka lintho tseo a neng a e-na le tsona e le tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae. O ile a re ho balateli ba hae: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli . . . Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” (Mat. 6:​24) Jesu o ile a re haeba re batla ’Muso pele, Jehova o tla etsa bonnete ba hore o re fa lintho tseo re li hlokang.​—Bala Matheu 6:​31-33.

7. Ho ba le maikutlo a nepahetseng ka chelete ho thusitse mor’abo rona e mong joang?

7 Ho mamela keletso ea Jehova e mabapi le chelete ho thusitse bara le barali babo rona ba bangata. Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Daniel oa lesoha. O re: “Ha ke sa le mocha, ke ile ka etsa qeto ea hore ntho e tla tla pele bophelong ba ka ke ho sebeletsa Jehova.” Daniel o ne a se na lintho tse ngata ’me seo se ile sa etsa hore a etse mesebetsi e mengata ka mokhatlong oa Jehova. Daniel o boetse o re: “Kannete ha ke ikoahlaele qeto eo ke ileng ka e etsa. Hoja ke ne ke rata chelete nkabe ke ile ka ba le e ngata ebile nkabe ke se na metsoalle eo ke nang le eona hona joale. Hape ha ke ne ke rata chelete nkabe ke sa thabisoe ke hore ke khona ho beha ’Muso pele. Ha ho na chelete e ka lekanang le litlhohonolofatso tseo Jehova a mphileng tsona.” Ho hlakile hore ho sebeletsa Jehova ho re tsoela molemo ho feta ho ameha haholo ka ho ba le chelete.

MAIKUTLO A HAO KE AFE KA MOSEBETSI?

8. Re tseba joang hore Solomone o ne a e-na le maikutlo a nepahetseng ka mosebetsi? (Moeklesia 5:​18, 19)

8 Solomone o ile a re motho o thabisoa ke ho sebetsa ka thata ’me o ile a re seo ke “mpho ea Molimo.” (Bala Moeklesia 5:​18, 19.) O ile a re: “Ka mofuta o mong le o mong oa ho sehla ho ba le molemo.” (Liprov. 14:​23) Solomone o ne a tseba hore na o bua ka’ng hobane o ne a sebetsa ka thata. O ile a ikahela matlo, a itemela lirapa tsa morara, a iketsetsa lirapa le matamo a metsi a ba a haha metse. (1 Mar. 9:​19; Moek. 2:​4-6) Kannete Solomone o ne a sebetsa ka thata ’me seo se ne se etsa hore a thabe. Solomone o ne a tseba hore ho sebetsa ka thata ha se eona feela ntho e neng e ka etsa hore a thabe empa o ne a ka thabisoa ke ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, o ile a etella pele mosebetsi oa ho haha tempele e ntle ea Jehova o ileng oa nka lilemo tse supileng. (1 Mar. 6:​38; 9:1) Ka mor’a hore Solomone a etse lintho tsena kaofela, o ile a hlokomela hore ntho ea bohlokoa eo motho a ka e etsang ke ho sebeletsa Jehova. O ile a re: “Qetello ea taba, ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e utloiloe, ke ena: Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae.”​—Moek. 12:13.

9. Jesu o ile a etsa’ng hore mosebetsi e se ke ea e-ba ntho e tlang pele bophelong ba hae?

9 Jesu o ne a sebetsa ka thata. Ha e sa le mocha, o ne a etsa mosebetsi oa mapolanka. (Mar. 6:3) Ha ho pelaelo hore batsoali ba hae ba ne ba ananela hore ebe oa ba thusa ha ba ntse ba leka ho hlokomela lelapa la bona le leholo. Jesu o ne a sa etse liphoso, kahoo mosebetsi oa hae e ne e le o tsoileng matsoho ’me e ka ’na eaba batho ba bangata ba ne ba batla lintho tseo a li entseng. Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a thabela ho etsa mosebetsi oa hae. Jesu o ne a lula a ipha nako ea ho sebeletsa Jehova le hoja a ne a sebetsa ka thata mosebetsing oa hae. (Joh. 7:​15) Ha Jesu a se a le tšebeletsong ea nako e tletseng, o ile a re ha a ne a bua le batho bao a neng a ba ruta: “Le se ke la sebeletsa lijo tse senyehang, empa le sebeletse lijo tse lulang ho isa bophelong bo sa feleng.” (Joh. 6:​27) Thutong ea Hae ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Le ipolokele matlotlo leholimong.”​—Mat. 6:20.

