Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 19

Lengolo la Tšenolo le Bolela’ng ho Uena Mehleng ee?

Lengolo la Tšenolo le Bolela’ng ho Uena Mehleng ee?

“Ho thaba ea ballang holimo . . . mantsoe a boprofeta bona.”​—TŠEN. 1:3.

PINA EA 15 Rorisang Letsibolo la Jehova

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella lengolo la Tšenolo?

 NA U kile oa bontšoa albamo ea lifoto tsa motho e mong? Ha u ntse u sheba lifoto, u bona batho ba bangata bao u sa ba tsebeng. Empa ha u fihla fotong e ’ngoe, u ema hanyane ’me oa e shebisisa. Hobane’ng? Hobane u teng fotong eo. Ha u ntse u e shebile, u leka ho hopola hore na e nkiloe neng le hore na le ne le le hokae. U leka le ho bona hore na ke bo-mang ba bang bao u ba tsebang ba teng fotong eo. Foto eo ka ho khetheha e bolela ho hong ho uena.

2 Lengolo la Tšenolo le tšoana le foto eo. Hobane’ng? Bonyane ka mabaka a mabeli. Lebaka la pele ke hore lengolo lena le ngoletsoe rona. Temana ea pele feela e re: “Tšenolo ka Jesu Kreste, eo Molimo a ileng a mo fa eona, ho bontša makhoba a hae lintho tse tla etsahala haufinyane.” (Tšen. 1:1) Taba ena e bolela hore lintho tse ngotsoeng lengolong lena li ngoletsoe rona batho ba sebeletsang Molimo, eseng batho ka kakaretso. Kaha re batho ba Molimo, ha rea lokela ho makatsoa ke hore ebe re nka karolo phethahatsong ea boprofeta bo hlahang bukeng ena. Ka mantsoe a mang, le rona re teng “fotong.”

3, 4. Tšenolo e re boprofeta ba eona bo ne bo tla phethahala neng, hona taba ee e re susumeletsa ho etsa’ng?

3 Lebaka la bobeli leo ka lona re lokelang ho thahasella boprofeta ba Tšenolo ke nako eo bo tla phethahala ka eona. Moapostola Johanne o ile a bontša hore na boprofeta bona bo ne bo tla phethahala neng ha a ne a re: “Ka pululelo ke ile ka ba letsatsing la Morena.” (Tšen. 1:​10) Ka selemo sa 96 ha Johanne a ne a ngola mantsoe ana, ‘letsatsi la Morena’ le ne le sa le hole le ho fihla. (Mat. 25:​14, 19; Luka 19:​12) Ho latela boprofeta ba Bibele, letsatsi la Morena le qalile ka 1914 ha Jesu a ne a hlomamisoa e le Morena leholimong. Ho tloha ka selemo seo, boprofeta ba Tšenolo bo buang ka batho ba Molimo bo ile ba qala ho phethahala. Hona joale re phela “letsatsing la Morena.”

4 Kaha re phela nakong ena e hlollang, re lokela ho ela hloko ka ho khethehileng keletso e hlahang ho Tšenolo 1:3 e reng: “Ho thaba ea ballang holimo le ba utloang mantsoe a boprofeta bona, le ba bolokang lintho tse ngotsoeng ho bona etsoe nako e behiloeng e haufi.” Kannete re lokela ho ‘balla holimo,’ ho ‘utloa mantsoe a boprofeta bona’ le ho a ‘boloka.’ A mang a mantsoe aa ao re lokelang ho a mamela ke afe?

