Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 45

Jehova o re Thusa Joang hore re Etse Mosebetsi oa Boboleli?

Jehova o re Thusa Joang hore re Etse Mosebetsi oa Boboleli?

“Ba tla tseba hore kannete moprofeta o ne a le teng har’a bona.”​—EZEK. 2:5.

PINA EA 67 ‘Bolelang Lentsoe’

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Re lokela ho lebella’ng, hona re ka kholiseha ka’ng?

 RE KA lebella hore batho ba bang ba tla re hanyetsa ha re ntse re etsa mosebetsi oa boboleli ’me ba ka ’na ba re hanyetsa le ho feta nakong e tlang. (Dan. 11:​44; 2 Tim. 3:​12; Tšen. 16:​21) Empa re ka kholiseha hore Jehova o tla re thusa. Hobane’ng? Hobane haesale Jehova a thusa bahlanka ba hae ho etsa lintho tseo a neng a re ba li etse ho sa tsotellehe hore na li ne li le thata hakae. Ka mohlala, a re bueng ka lintho tse ileng tsa etsahalla moprofeta Ezekiele, ea ileng a bolela molaetsa ho Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babilona.

2. Jehova o ile a re Ezekiele o ne a tla bolella batho ba joang molaetsa, hona re tl’o bua ka eng sehloohong see? (Ezekiele 2:​3-6)

2 Ke batho ba joang bao Ezekiele a neng a lokela ho ba bolella molaetsa? Jehova o ile a re batho bao “baa tella,” “ba manganga” ebile “ke marabele.” Ba ne ba etsa lintho tse utloisang batho ba bang bohloko joaloka lihlabahlabane hape ba le kotsi joaloka liphepheng. Ke kahoo Jehova a ileng a bolella Ezekiele ka makhetlo a re: “U se ke oa tšaba.” (Bala Ezekiele 2:​3-6.) Ezekiele o ile a khona ho phetha mosebetsi oa hae oa ho bolela hobane o ne a (1) ronngoe ke Jehova, (2) moea o halalelang oa Molimo o ne o mo fa matla ao a a hlokang le (3) Lentsoe la Molimo le ile la matlafatsa tumelo ea hae. Lintho tsena tse tharo li ile tsa thusa Ezekiele joang, hona li re thusa joang kajeno?

EZEKIELE O ILE A RONGOA KE JEHOVA

3. Ke mantsoe afe ao e ka ’nang eaba a ile a matlafatsa Ezekiele, hona Jehova o ile a mo kholisa joang hore oa mo tšehetsa?

3 Jehova o ile a re ho Ezekiele: ‘Kea u roma.’ (Ezek. 2:​3, 4) E tlameha ebe mantsoe ao a ile a matlafatsa Ezekiele. Hobane’ng? Hobane e ka ’na eaba Ezekiele o ile a hopola hore ha Jehova a ne a khetha Moshe le Esaia hore e be baprofeta ba hae, o ile a ba bolella mantsoe a kang ao. (Ex. 3:​10; Esa. 6:8) Ezekiele o ne a boetse a tseba kamoo Jehova a ileng a thusa baprofeta bana ba babeli hore ba phethe mesebetsi ea bona e thata. Ha Jehova a ne a re ho Ezekiele ka makhetlo a mabeli, ‘Kea u roma,’ moprofeta Ezekiele o ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho tšepa hore Jehova o tla mo tšehetsa. Hape Ezekiele o ile a re ka makhetlo a mangata: “Jehova a re ho ’na.” (Ezek. 3:​16) O ile a boela a re: “Jehova a boela a bua le ’na.” (Ezek. 6:1) Kannete Ezekiele o ne a kholisehile hore o ne a ronngoe ke Jehova. Ntate oa Ezekiele e ne e le moprista, kahoo ho ka etsahala hore o ile a ruta Ezekiele hore Jehova o ne a lula a thusa baprofeta ba hae. Ka mohlala, Jehova o ile a re ho Isaka, Jakobo le Jeremia: “Ke na le uena.”​—Gen. 26:​24; 28:​15; Jer. 1:8.

