Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 20

U ka Ntlafatsa Lithapelo Tsa Hao Joang?

U ka Ntlafatsa Lithapelo Tsa Hao Joang?

“Le mo bolelle lintho tsohle tse ka lipelong tsa lona.”—PES. 62:8.

PINA EA 45 Lintho Tseo ke li Nahanisisang

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

Re ka rapela Jehova ka linako tsohle, re mo kopa tataiso likarolong tsohle tsa bophelo ba rona (Sheba serapa sa 1)

1. Jehova o mema barapeli ba hae hore ba etse’ng? (Sheba setšoantšo.)

 RE KA ea ho mang ha re hloka ho tšelisoa le ho tataisoa? Re tseba karabo ea potso eo. Re ka rapela Jehova Molimo. Jehova o re mema hore re mo rapele. Bibele e re: “Lulang le rapela.” Kahoo, rea tseba hore o batla hore re mo rapele hangata. (1 Bathes. 5:17) Re ka mo rapela ka bolokolohi re mo kopa tataiso likarolong tsohle tsa bophelo ba rona. (Liprov. 3:5, 6) Kaha Jehova ke Molimo ea fanang, o batla hore re mo rapele hangata kamoo re ka khonang.

2. Re tl’o ithuta eng sehloohong see?

2 Re leboha Jehova haholo hore ebe o re fa monyetla oa ho mo rapela. Ho ntse ho le joalo, kaha ho na le lintho tse ngata tseo re lokelang ho li etsa, ho ka ’na ha e-ba thata ho fumana nako ea ho rapela. Hape re ka utloa ho hlokahala hore re ntlafatse tsela eo re rapelang ka eona. Ho thabisang ke hore Bibele ea re khothatsa ebile ea re tataisa tabeng ena. Sehloohong sena re tl’o ithuta mohlaleng oa Jesu tabeng ea hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re be le nako ea ho rapela. Re tla boela re hlahlobe hore na re ka ntlafatsa tsela ea rona ea ho rapela joang ka ho kenyeletsa lintlha tse hlano tsa bohlokoa.

JESU O NE A IPHA NAKO EA HO RAPELA

3. Jesu o ne a tseba eng ka thapelo?

3 Jesu o ne a tseba hore Jehova o nka lithapelo tsa rona li le bohlokoa. Pele a tla lefatšeng, o ile a bona ha Ntate oa hae a araba lithapelo tsa banna le basali ba tšepahalang. Ka mohlala, Jesu o ne a e-na le Ntate oa hae ha a araba lithapelo tse tsoang pelong tsa Anna, Davida, Elia le batho ba bang ba bangata ba tšepahalang. (1 Sam. 1:10, 11, 20; 1 Mar. 19:4-6; Pes. 32:5) Ke kahoo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae hore ba rapele hangata, ba kholisehile hore lithapelo tsa bona li tla arajoa.—Mat. 7:7-11.

4. Re ithuta’ng lithapelong tseo Jesu a ileng a li etsa?

4 Jesu o behetse barutuoa ba hae mohlala oa hore na ba ka rapela joang ka tsela eo eena a neng a rapela ka eona. O ile a rapela hangata nakong ea tšebeletso ea hae. Kaha o ne a phathahane ebile ho lula ho e-na le batho ba bangata ba nang le eena, o ile a lokela ho ipha nako ea ho rapela. (Mar. 6:31, 45, 46) O ne a tsoha esale hoseng e le hore a ka ba le nako ea ho rapela moo a leng mong. (Mar. 1:35) Ka lekhetlo le leng o ile a rapela bosiu kaofela pele a etsa qeto ea bohlokoa. (Luka 6:12, 13) Bosiu ba ho qetela pele a shoa, o ile a rapela ka makhetlo a mangata ha a le mothating oa ho phetha karolo e thata ka ho fetisisa ea thomo ea hae.—Mat. 26:39, 42, 44.

