Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 23

Etsa Hore “Lelakabe la Jah” le Lule le Tuka

Etsa Hore “Lelakabe la Jah” le Lule le Tuka

“Malakabe a lerato ke mollo o chesang, lelakabe la Jah.”—SEFELA 8:6.

PINA EA 131 “Seo Molimo a se Kopantseng”

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Bibele e hlalosa lerato la ’nete joang?

 “MALAKABE a lerato ke mollo o chesang, lelakabe la Jah. Metsi a mangata a ke ke a tima lerato.” b (Sefela 8:6, 7) Ena ke tsela e monate eo Bibele e hlalosang lerato la ’nete ka eona. Mantsoe ana a khothatsa banyalani hore ba ka khona ho ratana le ho feta.

2. Banyalani ba lokela ho etsa’ng e le hore ba lule ba ratana?

2 Banyalani ba lokela ho sebetsa ka thata e le hore ba lule ba ratana hafeela ba ntse ba phela. Ka mohlala, mollo o besitsoeng o ka tuka ka nako e telele hafeela ho ntse ho kenngoa patsi. Haeba ho se na motho ea ntseng a kenya patsi mollo oo o tla tima. Ka ho tšoanang, lerato leo banyalani ba ratanang ka lona le ka lula le le matla hafeela ba le matlafatsa. Ka linako tse ling, banyalani ba ka bona eka ha ba sa ratana joaloka pele, haholo-holo ha ba e-na le mathata a lichelete, ba kula kapa ba holisa bana. Haeba u na le molekane oa lenyalo, u ka etsa’ng hore “lelakabe la Jah” le lule le tuka lenyalong la hao? Sehloohong sena re tl’o bua ka lintlha tse tharo tse tla u thusa hore u lule u rata molekane oa hao le hore u thabele lenyalo. c

LULANG LE LE METSOALLE EA JEHOVA

Joaloka Josefa le Maria, banyalani e lokela ho ba metsoalle ea Jehova (Sheba serapa sa 3)

3. Ha banyalani e le metsoalle ea Jehova, seo se ba thusa joang hore ba lule ba ratana? (Moeklesia 4:12) (Sheba setšoantšo.)

3 Banyalani e lokela ho ba metsoalle ea Jehova e le hore “lelakabe la Jah” le lule le tuka. Seo se tla ba thusa joang? Ha banyalani e le metsoalle ea Jehova, ba sebelisa keletso ea hae ’me seo se ka ba thusa hore ba qobe le ho rarolla mathata a ka fokotsang lerato leo ba ratanang ka lona. (Bala Moeklesia 4:12.) Batho bao e leng metsoalle ea Jehova baa mo etsisa ka hore ba be le makhabane a tšoanang le a hae a kang ho ba mosa, ho ba le mamello le ho tšoarela. (Baef. 4:32–5:1) Ha banyalani ba bontša makhabane ana, ho ba bonolo hore lerato la bona le hole. Morali oa bo rona Lena ea nang le lilemo tse fetang 25 a nyetsoe o re: “Ho bonolo ho rata motho eo e leng motsoalle oa Jehova le ho mo hlompha.”

4. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a khetha Josefa le Maria hore e be batsoali ba Mesia?

4 Nahana ka mohlala oa banyalani bao Bibele e buang ka bona. Ha Jehova a ne a tlameha ho khetha banyalani bao e neng e tla ba batsoali ba Mesia, O ile a khetha Josefa le Maria ho litloholo tse ngata tsa Davida. Hobane’ng? Ka bobeli e ne e le metsoalle ea Jehova. Jehova o ne a tseba hore ba ne ba tla etsa hore a tle pele lenyalong ba bona. Banyalani le ka ithuta’ng ho Josefa le Maria?