4. Ke’ng e ileng ea matlafatsa Ezekiele?

4 Baiseraele ba bangata ba ne ba tla itšoara joang ha Ezekiele a ba bolella molaetsa o tsoang ho Molimo? Jehova o ile a re: “Baiseraele ba ke ke ba u mamela hobane le ’na ha ba batle ho ’mamela.” (Ezek. 3:7) Ha Baiseraele ba ne ba hana ho mamela Ezekiele, ho ne ho tšoana le ha ba hana ho mamela Jehova. Mantsoe ao a ile a kholisa Ezekiele hore le hoja batho ba ne ba sa batle ho mo mamela, seo se ne se sa bolele hore ha aa ka a etsa mosebetsi oa hae hantle. Jehova o ile a kholisa Ezekiele hore batho “ba tla tseba hore kannete moprofeta o ne a le teng har’a bona” ha likahlolo tseo a ba bolelletseng tsona li phethahala. (Ezek. 2:5; 33:​33) Ha ho pelaelo hore mantsoe ao a khothatsang a ile a matlafatsa Ezekiele hore a tsoele pele ka mosebetsi oa hae.

JEHOVA OA RE ROMA LE MEHLENG ENA

Batho ba ka ’na ba re hanyetsa le ho se re mamele joaloka Ezekiele empa rea tseba hore Jehova o na le rona (Sheba serapa sa 5 le 6)

5. Esaia 44:8 e re ke’ng e tla re fa sebete?

5 Re na le sebete sa ho ruta batho Bibele hobane rea tseba hore Jehova ke eena ea re rommeng. Oa re tlotla ka hore ebe o re bitsa “lipaki” tsa hae. (Esa. 43:​10) Ona ke monyetla o babatsehang. Joalokaha Jehova a ile a re ho Ezekiele: “U se ke oa tšaba.” Le ho rona o re: “Le se ke la tšoha.” Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšaba bahanyetsi ba rona? Hobane joaloka Ezekiele re ronngoe ke Jehova hape oa re tšehetsa.​—Bala Esaia 44:8.

6. (a) Jehova o re kholisa joang hore o tla re tšehetsa? (b) Ke’ng e re khothatsang?

6 Jehova oa re kholisa hore o tla re tšehetsa. Ka mohlala, pele Jehova a re: “Le lipaki tsa ka,” o ile a re: “Ha u tšela har’a metsi, ke tla ba le uena, le ha u tšela linoka, li ke ke tsa u hohola. Ha u tsamaea mollong, u ke ke oa tlaboha kapa hona hore lelakabe le u tlabole.” (Esa. 43:2) Ka linako tse ling ha re etsa mosebetsi oa boboleli, re kopana le maemo a kang likhohola le liteko tse kang mollo. Ho ntse ho le joalo, Jehova o tla re thusa ho tsoela pele re ruta batho Bibele. (Esa. 41:​13) Batho ba bangata kajeno ba ntse ba sa re mamele joaloka batho ba mehleng ea Ezekiele. Empa seo ha se bolele hore ha re etse mosebetsi oa rona hantle. Re khothatsoa ke ho tseba hore Jehova o thabisoa ke ha re ntse re tsoela pele re bolela molaetsa oa hae ka botšepehi. Moapostola Pauluse o ile a re: “E mong le e mong o tla fumana moputso ho ea ka mosebetsi oa hae.” (1 Bakor. 3:8; 4:​1, 2) Morali oa bo rona eo e leng khale e le pula-maliboho o ile a re: “Ke thabisoa ke ho tseba hore Jehova o hlohonolofatsa boiteko boo re bo etsang.”

MOEA OA MOLIMO O ILE OA FA EZEKIELE MATLA AO A NENG A A HLOKA

Ezekiele o bona pono ea koloi ea Jehova ea leholimo ’me e mo kholisa hore Jehova o tla mo thusa hore a atlehe ho phetha tšebeletso ea hae (Sheba serapa sa 7)

7. Ezekiele o ne a ikutloa joang ha a ne a nahana ka pono eo a ileng a e bona? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

7 Ezekiele o ile a bona kamoo moea oa Molimo o leng matla kateng. Seo Ezekiele a se boneng ponong se ile sa mo thusa ho hlokomela hore moea o halalelang o ne o thusa mangeloi a matla ebile o tsamaisa mabili a maholo a koloi ea leholimo. (Ezek. 1:​20, 21) Ezekiele o ile a etsa’ng? Ha a hlalosa hore na ho ile ha etsahala’ng, o ile a re: “Ha ke e bona ke ile ka khumama.” O ne a hlolletsoe haholo hoo a ileng a khumama. (Ezek. 1:​28) Hamorao ha Ezekiele a se a nahana ka pono eo e hlollang, e tlameha ebe e ile ea matlafatsa kholiseho ea hae ea hore ka thuso ea moea oa Molimo a ka khona ho etsa mosebetsi oa hae oa boboleli.

