Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 46

Ke Joang Jehova a re Thusang Hore re Mamelle re Thabile?

Ke Joang Jehova a re Thusang Hore re Mamelle re Thabile?

“Jehova o letile ka mamello hore a le hauhele ’me o tla nka khato, a le hauhele.”​—ESA. 30:18.

PINA EA 3 Jehova o re fa Matla le Tšepo

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1, 2. (a) Sehlooho see se tl’o araba lipotso life? (b) Ke’ng e bontšang hore Jehova o ikemiselitse ho re thusa?

 JEHOVA a ka re thusa hore re mamelle mathata a rona le hore re mo sebeletse re thabile. A ka re thusa joang? Tsela eo Jehova a re thusang ka eona e re tsoela molemo joang? Sehlooho sena se tla araba lipotso tsena. Pele re araba lipotso tsena a re ke re bueng ka potso e ’ngoe e batlileng e tšoana le tsena: Na ehlile Jehova o batla ho re thusa?

2 Lentsoe leo moapostola Pauluse a ileng a le sebelisa lengolong leo a ileng a le ngolla Baheberu le ka re thusa hore re fumane karabo ea potso eo. Pauluse o ile a re: “Nke ke ka tšoha letho hobane Jehova ke mothusi oa ka. Motho a ka nketsa’ng?” (Baheb. 13:6) Buka e ’ngoe e hlalosang Bibele e re temaneng ena lentsoe “mothusi” le bolela motho ea potlakelang ho e’o thusa motho e mong ea kopang thuso. Ak’u nahane Jehova a potlakela ho e’o thusa motho e mong ea mathateng. Taba ena ea re kholisa hore Jehova o ikemiselitse ho re thusa. Ha Jehova a re thusa re ka khona ho mamella mathata re thabile.

3. Ke litsela life tse tharo tseo Jehova a re thusang ka tsona e le hore re mamelle mathata re thabile?

3 Tse ling tsa litsela tseo Jehova a re thusang ka tsona hore re mamelle mathata re thabile ke life? Ho fumana karabo ea potso ena, a re baleng lengolo la Esaia. Hobane’ng? Hobane boholo ba lintho tseo Jehova a ileng a susumetsa Esaia hore a li profete li sebetsa le ho bahlanka ba Hae ba mehleng ena. Hangata ha Esaia a hlalosa Jehova o sebelisa mantsoe ao ho leng bonolo ho a utloisisa. Esaia khaolo ea 30 e na le e meng ea mehlala ea sena. Khaolong eo, Esaia o sebelisa mehlala e bonolo ho hlalosa hore na Jehova o thusa bahlanka ba hae joang. O ile a re Jehova o re thusa ka hore (1) a mamele ka hloko ha re rapela le ho arabela lithapelo tsa rona, (2) a re fe likeletso, le ka (3) litlhohonolofatso tseo a re fang tsona hona joale le tsa nakong e tlang. A re bueng ka litsela tsena tse tharo tseo Jehova a re thusang ka tsona.

JEHOVA OA RE MAMELA

4. (a) Jehova o ile a re Bajuda ba mehleng ea Esaia e ne e le batho ba joang, hona o ile a lumella hore ho etsahale’ng? (b) Jehova o ile a tšepisa batho ba tšepahalang eng? (Esaia 30:​18, 19)

4 Mantsoeng a qalang a Esaia khaolo ea 30, Jehova o bitsa Bajuda “bana ba manganga” ba ‘phaellang sebe ka sebe.’ O tsoela pele ho re: “Ke sechaba se sa mameleng, . . . [se] sa rateng ho utloa molao oa Jehova.” (Esa. 30:​1, 9) Jehova o ile a re Esaia a bolelle Baiseraele hore hobane ba hanne ho mo mamela, ba tla hlaheloa ke lintho tse bohloko. (Esa. 30:​5, 17; Jer. 25:​8-11) Sena se ile sa fela sa etsahala hobane ba ile ba ea botlamuoeng Babilona. Ntle le moo, ho ne ho ntse ho e-na le batho ba bang ba tšepahalang har’a Bajuda bao Esaia a neng a e-na le molaetsa o ba fang tšepo. O ile a ba bolella hore ka letsatsi le leng Jehova o tla ba lumella hore ba khutlele Jerusalema hape. (Bala Esaia 30:​18, 19.) Ke sona se ileng sa etsahala. Jehova o ile a ba lokolla Babilona. Leha ho le joalo, lilemo tse ngata li ile tsa feta pele Jehova a ba lokolla. Polelo e reng “Jehova o letile ka mamello hore a le hauhele,” e bontša hore ho tla feta nako pele batho ba tšepahalang ba pholosoa. Ha e le hantle, Baiseraele ba qetile lilemo tse 70 ba le botlamuoeng Babilona pele ba bang ba bona ba ka lumelloa ho khutlela Jerusalema. (Esa. 10:​21; Jer. 29:​10) Ha Baiseraele ba le botlamuoeng Babilona ba ne ba lla hobane ba utloile bohloko empa ha ba khutlela Jerusalema ba ile ba lla hobane ba thabile.