5. Banna ba ka ithuta’ng ho Josefa?

5 Josefa o ne a mamela tataiso ea Jehova hang-hang ’me seo se ile sa etsa hore e be monna ea molemo. Liketsahalong tse tharo, o ile a fumana litaelo tse tsoang ho Molimo mabapi le lelapa la hae. O ile a mamela litaelo tseo hang-hang le ha ho ne ho se bonolo. (Mat. 1:20, 24; 2:13-15, 19-21) Kaha Josefa o ne a mamela tataiso ea Molimo, o ile a khona ho sireletsa Maria, ho mo tšehetsa le ho mo hlokomela. Nahana feela hore na lintho tseo Josefa a ileng a li etsa li ile tsa etsa hore Maria a mo rate le ho mo hlompha hakae. Banna, le ka etsisa Josefa ka hore le batle likeletso tse tsoang ka Bibeleng e le hore le hlokomele malapa a lona. d Ha u mamela likeletso tsena le haeba u tlameha ho etsa liphetoho, u tla be u bontša hore u rata mosali oa hao ebile le tla ratana le ho feta. Morali oa bo rona ea lulang Vanuatu ea seng a qetile lilemo tse 20 a nyetsoe o re: “Ha monna oa ka a batla tataiso ea Jehova a bile a e mamela, ke mo hlompha le ho feta. Ke ikutloa ke sireletsehile ebile ke tšepa liqeto tsa hae.”

6. Basali ba ka ithuta’ng ho Maria?

6 Maria e ne e le motsoalle oa Jehova ’me o ile a lula a matlafatsa tumelo ea hae. O ne a tseba mangolo hantle. Hape o ne a ipha nako ea ho nahana ka seo a ithutileng sona. (Luka 2:19, 51) Re ka kholiseha hore kaha Maria e ne e le motsoalle oa Jehova, seo se ile sa etsa hore e be mosali ea molemo. Mehleng ena, basali ba bangata ba leka ho etsisa Maria. Ka mohlala, Morali oa bo rona Emiko o re: “Pele ke nyaloa ke ne ke ipehetse nako ea ho etsa lintho tse matlafatsang tumelo ea ka. Ka mor’a hore ke nyaloe, monna oa ka o ne a lula a rapela le ho tšoara borapeli ba lelapa. Kahoo, ke ile ka hlokomela hore ke ne ke se ke itšetlehile ka eena ’me ke sa etse letho ho matlafatsa tumelo ea ka. Ke ile ka hlokomela hore ke boikarabelo ba ka ho etsa lintho tse tla matlafatsa tumelo ea ka. Hona joale ke behella nako ea ka le Molimo ka thoko e le hore ke rapele, ke bale Bibele le ho nahana ka seo ke ithutang sona.” (Bagal. 6:5) Basali, ha le lula le etsa lintho tse tla le thusa hore le lule le le metsoalle ea Jehova, banna ba lona ba tla le rorisa le ho le rata le ho feta.—Liprov. 31:30.

7. Banyalani ba ka ithuta’ng ho Josefa le Maria ka ho matlafatsa tumelo ea bona hammoho?

7 Josefa le Maria le bona ba ile ba sebetsa hammoho hore e lule e le metsoalle ea Jehova. Ba ne ba utloisisa hore ke habohlokoa ho sebeletsa Jehova hammoho e le lelapa. (Luka 2:22-24, 41; 4:16) E ka ’na ea ba ho ne ho se bonolo, haholo-holo ha ba ntse ba e-ba le bana ba bang empa ba ile ba khona. Ba behetse banyalani ba mehleng ena mohlala o motle. Haeba u na le bana joaloka Josefa le Maria, e ka ’na eaba ha ho bonolo ho ea libokeng le ho behella nako ka thoko ea ho tšoara borapeli ba lelapa. Ho ka ’na ha e-ba thata le hore le fumane nako ea ho ithuta le ho rapela hammoho. Leha ho le joalo, hopola hore ho etsa lintho tse matlafatsang tumelo ea lona hammoho ho tla le thusa hore le be metsoalle ea Jehova le hore le ratane le ho feta. Kahoo, etsang hore lintho tse matlafatsang tumelo ea lona li tle pele bophelong ba lona.

8. Banyalani ba nang le mathata ba ka etsa’ng e le hore ba thabele borapeli ba lelapa?

8 Le ka etsa’ng haeba le e-na le mathata lenyalong la lona? Le ka ’na la utloa eka le ke ke la thabela ho tšoara borapeli ba lelapa hammoho. Haeba ho joalo, le ka qala ka ho buisana ka ntho eo le lumellaneng ka eona e tla nka nako e khutšoanyane ebile le e thabela. Ho etsa joalo ho ka le thusa hore le ratane le ho feta le hore le etse lintho tse tla matlafatsa kamano ea lona le le hammoho.

