Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 22

Lula U Tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo’

Lula U Tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo’

“Ho tla ba le tsela e kholo, e bitsoang Tsela ea Khalalelo.”—ESA. 35:8.

PINA EA 31 Le Tsamaee le Molimo

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1, 2. Ke qeto efe ea bohlokoa eo Bajuda ba neng ba phela Babilona ba neng ba lokela ho e etsa? (Esdrase 1:2-4)

 MORENA o ile a phatlalatsa hore Bajuda ba neng ba hapuoe ke Babilona ’me ba phetse teng lilemo tse ka bang 70 ba ne ba ka khutlela naheng ea habo bona Iseraele. (Bala Esdrase 1:2-4.) Ke Jehova feela ea neng a ka etsa hore sena se etsahale. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Babilona e ne e sa lokolle batho bao e ba hapileng. (Esa. 14:4, 17) Empa Babilona e ne e se e oele ’me ’musi e mocha o ne a itse Bajuda ba ka tsamaea. Ka lebaka leo, Mojuda e mong le e mong, haholo-holo lihlooho tsa malapa, li ne li lokela ho etsa qeto ea hore na li tloha Babilona kapa li lula teng. E tlameha ebe ho ne ho le thata ho etsa qeto eo. Hobane’ng?

2 Batho ba bangata ba ne ba se ba holile haholo bakeng sa ho nka leeto leo le lelelele. Hape bongata ba Bajuda bo ne bo phetse Babilona bophelo bohle ba bona kaha ke hona moo bo hlahetseng teng. Ba ne ba sa nke Iseraele e le ha habo bona empa ba ne ba nka e le moo baholo-holo ba bona ba kileng ba phela teng. Ho bonahala eka Bajuda ba bang ba ne ba ruile. Kahoo, ho ne ho ka ba thata ho bona hore ba siee matlo a bona a majabajaba le likhoebo tsa bona hore ba e’o lula sebakeng seo ba sa se tsebeng.

3. Jehova o ne a tla hlohonolofatsa Bajuda joang ha ba khutletse Iseraele?

3 Bajuda ba tšepahalang ba ne ba tseba hore melemo ea ho khutlela Iseraele e mengata ho feta boitelo leha e le bofe boo ba neng ba ka bo etsa. Tlhohonolofatso e kholo ka ho fetisisa eo ba neng ba tla e fumana e ne e amana le borapeli ba bona. Ho ne ho e-na le litempele tse fetang 50 tsa bohetene Babilona empa ho ne ho se na tempele leha e le ’ngoe feela ea Jehova. Ho ne ho se na aletare eo Baiseraele ba neng ba ka etsa mahlabelo ao ba neng ba lokela ho a etsa ho latela Molao oa Moshe hape ho ne ho se na baprista ba hlophisitsoeng hore ba etse mahlabelo ao. Batho ba neng ba rapela melimo ea bohata motseng oo ba ne ba le bangata ho feta ba hlomphang Jehova le ho mamela melao ea hae. Kahoo, Bajuda ba likete ba ratang Jehova ba ne ba labalabela ho khutlela ha habo bona moo ba neng ba tla rapela Jehova ka tsela eo a e batlang.

4. Jehova o ile a tšepisa Bajuda ba khutlelang Iseraele hore o ne a tla ba thusa joang?

4 Leeto le boima leo Baiseraele ba neng ba tla le nka ho tloha Babilona ho ea Iseraele, le ne le ka nka likhoeli tse ’nè. Empa Jehova o ile a ba tšepisa hore litšitiso leha e le life tseo ba neng ba tla kopana le tsona li ne li tla suthisoa. Esaia o ile a re: “Hlekang tsela ea Jehova! Etsang tsela e kholo e otlolohileng bakeng sa Molimo oa rona lehoatateng. . . . Sebaka se khorofo se batalatsoe le sebaka se matsaranka e be phula.” (Esa. 40:3, 4) Ak’u nahane feela ho e-na le tsela e kholo lehoatateng le sebaka se bataletseng lipakeng tsa lithaba. Batho ba ne ba tla thabela ho tsamaea tseleng eo. Ho ne ho tla ba bonolo hore ba tsamaee tseleng e kholo e otlolohileng ho e-na le ho nyolosa lithaba le maralla kapa ho theohela ka likhohlong. Hape ba ne ba tla fihla kapele moo ba eang.