5. Esaia 30:​19 e re tiisetsa’ng?

5 Mehleng ena re khothatsoa ke mantsoe a reng: “Ruri o tla le hauhela ha le lla le kopa thuso.” (Esa. 30:​19) Esaia oa re kholisa hore Jehova o tla mamela ha re mo kopa hore a re thuse hape o tla araba lithapelo tsa rona ka potlako. O boetse o re: “Hang ha a utloa seboko sa lona, o tla le araba.” Mantsoe ana a khothatsang a re hopotsa hore Ntate oa rona o ikemiselitse ho re thusa. Kahoo, ho tseba taba ena ho re thusa hore re mamelle re thabile.

6. Seo Esaia a se buileng se bontša joang hore Jehova o mamela thapelo ea mohlanka e mong le e mong oa hae?

6 Ke’ng hape eo temana ee e re rutang eona mabapi le lithapelo tsa rona? Jehova o mamela ka hloko thapelo ea motho e mong le e mong. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ho Esaia khaolo ea 30 lentsoe “le” le sebelisoa ha ho buuoa ka batho ba bangata. Sena se bontša hore Jehova o ne a bua le bahlanka ba hae e le sehlopha. Leha ho le joalo, Bibeleng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang (bi12) temaneng ea 19 ho sebelisitsoe lentsoe “u” hobane ho buuoa le motho a le mong. Esaia o ile a re: “Ho hang u ke ke ua lla”; “o tla u bonts’a mohau; “o tla u araba.” Jehova ke Ntate oa rona ea re ratang, a ke ke a bolella mora kapa morali oa hae ea nyahameng a re, “Ke hobane’ng u sa be matla joaloka ngoan’eno?” Ho e-na le hoo, o tsotella e mong le e mong oa rona ’me o mamela lithapelo tsa rona.​—Pes. 116:1; Esa. 57:15.

Esaia o ne a bolela’ng ha a ne a re: ‘Le se ke la khaotsa ho rapela [Jehova]’? (Sheba serapa sa 7)

7. Esaia le Jesu ba ile ba bontša joang hore ke habohlokoa hore re lule re rapela?

7 Ha re rapela Jehova re mo bolella bothata boo re nang le bona, ntho ea pele eo a re fang eona ke matla a hore re mamelle bothata boo. Ho ka ’na ha hlokahala hore re kope Jehova ka makhetlo hore a re fe matla a ho mamella haeba bothata ba rona bo sa fele kapele kamoo re neng re nahanne kateng. Jehova o re re mo kope. Sena ke seo Esaia a ileng a se bua ha a ne a re: ‘Le se ke la khaotsa ho rapela [Jehova].’ (Esa. 62:7) Taba ee e bolela’ng? Re lokela ho lula re rapela Jehova joalokaha eka ha re mo lumelle hore a phomole. Seo Esaia a se buileng se re hopotsa papiso ea Jesu ea thapelo e ho Luka 11:​8-10, 13. Papisong eo, Jesu o re khothalletsa hore re ‘phehelle’ ho rapela hape ‘re ’ne re kope’ moea o halalelang. Re ka boela ra kopa Jehova hore a re fe likeletso tse tla re thusa hore re etse liqeto tse bohlale.