QETANG NAKO LE LE HAMMOHO

9. Ke hobane’ng ha banyalani ba lokela ho qeta nako ba le hammoho?

9 Banyalani, le ka etsa hore lerato la lona le lule le tuka ka hore le qete nako le le hammoho. Ho etsa joalo ho tla le thusa hore le tsebe hore na e mong o nahana eng le hore na o ikutloa joang. (Gen. 2:24) Hlokomela seo Lilia le Ruslan ba ileng ba se elelloa ka mor’a hore ba nyalane lilemo tse fetang 15 tse fetileng. O re: “Re ile ra hlokomela hore re ne re ke ke ra qeta nako e ngata re le hammoho joalokaha re ne re nahanne. Re ne re phathahane haholo ka mosebetsi oa boipheliso, oa lapeng le ho hlokomela bana. Re ile ra bona hore haeba re sa qete nako re le hammoho re ka qetella re se re se metsoalle.”

10. Banyalani ba ka sebelisa molao-motheo o ho Baefese 5:15, 16 joang?

10 Ke’ng seo banyalani ba ka se etsang e le hore ba khone ho qeta nako ba le hammoho? Le lokela ho behella nako ka thoko e le hore le qete nako le le hammoho. (Bala Baefese 5:15, 16.) Mor’abo rona Uzondu ea lulang Nigeria o re: “Ha ke ngola lintho tseo ke tl’o li etsa, ke ngola le nako eo ke tl’o e qeta le mosali oa ka ’me ke etsa bonnete ba hore nako eo e tla pele.” (Bafil. 1:10) Hlokomela kamoo Morali oa bo rona Anastasia eo e leng mosali oa molebeli oa potoloho naheng ea Moldova a sebelisang nako ea hae hamolemo kateng. O re: “Ke leka ho etsa lintho tseo ke lokelang ho li etsa ha mohatsa oa ka a ntse a phathahane ka mesebetsi ea hae. Ho etsa joalo ho re thusa hore re khone ho qeta nako re le hammoho ha re se re qetile ka mesebetsi ea rona.” Empa le ka etsa’ng haeba mesebetsi ea lona e etsa hore ho be thata hore le qete nako le le hammoho?

Ke mesebetsi efe eo le ka e etsang hammoho? (Sheba serapa sa 11 le 12)

11. Ke lintho life tseo Akuila le Prisilla ba neng ba li etsa hammoho?

11 Banyalani ba ka ithuta mohlaleng oa Akuila le Prisilla e leng banyalani ba neng ba ratoa ke Bakreste ba bangata mehleng ea bona. (Bar. 16:3, 4) Le hoja Bibele e sa bue lintho tse ngata ka lenyalo la bona, e bontša hore ba ne ba sebetsa hammoho, ba etsa mosebetsi oa boboleli le ho thusa batho ba bang hammoho. (Lik. 18:2, 3, 24-26) Ha e le hantle ha Bibele e bua ka Aquila le Priscilla, e lula e bua ka bona ba le hammoho.

12. Banyalani ba ka etsa’ng e le hore ba qete nako ba le hammoho? (Sheba setšoantšo.)

12 Banyalani ba ka etsisa Akuila le Prisilla joang? Nahana ka lintho tse ngata tseo uena le molekane oa hao le lokelang ho li etsa. Na le ka etsa mesebetsi e meng hammoho ho e-na le ho e etsa le le bang? Ka mohlala, Akuila le Prisilla ba ne ba etsa mosebetsi oa boboleli hammoho. Na le lona le ka etsa se tšoanang kamehla? Akuila le Prisilla ba ne ba boetse ba etsa mosebetsi oa boipheliso hammoho. Ho ka etsahala hore uena le molekane oa hao ha le etse mosebetsi oa boipheliso o tšoanang empa na le ka etsa mesebetsi ea ka tlung hammoho? (Moek. 4:9) Ho sebetsa hammoho ho tla le thusa hore le be thimi le hore le be le monyetla oa ho qoqa. Robert le Linda ba se ba nyalane ka lilemo tse fetang 50. Robert o re: “Ha re na nako e ngata eo re ka e qetang re ithabisa. Empa ke thaba haholo ha ke hlatsoa lijana ebe mosali oa ka oa li phumula kapa ha ke hloekisa jarete ebe oa nthusa. Ho etsa lintho hammoho ho re thusa hore re lule re le metsoalle. Re ntse re ratana le ho feta.”