5. Tsela ea tšoantšetso e neng e le lipakeng tsa Babilona le Iseraele e ne e bitsoa’ng?

5 Mehleng ena litsela tse ngata tse kholo li na le mabitso kapa linomoro tse li khethollang. Tsela e kholo ea tšoantšetso eo Esaia a ileng a bua ka eona le eona e ne e e-na le lebitso. O ile a re: “Ho tla ba le tsela e kholo, e bitsoang Tsela ea Khalalelo. Motho ea sa hloekang a ke ke a tsamaea ho eona.” (Esa. 35:8) Tšepiso ee e ne e bolela’ng ho Baiseraele nakong eo? E bolela eng ho rona mehleng ee?

“TSELA EA KHALALELO” EA NAKONG E FETILENG LE EA HONA JOALE

6. Ke hobane’ng ha ho ne ho thoe tsela ee ea halalela?

6 “Tsela ea Khalalelo” ke lebitso le monate haholo. Ke hobane’ng ha ho ne ho thoe tsela ee ea halalela? “Motho ea sa hloekang” e leng Mojuda ofe kapa ofe ea etsang boitšoaro bo bobe, ea rapelang litšoantšo kapa ea etsang libe leha e le life tse tebileng o ne a ke ke a lumelloa ho phela Iseraele. Bajuda ba khutlelang Iseraele e ne e lokela ho ba “sechaba se halalelang” sa Molimo. (Deut. 7:6). Leha ho le joalo, taba ena e ne e sa bolele hore Bajuda ba tlohileng Babilona ba ne ba sa lokela ho etsa liphetoho e le hore ba thabise Jehova.

7. Bajuda ba bang ba ne ba lokela ho etsa liphetoho life? Fana ka mohlala.

7 Joalokaha re se re bone, boholo ba Bajuda bo ne bo hlahetse Babilona ’me ho bonahala eka ba bangata ba ne ba se ba tloaetse mekhoa ea Bababilona ba bile ba se ba nahana joaloka bona. Lilemo tse ngata ka mor’a hore Bajuda ba khutlele Iseraele, Esdrase o ile a fumana hore Bajuda ba bang ba ne ba nyetse basali ba bahetene. (Ex. 34:15, 16; Esdr. 9:1, 2) Lilemo tse ling hamorao, Nehemia o ile a makala ha a fumana hore bana ba hlahetseng Iseraele ba ne ba sa tsebe ho bua puo ea Bajuda. (Deut. 6:6, 7; Neh. 13:23, 24) Bana bao ba ne ba tla ithuta ho rata le ho sebeletsa Jehova joang empa ba sa utloisise Seheberu e leng puo eo Lentsoe la Molimo le neng le ngotsoe ka eona? (Esdr. 10:3, 44) Kahoo, Bajuda ba ne ba lokela ho etsa liphetoho tse ngata empa ho ne ho tla ba bonolo hore ba li etse ha ba le Iseraele e leng moo Jehova a neng a ka rapeloa ka tsela eo a e batlang.—Neh. 8:8, 9.

Ho tloha ka 1919, batho ba limilione ba ile ba tsoa Babilona e Moholo ’me ba tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo’(Sheba serapa sa 8)

8. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella lintho tse etsahetseng lilemo tse ngata tse fetileng? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

8 Batho ba bang ba ka ’na ba re: ‘Taba ena ea thahasellisa empa lintho tse etsahaletseng Bajuda khale koaa rona li re ama joang mehleng ee?’ Lia re ama hobane le rona ka tsela e itseng, re tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo.’ Ebang re batlotsuoa kapa karolo ea “linku tse ling,” re lokela ho lula re tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo.’ Ho etsa joalo ho tla re thusa ho lula re rapela Jehova hona joale le ka moso ha ’Muso oa hae o se o re tliselitse lintho tse molemo lefatšeng. b (Joh. 10:16) Ho tloha ka 1919, batho ba limilione ba ile ba tsoa Babilona e Moholo e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata eaba ba tsamaea tseleng ena ea tšoantšetso. E ka ’na eaba u e mong oa bona. Batho ba qalile ho tsamaea tseleng ena lilemo tse ka bang lekholo tse fetileng. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba e lokisa lilemo tse ngata haholo pele ho moo.