5. Re ka etsisa Jesu joang e le hore re be le nako ea ho rapela?

5 Mohlala oa Jesu o re ruta hore ho sa tsotellehe hore na re phathahane hakae, re lokela ho ipha nako ea ho rapela. Joaloka Jesu, re ka ’na ra lokela ho ipehela nako eo re tla rapela ka eona. Mohlomong re ka tsoha hoseng haholo kapa ra lieha ho robala e le hore re ka ba le nako ea ho rapela. Ha re etsa joalo re tla be re bontša Jehova hore re ananela mpho ena e khethehileng eo a re fileng eona. Morali oa bo rona Lynne o hopola kamoo a neng a thabile kateng ha a qala ho ithuta ka mpho ea thapelo. O re: “Ha ke ithuta hore nka bua le Jehova ka linako tsohle, seo se ile sa nthusa hore ke mo nke joaloka Motsoalle oa ka ea haufi-ufi le hore ke batle ho ntlafatsa tsela eo ke mo rapelang ka eona.” Bongata ba rona re ikutloa joaloka eena. Joale a re ke re bueng ka lintho tse hlano tsa bohlokoa tseo re ka li kenyeletsang lithapelong tsa rona.

LINTHO TSE HLANO TSA BOHLOKOA TSEO RE KA LI KENYELETSANG LITHAPELONG

6. Ho latela Tšenolo 4:10, 11, Jehova o tšoaneloa ke eng?

6 Rorisa Jehova. Moapostola Johanne o ile a bona pono e hlollang moo baholo ba 24 ba leholimong ba neng ba rapela Jehova. Ba ne ba rorisa Molimo ’me ba re o “tšoaneloa ke ho rorisoa le ho hlomphuoa.” (Bala Tšenolo 4:10, 11.) Mangeloi a tšepahalang le ’ona a na le mabaka a mangata a ho rorisa le ho hlompha Jehova. A lula le eena leholimong ’me a mo tseba hantle. A bona makhabane a hae linthong tseo a li etsang. Ha a bona lintho tseo Jehova a li etsang, a susumeletseha ho mo rorisa.—Jobo 38:4-7.

7. Ke hobane’ng ha re ka rorisa Jehova?

7 Le rona ka ho tšoanang re lokela ho rorisa Jehova ha re rapela, re mo bolelle hore na ke hobane’ng ha re mo rata ebile re mo ananela. Ha u ntse u bala Bibele le ho ithuta eona, leka ho bona hore na ke makhabane afe a Jehova ao u a ratang ka ho khetheha. (Jobo 37:23; Bar. 11:33) Ka mor’a moo, bolella Jehova hore na u ikutloa joang ka makhabane ao. Re ka boetse ra rorisa Jehova hobane oa re thusa ebile o thusa Bakreste-’moho le rona kaofela. O lula a re hlokomela le ho re sireletsa.—1 Sam. 1:27; 2:1, 2.

8. Re na le mabaka afe a ho leboha Jehova? (1 Bathesalonika 5:18)

8 Leboha Jehova. Re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova ha re mo rapela. (Bala 1 Bathesalonika 5:18.) Re ka mo leboha bakeng sa eng kapa eng e molemo eo re nang le eona hobane mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo e tsoa ho eena. (Jak. 1:17) Ka mohlala, re ka mo leboha ka lefatše le letle leo a le bopileng le lintho tse ling tse hlollang tseo a li entseng. Re ka boetse ra mo leboha bakeng sa bophelo, malapa a rona, metsoalle ea rona le tšepo ea bokamoso eo re nang le eona. Hape re lokela ho leboha Jehova hore ebe o re lumeletse ho ba metsoalle ea hae.