JEHOVA OA RE TATAISA

8. Mantsoe a ho Esaia 30:​20, 21 a ile a phethahala joang mehleng ea hae?

8 Bala Esaia 30:​20, 21. Ha masole a Babilona a ne a potolohile Jerusalema ka nako e ka etsang selemo le halofo, batho ba ne ba tšoenyehile hoo matšoenyeho ao a ileng a tloaeleha joaloka lijo le metsi. Ho ea ka temana ea 20 le ea 21, Jehova o ile a tšepisa Bajuda hore haeba ba ne ba ka baka le ho fetola boitšoaro ba bona o ne a tla ba pholosa. Esaia o ile a re Jehova ke ‘Morupeli oa bona e Moholo’ ’me a ba tšepisa hore Jehova o tla ba ruta hore na ke joang ba ka mo sebeletsang ka tsela eo a e amohelang. Mantsoe ao a ile a phethahala ha Bajuda ba ne ba lokolloa botlamuoeng. Jehova o ile a bontša hore ke Morupeli oa bona e Moholo. O ile a ba tataisa ’me ba ile ba atleha ho tsosolosa borapeli ba ’nete. Kahoo, re thaba haholo hobane le mehleng ena Jehova ke Morupeli oa rona e Moholo.

9. Mehleng ee ke ka tsela efe e ’ngoe eo ka eona re fumanang litaelo tsa Jehova?

9 Litemaneng tsena Esaia o re re tšoana le baithuti ba ntseng ba rutoa ke Jehova ka litsela tsena tse peli. Ea pele, Esaia o ile a re: “Le tla bona Morupeli oa lona e Moholo.” Papisong ena Esaia o ile a re morupeli o eme ka pel’a baithuti ba hae. Ke tlotla hore re rutoa ke Molimo mehleng ena. Jehova o re ruta joang? O re ruta a sebelisa mokhatlo oa hae ’me re ananela litaelo tseo re li fuoang. Re li fuoa ha re le libokeng, likopanong tse kholo le tse nyenyane, lingoloeng tsa rona, mananeong a broadcasting le linthong tse ling. Litaelo tsena li re thusa hore re mamelle maemo a boima re thabile.

10. Ke joang re ‘utloang lentsoe ka mor’a rona’?

10 Esaia o buile ka tsela ea bobeli eo Jehova a re tataisang ka eona, o ile a re: “Le tla utloa lentsoe ka mor’a lona.” Moprofeta o ile a re Jehova o tšoana le morupeli ea ntseng a tsamaea ka mor’a baithuti ba hae a ba bolella hore na ba nke tsela efe. Mehleng ena re utloa lentsoe la Molimo ka mor’a rona. Ebe re le utloa joang? Mantsoe a tsoang ho Molimo a ile a ngoloa ka Bibeleng lilemo tse ngata tse fetileng, pele re e-ba teng. Kahoo, ha re bala Bibele ho tšoana le ha eka re utloa lentsoe la Molimo le hlaha ka mor’a rona.​—Esa. 51:4.

11. Ke’ng seo re lokelang ho se etsa e le hore re mamelle ka thabo, hona hobane’ng?

11 Tataiso eo Jehova a re fang eona a sebelisa mokhatlo oa hae le Lentsoe la hae, e ka re tsoela molemo joang? Hlokomela hore Esaia o ile a bua ka lintlha tse peli. Ea pele, “tsela ke ena.” Ea bobeli, “tsamaeang ho eona.” (Esa. 30:​21) Ha hoa lekana ho tseba “tsela” feela empa re boetse re lokela ho ‘tsamaea ho eona.’ Lentsoe la Jehova le lintho tseo mokhatlo oa Molimo o re hlalosetsang tsona li re ruta seo Jehova a se hlokang ho rona. Re boetse re ithuta kamoo re ka etsang seo re ithutang sona. Re lokela ho etsa lintho tsena tse peli e le hore re khone ho mamella ka thabo ha re ntse re sebeletsa Jehova. Re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa hafeela re etsa lintho tseo re ithutang tsona.