TSELA EA LOKISOA

9. Tumellanong le Esaia 57:14, “Tsela ea Khalalelo” e ile ea lokisoa joang?

9 Jehova o ile a etsa bonnete ba hore o tlosa litšitiso tse neng li le tseleng ea Bajuda ba tsoang Babilona. (Bala Esaia 57:14.) Na o ile a etsa se tšoanang ka “Tsela ea Khalalelo” mehleng ee? Lilemo tse makholo pele ho 1919, Jehova o ile a sebelisa banna ba mo hlomphang ho etsa hore batho ba khone ho tsoa Babilona e Moholo. (Bapisa le Esaia 40:3.) Ba ile ba etsa mosebetsi o neng o hlokahala e le hore hamorao batho ba lipelo li ntle ba tsoe bolumeling ba bohata ’me ba rapele Jehova le batho ba hae. Mosebetsi oo o ne o akareletsa eng? Nahana ka lintho tse ling tse ileng tsa etsoa e le hore ho lokisoe tsela ena.

Lilemo tse makholo pele ho 1919, banna ba hlomphang Molimo ba ile ba thusa batho ho tsoa Babilona e Moholo (Sheba serapa sa 10 le 11)

10, 11. Ho hatisoa ha Bibele le ho fetoleloa ha eona ho thusitse batho ba bangata joang hore ba tsebe Bibele? (Sheba setšoantšo.)

10 Ho hatisoa ha Bibele. Pele ho selemo sa 1450, Bibele e ne e kopitsoa ka letsoho. Ho ne ho nka nako e telele ho kopitsa Bibele hape Libibele li ne li le turu ebile li fumaneha ka thata. Ha ho se ho sebelisoa mochini o hatisang ho etsa Libibele, ho ne ho se ho le bonolo ho hatisa Libibele tse ngata le ho li fa batho.

11 Ho fetoleloa ha Bibele. Ka lilemo tse makholo, boholo ba Libibele bo ne bo ngotsoe ka Selatine e leng puo e neng e utloisisoa ke batho ba rutehileng haholo feela. Ha mechini e hatisang e se e le mengata, batho ba hlomphang Molimo ba ile ba sebetsa ka thata ho fetolela Bibele lipuong tse buuoang ke batho ba tloaelehileng. Batho ba ne ba se ba ka ipalla Bibele ebe ba bapisa lintho tseo ba li rutoang ke baruti le lintho tse ka Bibeleng.

Banna ba hlomphang Molimo ba ile ba thusa batho ho tsoa Babilona e Moholo (Sheba serapa sa 12-14) c

12, 13. Fana ka mohlala o bontšang hore na banna ba hlomphang Molimo ba ile ba pepesa mashano a rutoang likerekeng joang lilemong tsa bo-1800.

12 Lingoloa tse thusang ho ithuta Bibele. Baithuti ba hloahloa ba Bibele ba ile ba ithuta lintho tse ngata ha ba bala Lentsoe la Molimo. Baithuti bana ba ile ba bolella batho ba bang lintho tseo ba ithutileng tsona ’me taba ena e ile ea halefisa baruti haholo. Ka mohlala, lilemong tsa bo-1800 banna ba ’maloa ba hlomphang Molimo ba ile ba hatisa lipampitšana tse neng li pepesa mashano a rutoang likerekeng.

13 Hoo e ka bang ka 1835, monna e mong ea hlomphang Molimo ea bitsoang Henry Grew o ile a hatisa pampitšana e neng e bua ka hore na ho etsahala’ng ka bafu. Pampitšaneng eo, o ile a fana ka bopaki bo tsoang ka Bibeleng ho bontša hore motho ha a tsoaloe a e-na le moea o sa shoeng joalokaha likereke tse ngata li ruta empa o fuoa ho se shoe ke Molimo. Ka 1837 moruti ea bitsoang George Storrs o ile a fumana pampitšana eo ha a ne a palame terene. Ha a qeta ho e bala o ne a kholisehile hore o ithutile ’nete ea bohlokoa. O ile a etsa qeto ea ho bolella batho ba bang seo a ithutileng sona. Ka 1842 o ile a fana ka lipuo tse nang le sehlooho se thahasellisang se reng “An Inquiry—Are the Wicked Immortal?” Motho e mong ea ileng a ithuta lintho tsa bohlokoa ho Moruti George Storrs e ne e le mohlankana ea bitsoang Charles Taze Russell.

14. Mosebetsi oo batho ba hlomphang Jehova ba ileng ba o etsa o ile oa thusa Mor’abo rona Russell le basebetsi-’moho le eena joang? (Sheba setšoantšo.)

14 Mosebetsi oo batho ba hlomphang Jehova ba ileng ba o etsa o ile oa thusa Mor’abo Russell le basebetsi-’mohole eena joang? Ha ba ithuta Bibele, ba ne ba bala lilexicon, liconcordance le liphetolelo tse fapaneng tsa Bibele tse entsoeng pele ba ka qala mosebetsi oa bona. Ba ile ba boela ba thusoa ke lipatlisiso tse neng li se li entsoe ke banna ba kang Henry Grew, George Storrs le ba bang. Mor’abo rona Russell le basebetsi-’moho le eena le bona ba ile ba kenya letsoho mosebetsing ona oa bohlokoa ka ho etsa libuka le lipampitšana tse hlalosang molaetsa oa Bibele.

