Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 21

Jehova o Araba Lithapelo Tsa Rona Joang?

Jehova o Araba Lithapelo Tsa Rona Joang?

“Rea tseba hore o tla re fa lintho tseo re li kopang hobane re mo kopile.”—1 JOH. 5:15.

PINA EA 41 Ka Kopo, Utloa Thapelo ea Ka

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1, 2. Re ka ’na ra ipotsa’ng ka lithapelo tseo re li etsang?

 NA U kile oa ipotsa hore na ebe Jehova o araba lithapelo tsa hao? Haeba ho joalo, tseba hore ha u mong. Bara le barali ba bo rona ba bangata le bona ba re ba ee ba ipotse, haholo ha ba e-na le mathata. Le rona re ka thatafalloa ho bona hore na Jehova o araba lithapelo tsa rona joang ha re e-na le mathata.

2 Re tla bona hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o mamela lithapelo tsa bahlanka ba hae. (1 Joh. 5:15) Re tla boela re arabe lipotso tse latelang: Ke hobane’ng ha ka linako tse ling re ka bona eka Jehova ha a arabe lithapelo tsa rona? Jehova o araba lithapelo joang mehleng ee?

JEHOVA A KA RE ARABA KA TSELA EO RE SA E LEBELLANG

3. Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re mo rapele?

3 Bibele ea re kholisa hore Jehova o re rata haholo ebile o re nka re le bohlokoa. (Hag. 2:7; 1 Joh. 4:10) Ke kahoo a reng re mo rapele ’me re mo kope hore a re thuse. (1 Pet. 5:6, 7) O batla ho re thusa hore re lule re le haufi le eena le hore re sebetsane le mathata a rona ka katleho.

Jehova o ile a araba lithapelo tsa Davida ka ho mo sireletsa ho lira tsa hae. (Sheba serapa sa 4)

4. Re tseba joang hore Jehova o araba lithapelo tsa bahlanka ba hae? (Sheba setšoantšo.)

4 Hangata ha re bala Bibele re fumana mehlala ea bahlanka ba Jehova bao a ileng a araba lithapelo tsa bona. Na u ka nahana ka o mong? Mohlala o mong ke oa Morena Davida. O ne a e-na le lira tse ngata tse kotsi ’me hangata o ne a rapela Jehova a mo kopa thuso. Ka lekhetlo le leng, o ile a rapela Jehova ’me a re: “Utloa thapelo ea ka hle Jehova. Nkutloe ha ke kopa thuso. Nkarabe hobane oa tšepahala ebile u lokile.” (Pes. 143:1) Jehova o ile a araba Davida ha a ne a mo kopa hore a mo pholose. (1 Sam. 19:10, 18-20; 2 Sam. 5:17-25) Kahoo, Davida o ile a bua a kholisehile a re: “Jehova o haufi le bohle ba mo bitsang.” Le rona re ka kholiseha hore Jehova o haufi le rona.—Pes. 145:18.

Jehova o ile a araba lithapelo tsa Pauluse ka ho mo fa matla a ho mamella mathata (Sheba serapa sa 5)

5. Na Jehova o ne a lula a araba lithapelo tsa bahlanka ba hae ba nakong e fetileng ka tsela eo ba neng ba e lebeletse? Fana ka mohlala. (Sheba setšoantšo.)

5 Jehova a ka araba lithapelo tsa rona ka tsela eo re sa e lebellang. Moapostola Pauluse o ile a hlaheloa ke ntho e joalo. O ile a kopa Molimo hore a mo tlose “moutloa nameng.” Ka makhetlo a mararo Pauluse o ile a rapella boemo boo bo neng bo mo imetse. Na Jehova o ile a mo araba? O ile a mo araba empa eseng ka tsela eo Pauluse a neng a e lebeletse. Ho e-na le ho tlosa bothata boo, Jehova o ile a mo fa matla ao a neng a a hloka e le hore a ka tsoela pele a mo sebeletsa ka botšepehi.—2 Bakor. 12:7-10.

6. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ho ka bonahala eka Jehova ha a arabe lithapelo tsa rona?

6 Ka linako tse ling le rona Jehova a ka re araba ka litsela tseo re neng re sa li lebella. Re lokela ho kholiseha hore Jehova o tseba hantle hore na ke eng e molemo bakeng sa rona. A ka ba a “etsa lintho tse fetang hole tsohle tseo re ka li kopang kapa tseo re ka li nahanang.” (Baef. 3:20) Ka lebaka leo, a ka re araba ka nako eo re neng re sa e lebella kapa ka tsela eo re neng re sa e lebella.