JEHOVA OA RE HLOHONOLOFATSA

12. Ho ea ka Esaia 30:​23-26, ke joang Jehova a ileng a hlohonolofatsa batho ba hae?

12 Bala Esaia 30:​23-26. Boprofeta boo bo ile ba phethahala joang ho Bajuda ha ba khutlela naheng ea Iseraele ka mor’a hore ba lokolloe botlamuoeng Babilona? Jehova o ile a ba fa lintho tse ngata tse ba thusitseng hore ba phele le ho tsoela pele ba mo sebeletsa ’me o ile a ba fa lijo tse ngata. Habohlokoa le ho feta o ile a ba fa lintho tseo ba li hlokang e le hore ba be le kamano e ntle le eena le ho qalella ho mo sebeletsa ka tsela e nepahetseng. Empa ka nako eo, Molimo o ne a e-s’o ka a fa bahlanka ba hae lintho tse ngata. Temana ea 26 e bontša hore Jehova o ile a ba thusa hore ba utloisise Lentsoe la hae. (Esa. 60:2) Lintho tseo Jehova a ileng a hlohonolofatsa bahlanka ba hae ka tsona, li ile tsa ba thusa hore ba lule ba mo sebeletsa ba thabile ba bile ba e-na le matla “hobane lipelo tsa bona li thabile.”​—Esa. 65:14.

13. Boprofeta bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete bo phethahala joang mehleng ee?

13 Na boprofeta bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete boa sebetsa le mehleng ee? Ho joalo. Ka tsela efe? Ho tloha ka 1919, batho ba bangata ha e sa le makhoba a Babilona e moholo, e leng malumeli ’ohle a bohata. Batho bana ba tataiselitsoe naheng e ntle ho feta naha e neng e tšepisitsoe Baiseraele. Ba sebakeng se sireletsehileng ’me ba sebeletsa Jehova ba momahane. (Esa. 51:3; 66:8) Ho ba sebakeng se sireletsehileng le ho sebeletsa Jehova re momahane ho bolela’ng?

14. Ho sebeletsa Jehova re le sebakeng se sireletsehileng re bile re momahane ho bolela’ng, hona ke bo-mang ba bang sebakeng see?

14 Ho tloha ka 1919, batlotsuoa ba ile ba thabela ho sebeletsa Jehova ba le sebakeng se sireletsehileng ba bile ba momahane. Ha nako e ntse e-ea, batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng e leng “linku tse ling,” le bona ba ile ba thabela ho ba sebakeng se tšoanang le seo batlotsuoa ba leng ho sona. Jehova o ba ruta ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba lokelang ho e tseba e le hore ba mo sebeletse ntle le mashano a bolumeli ba bohata. Hape ba na le mosebetsi o mongata o ba khotsofatsang oa ho bolella batho litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. Kahoo, kaofela ha rona re thabela ho ba metsoalle ea Jehova hape re na le khotso le bara le barali ba bo rona ba re thusang hore re mamelle mathata re thabile. Re ba sebakeng sena ha re qalella ho sebeletsa Jehova ka tsela e nepahetseng ’me re etsa sohle seo re ka se khonang ho mo etsisa.​—Joh. 10:​16; Esa. 25:6; 65:13.

15. Batho ba sebeletsa Jehova ba sireletsehile ebile ba momahane ba le sebakeng sefe?

15 Ke sebakeng sefe moo batho ba sebeletsang Jehova ba sireletsehile ba bile ba momahane mehleng ee? Bahlanka ba Jehova ba lula lefatšeng lohle. Kahoo, ba sebeletsa Jehova ba momahane ebile ba sireletsehile lefatšeng lohle. Ho sa tsotellehe hore re lula hokae mehleng ena, re ka ba har’a ba sebeletsang Jehova ba momahane ebile ba sireletsehile hafeela re tšehetsa bolumeli ba ’nete.

Motho e mong le e mong a ka etsa joang hore re thabele ho sebeletsa Jehova re momahane? (Sheba serapa sa 16 le 17)

16. Ke joang re ka tsoelang pele re thabela ho sebeletsa Jehova re momahane?

16 Re lokela ho tsoela pele re ananela phutheho ea Bokreste ea lefatšeng lohle e le hore re lule re sebeletsa Jehova re momahane ebile re sireletsehile. Re ka e ananela joang? Ka ho sheba lintho tse ntle tseo bara le barali ba bo rona ba li etsang eseng liphoso tsa bona. (Joh. 17:​20, 21) Ke hobane’ng ha taba ee e le ea bohlokoa? Nahana ka papiso ena. Ha re le phakeng e ntle re ka ’na ra lebella ho bona lifate tse fapaneng. Ka tsela e tšoanang liphuthehong tsa habo rona mehleng ena ho na le bara le barali ba bo rona ba fapaneng ba tšoantšoang le lifate. (Esa. 44:4; 61:3) Re lokela ho etsa bonnete ba hore re sheba botle ba “moru” eseng liphoso tsa “lifate” tse pel’a rona. Ha rea lokela ho lumella liphoso tsa rona le tsa ba bang ka phuthehong ho re sitisa ho bona kamoo bahlanka ba Molimo ba momahaneng kateng phuthehong ea Bokreste ea lefatšeng lohle.