Re ka etsa’ng hore re be le nako e lekaneng ea mosebetsi le ea ho sebeletsa Jehova? (Sheba serapa sa 10 le 11) *

10. Ke’ng e ka etsahalang mosebetsing haeba re le batho ba sebetsang ka thata?

10 Ha re mamela keletso ea Jehova re tla khona ho ba le maikutlo a nepahetseng ka mosebetsi. Bakreste ba rutoa hore ba “sebetse ka thata . . . , mosebetsi o molemo.” (Baef. 4:​28) Hangata batho bao re ba sebeletsang baa hlokomela hore rea tšepahala ebile re sebetsa ka thata ’me ba ka ’na ba re bolella hore ba rata tsela eo re sebetsang ka eona. Ntho ena e ka ’na ea etsa hore re batle ho sebetsa lihora tse eketsehileng e le hore batho bao re ba sebeletsang ba bone hore Lipaki Tsa Jehova li sebetsa ka thata. Ha re etsa joalo, re ka ’na ra se be le nako e lekaneng ea ho ba le ba lelapa le ea ho sebeletsa Jehova. Re lokela ho etsa bonnete ba hore re ba le nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa.

11. Mor’abo rona e mong o ithutile eng mabapi le mosebetsi?

11 Mor’abo rona William e mocha o ile a ithuta ho moholo eo a neng a mo sebeletsa hore ke habohlokoa hore a se ke a lumella mosebetsi hore o mo sitise ho etsa lintho tsa bohlokoa. Mor’abo rona William o re: “[Moholo enoa] ke mohlala o motle oa motho ea sebetsang ka thata. Oa ikitlaetsa mosebetsing ’me bareki baa mo rata kaha o etsa mosebetsi o tsoileng matsoho. Leha ho le joalo, ha a chaisa o lebala ka mosebetsi ’me o ipha nako ea lelapa la hae le ea borapeli. Empa seo ke se hlokometseng ke hore ke e mong oa batho ba thabileng ka ho fetisisa!” *

NA U NKA HORE U BOHLOKOA HO FETA BATHO BA BANG?

12. Solomone o ile a bontša joang hore ha a nke hore o bohlokoa ho feta ba bang, hona o ile a fetoha joang?   

12 Ha Solomone a ntse a sebeletsa Jehova o ne a sa nke hore o bohlokoa ho feta batho ba bang. Ha e ntse e le mocha, o ne a utloisisa hore ho na le lintho tseo a sa khoneng ho li etsa ’me o ne a kopa keletso ho Jehova. (1 Mar. 3:​7-9) Ha Solomone a ne a qala ho busa o ne a tseba kotsi e ka bakoang ke ho ikhohomosa. O ile a re: “Boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.” (Liprov. 16:​18) Ka masoabi, hamorao Solomone ha aa ka a sebelisa keletso eo ea hae. Nakoana ka mor’a hore e be morena, o ile a ikhohomosa ’me a qala ho se mamele melao ea Molimo. Ka mohlala, molao o mong o ne o re morena oa Moheberu haa lokela ho “ikekeletsa basali, hore pelo ea hae e se ke ea kheloha.” (Deut. 17:​17) Solomone ha aa ka a mamela molao oo eaba o ba le basali ba 700 le lirethe tse 300 ’me bongata ba bona ba ne ba sa sebeletse Jehova. (1 Mar. 11:​1-3) Mohlomong Solomone o ne a nahana hore taba eo e ke ke ea mo bakela mathata. Leha ho le joalo, o ile a etsahalloa ke lintho tse bohloko ka lebaka la ho se mamele Jehova.​—1 Mar. 11:​9-13.

13. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jesu?

13 Jesu o ile a lula a ikokobelitse a bile a sa nke hore o bohlokoa ho feta batho ba bang. Pele Jesu a tla lefatšeng, o ile a etsa lintho tse ngata tse babatsehang ha a ntse a sebeletsa Jehova. “Lintho tse ling tsohle tse maholimong le tse lefatšeng li ile tsa boptjoa” ho sebelisoa Jesu. (Bakol. 1:​16) Ha Jesu a kolobetsoa o ile a hopola lintho tseo a ileng a li etsa ha a ne a e-na le Ntate oa hae leholimong. (Mat. 3:​16; Joh. 17:5) Ho hopola lintho tseo ha hoa ka ha etsa hore Jesu a ikhohomose. Hape ha aa ka a iphahamisetsa batho ba bang. O ile a bolella barutuoa ba hae hore ha aa ka a tla lefatšeng “ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Mat. 20:​28) O ile a boela a re a ke ke a etsa ntho leha e le efe e itsoelang ho eena. (Joh. 5:​19) Kannete Jesu o ne a ikokobelitse! O re behetse mohlala o motle oo re ka o latelang.