13. Banyalani ba lokela ho etsa’ng e le hore e be metsoalle?

13 Hopola hore ho ba hammoho ha se kamehla ho bolela’ng hore uena le molekane oa hao le tla ba metsoalle. Morali oa bo rona ea nyetsoeng ea lulang Brazil o re: “Mehleng ena bophelo ba rona bo phathahane hoo ho ka bang bonolo ho nahana hore re qeta nako hammoho hobane re lula ntlong e le ’ngoe. Seo ke ithutileng sona ke hore ho ba hammoho feela ha hoa lekana. Ho hlokahala hore ke fe molekane oa ka nako.” Hlokomela hore na Bruno le mohatsa oa hae Tays ba etsa’ng hore ba qete nako ba le hammoho. O re: “Nakong eo ho se nang mesebetsi eo re phathahaneng ka eona re beha lifono tsa rona hole ebe re thabela ho qeta nako re le hammoho.”     

14. Banyalani ba ka etsa’ng haeba ba sa thabele ho ba hammoho?

14 U ka etsa’ng haeba uena le molekane oa hao le sa thabele ho ba hammoho, le sa thabele lintho tse tšoanang kapa le tenehelana? Hopola mohlala oa mollo o besitsoeng oo re buileng ka oona qalong. Ha u besa mollo ha o qale o se o le mongata. U lokela ho kenya patsi e le hore o lule o le mongata. Ka ho tšoanang, ho ka ba joang ha le ka qeta nako e itseng le le hammoho letsatsi le letsatsi? Etsang bonnete ba hore le etsa ntho eo le e thabelang le le babeli eseng e tla koatisa e mong oa lona. (Jak. 3:18) Ha le etsa lintho tsena hanyane hanyane, le tla ratana le ho feta.

HLOMPHANANG

15. Ke hobane’ng ha banyalani ba lokela ho hlomphana e le hore ba lule ba ratana?

15 Ke habohlokoa hore banyalani ba hlomphane. Tlhompho e tšoana le moea o etsang hore mollo o ’nè o tuke. Ha ho se na moea, mollo o ka tima. Ka ho tšoanang, ha banyalani ba sa hlomphane ba ka iphumana ba se ba sa ratane joaloka pele. Empa ha banyalani ba leka kahohle hore ba hlomphane seo se etsa hore lerato la bona le ’nè le tuke. Hopola hore ntho ea bohlokoa ha se hore na uena u nahana hore u hlompha molekane oa hao empa ke hore na eena o bona u mo hlompha. Penny le Aret ba se ba nyalane ka lilemo tse fetang 25. O re: “Re lula re ratana lelapeng la rona hobane rea hlomphana. Ha re tšabe ho bolellana maikutlo hobane rea tseba hore re nka maikutlo a e mong e le a bohlokoa.” U ka etsa’ng hore molekane oa hao a bone hore oa mo hlompha? A re bueng ka mohlala oa Abrahama le Sara.

Monna oa Mokreste o lokela ho hlompha maikutlo a mosali oa hae ka ho mo mamela ka hloko (Sheba serapa sa 16)

