Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 20

Lengolo la Tšenolo le Bolela’ng ho Lira Tsa Molimo?

Lengolo la Tšenolo le Bolela’ng ho Lira Tsa Molimo?

“Tsa a bokellela sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Har–Magedone.”​—TŠEN. 16:16.

PINA EA 150 Batlang Molimo Hore a le Lopolle

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Buka ea Tšenolo e re’ng ha e bua ka batho ba sebeletsang Molimo?

 BUKA ea Tšenolo e hlalosa hore ’Muso oa Molimo o hlonngoe leholimong ha Satane eena a lelekiloe leholimong. (Tšen. 12:​1-9) Ka lebaka lena, ho na le mathata lefatšeng empa leholimong ho ile ha sala ho e-na le khotso. Hobane’ng? Hobane Satane o halefile ’me o hlasela batho ba sebeletsang Jehova ka botšepehi lefatšeng.​—Tšen. 12:​12, 15, 17.

2. Ke eng e tla re thusa ho lula re tšepahalla Jehova?

2 Ke joang re ka lulang re tšepahalla Molimo le hoja Satane a re hlasela? (Tšen. 13:​10) Ntho e ka re thusang ke ho tseba hore na ho tla etsahala eng ka moso. Ka mohlala, ho Tšenolo moapostola Johanne o hlalosa tse ling tsa litlhohonolofatso tseo re tla li thabela haufinyane. E ’ngoe ea litlhohonolofatso tseo ke hore lira tsa Molimo li tla felisoa. A re hlahlobeng hore na Tšenolo e hlalosa lira tsena tsa Molimo joang le hore na ho tla etsahala’ng ka tsona.

LIRA TSA MOLIMO LI HLALOSOA KA “LIPONTŠO”

3. Tse ling tsa lipontšo tse sebelisitsoeng lengolong la Tšenolo ke life?

3 Temaneng ea pele feela, lengolo la Tšenolo le re bolella hore lintho tseo re tl’o li bala li hlalosoa ka “lipontšo” kapa puo ea tšoantšetso. (Tšen. 1:1) Hamorao re bala ka libata tse tšoantšetsang lira tsa Molimo. Ka mohlala, ho na le “sebata se nyolohang ka leoatleng.” Se na le “linaka tse leshome le lihlooho tse supileng.” (Tšen. 13:1) Ka mor’a sebata sena ho hlaha “sebata se seng se nyoloha lefatšeng.” Sebata sena se bua joaloka drakone ’me se etsa hore “mollo o theohe leholimong.” (Tšen. 13:​11-13) Joale re bona sebata se seng se fapaneng, “sebata se ’mala o sekareleta,” se palangoeng ke seotsoa. Libata tsena tse tharo li tšoantšetsa lira tseo esale li loantša Jehova Molimo le ’Muso oa hae ka nako e telele. Ke ka hona ho leng bohlokoa hore re li tsebe.​—Tšen. 17:​1, 3.

LIBATA TSE ’NÈ TSA LITONANAHALI

Li “nyoloha leoatleng.” (Dan. 7:​1-8, 15-17) Li tšoantšetsa mebuso ea batho e ileng ea busa le ho ama batho ba Molimo ka tsela e itseng ho tloha mehleng ea Daniele. (Sheba serapa sa 4 le 7)

4, 5. Tlaleho e ho Daniele 7:​15-17 e re thusa joang ho utloisisa seo lipono tsee li se bolelang?

4 Pele re ka ithuta hore na lira tsena ke bo-mang, re lokela ho utloisisa hore na seotsoa le libata tsena li emela’ng. Tsela e molemo ea ho utloisisa ke hore re lumelle Bibele hore e itlhalose. Lipono tse ngata tse hlahang bukeng ea Tšenolo li hlalositsoe mangolong a mang a Bibele. Ka mohlala, moprofeta Daniele o ile a lora ka ‘libata tse ’nè tsa litonanahali tse neng li nyoloha leoatleng.’ (Dan. 7:​1-3) Daniele oa re bolella hore na libata tseo li emela eng. Libata tsena tsa litonanahali li emela “marena” kapa mebuso e mene. (Bala Daniele 7:​15-17.) Tlhaloso eo e hlakileng e re thusa ho utloisisa hore libata tse hlahang lengolong la Tšenolo le tsona li emela mebuso.