7. Ke hobane’ng ha re ka lokela ho fetola lintho tseo re li rapellang? Fana ka mohlala.

7 Ha re hlokomela hore na thato ea Jehova ke efe, re ka ’na ra lokela ho fetola lintho tseo re li rapellang. A re nahaneng ka mohlala oa Mor’abo rona Martin Poetzinger. Nakoana ka mor’a hore Mor’a bo rona Poetzinger a nyale, o ile a isoa kampong ea mahloriso ea manazi. O ile a kopa Jehova hore a mo ntše moo e le hore a ka hlokomela mosali oa hae le hore a ka tsoela pele a ruta batho Bibele. Leha ho le joalo, ka mor’a hore ho fete libeke tse peli o ile a hlokomela hore Jehova o ne a sa tl’o mo lokolla moo. Kahoo o ile a rapela Jehova ’me a re: “Jehova, ke kopa u mpontše hore na u batla hore ke etse’ng.” Ka mor’a moo o ile a nahana ka hore na bara ba bo rona ba bang moo ba kopana le mathata afe. Bongata ba bona ba ne ba amehile ka basali le bana ba bona. Mor’abo rona Poetzinger o ile a re ho Jehova: “Jehova, kea u leboha ka mosebetsi o mocha oo u mphileng oona. Nthuse ho matlafatsa bara beso le ho ba khothatsa.” O ile a qeta lilemo tse robong a etsa mosebetsi oo.

8. Re lokela ho hopola ntlha efe ea bohlokoa ha re rapela?

8 Re lokela ho hopola hore Jehova o na le morero ’me o tla o phetha ka nako eo a e khethileng. Morero oo o akareletsa ho felisa mathata ’ohle a re hlahelang mehleng ena ka ho feletseng. Mathata ao a akareletsa likoluoa tsa tlhaho, ho kula le lefu. Jehova o tla sebelisa ’Muso oa hae ho phethahatsa morero oo. (Dan. 2:44;Tšen. 21:3, 4) Empa hona joale, Jehova o sa lumeletse Satane hore a buse lefatše. b (Joh 12:31; Tšen. 12:9) Haeba Jehova a ne a ka rarolla mathata a rona hona joale, ho ne ho tla bonahala eka Satane o ntse a busa lefatše hantle. Le hoja re lokela ho emela hore Jehova a phethahatse litšepiso tse ling tsa hae, ha se hore o re lahlile kherehloa. A re hlahlobeng lintho tse ling tseo Jehova a li etsang ho re thusa.

JEHOVA O ARABA LITHAPELO TSA RONA JOANG MEHLENG EE?

9. Jehova a ka re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng joang? Fana ka mohlala.

9 O re fa bohlale. Jehova o tšepisa hore o tla re fa bohlale e le hore re ka etsa liqeto tse nepahetseng. Re hloka bohlale bo tsoang ho Jehova ha re etsa liqeto tse ka fetolang bophelo ba rona joaloka hore na re tla khetha ho ba le molekane kapa che. (Jak. 1:5) Nahana ka se ileng sa etsahalla Morali oa bo rona Maria. c E ne e le pula-maliboho ea kamehla e thabileng eaba o kopana le mor’abo rona ea itseng. O re: “Ha re ntse re tloaelana, re ile ra utloa re se re ratana. Ke ne ke tseba hore ke lokela ho khetha hore na ke tla etsa joang. Ke ile ka rapella taba eo. Ke ne ke hloka tataiso ea Jehova empa ke ne ke tseba hore o ne a ke ke a nketsetsa qeto.” Morali oa bo rona Maria o nka hore Jehova o ile a araba thapelo ea hae. O ile a mo araba joang? Morali oa bo rona Maria o ile a etsa lipatlisiso a sebelisa lingoloa tsa rona ’me a fumana likarabo tsa lipotso tseo a neng a e-na le tsona. O ile a boela a mamela keletso ea ’mè oa hae. Keletso eo e ile ea mo thusa ho nahana hantle ka boemo boo a neng a le ho bona. O ile a khona ho etsa qeto e nepahetseng.