9. Ke hobane’ng ha re lokela ho itloaetsa ho bontša kananelo bakeng sa lintho tseo Jehova a re etsetsang tsona?

9 Re ka ’na ra lokela ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho nahana ka mabaka a ho leboha Jehova. Batho ba bangata mehleng ena ha ba na teboho. Ba nahana haholo ka hore na ba ka fumana lintho tseo ba li batlang joang ho e-na le ho nahana hore na ba ka etsa’ng ho bontša teboho bakeng sa lintho tseo ba nang le tsona. Haeba re tšoaetsoa ke mokhoa ona, lithapelo tsa rona e tla lula e le likopo feela. Ho qoba hore seo se re etsahalle, re lokela ho itloaetsa ho lula re bontša kananelo bakeng sa lintho tsohle tseo Jehova a re etsetsang tsona.—Luka 6:45.

Ho lula re leboha Jehova ka lintho tseo a re fang tsona ho tla re thusa ho mamella (Sheba serapa sa 10)

10. Ho ba le teboho ho ile ha thusa Morali oa bo rona e mong joang hore a mamelle? (Sheba setšoantšo.)

10 Ha re e-na le teboho re ka khona ho mamella mathata. Nahana ka se ileng sa etsahalla Morali oa bo rona Kyung-sook, se tlalehiloeng Molula-Qhooeng oa January 15, 2015. Lingaka li ile tsa fumana hore o na le kankere e mpe ea matšoafo. O re: “Ho kula hona ho ile ha nkama habohloko. Ke ne ke utloa eka ke lahlehetsoe ke sohle, ’me ke tšohile haholo.” Ke eng e ileng ea mo thusa ho mamella? O re bosiu bo bong le bo bong pele a robala, o ne a e-ea karolong e marulelong ea ntlo ’me a rapela Jehova ka lentsoe le phahameng ka lintho tse hlano tseo a li lebohang letsatsing leo. Ho etsa joalo ho ile ha mo thusa hore a se ke a tšoenyeha haholo, ha ba ha mo susumeletsa ho bolella Jehova kamoo a mo ratang kateng. O ile a bona kamoo Jehova a thusang bahlanka ba hae ba tšepahalang ha ba tobane le maemo a boima. O ile a hlokomela hore ho na le litlhohonolofatso tse ngata bophelong ba rona ho feta mathata. Joaloka Morali oa bo rona Kyung-sook, le rona re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova le haeba re tobana le mathata. Ho mo leboha lithapelong tsa rona ho ka re thusa ho mamella le ho lula re khobile matšoafo.

11. Ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba ne ba hloka sebete ka mor’a hore a khutlele leholimong?

11 Kopa Jehova hore a u fe sebete ha u le tšimong. Nakoana pele Jesu a khutlela leholimong, o ile a hopotsa barutuoa ba hae ka mosebetsi oa ho mo pakela “Jerusalema, libakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e hole-hole ea lefatše.” (Lik. 1:8; Luka 24:46-48) Ka mor’a moo, baeta-pele ba Bajuda ba ile ba tšoara moapostola Petrose le Johanne eaba ba ba isa Lekhotleng le Phahameng la Bajuda. Ba ile ba tšosa banna bao ba tšepahalang le ho ba laela hore ba khaotse ho paka. (Lik. 4:18, 21) Petrose le Johanne ba ile ba etsa’ng?

12. Ho latela Liketso 4:29, 31, barutuoa ba ile ba etsa’ng?

12 Ka mor’a hore baeta-pele ba Bajuda ba ba tšose, Petrose le Johanne ba ile ba re: “Lona iketsetseng qeto hore na ho nepahetse mahlong a Molimo hore re mamele lona ho e-na le ho mamela eena. Empa rona re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” (Lik. 4:19, 20) Ka mor’a hore Petrose le Johanne ba lokolloe, barutuoa ba ile ba rapela Jehova hore thato ea hae e etsahale. Ba ile ba re: “Re kopa u . . . thuse makhoba a hao hore a ’ne a bolele lentsoe la hao ka sebete sohle.” Jehova o ile a araba thapelo eo ea bona e tsoang pelong.—Bala Liketso 4:29, 31.