8, 9. (a) Ho ile ha etsahala’ng ka Ezekiele ha Jehova a mo laela hore a eme? (b) Jehova o ile a matlafatsa Ezekiele joang hore a phethe mosebetsi oa hae o boima?

8 Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Mor’a motho, ema e le hore ke bue le uena.” Ha Jehova a bolella Ezekiele hore a eme, Ezekiele o ile a fumana matla a ileng a mo thusa ho ema. Ezekiele o ile a re: “Moea o halalelang oa etsa hore ke eme.” (Ezek. 2:​1, 2) Ezekiele o ile a lula a tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo ha a ntse a etsa mosebetsi oa boboleli. (Ezek. 3:​22; 8:1; 33:​22; 37:1; 40:1) Moea oa Molimo o ile oa fa Ezekiele matla a hore a bolelle batho ba “manganga” molaetsa. (Ezek. 3:7) Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Ke entse hore u tiee ’me u be manganga joaloka bona. Ke entse hore phatla ea hao e be thata joaloka taemane, e be thata ho feta lejoe le thata. U se ke oa ba tšaba kapa oa tšosoa ke bona.” (Ezek. 3:​8, 9) Ha e le hantle, e ne eka Jehova o re ho Ezekiele: ‘U se ke oa lumella hore batho bana ba manganga ba u nyahamise, ke tla u matlafatsa.’

9 Ka mor’a moo, moea oa Molimo o ile oa thusa Ezekiele ho etsa mosebetsi oa hae oa ho bolela. Ezekiele o ile a re: “Moea oa Jehova oa sebetsa ho ’na ka matla.” Ho ile ha nka beke hore Ezekiele a ithute le ho utloisisa molaetsa oo a neng a tlameha ho o bolella batho e le hore a fane ka oona ka sebete. (Ezek. 3:​14, 15) Jehova o ile a laela Ezekiele hore a ee thoteng, moo ‘moea oa Molimo o ileng oa kena ho eena.’ (Ezek. 3:​23, 24) Ezekiele o ne a se a loketse ho qala tšebeletso ea hae.

MEHLENG ENA MOEA OA MOLIMO O RE FA MATLA AO RE A HLOKANG

Ke’ng e ileng ea thusa Ezekiele ho etsa mosebetsi oa hae oa boboleli, hona ke’ng e re thusang mehleng ee? (Sheba serapa sa 10)

10. Ke’ng eo re e hlokang e le hore re etse mosebetsi oa boboleli, hona hobane’ng?

10 Ke’ng eo re e hlokang e le hore re etse mosebetsi oa boboleli? A re nahaneng ka se ileng sa etsahalla Ezekiele e le hore re fumane karabo ea potso eo. Moea oa Molimo o ile oa mo fa matla ao a a hlokang pele a etsa mosebetsi oa boboleli. Mehleng ena, joaloka Ezekiele ke ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo feela re khonang ho bolela molaetsa oa ’Muso. Hobane’ng? Hobane Satane o leka ka hohle ho emisa mosebetsi oa rona oa boboleli. (Tšen. 12:​17) Batho ba bangata ba nahana hore Satane o matla hoo re ke keng ra khona ho mo hlola. Leha ho le joalo, rea mo hlola ha re ntse re tsoela pele ho etsa mosebetsi oa boboleli. (Tšen. 12:​9-11) Ka tsela efe? Ha re etsa mosebetsi oa boboleli re bontša hore ha re mo tšabe. Kahoo, taba ea hore re ntse re khona ho etsa mosebetsi oa boboleli le ha re ntse re hanyetsoa e re thusa joang? E re thusa ho bona hore Jehova o re fa matla a sebelisa moea oa hae o halalelang ebile o thabisoa ke seo re se etsang.​—Mat. 5:​10-12; 1 Pet. 4:14.