16. Banna ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Abrahama? (1 Petrose 3:7) (Sheba setšoantšo.)

16 Abrahama o ne a hlompha Sara. O ne a mamela Sara a bile a hlompha maikutlo a hae. Ho na le nako eo Sara a neng a koatile ’me o ile a bolella Abrahama hore na o ikutloa joang a ba a mo tšoaea phoso. Na Abrahama o ile a mo halefela? Che. O ne a tseba hore Sara o ikokobelitse le hore oa mo tšehetsa. Abrahama o ile a mo mamela a ba a leka ho rarolla bothata. (Gen. 16:5, 6) Re ka ithuta’ng? Banna, le na le matla a ho etsetsa malapa a lona liqeto. (1 Bakor. 11:3) Kahoo, ntho eo u ka e etsang ke hore u nahanele maikutlo a mosali oa hao pele u ka etsa qeto, haholo-holo e tla mo ama. (1 Bakor. 13:4, 5) Ka linako tse ling, mosali oa hao a ka ’na a tšoenyeha le ho batla ho u bolella hore na o ikutloa joang. Na u hlompha maikutlo a hae ka ho mo mamela ka hloko? (Bala 1 Petrose 3:7.) Angela le Dmitry ba se ba nyalane ka lilemo tse ka bang 30. O hlalosa hore na monna oa hae o etsa’ng ho mo bontša hore oa mo hlompha. O re: “Dmitry o lula a ikemiselitse ho ’mamela ha ke koatile le ha ke batla ho bua. Oa ’mamella le ha ke nkehile maikutlo.”

17. Basali ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Sara? (1 Petrose 3:5, 6)

17 Sara o ne a bontša hore o hlompha Abrahama ka hore a tšehetse liqeto tsa hae. (Gen. 12:5) Ka letsatsi le leng, Abrahama o ile a etsa qeto ea ho amohela baeti bao ba neng ba sa ba lebella. O ile a kopa Sara hore a tlohele ntho eo a neng a e etsa ’me a etse bohobe bo bongata. (Gen. 18:6) Ka potlako Sara o ile a tlohela ntho eo a neng a e etsa ’me a mamela Abrahama. Basali, le ka etsisa Sara ka hore le tšehetse liqeto tseo banna ba lona ba li etsang. Ha u etsa joalo, u tla matlafatsa lenyalo la hao. (Bala 1 Petrose 3:5, 6.) Dmitry eo re buileng ka eena serapeng se fetileng, o hlalosa hore na mosali oa hae o bontša joang hore oa mo hlompha. O re: “Ke ananela boiteko boo Angela a bo etsang ho tšehetsa liqeto tsa ka le haeba a sa lumellane le tsona. Haa ntšoaee phoso haeba liqeto tseo ke li entseng li sa atleha.” Ho bonolo ho rata motho ea u hlomphang.

18. Ha banyalani ba etsa lintho tse ba thusang hore ba lule ba ratana, seo se ba tsoela molemo joang?

18 Mehleng ena Satane o batla hore banyalani ba Bakreste ba khaotse ho ratana. Oa tseba hore ha banyalani ba khaotsa ho ratana, ba tla qetella ba le hole le Jehova. Leha ho le joalo, lerato la ’nete le ke ke la fela. Kahoo, e se eka lerato leo le ratanang ka lona le ka tšoana le le hlalositsoeng lengolong la Sefela sa Lifela. Ikemisetseng hore Jehova a tle pele bophelong ba lona, qetang nako le le hammoho ’me le hlomphe maikutlo le litlhoko tsa e mong. Ha le etsa joalo, lenyalo la lona le tla tlotlisa Jehova e leng eena mohloli oa lerato la ’nete. Lerato la lona le tla lula le tuka joaloka mollo o besitsoeng hantle.

PINA EA 132 Joale re Nama e le ’ngoe

a Jehova o file batho mpho ea lenyalo e le hore monna le mosali ba ka bontšana lerato. Leha ho le joalo, ka linako tse ling banyalani ba ka ’na ba se ke ba ratana joaloka pele. Haeba u na le molekane oa lenyalo, sehlooho sena se tla u thusa hore u lule u rata molekane oa hao le hore u thabele lenyalo.

b Lerato la ’nete e leng le sa fetoheng le le lulang le le teng le bitsoa “lelakabe la Jah” hobane Jehova ke mohloli oa lona.

c Lintlha tsena li ka u thusa hore uena le molekane oa hao le lule le ratana le hoja e se e mong oa Lipaki Tsa Jehova.—1 Bakor. 7:12-14; 1 Pet. 3:1, 2.

d Ka mohlala, u ka sheba keletso e ka u thusang lihloohong tsa “Se ka Thusang Lelapa,” tse fumanehang websaeteng ea jw.org/st le ho JW Library®.