Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 21

Lengolo la Tšenolo le Re’ng ka Bokamoso ba Hao?

Lengolo la Tšenolo le Re’ng ka Bokamoso ba Hao?

“Amen! Tloo, Morena Jesu.”​—TŠEN. 22:20.

PINA EA 142 Re Lula re E-na le Tšepo e Matla

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ke qeto efe ea bohlokoa eo batho ba lokelang ho e etsa?

 MEHLENG ena batho ba tlameha ho etsa qeto ea bohlokoa. Ba tlameha ho khetha hore na ba tla tšehetsa Jehova Molimo ea nang le tokelo ea ho busa kapa ba tla latela sera sa hae se sehloho e leng Satane Diabolose. Ha ba na mokhoa oa ho ema terateng. Qeto leha e le efe eo ba tla e etsa, e tla ama bokamoso ba bona. (Mat. 25:​31-33, 46) Nakong ea ‘matšoenyeho a maholo,’ ba tla lokela ho tšoaeloa pholoho kapa timetso.​—Tšen. 7:​14; 14:​9-11; Ezek. 9:​4, 6.

2. (a) Baheberu 10:​35-39 e re khothalletsa ho etsa’ng? (b) Lengolo la Tšenolo le ka re thusa joang?

2 Bala Baheberu 10:​35-39. Haeba u khethile ho tšehetsa bobusi ba Jehova, u entse qeto e bohlale. Joale u batla ho thusa batho ba bang hore le bona ba etse qeto e nepahetseng. U ka sebelisa lintlha tse hlahang bukeng ea Tšenolo ho ba thusa. Buka ena e hlollang e ea re bolella hore na Jehova o tla putsa batho ba tšehetsang bobusi ba hae ka botšepehi joang ebile hape e ea re bolella hore na ho tla etsahala’ng ka batho ba mo hanyetsang. Re tlameha ho ithuta litaba tsena tsa bohlokoa. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re ikemisetse le ho feta ho tsoela pele ho sebeletsa Jehova. Ho feta moo, re ka sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona ho thusa batho ba bang hore ba khethe ho sebeletsa Jehova le hore ba tsoele pele ho mo sebeletsa.

3. Re tla araba lipotso life sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tla araba lipotso tse latelang: Ho tla etsahala’ng ka batho ba tšehetsang Puso ea Molimo? Ka lehlakoreng le leng, ho tla etsahala’ng ka batho ba tšehetsang sebata se ’mala o sekareleta seo ho buuoang ka sona lengolong la Tšenolo?

HO TLA ETSAHALA’NG KA BATHO BA TŠEPAHALLANG JEHOVA?

4. Ke sehlopha sefe seo moapostola Johanne a se bonang se e-na le Jesu leholimong?

4 Ponong moapostola Johanne o bona lihlopha tse peli tsa batho ba tšehetsang Puso ea Jehova ’me ba fumana litlhohonolofatso tsa bophelo bo sa feleng. Sehlopha sa pele se na le batho ba 144 000. (Tšen. 7:4) Ba khethiloe lefatšeng e le hore ba il’o theha ’Muso le Jesu leholimong. Ba busa lefatše le eena. (Tšen. 5:​9, 10; 14:​3, 4) Ponong Johanne o ba bona ba eme le Jesu leholimong Thabeng ea Sione.​—Tšen. 14:1.

5. Haufinyane ho tla etsahala’ng ka batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng?

5 Ho tloha mehleng ea baapostola ho fihlela hona joale, batho ba likete ba ’nile ba khethoa hore e be karolo ea ba 144 000. (Luka 12:​32; Bar. 8:​17) Leha ho le joalo, Johanne o bolelloa hore ke masala feela kapa palo e nyenyane e tla be e ntse e phela lefatšeng matsatsing a ho qetela. Bana “ba setseng” ba tla amohela “tiiso” ea ho qetela ea hore Jehova oa ba amohela pele matšoenyeho a maholo a qala. (Tšen. 7:​2, 3; 12:​17) Nakong ea matšoenyeho a maholo, masala a tla nkeloa leholimong hore a il’o kopana le karolo e ’ngoe ea ba 144 000 ba ileng ba shoa ba tšepahala. Ba tla busa le Jesu ’Musong oa Molimo.​—Mat. 24:​31; Tšen. 5:​9, 10.

6, 7. (a) Johanne o bona sehlopha sefe hape, hona re ithuta eng ka sona? (b) Ke hobane’ng ha masala le “bongata bo boholo” bo lokela ho thahasella Tšenolo khaolo ea 7?