5 Hona joale a re hlahlobeng lipono tse ling tse hlahang lengolong la Tšenolo. Ha re etsa joalo, re tla bona kamoo Bibele e re thusang ho utloisisa hore na lipono tsena li bolela eng. Re tla qala ka ho hlahloba lipono tsa libata. Pele re tla hlahloba hore na libata tsena li emela bo-mang. Ebe re bua ka hore na ho etsahala eng ka tsona. Qetellong re tla bona hore na liketsahalo tsena li bolela eng ho rona.

LIRA TSA MOLIMO LIA SENOLOA

SEBATA SE LIHLOOHO LI SUPILENG

Se ‘nyoloha ka leoatleng’ ’me se na le lihlooho tse supileng, linaka tse leshome le mefapa-hlooho e leshome. (Tšen. 13:​1-4) Se tšoantšetsa mebuso eohle e busitseng batho ho fihlela hona joale. Lihlooho tse supileng li tšoantšetsa mebuso ea lefatše e supileng e ileng ea e-ba le litšebelisano ka tsela e itseng le batho ba Molimo. (Sheba serapa sa 6-8)

6. Sebata se lihlooho li supileng se hlalositsoeng ho Tšenolo 13:​1-4 ke eng?

6 Sebata se lihlooho li supileng se emela eng? (Bala Tšenolo 13:​1-4.) Seo re se hlokomelang ke hore sebata sena se tšoana le lengau empa se na le maoto a bere le molomo oa tau le linaka tse leshome. Ho na le ho tšoana ho teng pakeng tsa sebata sena le libata tse ’nè tse hlalositsoeng ho Daniele khaolo ea bosupa. Sebata sena se hlahang lengolong la Tšenolo se kopantse litšobotsi tsa libata tse ’nè tse hlahang lengolong la Daniele. Sebata sena ha se tšoantšetse ’muso o le mong. Johanne o itse se busa “holim’a moloko o mong le o mong le batho ba bang le ba bang le leleme le leng le le leng le sechaba se seng le se seng.” Kahoo, e tlameha ebe se tšoantšetsa ntho e kholo ho feta ’muso leha e le ofe oa naha e ikemetseng. (Tšen. 13:7) Hoa hlaka hore sebata sena se emela mebuso eohle ea lipolotiki e ’nileng ea busa batho ho tla fihlela joale. *​—Moek. 8:9.

7. Hlooho e ’ngoe le e ’ngoe ea tse supileng e emela eng?  

7 Hlooho e ’ngoe le e ’ngoe ea tse supileng e emela eng? Tšenolo khaolo ea 17 e re thusa ho fumana karabo hobane e hlalosa setšoantšo sa sebata se ho Tšenolo khaolo ea 13. Tšenolo 17:​10 e re: “Ho na le marena a supileng: a mahlano a oele, e mong o teng, e mong ha a e-s’o fihle, empa ha a fihla o tla lula nakoana e khutšoanyane.” Har’a mebuso eohle ea lipolotiki eo Satane a e sebelisitseng, e supileng e bapisoa le “lihlooho” hobane e ne e le matla haholo. Ena ke mebuso ea lefatše e ileng ea busa batho ba Molimo kapa ea ba le tšusumetso e kholo ho bona. Ha moapostola Johanne a ntse a phela, e mehlano ea eona e ne e se e kile ea busa, e leng Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia le Greece. ’Muso oa botšelela e leng oa Roma o ne o ntse o busa ha Johanne a senoleloa boprofeta bona. Joale ke ’muso ofe oa lefatše oo e neng e tla ba hlooho ea bosupa le ea ho qetela?

8. Hlooho ea bosupa ea sebata e emela ’muso ofe?

8 Hona joale re tl’o hlokomela hore boprofeta ba buka ea Daniele bo re thusa ho tseba hore na hlooho ea bosupa le ea ho qetela ea sebata e emela eng. Ke ’muso ofe oa lefatše o busang mehleng ee ea bofelo kapa “letsatsing la Morena?” (Tšen. 1:​10) O entsoe ka mebuso e ’meli e matla e sebelisanang hammoho. Ke ’muso oa United Kingdom le United States of America e leng ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Kahoo, re ka etsa qeto ea hore ke oona hlooho ea bosupa ea sebata seo ho buuoeng ka sona ho Tšenolo 13:​1-4.