11. Moea oa Molimo o ka re thusa joang, hona re lokela ho etsa’ng e le hore re o fumane?

11 Ke’ng hape eo re ithutang eona ha re hlokomela kamoo Jehova a ileng a fa Ezekiele matla ao a a hlokang ho bolela molaetsa? Moea oa Molimo o ka re fa matla ao re a hlokang ho hlola bothata boo re ka bang le bona ha re etsa mosebetsi oa boboleli. (2 Bakor. 4:​7-9) Ke’ng seo re ka se etsang hore re tsoele pele ho fumana moea oa Molimo? Re lokela ho lula re o kopa, re kholisehile hore Jehova o tla re utloa. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le ’ne le kope, . . . le ’ne le batle, . . . le ’ne le kokote.” Ha re etsa joalo, Jehova o tla “fana ka moea o halalelang ho ba mo kopang.”​—Luka 11:​9, 13; Lik. 1:​14; 2:4.

EZEKIELE O ILE A MATLAFATSOA KE MANTSOE A TSOANG HO MOLIMO

12. Ho latela Ezekiele 2:9–3:​3, moqolo o ne o tsoa hokae, hona o ne o ngotsoe’ng?

12 Ezekiele ha aa ka a thusoa feela ke moea oa Molimo empa o ile a boela a thusoa ke mantsoe a tsoang ho Molimo hore a be le matla a ho bolela. Ezekiele o ile a bona motho ea tšoereng moqolo ponong. (Bala Ezekiele 2:9–3:3.) Moqolo oo o ne o tsoa hokae? Ho ne ho ngotsoe eng ho oona? O ile oa matlafatsa Ezekiele joang? A re ke re boneng. Moqolo oo o ne o tsoa teroneng ea Molimo. E ka ’na eaba Jehova o ile a sebelisa lengeloi le leng ho a mane ao Ezekiele a a boneng hore le mo fe moqolo oo. (Ezek. 1:8; 10:​7, 20) Moqolo oo o ne o ngotsoe mantsoe a tsoang ho Molimo e leng molaetsa oa kahlolo oo Ezekiele a neng a tlameha ho o bolella batho ba botlamuoeng bao e neng e le marabele. (Ezek. 2:7) Molaetsa oo o ne o ngotsoe ka pele le ka mor’a moqolo.

13. Jehova o ile a re Ezekiele a etse’ng ka moqolo, hona ke hobane’ng ha o ne o le monate?

13 Jehova o ile a bolella Ezekiele hore a je moqolo ’me a “tlatse mpa ea [hae] ka oona.” Ezekiele o ile a mamela ’me a ja moqolo oo kaofela. Pono ena e ne e bolela’ng karolong ee? Ezekiele o ne a lokela ho utloisisa ka ho feletseng molaetsa oo a neng a tlameha ho o bolella batho. O ne a tlameha ho utloisisa molaetsa oo e le hore o ka mo susumeletsa ho bolela. Ka mor’a moo ho ile ha etsahala ntho e makatsang. Ezekiele o ile a hlokomela hore moqolo oo “o ne o le monate joaloka mahe a linotši.” (Ezek. 3:3) Hobane’ng? Ezekiele o ne a nka ho emela Jehova e le ntho e thabisang kapa e monate. (Pes. 19:​8-11) O ne a ananela hore Jehova o mo khethile hore e be moprofeta oa hae.

14. Ezekiele o ile a thusoa ke’ng hore a etse mosebetsi oa hae?

14 Ka mor’a moo, Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Mamela mantsoe ’ohle ao ke u bolellang ’ona, u a mamele ka hloko.” (Ezek. 3:​10) Jehova o ile a re Ezekiele a leke ho hopola mantsoe a ngotsoeng moqolong oo le ho nahanisisa ka ’ona. Ho etsa joalo ho ile ha thusa Ezekiele hore tumelo ea hae e matlafale. Hape ho ile ha mo thusa hore a bolelle batho molaetsa o matla. (Ezek. 3:​11) Ha Ezekiele a se a utloisisa molaetsa oa Molimo, o ne a se a loketse ho bolela molaetsa le ho tsoela pele ho o bolela ho fihlela a qeta mosebetsi oa hae.​—Bapisa le Pesaleme ea 19:14.