17. Motho e mong le e mong o lokela ho etsa’ng e le hore phutheho e lule e momahane?

17 Motho e mong le e mong o lokela ho etsa’ng e le hore phutheho e lule e momahane? Kaofela ha rona re lokela ho bopa khotso le batho ba bang. (Mat. 5:9; Bar. 12:​18) Kamehla ha re etsa hore re be le khotso le batho ba bang ka phuthehong, sena se etsa hore re momahane. Re lokela ho hopola hore Jehova o huletse motho e mong le e mong ea mo sebeletsang bolumeling ba ’nete. (Joh. 6:​44) Ak’u nahane kamoo Jehova a thabang kateng ha a bona re sebetsa ka thata hore ho lule ho e-na le khotso re momahane kaha re batho ba bohlokoa ho eena.​—Esa. 26:3; Hag. 2:7.

18. Re lokela ho lula re nahanisisa ka eng, hona hobane’ng?

18 Jehova o fa bahlanka ba hae lintho tse ngata tse molemo. Kahoo, re ka fumana molemo joang ho tsona? Re ka nahanisisa ka lintho tseo re ithutileng tsona Lentsoeng la Molimo le lingoloeng tsa rona tse thehiloeng Bibeleng. Ho ithuta le ho nahanisisa ho tla re thusa hore re be le makhabane a Bokreste a tla etsa hore re “ratane ka matla joaloka bana ba Molimo” ka phuthehong. (Bar. 12:​10) Ha re nahanisisa ka lintho tseo Jehova a re hlohonolofalitseng ka tsona, sena se matlafatsa setsoalle sa rona le eena. Ha re nahana ka lintho tse ntle tseo Jehova a tla re etsetsa tsona nakong e tlang, re tla lula re e-na le tšepo ea ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. Lintho tsena kaofela li tla re thusa hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova re thabile hona joale.

IKEMISETSE HO MAMELLA

19. (a) Ho ea ka Esaia 30:​18, re ka kholiseha ka’ng? (b) Ke’ng e tla re thusa ho mamella re thabile?

19 Jehova “o tla nka khato” molemong oa rona ha a felisa lefatše lena le khopo. (Esa. 30:​18) Re kholisehile hore Jehova “ke Molimo oa toka” ’me a ke ke a lumella hore lefatše le busoang ke Satane le be teng nako e telele ho sa hlokahale. (Esa. 25:9) Jehova o letile ka mamello hore letsatsi leo la topollo le fihle ’me le rona re le emetse. Kahoo ha re ntse re letetse letsatsi leo, re ikemiselitse ho tsoela pele re ananela monyetla oa ho rapela, ho ithuta Lentsoe la Molimo, ho etsa seo re ithutileng sona le ho nahanisisa ka lintho tseo Jehova a re hlohonolofatsang ka tsona. Ha re etsa joalo Jehova o tla re thusa ho mamella re thabile ha re ntse re mo sebeletsa.

PINA EA 142 Re Lula re E-na le Tšepo e Matla

a Sehlooho sena se t’lo bua ka lintho tse tharo tseo Jehova a li etsang ho thusa bahlanka ba hae hore ba mamelle mathata ao ba kopanang le ’ona ba thabile. Re tl’o hlahloba Esaia khaolo ea 30 e le hore re ithute haholoanyane ka lintho tsena. Ha re ntse re hlahloba khaolo ena, re tla hopotsoa ka bohlokoa ba ho rapela Jehova, ho ithuta Lentsoe la hae le ho nahanisisa ka lintho tse molemo tseo a re etsetsang tsona hona joale le tseo a tla re etsetsa tsona nakong e tlang.