SEBATA SE NANG LE LINAKA TSE PELI JOALOKA KONYANA

Se “nyoloha lefatšeng” ’me se bua “joaloka drakone.” Se etsa hore “mollo o theohe leholimong” ebile se etsa lipontšo joaloka “moprofeta oa bohata.” (Tšen. 13:​11-15; 16:​13; 19:20) ’Muso oa Manyesemane le Maamerika o tšoantšetsoang ke sebata se linaka li peli o bitsoa moprofeta oa bohata hobane o khelosa baahi ba lefatše le ho ba bolella hore ba “etse setšoantšo” sa “sebata” se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome. (Sheba serapa sa 9)

9. Sebata se nang le “linaka tse peli joaloka konyana” se emela eng?

9 Tšenolo khaolo ea 13 e tsoela pele ho re bolella hore hlooho ena ea bosupa, e leng ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, e boetse e itšoara joaloka sebata se nang le ‘linaka tse peli joaloka konyana, empa se qala ho bua joaloka drakone.’ Sebata sena “se etsa lipontšo tse kholo, hoo se ka etsang hore esita le mollo o theohe leholimong ho tla lefatšeng mahlong a moloko oa batho.” (Tšen. 13:​11-15) Tšenolo khaolo ea 16 le 19 e re sebata sena ke “moprofeta oa bohata.” (Tšen. 16:​13; 19:​20) Daniele o bua taba e tšoanang ha a re ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ne “o tla baka tšenyo ka tsela e hlollang.” (Dan. 8:​19, 23, 24) Sena ke sona hantle se etsahetseng nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše. Libomo tse peli tse ileng tsa qetella li entse hore Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e fele, li ne li entsoe ke bo-rasaense ba Brithani le Amerika. Ka ho etsa libomo tsena tse peli, ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ile oa etsa hore “mollo o theohe leholimong ho tla lefatšeng.”

SEBATA SE ’MALA O SEKARELETA

Se palangoe ke seotsoa e leng Babylona e Moholo. Sebata sena se hlalosoa e le morena oa borobeli. (Tšen. 17:​3-6, 8, 11) Qalong seotsoa se laola sebata sena, empa qetellong sebata se felisa seotsoa. Seotsoa se tšoantšetsa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Sebata se emela Machaba a Kopaneng, e leng mokhatlo o ntšetsang pele lithahasello tsa mebuso ea lefatše ea lipolotiki. (Sheba serapa sa 10 le 14-17)

10. “Setšoantšo sa sebata” se emela eng? (Tšenolo 13:​14, 15; 17:​3, 8, 11)

10 Re boetse re bona sebata se seng. Sena se batla se tšoana le sebata se lihlooho li supileng empa sona se ’mala o sekareleta. Se bitsoa “setšoantšo sa sebata” hape se hlalosoa e le “morena oa borobeli.” * (Bala Tšenolo 13:​14, 15; 17:​3, 8, 11.) Johanne o ile a ithuta hore “morena” enoa o ile a ba teng, a nyamela, a boela a ba teng hape. Tlhaloso ee e lumellana hakaakang le se ileng sa etsahala ka mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, o etelletsang pele lithahasello tsa mebuso ea lefatše ea lipolotiki! Pele, mokhatlo ona o ne o bitsoa Selekane sa Lichaba eaba oa nyamela nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše. Hamorao o ile oa hlaha hape e se e le Machaba a Kopaneng.

11. Libata li susumeletsa batho ho etsa eng, hona ke hobane’ng ha re sa lokela ho li tšaba?

11 Libata tsena kapa mebuso, li sebelisa mashano ho susumeletsa batho hore ba hanyetse Jehova le bahlanka ba hae. Johanne o itse ho tšoana leha mebuso ena e bokellela “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” ntoeng ea Armagedone, e leng “letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” (Tšen. 16:​13, 14, 16) Empa re tla be re se na lebaka la ho tšoha. Molimo oa rona e moholo, Jehova, o tla nka khato ka potlako ho pholosa bohle ba tšehetsang Puso ea hae.​—Ezek. 38:​21-23.

12. Ho tla etsahala’ng ka libata tsohle?

12 Ho tla etsahala’ng ka libata tsee kaofela? Tšenolo 19:​20 e re: “Sebata sa tšoaroa, ’me hammoho le sona ha tšoaroa moprofeta oa bohata ea ileng a etsa ka pel’a sona lipontšo tseo ka tsona a ileng a khelosa ba ileng ba amohela letšoao la sebata le ba fanang ka borapeli ho setšoantšo sa sona. Ba sa ntse ba phela, ba liheloa ka letšeng la mollo le tukang sebabole.” Kahoo, lira tsena tsa Molimo li tla felisoa ka ho feletseng nakong eo li ntseng li busa.

13. Ke mathata afe ao mebuso e a bakelang Bakreste bohle?

13 See se bolela eng ho rona? Kaha re Bakreste, re tlameha ho tšepahalla Molimo le ’Muso oa hae. (Joh. 18:​36) Re ka etsa sena ka ho lula re sa kenelle lipolotiking tsa lefatše. Empa ho ka ba thata haholo hore re lule re sa kenelle lipolotiking hobane mebuso ea lefatše e batla hore re e tšehetse ka lintho tseo re li buang le tseo re li etsang. Batho ba qetellang ba inehetse ’me ba tšehetsa mebuso ena ba amohela letšoao la sebata. (Tšen. 13:​16, 17) Batho ba amohelang letšoao leo ba ke ke ba amoheleha ho Jehova ’me ba ke ke ba fumana bophelo bo sa feleng. (Tšen. 14:​9, 10; 20:4) Kahoo, ho bohlokoa hore re lule re sa kenelle lipolotiking, ho sa tsotellehe hore na mebuso e re hatella hakae hore re e tšehetse.

QETELLO E TLOTLOLLANG EA SEOTSOA SE SEHOLO

14. Ho ea ka Tšenolo 17:​3-5, ke ntho efe e makatsang eo moapostola Johanne a ileng a e bona?

14 Moapostola Johanne o re o ile a makatsoa haholo ke ntho e ’ngoe hape eo a ileng a e bona. E ne e le eng? E ne e le mosali ea palameng se seng sa libata tsena tse tšosang. (Tšen. 17:​1, 2, 6) Ke “seotsoa se seholo” ’me lebitso la hae ke “Babylona e Moholo.” O etsa “bohlola” le “marena a lefatše.”​—Bala Tšenolo 17:​3-5.

15, 16. “Babylona e Moholo” ke mang, hona re tseba seo joang?

15 “Babylona e Moholo” ke mang? Mosali enoa ha a emele mokhatlo oa lipolotiki hobane Tšenolo e re o etsa bohlola le baeta-pele ba lefatše ba lipolotiki. (Tšen. 18:9) Haele hantle, taba ea hore ebe ho thoe o palame sebata, e bontša hore o leka ho laola babusi bana. Hape ha a tšoantšetse khoebo e meharo ea lefatše la Satane. Khoebo e meharo ho buuoa ka eona litemaneng tse ling tsa Tšenolo e le “bahoebi ba tsamaeang ba lefatše.”​—Tšen. 18:​11, 15, 16.

16 Ka Bibeleng, lentsoe “seotsoa” le ka bolela batho ba reng ba sebeletsa Molimo empa ka tsela e itseng ba rapela litšoantšo kapa e le metsoalle ea lefatše. (1 Likron. 5:​25; Jak. 4:4) Empa ba sebeletsang Molimo ka botšepehi, Bibele e re ke ba “hloekileng” kapa “masoha.” (2 Bakor. 11:2; Tšen. 14:4) Babylona ea boholo-holo e ne e le motse-moholo oa bolumeli ba bohata. Kahoo, e tlameha ebe Babylona e Moholo e emela mefuta eohle ea borapeli ba bohata. Haele hantle ke ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata.​—Tšen. 17:​5, 18; sheba sehlooho se reng “Babylona e Moholo ke Eng?” se websaeteng ea jw.org.

17. Ho tla etsahala eng ka Babylona e Moholo?

17 Ho tla etsahala eng ka Babylona e Moholo? Tšenolo 17:​16, 17 e arabela ka ho re: “Linaka tse leshome tseo u li boneng, le sebata, li tla hloea seotsoa ’me li tla se ripitla le ho se hlobolisa, li tla ja linama tsa sona ’me li tla se chesa ka ho feletseng ka mollo. Etsoe Molimo o ho kentse ka lipelong tsa tsona ho phetha monahano oa hae.” Jehova o tla susumeletsa lichaba ho sebelisa sebata se ’mala o sekareleta, e leng Machaba a Kopaneng, ho hlasela ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata le ho o felisa ka ho feletseng.​—Tšen. 18:​21-24.