6 Ka mor’a ho bona sehlopha se eang leholimong, Johanne o bona “bongata bo boholo.” Ho fapana le sehlopha sa pele sa ba 144 000, Bibele ha e bolele hore na batho ba tla ba sehlopheng sena ba bakae. (Tšen. 7:​9, 10) Re ithuta eng ka bona? Johanne o bolelloa hore: “Bana ke ba tsoang matšoenyehong a maholo, ’me ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana.” (Tšen. 7:​14) Ka mor’a hore “bongata bo boholo” bo pholohe matšoenyeho a maholo, bo tla phela mona lefatšeng ’me bo thabele litlhohonolofatso tse hlollang.​—Pes. 37:​9-11, 27-29; Liprov. 2:​21, 22; Tšen. 7:​16, 17.   

7 Ho sa tsotellehe hore na u khethetsoe ho ea phela leholimong kapa u tla phela mona lefatšeng, na u ipona u le karolo ea batho bao ho buuoang ka bona lengolong la Tšenolo khaolo ea 7? U lokela ho ipona u le karolo ea bona. Nako eo e tla be e le e thabisang hakaakang bakeng sa lihlopha tsee tse peli tsa bahlanka ba Molimo! Re tla thaba haholo hore ebe re ile ra khetha ho tšehetsa Puso ea Jehova. Ke eng hape eo buka ea Tšenolo e re bolellang eona ka matšoenyeho a maholo?​—Mat. 24:21.

HO TLA ETSAHALA’NG KA BATHO BA HANYETSANG MOLIMO?

8. Matšoenyeho a maholo a tla qala joang, hona batho ba bangata ba tla etsa’ng?

8 Sehloohong se fetileng re ithutile hore haufinyane mebuso ea lipolotiki ea lefatše lena e tla hlasela Babylona e Moholo e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšen. 17:​16, 17) Tlhaselo ena e tla ba pontšo ea ho qala ha matšoenyeho a maholo. Na taba ee e tla etsa hore batho ba bangata ba batle ho sebeletsa Jehova? Che. Ho e-na le hoo, Tšenolo khaolo ea 6 e re batho ba sa sebeletseng Jehova ba tla batla tšireletso mebusong ea lipolotiki le khoebong ea lefatše lena, e leng lintho tse tšoantšoang le lithaba. Jehova o tla ba nka e le bahanyetsi ba hae hobane ba sa ka ba tšehetsa ’Muso oa hae.​—Luka 11:​23; Tšen. 6:​15-17.

9. Nakong ea matšoenyeho a maholo batho ba tla hlokomela joang phapang pakeng tsa bahlanka ba Jehova le batho ba bang, hona ho tla etsahala’ng ka batho ba Jehova?

9 Ho tla bonahala hore bahlanka ba Jehova ba fapane e le kannete le batho ba bang nakong ena e thata haholo ea matšoenyeho a maholo. E tla be e le bona feela batho ba sebeletsang Jehova le ba hanang ho tšehetsa “sebata.” (Tšen. 13:​14-17) Kaha ba tla lula ba tšepahalla Jehova, ba tla halefisa bahanyetsi ba hae haholo. Ka lebaka leo, lichaba tse ikopantseng li tla hlasela batho ba Molimo lefatšeng lohle. Bibele e hlalosa tlhaselo ena e le tlhaselo ea Gogo oa Magogo.​—Ezek. 38:​14-16.

10. Tšenolo 19:​19-21 e re Jehova o tla etsa’ng ha batho ba hae ba hlaseloa?

10 Jehova o tla etsa’ng ha batho ba hae ba hlaseloa ka mabifi? O re: “Khalefo ea ka e tla hlaha linkong tsa ka.” (Ezek. 38:​18, 21-23) Tšenolo khaolo ea 19 e ea hlalosa hore na ho tla etsahala’ng ka mor’a moo. Jehova o tla romela Mora oa hae hore a sireletse batho hae le ho hlola lira tsa bona. Jesu a e-na le “mabotho a . . . leholimong” a entsoeng ka mangeloi le ba 144 000, ba tla loantša Gogo oa Magogo. (Tšen. 17:​14; 19:​11-15) Ntoa ee e tla fella ka eng? Mekhatlo eohle le batho bohle ba hanyetsang Jehova ba tla felisoa ka ho feletseng.​—Bala Tšenolo 19:​19-21.