13. Re ithuta’ng mohlaleng oa Mor’abo rona Jin-hyuk?

13 Re ka etsisa mohlala oa barutuoa ka hore re tsoele pele ho bua le batho ka molaetsa oa Bibele leha ’muso o thibela mosebetsi oa rona. Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Jin-hyuk, ea ileng a kenngoa teronkong ka lebaka la ho se nke lehlakore. Ha a le teronkong o ile a fuoa mosebetsi oa ho hlokomela batšoaruoa ba neng ba koaletsoe ba le bang ka liseleng. Empa o ne a lokela ho bua le bona ka lintho tseo ba li hlokang feela. O ne a sa lumelloa ho bua le bona ka Bibele. O ile a rapella sebete le bohlale ba hore a pake ha monyetla o mong le o mong o hlaha. (Lik. 5:29) O re: “Jehova o ile a araba lithapelo tsa ka ka ho mpha sebete le bohlale ba ho qala lithuto tse ngata tsa Bibele tseo ke neng ke li khanna metsotso e mehlano ke eme menyako ea lisele. Bosiu ke ne ke ngola mangolo ao ke neng ke tla a fa batšoaruoa letsatsing le latelang.” Le rona re ka kholiseha hore Jehova o tla re thusa ho phetha tšebeletso ea rona. Joaloka Mor’abo rona Jin-hyuk, re ka rapella sebete le bohlale.

14. Ke eng e ka re thusang ha re sebetsana le mathata? (Pesaleme ea 37:3, 5)

14 Kopa Jehova hore a u thuse ho sebetsana le mathata. Bongata ba rona re sebetsana le ho kula ’meleng kapa maikutlong, ho hlokahalloa ke moratuoa, ho sebetsana le maemo a boima ka lapeng, ho hlorisoa le mathata a mang a mangata. Lintho tse kang mafu a seoa le lintoa li entse hore ho be thata le ho feta ho sebetsana le mathata ana. Phetlela Jehova sefuba sa hao. Mo joetse ka boemo boo u sebetsanang le bona joalokaha u ne u tla bolella motsoalle oa hao ea haufi-ufi. U kholisehe hore Jehova “o tla u thusa.”—Bala Pesaleme ea 37:3, 5.

15. Thapelo e ka re thusa joang hore re mamelle ha re e-na le mathata? Fana ka mohlala.

15 Ho lula re rapela ho tla re thusa ho ‘mamella ha re e-na le mathata.’ (Bar. 12:12) Jehova o tseba mathata ao barapeli ba hae ba nang le ’ona ebile “o utloa sello sa bona ha ba kopa thuso.” (Pes. 145:18, 19) Morali oa bo rona Kristie ea lilemo li 29 oa pula-maliboho o ile a bona hore seo ke ’nete. Ka tšohanyetso o ile a qala ho kula haholo. Ka lebaka leo, o ile a tepella hampe maikutlong. Hamorao o ile a fumana hore ’mè oa hae o tšoeroe ke boloetse bo bolaeang. Kristie o re: “Ke ile ka rapela Jehova ka tieo, ke mo kopa hore a mphe matla ao ke neng ke a hloka letsatsi ka leng. Ke ile ka leka ho etsa lintho tse neng li tla matlafatsa setsoalle sa ka le Jehova ka hore kamehla ke be teng libokeng le ho ithuta Bibele moo ke leng mong.” O eketsa ka hore: “Thapelo e ile ea nthusa ho mamella nakong eo e thata. Ke ne ke tseba hore Jehova o ne a lula a e-na le ’na ’me ho tseba seo ho ile ha nthusa hore ke khobe matšoafo. Le hoja bokuli ba ka bo sa ka ba ea moriting hang-hang, Jehova o ile a araba lithapelo tsa ka ka ho mpha khotso ea kelello le khutso.” E se eka le ka mohla re ke ke ra lebala hore “Jehova o tseba ho pholosa batho ba mo sebeletsang ka botšepehi mathateng.”—2 Pet. 2:9.