14. Re ka ithuta’ng ho seo Jesu a se rutileng balateli ba hae?

14 Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba se ke ba ikhalala. Ka lekhetlo le leng, o ile a re ho bona: “Moriri oa lihlooho tsa lona o baliloe kaofela.” (Mat. 10:​30) Mantsoe ao aa re khothatsa, haholo-holo haeba re na le ho ikutloa eka ha re batho ba bohlokoa. Mantsoe ao a bolela hore Ntate oa rona ea leholimong oa re tsotella ebile o re nka re le batho ba bohlokoa. Ha re batle ho belaella taba ea hore Jehova o re nka re le batho ba bohlokoa ka hore re nahane hore ha re tšoanelehe ho mo sebeletsa le ho fumana bophelo bo sa feleng.

Re ka lahleheloa ke monyetla oa ho fumana litlhohonolofatso life haeba re nka hore re bohlokoa ho feta batho ba bang? (Sheba serapa sa 15) *

15. (a) Molula-Qhooa o mong o ile oa re re se ke ra etsa’ng? (b) Ho ea ka setšoantšo se leqepheng la 24, re ka lahleheloa ke monyetla oa ho fumana litlhohonolofatso life haeba re nka hore re bohlokoa ho feta batho ba bang?

15 Lilemo tse 15 tse fetileng, Molula-Qhooa o mong o ile oa re re se ke ra ikhalala kapa ra nka hore re bohlokoa ho feta batho ba bang. O ile oa re: “Ka sebele, ha re batle ho iphahamisa hoo re inahanang borona feela, ebile ha re batle ho etsa se fapaneng le seo ebe re inka re se letho. Ho e-na le hoo, sepheo sa rona e lokela ho ba ho italima ka tsela e nepahetseng, e leng tsela e bontšang hore rea tseba hore ho na le moo re leng matla teng le moo re fokolang teng. Mosali e mong oa Mokreste o ile a re: ‘Ha ke motho e mobe ho feta ba bang, ebile ha ke motho e motle ho feta ba bang. Ke na le makhabane le likoli [kapa mefokolo], ’me batho bohle ba joalo.’ ” * Kahoo, re khona ho bona hore na ke hobane’ng ha re sa lokela ho ikhalala kapa ho nka hore re bohlokoa ho feta batho ba bang.

16. Ke hobane’ng ha Jehova a re fa keletso e re tsoelang molemo?

16 Jehova o re fa keletso e re thusang a sebelisa Lentsoe la hae Bibele. Oa re rata ebile o batla hore re thabe. (Esa. 48:​17, 18) Qeto e nepahetseng eo re ka e etsang ke hore re etse lintho tse tla thabisa Jehova ’me seo le rona se tla re thabisa. Ha re etsa joalo, re tla qoba mathata ao batho ba nkang chelete le mosebetsi e le tsa bohlokoa le ba nkang hore ba bohlokoa ho feta batho ba bang ba bang le ’ona. E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho ba bohlale le ho thabisa Jehova.​—Liprov. 23:15.

PINA EA 94 Re Ananela Lentsoe la Molimo

^ ser. 5 Solomone le Jesu ba ne ba le bohlale haholo. Jehova Molimo ke eena ea ba fileng bohlale boo. Sehloohong sena re tl’o bona hore na re ka ithuta’ng keletsong ea Solomone le ea Jesu ka ho ba le maikutlo a nepahetseng ka chelete, mosebetsi le ka rona. Re tla boela re bone hore na ho mamela keletso ea Bibele e mabapi le lintho tsena ho thusitse Bakreste-’moho joang.

^ ser. 11 Sheba sehlooho se re’ng, “U ka Etsa’ng Hore U Thabele ho Sebetsa ka Thata?” ho Molula-Qhooa oa February 1, 2015.

^ ser. 15 Sheba sehlooho se reng, “Bibele e ka U Thusa Hore U Thabe” ho Molula-Qhooa oa August 1, 2005.

^ ser. 52 LITŠOANTŠO: Mor’abo rona John le Mor’abo rona Tom ke bacha ba phuthehong e le ’ngoe. John o qeta nako e ngata a hloekisa koloi ea hae. Tom eena o sebelisa koloi ea hae ho isa Bakreste-’moho tšimong le libokeng.

^ ser. 54 LITŠOANTŠO: Mor’abo rona John o ntse a sebetsa ka mor’a lihora tsa mosebetsi. Ha a batle ho phoqa mong’a hae. Oa lumela kamehla ha mong’a hae a mo kopa hore a sebetse bosiu. Mor’abo rona Tom eo e leng mohlanka ea sebeletsang, o leetong la bolisa le moholo e mong hona mantsiboeeng ao. Tom o ile a hlalosetsa mong’a hae hore ka matsatsi a mang a ke ke a khona ho sebetsa mantsiboea hobane o batla ho sebelisa nako eo ho sebeletsa Jehova.

^ ser. 56 LITŠOANTŠO: Mor’abo rona John o nka hore o bohlokoa ho feta batho ba bang. Mor’abo rona Tom o nka Jehova e le oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae ’me o etsa metsoalle e mecha ha ba ntse ba lokisa Holo ea Kopano.