Jehova o re fa matla a ho mamella joang? (Sheba serapa sa 10)

10. Ho latela Bafilipi 4:13, Jehova o thusa barapeli ba hae joang? Fana ka mohlala. (Sheba setšoantšo.)

10 O re fa matla a ho mamella. Jehova o tla re fa matla a ho mamella mathata a rona joalokaha a ile a thusa moapostola Pauluse. (Bala Bafilipi 4:13.) Hlokomela kamoo Jehova a ileng a thusa Mor’abo rona Benjamin ho mamella maemo a boima kateng. Ha Mor’abo rona Benjamin a sa le mocha, eena le lelapa labo ba ile ba phela likampong tsa baphaphathehi Afrika ka nako e telele. O re: “Ke ne ke lula ke rapela Jehova, ke mo kopa hore a mphe matla a ho etsa lintho tse mo thabisang. Jehova o ile a araba lithapelo tsa ka ka ho nthusa hore ke lule ke thabile. O ile a boela a nthusa hore ke buisane le batho ka molaetsa oa Bibele ke sa tšabe, a ba a mpha lingoliloeng tse ileng tsa nthusa hore ke lule ke le haufi le eena.” O ile a boela a re: “Ho bala lipale tsa Bakreste-’moho le ’na ho ile ha nthusa ho bona kamoo Jehova a ileng a ba thusa ho mamella mathata kateng ’me seo se ile sa etsa hore ke ikemisetse ho lula ke tšepahalla Jehova.”

Na Jehova o kile a u thusa a sebelisa Bakreste-’moho le uena? (Sheba serapa sa 11 le 12) d

11, 12. Jehova a ka sebelisa Bakreste-’moho le rona joang ho araba lithapelo tsa rona? (Sheba setšoantšo.)

11 O sebelisa Bakreste-’moho le rona. Bosiung ba hae ba ho qetela pele a re shoela, Jesu o ile a rapela ka matla, a kopa Jehova hore a se ke a lumella batho hore ba nahane hore oa mo nyefola. Ho e-na le ho etsa joalo, Jehova o ile a roma lengeloi ho eena hore le mo matlafatse. (Luka 22:42, 43) Ka ho tšoanang, Jehova a ka re khothatsa ka ho etsa hore Bakreste-’moho ba re letsetse kapa ba re etele. Le rona re lokela ho batla menyetla ea ho bua “lentsoe le nepahetseng” le Bakreste-’moho le rona.—Liprov. 12:25.

12 Nahana ka se ileng sa etsahalla Morali oa bo rona Miriam. Beke ka mor’a hore monna oa hae a hlokahale, Morali oa bo rona Miriam o ne a lutse a le mong hae a utloile bohloko haholo a bile a nyahame. O ne a lla a sa khone ho thola. O ne a hloka motho eo a ka buisanang le eena. O re: “Ke ne ke se na matla a ho letsetsa motho ofe kapa ofe kahoo ke ile ka rapela. Ha ke sa ntse ke lla ke bile ke rapela, fono e ile ea lla, ke ne ke letselitsoe ke motsoalle oa ka oa moholo.” Moholo eo le mohats’ae ba ile ba tšelisa Morali oa bo rona Miriam. O kholisehile hore ke Jehova ea entseng hore mor’abo rona eo a mo letsetse.

Jehova a ka susumetsa batho ba bang joang hore ba re thuse? (Sheba serapa sa 13 le 14)

13. Fana ka mohlala o bontšang hore na Jehova a ka sebelisa batho ba sa mo sebeletseng joang ho araba lithapelo tsa rona.

13 A ka sebelisa batho ba sa mo sebeletseng. (Liprov. 21:1) Ka linako tse ling Jehova o araba lithapelo tsa bahlanka ba hae ka ho etsa hore batho ba sa mo sebeletseng ba ba thuse. Ka mohlala, o ile a etsa hore Morena Artaseksese a lumelle Nehemia hore a khutlele Jerusalema e le hore a ka thusa ka ho tsosolosa marako a eona. (Neh. 2:3-6) Le mehleng ena Jehova a ka etsa hore batho ba sa mo sebeletseng ba re thuse ha ho hlokahala.

14. Pale ea Morali oa bo rona Soo Hing e u khothatsa joang? (Sheba setšoantšo.)

14 Morali oa bo rona Soo Hing o ne a nka hore Jehova o ile a sebelisa ngaka ho mo thusa. Mora oa hae o ne a tšoeroe ke mafu a hlooho a ’maloa. Mora eo oa hae o ile a boela a hlaheloa ke kotsi e mpe. Kahoo Morali oa bo rona Soo Hing le monna oa hae ba ile ba tlameha ho tlohela mosebetsi e le hore ba mo hlokomele. Ka lebaka leo, ba ile ba e-ba le mathata a lichelete. Morali oa bo rona Soo Hing o ile a re ha a sa khona ho mamella boemo boo. O ile a phetlela Jehova sefuba a mo kopa thuso. Ngaka eo e ile ea ba thusa hore ba fumane thuso e tsoang ’musong ’me ea ba thusa hore ba fumane ntlo e neng e sa lefelloe chelete e ngata. Ka mor’a ho fumana thuso, Morali oa bo rona Soo Hing o ile a re: “Re bone hore Jehova ke eena ea re thusitseng, kannete o ‘utloa lithapelo.’”—Pes. 65:2.