E le hore u hlole liteko, (1) rapella thuso ea Jehova, (2) etsa kahohle ho qoba maemo a tla etsa hore u lekoe, (3) matlafatsa kamano ea hao le Jehova (Sheba serapa sa 16 le 17)

16. Ke hobane’ng ha re hloka thuso ea Jehova e le hore re loantše liteko?

16 Kopa Jehova hore a u thuse ho hlola liteko. Kaha ha rea phethahala, re lokela ho lula re loantša teko ea ho etsa se fosahetseng. Satane o etsa matsapa ’ohle ho re thatafaletsa ntoa ena. Tsela e ’ngoe eo a lekang ho silafatsa likelello tsa rona ka eona ke ka ho sebelisa boithabiso bo sa hloekang. Boithabiso bo joalo bo ka tlatsa likelello tsa rona ka menahano e litšila e ka etsang hore Jehova a re nke re sa hloeka le e ka etsang hore re etse libe tse tebileng.—Mar. 7:21-23; Jak. 1:14, 15.

17. Ka mor’a hore re rapelle thuso ea Jehova, re lokela ho etsa’ng ho qoba liteko? (Sheba setšoantšo.)

17 Re hloka thuso ea Jehova haeba re batla ho hlola teko ea ho etsa lintho tse fosahetseng. Jesu o ile a kenyeletsa mantsoe a latelang thapelong ea mohlala: “U se ke oa re lumella hore re hloloe ke moleko empa u re lopolle ho ea khopo.” (Mat. 6:13) Jehova o batla ho re thusa empa re lokela ho mo kopa thuso. Ha re se re rapeletse thuso re lokela ho qoba kahohle lintho tse ka re behang tekong. Re lokela ho leka kahohle ho qoba ho mamela kapa ho bala lintho tse ka susumetsang maikutlo a fosahetseng a atileng lefatšeng lena la Satane. (Pes. 97:10) Re tlatse likelello tsa rona ka lintho tse lokileng ka ho bala le ho ithuta Bibele. Ho ba teng libokeng le tšimong le hona ho tla re thusa ho sireletsa tsela ea rona ea ho nahana. Hape Jehova o tšepisa hore a ke ke a lumella hore re hlaheloe ke liteko tseo re ke keng ra khona ho li mamella.—1 Bakor. 10:12, 13.

18. Re ka etsa’ng e le hore re be le nako ea ho rapela, hona re ka etsa’ng ho ntlafatsa lithapelo tsa rona?

18 Kaofela ha rona re hloka ho lula re rapela ho feta leha e le neng pele e le hore re lule re tšepahalla Jehova matsatsing ana a thata a bofelo. Ipehele nako ea ho rapela Jehova ho tsoa pelong letsatsi le leng le le leng. Jehova o batla hore re ‘mo bolelle lintho tsohle tse ka lipelong tsa rona.’ (Pes. 62:8) Rorisa Jehova u be u mo lebohe bakeng sa lintho tsohle tseo a li etsang. Mo kope hore a u thuse hore u be sebete ha u le tšimong. Mo kope hore a u thuse ho sebetsana le mathata ao u nang le ’ona le hore u hlole liteko leha e le life tseo u tobaneng le tsona. U se ke oa lumella ntho leha e le efe kapa motho leha e le ofe ho u thibela ho rapela Jehova ka linako tsohle. Empa Jehova o arabela lithapelo tsa rona joang? Re tla araba potso eo ea bohlokoa sehloohong se latelang.

PINA EA 42 Thapelo ea Mohlanka oa Molimo

a Lithapelo tsa rona li lokela ho tšoana le mangolo a eang ho motsoalle oa rona oa hlooho ea khomo. Leha ho le joalo, ha se kamehla ho leng bonolo ho fumana nako ea ho rapela. Hape re ka thatafalloa ke hore na re rapella eng. Sehloohong sena re tl’o bua ka lintlha tsena tse peli tsa bohlokoa.