KA MOR’A NTOA HO TLA BA LE LENYALO

11. Ke ketsahalo efe ea bohlokoa ka ho fetisisa e tlalehiloeng lengolong la Tšenolo?

11 Nahana feela hore na batho ba tšepahalang ba tla be ba phela lefatšeng, ba tla ikutloa joang ha ba pholohile ha ho timetsoa lira tsa Molimo ka ho feletseng. Ruri e tla ba nako e thabisang haholo! Le hoja ho tla ba le thabo e kholo leholimong ha Babylona e Moholo e timetsoa, ho na le ntho e ’ngoe hape e tla tlisa thabo le ho feta. (Tšen. 19:​1-3) Haele hantle, ke ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa e tlalehiloeng lengolong la Tšenolo. Ketsahalo eo ke “lenyalo la Konyana.”​—Tšen. 19:​6-9.

12. Ho ea ka Tšenolo 21:​1, 2, lenyalo la Konyana le tla ba neng?

12 Lenyalo leo le tla ba neng? Ba 144 000 kaofela ba tla be ba le leholimong pele ntoa ea Armagedone e qala. Leha ho le joalo, eo e tla be e e-s’o be nako ea lenyalo la Konyana. (Bala Tšenolo 21:​1, 2.) Lenyalo la Konyana le tla ba ka mor’a ntoa ea Armagedone ha lira tsohle tsa Molimo li se li felisitsoe.​—Pes. 45:​3, 4, 13-17.

13. Ho tla etsahala’ng lenyalong la Konyana?

13 Lenyalo la Konyana le bolela’ng ho ba amehang? Joalokaha lenyalo le kopanya monna le mosali, lenyalo la Konyana le kopanya Morena Jesu Kreste le “monyaluoa” oa hae e leng ba 144 000. Ketsahalo eo ea bohlokoa e tla etsa hore ho be le ’Muso o tla busa lefatše ka lilemo tse sekete.​—Tšen. 20:6.

MOTSE O KHANYANG LE BOKAMOSO BA HAO

Tšenolo khaolo ea 21 e hlalosa motse oa tšoantšetso oa Jerusalema e Mocha “o theoha leholimong ho Molimo.” Nakong ea Lilemo Tse Sekete, o tla tlisetsa batho ba mamelang litlhohonolofatso tse ngata (Sheba serapa sa 14-16)

14, 15. Tšenolo khaolo ea 21 e bapisa ba 144 000 le eng? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

14 Ka mor’a moo, Tšenolo khaolo ea 21 e bapisa ba 144 000 le motse o motle haholo o bitsoang “Jerusalema e Mocha.” (Tšen. 21:​2, 9) Motheo oa motse ona ke majoe a leshome le metso e ’meli ao ho ’ona ho ngotsoeng “mabitso a leshome le metso e ’meli a baapostola ba leshome le metso e ’meli ba Konyana.” Ke hobane’ng ha taba ee e ile ea hapa thahasello ea Johanne? Ke hobane o ile a bona lebitso la hae le ngotsoe majoeng ao. Eo e ne e le tlotla e ikhethang hakaakang!​—Tšen. 21:​10-14; Baef. 2:20.

15 Motse ona oa tšoantšetso ha ho na o tšoanang le oona. Tsela ea oona e kholo e entsoe ka khauta e hloekileng. Liheke tsa oona tse 12 li entsoe ka liperela, marako le metheo ea oona e khabisitsoe ka majoe a bohlokoa ’me motse o lekana ka mahlakoreng ’ohle. (Tšen. 21:​15-21) Empa Johanne o hlokomela hore ho na le ntho e sieo. O re: “Ha kea ka ka bona tempele ho oona, kaha Jehova Molimo ea Matla ’Ohle ke tempele ea oona, le Konyana ke eona. Motse ha o hloke letsatsi kapa khoeli ho o khantšetsa, kaha khanya ea Molimo e ne e o bonesitse, ’me lebone la oona e ne e le Konyana.” (Tšen. 21:​22, 23) Batho bao e leng karolo ea Jerusalema e Mocha ba tla ba le Jehova. (Baheb. 7:​27; Tšen. 22:​3, 4) Kahoo, Jehova le Jesu ke bona tempele ea motse oo.   

Ke bo-mang ba tla rua molemo litlhohonolofatsong tse tšoantšelitsoeng ka “noka” le “lifate?” (Sheba serapa sa 16 le 17)

16. Ho tla etsahala’ng ka batho nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete ea ’Muso oa Molimo?

16 Ho nahana ka motse ona ho thabisa batlotsuoa haholo. Empa ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng le bona ba na le lebaka la ho thahasella motse oo. Nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete ea ’Muso oa Molimo, motse oa Jerusalema e Mocha o tla tlisetsa batho litlhohonolofatso tse ngata. Johanne o bona litlhohonolofatso tseo li phalla joaloka “noka ea metsi a bophelo.” Ka mahlakoreng a mabeli a noka ena, ho na le “lifate tsa bophelo” tse hlahisang makhasi a ‘phekolang lichaba.’ (Tšen. 22:​1, 2) Batho bohle ba tla be ba phela lefatšeng ka nako eo ba tla fumana melemo ea litlhohonolofatso tseo. Hanyane ka hanyane, batho ba mamelang Jehova e tla ba ba phethahetseng. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le ho kula, bohloko kapa ho bokolla.​—Tšen. 21:​3-5.   