ETSA BONNETE BA HORE JEHOVA O AMOHELA BORAPELI BA HAO

5. Lengolo la Tšenolo le bontša joang bohlokoa ba ho etsa bonnete ba hore Jehova o amohela borapeli ba rona?

5 Ho tloha khaolong ea pele feela ea lengolo la Tšenolo, re ithuta hore Jesu o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang ka liphuthehong. (Tšen. 1:​12-16, 20; 2:1) Melaetsa eo Jesu a ileng a e romella liphutheho tse supileng tse Asia Minor e paka sena. Melaetseng eo, o ile a fana ka tataiso e hlakileng e neng e tla thusa Bakreste ba mehleng eo ho etsa bonnete ba hore borapeli ba bona boa amoheleha ho Jehova. Litaba tse hlahang melaetseng eo li ama batho bohle ba Molimo kajeno. Re ithuta’ng? Moeta-pele oa rona Jesu Kreste o tseba hantle hore na setsoalle sa rona le Jehova se tiile kapa che. O re etella pele ebile oa re sireletsa ’me o bona lintho tsohle. Oa tseba hore na re hloka ho etsa’ng e le hore Jehova a lule a ntse a re amohela. O re file tataiso efe eo re lokelang ho e mamela mehleng ee?

6. (a) Ho ea ka Tšenolo 2:​3, 4, phutheho ea Efese e ne e e-na le bothata bofe? (b) Re ithuta’ng tabeng ee?

6 Bala Tšenolo 2:​3, 4Ha rea lokela ho tlohela lerato leo re neng re rata Jehova ka lona pele. Molaetsa oa Jesu o eang phuthehong ea Efese o bontša hore ba ne ba ile ba mamella ’me ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova leha ba ne ba e-na le mathata a mangata. Leha ho le joalo, ba ne ba tlohetse lerato leo ba neng ba e-na le lona pele. Haeba ba ne ba sa tsosolose lerato leo, borapeli ba bona bo ne bo ke ke ba amoheleha. Le rona kajeno ha se hore re lokela ho mamella feela. Mabaka a rona a ho mamella e tlameha ho ba a nepahetseng. Molimo oa rona ha a thahaselle feela hore na re etsa eng empa hape o thahasella le lebaka leo re etsang lintho ka lona. Mabaka ao re etsang lintho ka ’ona a bohlokoa ho Jehova hobane o lebeletse hore borapeli ba rona bo susumetsoe ke lerato le tebileng le kananelo bakeng sa hae.​—Liprov. 16:2; Mar. 12:​29, 30.

7. (a) Ho ea ka Tšenolo 3:​1-3, phutheho ea Sarda e ne e e-na le bothata bofe? (b) Rona re lokela ho etsa’ng?

7 Bala Tšenolo 3:​1-3. Re lokela ho lula re falimehile. Bakreste ba phutheho ea Sarda ba ne ba e-na le bothata bo bong bo fapaneng. Ba ne ba kile ba sebeletsa Jehova pele empa joale ba ne ba se ba khoehlisitse. Ke kahoo Jesu a ileng a re ba “tsohe.” Re ithuta’ng? Ke ’nete hore Jehova a ke ke a lebala mosebetsi oa rona. (Baheb. 6:​10) Leha ho le joalo, ha rea lokela ho nahana hore ha re hloke ho sebeletsa Jehova hona joale hobane re ile ra mo sebeletsa nakong e fetileng. Le haeba ho e-na le lintho tse ngata tse re sitisang ho mo sebeletsa hona joale, re lokela ho lula re phathahane ka ‘mosebetsi oa Morena’ re bile re falimehile ho fihlela qetellong.​—1 Bakor. 15:​58; Mat. 24:​13; Mar. 13:33.

8. Re ithuta’ng mantsoeng a Jesu a neng a ea ho Bakreste ba phutheho ea Laodisia a ho Tšenolo 3:​15-17?

8 Bala Tšenolo 3:​15-17. Re lokela ho cheseha re be re sebeletse Jehova ka pelo eohle. Molaetsa oa Jesu o eang phuthehong ea Laodisia o bua ka bothata bo bong hape. Ba ne ba le “foofo” borapeling ba bona. Jesu o ile a re ba ‘soto ’me baa haula’ hobane ba ne ba nka lintho hanyane. Ba ne ba lokela ho chesehela Jehova le borapeli ba hae haholo. (Tšen. 3:​19) Re ithuta’ng? Haeba re se re sa chesehe joaloka pele, re lokela ho ananela haholoanyane lintho tse molemo tseo Jehova le mokhatlo oa hae ba re etselitseng tsona. (Tšen. 3:​18) Ho hang ha rea lokela ho hahamalla bophelo bo mabothobotho hona joale, e leng ho ka fellang ka hore ho sebeletsa Jehova e se ke ea e-ba ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rona.