LENTSOE LA MOLIMO LE MATLAFATSA TUMELO EA RONA MEHLENG ENA

15. Re lokela ho etsa’ng e le hore re mamelle?

15 Re lokela ho lumella hore mantsoe a tsoang ho Molimo a matlafatse tumelo ea rona e le hore re mamelle tšebeletsong. Re lokela ho “mamela” ha Jehova a bua le rona. Mehleng ena Jehova o bua le rona a sebelisa Lentsoe la hae Bibele. Re ka etsa joang hore Lentsoe la Molimo le susumetse maikutlo a rona, menahano ea rona le lintho tseo re li etsang?

16. Re lokela ho etsa’ng ha re bala Lentsoe la Molimo, hona re ka etsa’ng e le hore re le utloisise?

16 Ha re ithuta Lentsoe la Molimo re bile re nahanisisa ka lona tumelo ea rona ea matlafala feela joalokaha ho ja lijo ho re matlafatsa ’meleng. Re lokela ho lula re nahana ka seo moqolo o se rutang. Jehova o batla hore re ‘tlatse limpa tsa rona’ ka Lentsoe la hae e leng se bolelang hore re le utloisise hantle. Re ka etsa seo ka ho rapela, ho bala le ho nahanisisa. Pele re bala Lentsoe la Molimo, re lokela ho rapela ’me re lokise lipelo tsa rona. Ka mor’a moo, re lokela ho bala karolo e itseng ka Bibeleng ebe re ema hanyane re nahanisisa ka seo re se balileng. Ke’ng e tla etsahala ka mor’a moo? Ha re ntse re nahanisisa ka Lentsoe la Molimo, re tla khona ho le utloisisa ’me seo se tla matlafatsa tumelo ea rona.

17. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho nahanisisa ka seo re se balileng Bibeleng?

17 Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re bale Bibele ’me re nahanisise ka eona? Ho etsa joalo ho re fa matla ao re a hlokang hona joale ho bolella batho molaetsa oa ’Muso. Ho boetse ho re thusa hore re itokisetse ho bolela molaetsa oa kahlolo oo re ka ’nang ra fana ka oona nakong e tlang. Hape, ha re nahanisisa ka makhabane a Jehova re ba metsoalle ea hae e haufi-ufi. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re be le khotso ’me re khotsofale.​—Pes. 119:​103.

HO IKEMISETSA HO MAMELLA

18. Batho ba tla hlokomela eng, hona hobane’ng?

18 Le hoja re se baprofeta joaloka Ezekiele, re ikemiselitse ho bolella batho molaetsa oo Jehova a o ngotseng Lentsoeng la hae ho fihlela a re mosebetsi oo o emisoe. Ha nako ea kahlolo e fihla, batho ba ke ke ba re ha baa ka ba fumana temoso kapa ba re Molimo o ne a se na taba le bona. (Ezek. 3:​19; 18:​23) Ho e-na le hoo, ba tla lokela ho hlokomela hore molaetsa oo re neng re ba bolella oona o ne o tsoa ho Molimo.

19. Ke’ng e tla re thusa ho phetha mosebetsi oa rona oa boboleli?

19 Ke’ng e tla re thusa ho phetha mosebetsi oa rona oa boboleli? Re ka thusoa ke lintho tse tharo tse ileng tsa matlafatsa Ezekiele. Re tsoela pele ho etsa mosebetsi oa boboleli hobane rea tseba hore re ronngoe ke Jehova, re matlafatsoa ke moea oa hae o halalelang le Lentsoe la hae. Ka thuso ea Jehova, re ikemiselitse ho tsoela pele re bolela le ho mamella “ho fihlela qetellong.”​—Mat. 24:13.

PINA EA 65 Tsoelang Pele

a Sehloohong sena re tl’o bua ka lintho tse tharo tse ileng tsa thusa moprofeta Ezekiele ho tsoela pele a etsa mosebetsi oa boboleli. Re tla bua ka hore na Jehova o ile a thusa moprofeta Ezekiele joang ’me sena se tla re kholisa hore Jehova o tla re thusa hore re tsoele pele ho etsa mosebetsi oa rona oa boboleli.