17. Tšenolo 20:​11-13 e re ke bo-mang ba tla rua molemo Pusong ea Lilemo tse Sekete?

17 Ke bo-mang ba tla rua molemo litlhohonolofatsong tsee? Batho ba pele ba tla rua molemo ke bongata bo boholo bo tla pholoha Armagedone le bana bohle ba tla tsoaloa lefatšeng le lecha. Empa Tšenolo khaolo ea 20 e boetse e tšepisa hore bafu ba tla tsosoa. (Bala Tšenolo 20:​11-13.) “Ba lokileng” ba hlokahetseng ba tšepahala hammoho le “ba sa lokang,” e leng ba sa kang ba ba le monyetla oa ho ithuta ka Jehova, kaofela ba tla tsosoa hore ba tl’o phela mona lefatšeng. (Lik. 24:​15; Joh. 5:​28, 29) Na taba ee e bolela hore motho e mong le e mong o tla tsosoa nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete? Che. Batho ba ileng ba hana ho sebeletsa Jehova ka boomo pele ba hlokahala ba ke ke ba tsosoa. Ba ile ba ipaka hore ha ba tšoaneloe ke ho phela lefatšeng la Paradeise.​—Mat. 25:​46; 2 Bathes. 1:9; Tšen. 17:8; 20:15.

TEKO EA HO QETELA

18. Boemo e tla be e le bofe lefatšeng qetellong ea lilemo tse sekete?

18 Qetellong ea lilemo tse sekete batho bohle ba tla be ba phela lefatšeng ba tla be ba se ba phethahetse. Ha ho na motho ea tla hlola a angoa ke liphello tsa sebe se futsitsoeng ho Adama. (Bar. 5:​12) Thohako ea sebe sa Adama e tla be e tlositsoe ka ho feletseng. Sena se bolela hore batho ba lefatšeng ‘ba tla phela,’ e leng ho bolelang hore e tla ba ba phethahetseng qetellong ea lilemo tse sekete.​—Tšen. 20:5.

19. Ke hobane’ng ha ho tla ba le teko ea ho qetela?

19 Rea tseba hore Jesu o ile a lula a tšepahalla Molimo leha Satane a mo leka. Empa na batho bohle ba phethahetseng ba tla lula ba tšepahalla Jehova leha Satane a ba leka? Motho e mong le e mong o tla ba le monyetla oa ho bontša hore o tšepahalla Jehova nakong eo Satane a lokolloang mohohlong qetellong ea lilemo tse sekete. (Tšen. 20:7) Batho bohle ba tla lula ba tšepahala nakong ea teko ena ea ho qetela, ba tla fumana bophelo bo sa feleng ’me ba thabele tokoloho ea ’nete. (Bar. 8:​21) Batho ba sa mameleng Jehova ba tla timetsoa ka ho sa feleng hammoho le Satane le bademona ba hae.​—Tšen. 20:​8-10.

20. U ikutloa joang ka boprofeta bo hlollang bo lengolong la Tšenolo?

20 U ikutloa joang ka mor’a hore re hlahlobe kakaretso ee e khutsufalitsoeng ea lengolo la Tšenolo? Na ha se ho thabisang ho ipona u le karolo ea boprofeta boo bo hlollang? E tlameha ebe u utloa u batla ho mema batho ba bang hore le bona ba kopanele le rona borapeling bo hloekileng ba Molimo. (Tšen. 22:​17) Ka mor’a hore re hlahlobe lintho tsena tse hlollang tse tla etsahala nakong e tlang, re ikutloa joaloka moapostola Johanne ea ileng a re: “Amen! Tloo, Morena Jesu.”​—Tšen. 22:20.

PINA EA 27 Ho Senoloa ha Bara ba Molimo

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Sehlooho sena ke sa ho qetela lethathamong la tse tharo tse buang ka lengolo la Tšenolo. Sehloohong sena re tla ithuta hore batho ba lulang ba tšepahalla Jehova ba tla ba le bokamoso bo thabisang, athe ba hanyetsang Puso ea Molimo bona ba tla felisoa ka tsela e tlotlollang.