15. Ho ile ha etsahala’ng ka 1919?

15 Ka 1919, Babilona e Moholo e ne e se e sa khone ho laola batho ba Molimo. Selemong sona seo, “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” o ile a qala ho sebeletsa hore batho ba lipelo li ntle ba qale ho tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo.’ (Mat. 24:45-47) Batho ba ileng ba etsa mosebetsi ona lilemo tse ngata tse fetileng ba ile ba thusa batho ba neng ba se ba qalile ho tsamaea tseleng ena e kholo hore ba ithute haholoanyane ka Jehova le ka merero ea hae. (Liprov. 4:18) Hape ba ne ba ka phela ka tsela eo Jehova a batlang hore batho ba phele ka eona. Jehova o ne a sa lebella hore batho ba hae ba etse liphetoho tsohle tse hlokehang ka nako e le ’ngoe. Ho fapana le hoo, o ile a thusa batho ba hae hore ba etse liphetoho hanyane ka hanyane. (Bala lebokose le reng “ Jehova o Fetola Batho ba Hae Butle-butle.”) Kaofela ha rona re tla thaba haholo ha re se re khona ho thabisa Molimo ka lintho tsohle tseo re li etsang.—Bakol. 1:10.

“TSELA EA KHALALELO” E NTSE E BUTSOE

16. “Tsela ea khalalelo” e ile ea lokisoa joang ho tloha ka 1919? (Esaia 48:17; 60:17)

16 Tsela e hloka ho lokisoa khafetsa e le hore e lule e le maemong a matle. Ho tloha ka 1919, “Tsela ea Khalalelo” e ile ea ’na ea lokisoa e le hore batho ba bangata ba ka tsoa Babilona e Moholo. Mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale ea neng a sa tsoa behoa o ile a qala ho sebetsa. Ka 1921 o ile a hatisa buka e neng e etselitsoe ho thusa batho ho ithuta Bibele. Buka eo ke The Harp of God ’me ho ile ha ajoa likopi tsa eona tse ka bang limilione tse tšeletseng ka lipuo tse 36. Batho ba bangata ba ithutile Bibele ka eona. Hona joale re na le buka e ncha e molemo haholo eo re e sebelisang ho ithuta Bibele le batho. E bitsoa U ka Thaba ka ho sa Feleng! Matsatsing ana a ho qetela Jehova o sebelisa mokhatlo oa hae ho re fa tataiso e tsoang Lentsoeng la hae e le hore re lule re tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo.’—Bala Esaia 48:17; 60:17.

17, 18. “Tsela ea Khalalelo” e re isa hokae?

17 Ha motho a lumela ho ithuta Bibele, o ba le monyetla oa ho tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo.’ Ba bang ba tsamaea nako e khutšoanyane ebe baa tsoa. Ba bang bona ba ikemiselitse ho tsamaea ho eona ho fihlela ba fihla moo ba eang. Ba ea hokae?

18 Batho ba nang le tšepo ea ho phela leholimong ba ea “paradeiseng ea Molimo” e leholimong. (Tšen. 2:7) Ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba tla phethahala ka mor’a Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Haeba u se u ntse u tsamaea tseleng ena e kholo, u se ke oa hetla. Hape u se ke oa e tlohela ho fihlela u fihlile lefatšeng le lecha. E se eka u ka tsamaea hantle.

PINA EA 24 Tloong Thabeng ea Jehova

a Jehova o ile a re tsela e kholo ea tšoantšetso e tlohang Babilona e eang Iseraele ke “Tsela ea Khalalelo.” Na le mehleng ee Jehova o lokiselitse bahlanka ba hae tsela ea tšoantšetso? Ho joalo. Ho tloha ka 1919, batho ba limilione ba tsoile Babilona e Moholo ’me ba qalile ho tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo.’ Kaofela ha rona re lokela ho lula re tsamaea tseleng ena ho fihlela re fihla moo re eang.

b Bala Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II, leq. 56-57.

c SETŠOANTŠO: Mor’abo rona Russell le basebetsi-’moho le eena ba ile ba sebelisa lingoloa tse neng li ngotsoe pele ho mehla ea bona ho ba thusa ho utloisisa Bibele.