9. Melaetsa ea Jesu e eang ho Bakreste ba Pergame le Thyatire e bontša hore re lokela ho qoba likotsi life?

9 Re lokela ho qoba lithuto tsa bakoenehi. Jesu o ile a khalemela Bakreste ba bang ba Pergame hobane ba ne ba baka likarohano ka phuthehong. (Tšen. 2:​14-16) O ile a babatsa Bakreste ba Thyatire ba neng ba suthetse hole le “lintho tse tebileng tsa Satane” ’me a ba khothaletsa ho tšoara ’nete ka tieo. (Tšen. 2:​24-26) Bakreste ba neng ba itumeletse ho khelosoa ke lithuto tsena tsa bohata ba ne ba lokela ho baka. Taba ee e re ama joang? Re lokela ho qoba lithuto leha e le life tse sa lumellaneng le tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Bakoenehi ba ka ’na ba bonahala eka baa tsotella hore na Bibele e re’ng empa liketso tsa bona li bontša hore ha ho joalo. (2 Tim. 3:5) Ho ba bonolo ho hlokomela le ho qoba lithuto tsa bohata haeba re le baithuti ba hloahloa ba Lentsoe la Molimo.​—2 Tim. 3:​14-17; Juda 3, 4.

10. Ke thuto efe e ’ngoe eo re e fumanang melaetseng eo Jesu a ileng a e fa phutheho ea Pergame le ea Thyatire?

10 Re lokela ho qoba mefuta eohle ea boitšoaro bo bobe. Bakreste ba Pergame le ba Thyatire ba ne ba e-na le bothata bo bong hape. Bakreste ba bang liphuthehong tseo, ba ne ba sa qobe boitšoaro bo bobe ’me Jesu o ile a ba nyatsa ka lebaka leo. (Tšen. 2:​14, 20) Re ithuta’ng? Re ke ke ra lebella hore Jehova a mamelle boitšoaro ba rona bo bobe esita le haeba re mo sebelelitse ka lilemo tse ngata ebile re e-na le boikarabelo ka mokhatlong oa hae. (1 Sam. 15:​22; 1 Pet. 2:​16) O lebeletse hore re khomarele melao ea hae e phahameng ea boitšoaro ho sa tsotellehe hore na lefatše lona le lumella lintho tse mpe hakae.​—Baef. 6:​11-13.

11. Re ithutile’ng ho tla fihlela moo? (Sheba lebokose le reng “ Seo re Ithutang Sona Mehleng Ena.”)

11 Re ithutile’ng ho tla fihlela moo? Re bone hore re tlameha ho etsa bonnete ba hore borapeli ba rona boa amoheleha ho Jehova. Haeba ho e-na le ntho eo re ntseng re e etsa e ka etsang hore Jehova a se ke a amohela borapeli ba rona, re lokela ho nka khato hang-hang ’me re lokise lintho. (Tšen. 2:​5, 16; 3:​3, 16) Ho na le ntho e ’ngoe hape eo Jesu a ileng a bua ka eona melaetseng ea hae e eang liphuthehong. Ke ntho efe?

IKEMISETSE HO MAMELLA MAHLORISO

Ka mor’a hore Satane a lelekoe leholimong, o ile a hlasela batho ba Molimo joang? (Sheba serapa sa 12-16)

12. Re ka ithuta eng melaetseng ea Jesu e eang liphuthehong tse Smyrna le Filadelfia? (Tšenolo 2:10)

12 Hona joale a re bueng ka melaetsa ea Jesu e eang phuthehong ea Smyrna le ea Filadelfia. O ile a bolella Bakreste ba moo hore ba se ke ba tšaba ho hlorisoa hobane Jehova o tla ba putsa haeba ba lula ba tšepahala. (Bala Tšenolo 2:​10; 3:​10) Re ithuta’ng? Re tlameha ho lebella hore re tla hlorisoa ’me re ikemisetse ho mamella. (Mat. 24:​9, 13; 2 Bakor. 12:​10) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re hopotsoe taba ee?

13, 14. Bahlanka ba Molimo ba hlaheloa ke eng ka lebaka la liketsahalo tse hlalositsoeng ho Tšenolo khaolo ea 12?

13 Lengolo la Tšenolo lea re bolella hore bahlanka ba Molimo ba ne ba tla hlorisoa “letsatsing la Morena,” e leng mehleng ena eo re phelang ho eona. Tšenolo khaolo ea 12 e re bolella hore ho ile ha e-ba le ntoa leholimong hang-hang ka mor’a hore Jesu e be Morena oa ’Muso oa Molimo. Mikaele, e leng Jesu Kreste ka mor’a hore a khutlele leholimong, hammoho le mangeloi a hae, ba ile ba loantša Satane le bademona. (Tšen. 12:​7, 8) Ntoa ena e ile ea fella ka hore lira tsena tsa Molimo li hloloe ’me li lahleloe lefatšeng moo li baketseng batho mathata a mangata. (Tšen. 12:​9, 12) Taba ee e bile le phello efe ho batho ba Molimo?   

14 Lengolo la Tšenolo lea re bolella hore na Satane o ile a etsa’ng ka mor’a moo. Kaha ha a sa khona ho kena leholimong, o hlasela batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng, bao e leng baemeli ba ’Muso oa Molimo le ba nang le “mosebetsi oa ho paka ka Jesu.” (Tšen. 12:​17; 2 Bakor. 5:​20; Baef. 6:​19, 20) Boprofeta boo bo ile ba phethahala joang?

15. “Lipaki tse peli” tse ho Tšenolo khaolo ea 11 li emela bo-mang, hona ba ile ba hlaheloa ke eng?

15 Satane o ile a etsa hore lira tsa Molimo li hlasele bara babo rona ba tlotsitsoeng ba neng ba etella pele mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo. “Lipaki tse peli” tseo lengolo la Tšenolo le reng li ile tsa bolaoa, li tšoantšetsa bara bana babo rona ba neng ba etella pele. * (Tšen. 11:​3, 7-11) Ka 1918, bara babo rona ba robeli ba neng ba etella pele ka mokhatlong ba ile ba qosoa ka bohata, ba fumanoa ba le molato ’me ba ahloleloa ho ea teronkong ka lilemo tse ngata. Batho ba bangata ba ne ba nahana hore mosebetsi oa bara bana babo rona ba tlotsitsoeng o felisitsoe.

16. Ke eng e ileng ea etsahala ho sa lebelloa ka 1919, hona Satane o ile a tsoela pele a etsa’ng ho tloha ka nako eo?

16 Boprofeta bo ho Tšenolo khaolo ea 11 bo ne bo boetse bo boletse hore lipaki tseo tse peli li ne li tla tsosoa ka mor’a nako e khutšoanyane. Boprofeta boo bo ile ba phethahala ka nako e sa lebelloang, le pele bara babo rona ba qeta selemo ba kene teronkong. Ka March 1919 bara bao babo rona ba tlotsitsoeng ba ile ba lokolloa teronkong ’me hamorao liqoso tsa bona tsa hlakoloa. Hang-hang ba ile ba qalella ho etella pele mosebetsing oa ho bolela le ho ruta. Empa Satane ha aa ka a khaotsa ho hlasela batho ba Molimo. Ho tloha ka nako eo, haesale Satane a tlisetsa bahlanka ba Molimo mahloriso a kang “noka.” (Tšen. 12:​15) Ruri kaofela ha rona re lokela ho ba le “mamello le tumelo.”​—Tšen. 13:10.

IKITLAETSE MOSEBETSING OO JEHOVA A RE FILENG OONA

17. Le hoja Satane a ne a hlasela batho ba Molimo, ba ile ba fumana thuso efe eo ba neng ba sa e lebella?

17 Tšenolo khaolo ea 12 e boetse e hlalosa hore batho ba Molimo ba ne ba tla fumana thuso moo ba neng ba sa e lebella. E hlalosa hore “lefatše” le ile la metsa “noka” ea mahloriso. (Tšen. 12:​16) Sena ke sona se ileng sa etsahala. Ka linako tse ling, likarolo tse ling tsa lefatše la Satane, tse kang makhotla a mang a linyeoe, li ile tsa sireletsa batho ba Molimo. Ka makhetlo a mangata bahlanka ba Jehova ba ile ba hlola linyeoe makhotleng ’me taba eo e ile ea etsa hore ba be le tokoloho e itseng. Ba sebelisitse tokoloho ea bona joang? Ba sebelisitse nako ena ka bohlale ho etsa mosebetsi oo Jehova a ba fileng oona. (1 Bakor. 16:9) Mosebetsi oo o akareletsa eng?

Ke melaetsa efe e ’meli eo batho ba Molimo ba e phatlalatsang? (Sheba serapa sa 18 le 19)

18. Mosebetsi oa rona o ka sehloohong ke ofe matsatsing aa a ho qetela?

18 Jesu o ile a profeta hore batho ba hae ba tla bolela “litaba  . . . tse molemo tsa ’muso [oa Molimo]” pele bofelo bo fihla. (Mat. 24:​14) Ba thusoa ke lengeloi kapa sehlopha sa mangeloi a hlalosoang a e-na le “litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.”​—Tšen. 14:6.

19. Ke molaetsa ofe o mong oo batho ba ratang Jehova ba tlamehang ho o bolela?

19 Ha se litaba tse molemo feela tseo bahlanka ba Jehova ba lokelang ho li bolela. Ba boetse ba lokela ho tšehetsa mosebetsi oa mangeloi ao ho buuoang ka ’ona ho Tšenolo khaolo ea borobeli ho ea ho leshome. Mangeloi ana a phatlalatsa molaetsa oa likahlolo tse tla tlela batho ba sa tšehetseng ’Muso oa Molimo. Haesale Lipaki Tsa Jehova li phatlalatsa molaetsa oa kahlolo o tšoantšoang le “sefako le mollo,” li bolela likahlolo tsa Molimo khahlanong le mekhatlo eohle ea lefatše lena le khopo la Satane. (Tšen. 8:​7, 13) Batho ba hloka ho tseba hore bofelo bo haufi e le hore ba etse liphetoho tse tla ba thusa ho pholoha letsatsi la bohale ba Jehova. (Sof. 2:​2, 3) Empa ona ha se molaetsa oo batho ba o thabelang. Re hloka ho ba sebete e le hore re ba bolelle oona. Nakong ea matšoenyeho a maholo, molaetsa oo re tla beng re o phatlalatsa o tla halefisa batho le ho feta.​—Tšen. 16:21.

MAMELANG MANTSOE A BOPROFETA

20. Re tl’o bua ka eng lihloohong tse peli tse latelang?

20 Re lokela ho mamela “mantsoe a boprofeta bona” hobane le rona rea ameha ha ho phethahala lintho tseo re li balang bukeng ea Tšenolo. (Tšen. 1:3) Empa ke joang re ka khonang ho mamella mahloriso le ho tsoela pele re paka ka sebete? Re tla matlafatsoa ke lintho tse peli. Ea pele, ke seo buka ea Tšenolo e se senolang ka lira tsa Molimo. Ea bobeli ke litlhohonolofatso tseo re tla li fumana haeba re lula re tšepahala. Re tl’o bua ka taba ena lihloohong tse peli tse latelang.

PINA EA 32 Emang le Jehova

^ ser. 5 Re phela nakong e thabisang haholo. Boprofeta bo hlahang lengolong la Tšenolo boa phethahala mehleng ena. Boprofeta boo bo re ama joang? Sehloohong sena le lihloohong tse peli tse latelang, re tl’o hlahloba lintlha tse hlahang lengolong la Tšenolo. Lihlooho tsena li tl’o re bontša kamoo re ka etsang hore borapeli ba rona e be bo amohelehang ho Jehova Molimo ka hore re mamele lintho tse ngotsoeng lengolong lena.

^ ser. 15 Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa November 15, 2014, leq. 30.