18. Re ka etsa’ng hore re se ke ra ikamahanya le Babylona e Moholo ho hang?

18 See se bolela eng ho rona? Re lokela ho tsoela pele re le ka har’a “mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang ponong ea Molimo.” (Jak. 1:​27) Ha rea lokela ho itumella ho susumetsoa ke Babylona e Moholo ka lithuto tsa bohata, mekete ea bohetene, boitšoaro bo bobe le ho sebelisana le meea. Hape re lokela ho tsoela pele ho hlokomelisa batho ho “tsoa ho eena,” e le hore ba ka qoba ho kenella likotlong tseo Molimo a mo tlisetsang tsona.​—Tšen. 18:4.

KAHLOLO EA SERA SE SEHOLO SA MOLIMO

DRAKONE E ’MALA OA MOLLO

Satane o fa sebata matla. (Tšen. 12:​3, 9, 13; 13:4; 20:​2, 10) Satane ke sera se seholo sa Jehova ’me o tla koalloa mohohlong ka lilemo tse sekete. Ka mor’a moo, Satane o tla liheloa ka “letšeng la mollo le sebabole.” (Sheba serapa sa 19 le 20)

19. “Drakone e kholo e ’mala oa mollo” ke mang?

19 Buka ea Tšenolo e boetse e bua ka “drakone e kholo e ’mala oa mollo.” (Tšen. 12:3) Drakone e loantša Jesu le mangeloi a hae. (Tšen. 12:​7-9) E hlasela batho ba Molimo ’me e fa libata kapa mebuso ea batho matla. (Tšen. 12:​17; 13:4) Drakone ee ke mang? Ke “noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane.” (Tšen. 12:9; 20:2) Ke eena ea laolang lira tsohle tsa Jehova.

20. Ho tla etsahala’ng ka drakone?

20 Ho tla etsahala’ng ka drakone? Tšenolo 20:​1-3 e re lengeloi le tla lihela Satane ka mohohlong. Ho tla tšoana leha eka o kentsoe teronkong. Nakong eo a leng ka mohohlong, Satane a ke ke a hlola a “khelosa lichaba ho fihlela lilemo . . . tse sekete li felile.” Qetellong, Satane le bademona ba hae ba tla liheloa ka “letšeng la mollo le sebabole,” e leng ho bolelang hore ba tla felisoa ka ho feletseng. (Tšen. 20:​10) Nahana feela hore na lefatšeng ho tla ba joang ha Satane le bademona ba hae ba se ba le sieo. Eo e tla ba nako e monate hakaakang!

21. Ke hobane’ng ha re ka thabisoa ke lintho tseo re li balang lengolong la Tšenolo?

21 Ruri hoa khothatsa ho utloisisa hore na lipontšo tsena tse tlalehiloeng lengolong la Tšenolo li bolela eng. Re ithutile hore na lira tsa Jehova ke bo-mang le hore na ho tla etsahala eng ka tsona. Kannete “ho thaba ea ballang holimo le ba utloang mantsoe a boprofeta bona.” (Tšen. 1:3) Empa ke litlhohonolofatso life tseo batho ba tšepahalang ba tla li fumana ha lira tsa Molimo li se li felisitsoe? Re tla hlahloba karabo ea potso ena sehloohong se latelang.

PINA EA 23 Jehova o Qala ho Busa

^ ser. 5 Lengolo la Tšenolo le sebelisa lintho tsa tšoantšetso ho re bolella hore na lira tsa Molimo ke bo-mang. Lengolo la Daniele lona le re thusa ho utloisisa hore na lintho tseo li bolela eng. Sehloohong sena re tl’o bapisa boprofeta bo bong ba Daniele le bo bong bo tšoanang le bona bo hlahang ho Tšenolo. Seo se tla re thusa ho tseba lira tsa Molimo. Ka mor’a moo, re tla hlahloba hore na ho tla etsahala eng ka tsona.

^ ser. 6 Bopaki bo bong bo bontšang hore sebata se lihlooho li supileng se emela mebuso eohle ea lipolotiki ke hore se na le “linaka tse leshome.” Ka Bibeleng, hangata palo leshome e sebelisoa ho bontša hore ntho e felletse.

^ ser. 10 Setšoantšo sa sebata se fapane le sebata ka hore sona ha se na meqhaka kapa “mefapa-hlooho” linakeng tsa sona. (Tšen. 13:1) Lebaka ke hobane ‘se hlaha mareneng a supileng’ ’me marena ana ke ’ona a se fang matla.​—Sheba sehlooho se websaeteng ea jw.org se reng “Sebata se ’Mala o Sekareleta se ho Tšenolo Khaolo ea 17 ke Eng?