RE HLOKA TUMELO E LE HORE RE BONE LIKARABO TSA JEHOVA RE BE RE LI AMOHELE

15. Morali oa bo rona e mong o ile a thusoa ke’ng hore a bone hore Jehova o ntse a araba lithapelo tsa hae?

15 Ha se kamehla lithapelo tsa rona li arajoang ka tsela e mohlolo. Empa Ntate oa rona ea leholimong o re araba ka ho re fa lintho tseo re li hlokang e le hore re lule re mo tšepahalla. Leka ho hlokomela hore na Jehova o u araba joang. Morali oa bo rona Yoko o ne a bona eka Jehova ha a arabele lithapelo tsa hae. Kahoo, o ile a qala ho ngola fatše lintho tseo a neng a li rapella. Ka mor’a nako o ile a sheba buka eo a neng a ngoletse lintho tseo a li rapeletseng eaba oa bona hore Jehova o arabetse boholo ba lithapelo tsa hae. O ne a bile a arabetse le tsa lintho tseo a neng a lebetse hore o kile a li rapella. Re lokela ho itloaetsa ho nahana kamoo Jehova a arabang lithapelo tsa rona kateng.—Pes. 66:19, 20.

16. Re ka bontša joang hore re na le tumelo ha re rapela? (Baheberu 11:6)

16 Re bontša hore re na le tumelo ha re rapela Jehova le ha re amohela tsela leha e le efe eo a re arabang ka eona. (Bala Baheberu 11:6.) Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Mike le mohats’a hae Chrissy. Ba ne ba batla ho sebeletsa Bethele. Mor’abo rona Mike o re: “Re ile ra etsa likopo tse ngata, ra ba ra rapela Jehova ka makhetlo a mangata ka taba ena. Empa ha rea ka ra amoheloa.” Mor’abo rona Mike le Morali oa bo rona Chrissy ba ne ba kholisehile hore Jehova ke eena ea tsebang hore na ke hokae moo a ka ba sebelisang hamolemohali. Ba ile ba etsa sohle seo ba ka se khonang ka ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla phuthehong eo ho neng ho e-na le tlhoko ea bahoeletsi ba eketsehileng. Hape ba ile ba thusa le liprojekeng tsa kaho. Hona joale ba mosebetsing oa potoloho. Mor’abo rona Mike o boetse o re: “Ka linako tse ling Jehova o ne a araba lithapelo tsa rona ka tsela eo re sa e lebellang empa o ile a li araba ka tsela e molemo ho feta eo re neng re e lebeletse.”

17, 18. Ho latela Pesaleme ea 86:6, 7, re ka kholiseha ka eng?

17 Bala Pesaleme ea 86:6, 7. Mopesaleme Davida o ne a kholisehile hore Jehova o utloa lithapelo tsa hae ebile oa li araba. Le uena u ka kholiseha joaloka eena. Mehlala eo re buileng ka eona sehloohong sena ea re tiisetsa hore Jehova a ka re fa bohlale le matla a ho mamella mathata. A ka sebelisa Bakreste-’moho le rona kapa batho ba sa mo sebeletseng ho re thusa.

18 Le hoja Jehova a sa arabele lithapelo tsa rona ka tsela eo re e lebeletseng, rea tseba hore oa li araba. O re fa lintho tseo re li hlokang ka nako eo re li hlokang ka eona. Kahoo u lule u rapela Jehova u tšepile hore o tla u utloa. U kholisehe hore Jehova o tla u thusa hona joale le hore o tla “khotsofatsa lintho tsohle tse phelang” lefatšeng le lecha.—Pes. 145:16.

PINA EA 46 Rea U Leboha, Jehova

a Jehova o tšepisa hore o tla mamela lithapelo tsa rona hafeela li lumellana le thato ea hae. Re ka kholiseha hore Jehova o tla re thusa hore re lule re mo tšepahalla ha re e-na le mathata. A re bueng ka hore na Jehova o araba lithapelo tsa rona joang.

b E le hore u utloisise hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse Satane ho busa lefatše, bala sehlooho se reng “Na U Nka Bobusi ba Jehova e le Ntho ea Bohlokoa?” se hlahang ho Molula-Qhooa oa June 2017.

c Mabitso a mang a fetotsoe.

d SETŠOANTŠO: ’Mè le morali oa hae ba fihla naheng eo ba balehetseng ho eona. Bakreste-’moho le bona ba ba amohela ka mofuthu ebile ba ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang.