Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

“Ke ne ke Batla ho Sebeletsa Jehova”

“Ke ne ke Batla ho Sebeletsa Jehova”

’NA LE mohats’aka, bara ba bo rona ba babeli ba masoha hammoho le morali oa bo rona oa lesoha re ne re etetse sehlopha sa batho motseng o bitsoang Granbori o neng o le hare-hare merung e metala e teteaneng ea Suriname. Ha re se re tsamaea, re ile ra ba salisa hantle eaba re kena sekepeng se entsoeng ka patsi, ra tsamaea ho theosa le Noka ea Tapanahoni. Hamorao ha re fihla moo metsi a noka a loebehlanang, ntho e thusang sekepe hore se tsamaee e ile ea thula lejoe. Hang-hang, karolo e ka pele ea sekepe e ile ea qala ho teba eaba re iphumana re se re koahetsoe ke metsi. Ke ile ka tšoha haholo. Le hoja ke ne ke se ke e-na le lilemo tse ngata ke tsamaea ka sekepe mosebetsing oa ka oa potoloho, ke ne ke ntse ke sa tsebe ho sesa.

Pele ke le qoqela hore na ho etsahetse’ng hamorao, e re ke le bolelle hore na ho tlile joang hore ke be tšebeletsong ea nako e tletseng.

Ke hlahetse sehlekehlekeng se setle sa Caribbean Curaçao ka 1942. Ntate oa ka o hlahetse Suriname eaba o fallela sehlekehlekeng seo hore a e’o batla mosebetsi. Lilemo tse seng kae pele ke hlaha, ntate oa ka e ne e le e mong oa ba ileng ba kolobetsoa oa Lipaki Tsa Jehova tsa pele tsa Curaçao. a Re ne re le bana ba bahlano lapeng ’me Ntate o ne a ithuta Bibele le rona beke e ’ngoe le e ’ngoe le ha ka linako tse ling re ne re sa batle ho ithuta. Ha ke le lilemo li 14, lelapa leso le ile la khutlela Suriname e le hore Ntate a ka hlokomela ’mè oa hae ea neng a se a holile lilemong.

HO BA LE METSOALLE E MOLEMO HO ILE HA NTHUSA

Ha ke le Suriname ke ile ka ba le metsoalle ea bacha ka phuthehong ba neng ba chesehela ho sebeletsa Jehova. Ba ne ba le baholoanyane ho ’na ebile e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Ha ba ne ba bua ka lintho tse ba etsahalletseng tšebeletsong ea tšimo, ke ne ke bona kamoo ba thabileng kateng. Ka mor’a liboka, ’na le metsoalle ea ka re ne re buisana ka Bibele, ka linako tse ling re bua ka eona re lutse ka ntle re shebile linaleli. Metsoalle ena ea ka e ile ea nthusa ho hlokomela hore na ke batla ho etsa’ng ka bophelo ba ka, ke ne ke batla ho sebeletsa Jehova. Kahoo, ke ile ka kolobetsoa ha ke le lilemo li 16. Hamorao ha ke le lilemo li 18, ke ile ka ba pula-maliboho ea kamehla.

KE ILE KA ITHUTA LITHUTO TSA BOHLOKOA

Ha ke ntse ke le pula-maliboho Paramaribo

Ke ithutile lintho tse ngata ha ke ne ke le pula-maliboho tse nthusitseng ha ke ntse ke le tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka mohlala, e ’ngoe ea lintho tsa pele tseo ke ileng ka ithuta tsona ke bohlokoa ba ho koetlisa batho ba bang. Ha ke qala ho ba pula-maliboho, moromuoa ea bitsoang Willem van Seijl o ile a bontša hore oa nthahasella. b O ile a nthuta hore na ke joang nka phethang boikarabelo ba ka ka phuthehong. Ka nako eo, ke ne ke sa hlokomele hore ke hloka ho koetlisoa. Selemong se hlahlamang ke ile ka khethoa hore ke be pula-maliboho e khethehileng eaba ke qalella ho thusa lihlopha tse nyenyane tsa bara le barali ba bo rona ba neng ba lula merung ea Suriname, hole le liphutheho tse ling. Ke ananela haholo koetliso eo bara ba bo rona ba ileng ba mpha eona ha ke ne ke e hloka. Esale ho tloha ka nako eo ke leka ho etsisa mohlala oa bona ka hore ke iphe nako ea ho koetlisa batho ba bang.

Ntlha ea bobeli eo ke ileng ka ithuta eona ke melemo ea ho phela bophelo bo itekanetseng le bo hlophisehileng. Qalong ea khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, ’na le mor’abo rona oa pula-maliboho e khethehileng eo ke neng ke lula le eena re ne re sheba hore re tla hloka lijo kapa lintho life khoeling eo. E mong oa rona o ne a lokela ho tsamaea leeto le le telele ho ea motse-moholo a e’o reka lintho tseo re neng re tla li hloka. Re ne ra tlameha ho sebelisa chelete eo re neng re e fumana khoeli le khoeli le lintho tseo re li rekileng hantle e le hore li ka re nka khoeli. Ho ne ho se na batho ba bangata ba ka re thusang haeba re ne re ka felloa ke ntho e itseng re ntse re le ka morung. Ke nahana hore ho ithuta ho phela ke se na lintho tse ngata le ho hlophiseha ho nthusitse hore ke lule ke sebeletsa Jehova.

Ntho ea boraro eo ke ithutileng eona ke molemo oa ho ruta batho Bibele ka puo ea bona. Ke hotse ke bua puo ea Sedache, Senyesemane, Sepapiamento le Sranantongo (e boetse e tsebahala e le Sesranan) e leng eona puo e buuoang Suriname. Ke ile ka hlokomela hore batho ba ne ba mamela molaetsa oa ’Muso ha re ba ruta ka puo ea bona. Ke ne ke thatafalloa ke ho bua tse ling tsa lipuo tsena tse kang Sesaramacca se sebelisang mantsoe a bitsetsoang holimo le tlase. Le hoja ke ne ke sebetsa ka thata ho ithuta lipuo tseo, kea thaba hore ebe ke khonne ho ithuta tsona. Ka lilemo tse ngata ke ile ka khona ho ruta batho ba bangata Bibele hobane ke ne ke khona ho bua puo ea bona.

Ho na le lintho tse ileng tsa etsahala tse ileng tsa etsa hore ke soabe. Ka mohlala, ho na le nako eo ke neng ke re ke botsa motho eo ke neng ke ithuta Bibele le eena ea buang Sesaramacca hore na o ikutloa joang kaha o ne a tšoeroe ke mala. Empa ha e le hantle ke ile ka mo botsa hore na ebe o imme. Ho hlakile hore potso eo e ile ea etsa hore a soabe. Le hoja ke ne ke etsa liphoso tse kang tsena, ke ile ka lula ke leka ho bua lipuo tsa batho ba lulang sebakeng seo.

KE FUOA MOSEBETSI O MONG

Ka 1970 ke ile ka khethoa hore ke be molebeli oa potoloho. Ka selemo seo ke ile ka bontša lihlopha tse ngata tse lulang morung lenaneo la mokhatlo la li slide le nang le sehlooho se reng, “Ho Etela Ntlo-kholo ea Lefatše ea Lipaki Tsa Jehova.” ’Na le bara ba bo rona ba bang re ne re sebelisa sekepe se se telele se entsoeng ka patsi ho ea ho bara le barali ba bo rona. Re ne re tšoere jenereithara, sekupu sa peterole, mabone a peterole le lintho tse tla bapala li slide. Ha re fihla morung, re ne re lokela ho isa lintho tseo re tla li sebelisa moo re tla bapala lenaneo la li slide teng. Ntho eo ke e hopolang haholo ka maeto ao ke kamoo batho ba bangata ba neng ba rata mananeo ao kateng. Ke ne ke thabela ho ruta batho ka Jehova le ka mokhatlo oa hae o lefatšeng. Ha ke bona hore ke sebelitse ka thata ho thusa batho ba bang hore e be metsoalle ea Jehova, sena se ne se nthabisa haholo.

KE FUMANA MOLEKANE

’Na le Ethel re nyalane ka September 1971

Le hoja ho ba lesoha ho ne ho nthusa hore ke etse tšebeletso ea ka, ke ne ke ntse ke batla ho nyala. Kahoo, ke ile ka rapella hore ke fumane mosali ea neng a tla thabela ho sebetsa le ’na tšebeletsong ea nako e tletseng, e neng e se bonolo ea ho sebetsa morung. Selemo hamorao, re ile ra ba leferehong le Ethel eo e neng e le pula-maliboho e khethehileng, ea neng a ikemiselitse ho sebeletsa Jehova le ha ho se bonolo. Ethel o ne a rata moapostola Pauluse ho tloha a sa le monyenyane ’me o ne a batla ho mo etsisa ka hore a etse sohle seo a ka se khonang tšebeletsong. Re ile ra nyalana ka September 1971 ’me ra tsoela pele ka mosebetsi oa ho potoloha re se re le banyalani.

Ethel o holetse lelapeng le neng le se na lintho tse ngata ’me ho ile ha e-ba bonolo hore a tloaele mosebetsi oa ho potoloha morung. Ka mohlala, re ne re sa nke lintho tse ngata ha re ne re etela liphutheho tse hare-hare morung. Re ne re hlapela linokeng le ho hlatsoetsa liaparo tsa rona ho tsona ’me re ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo bara ba bo rona ba re fang eona. Hape re ja liiguana, lipiranha kapa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo bara ba bo rona ba e tsommeng kapa eo ba e fumaneng linokeng. Ha re ne re se na likotlolo, re ne re jella makhasing a libanana. Ha re se na likhaba, re ne re ja ka matsoho. ’Na le Ethel re nka hore ho tela lintho tse itseng ha re ntse re sebeletsa Jehova ’moho ho entse hore kamano ea rona le eena e be matla. (Moek. 4:​12) Re thabile haholo hore re ile sebeletsa Jehova ka tsela ena ebile ha re ikoahlaee.

Ka letsatsi le leng ha re ne re tsoa ho etela bara le barali ba bo rona ba morung, ho ile ha etsahala ntho eo ke le boleletseng eona qalong. Ha sekepe se fihla moo metsi a loebehlanang, se ile sa ea ka tlas’a metsi eaba se tsoa kapele. Re lebohela hore ebe re ne re apere liaparo tse re sireletsang (life jackets) le hore ha rea ka ra oela ka metsing. Empa sekepe sa rona se ne se tletse metsi. Re ile ra ntšetsa lijo ka nokeng eaba re sebelisa lipitsa tse neng li tšetse lijo ho ntša metsi a neng a le ka sekepeng.

Kaha re ne re se na lijo, re ile ra qala ho cheha litlhapi re ntse re le nokeng empa re ne re sa li fumane. Kahoo, re ile ra kopa Jehova hore a re fe lijo tseo re tla li ja letsatsing leo. Ka mor’a hore re rapele, mor’abo rona e mong o ile a fumana tlhapi e kholo e ileng ea re lekana re le bahlano bosiung boo ’me re ile ra khotsofala.

KE BILE MONNA, NTATE LE MOLEBELI OA POTOLOHO

Ka mor’a lilemo tse hlano re le mosebetsing oa potoloho, ’na le Ethel re ile ra fumana tlhohonolofatso eo re neng re sa e lebella, re ne re tl’o ba batsoali. Ke ne ke thabetse ho utloa litaba tsena le hoja ke ne ke sa tsebe hore na bophelo bo re tšoaretse’ng. ’Na le Ethel re ne re batla ho lula re le tšebeletsong ea nako e tletseng haeba ho khonahala. Ka 1976 mora oa rona Ethniël o ile a hlaha. Lilemo tse peli le likhoeli tse tšeletseng hamorao, mora oa rona oa bobeli Giovanni o ile a hlaha.

Ka 1983 ha ke ne ke shebelletse ha batho ba kolobetsoa Nokeng ea Tapanahoni haufi le Godo Holo ka Bochabela ba Suriname

Ofisi ea lekala e ile ea lokisetsa hore ke tsoele pele ke le mopotolohi ka lebaka la tlhoko e neng e le teng Suriname ka nako eo le hoja re ne re ntse re holisa bana. Ha bana ba rona ba ntse ba le banyenyane, ke ile ka kopuoa hore ke etele liphutheho tse ’maloa. Seo se ne se nthusa hore libeke tse ling ke etele liphutheho ebe tse ling ke sebetsa ke le pula-maliboho phuthehong eo re neng re le ho eona. Ethel le bana ba rona ba ne ba tsamaea le ’na ha re ne re etela liphutheho tse haufi le moo re neng re lula teng. Leha ho le joalo, ke ne ke tsamaea ke le mong ha ke ne ke ea liphuthehong le likopanong tse morung.

Ha ke ne ke potoloha, ke ne ke tloaetse ho etela liphutheho tse hole ka sekepe

Ke ne ke hlophisa lintho tsa ka hantle e le hore ke etse mesebetsi eo ke neng ke lokela ho e etsa. Ke ne ke etsa bonnete ba hore re tšoara thuto ea lelapa beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ha ke ne ke etela liphutheho tse morung, Ethel o ne a tšoara thuto ea lelapa le bana ba rona. Ha ho khonahala, re ne re lula re etsa lintho hammoho re le lelapa. ’Na le Ethel re ne re ithabisa le bana ba rona, re bapala le bona kapa re etela libakeng tseo re li ratang. Hangata ke ne ke robala bosiu haholo, ke lokisetsa mesebetsi eo ke neng ke lokela ho e etsa. Ethel e ne e le mosali ea hlalositsoeng ho Liproverbia 31:​15. O ne a tsoha hoseng, a etsa bonnete ba hore re khona ho bala temana ea letsatsi ’moho ’me re thabela lijo le bana ba rona pele ba e-ea sekolong. Ke ananela haholo hore ebe ke na le mosali ea lulang a itela ’me a nthusa ho etsa mesebetsi eohle eo Jehova a mphileng eona.

Re sebelitse ka thata hore bana ba rona ba rate Jehova le tšebeletso. Re ne re batla hore ba kenele tšebeletso ea nako e tletseng hobane ba rata eseng re ba khethele eona. Re ne re lula re ba bolella hore ba tla thaba ha ba kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Le hoja re lumela hore re kopane le maemo a thata, re ne re bua kamoo Jehova a re thusitseng le ho re hlohonolofatsa kateng. Re ne re etsa bonnete ba hore bana ba rona ba qeta nako e ngata le Lipaki tse behang Jehova pele bophelong ba tsona.

Jehova o re file lintho tsohle tseo re li hlokang ha re ne re holisa bana. Ke ne ke etsa sohle seo nka se khonang hore ke hlokomele lelapa la ka. Ho ba pula-maliboho e khethehileng morung pele ke nyala ho nthutile hore ke boloke chelete bakeng sa lintho tseo re tla li hloka. Le hoja re ne re leka ho etsa sohle seo re ka se khonang, ka linako tse ling re ne re sa fumane lintho tsohle tseo re li hlokang. Ke lumela hore Jehova o ne a re thusa maemong ao. Ka mohlala, ka bo1980 ho ea ho 1990, ho ile ha e-ba le batho ba ipelaetsang Suriname. Lilemong tseo, ka nako tse ling ho ne ho e-ba thata ho fumana lintho tseo re li hlokang. Empa Jehova o ile a ’na a re thusa.​—Mat. 6:32.

HA KE NAHANA KA BOPHELO BA KA

Ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona: Ke na le mosali oa ka Ethel

Mora oa rona e moholo Ethniël le mosali oa hae Natalie

Mora oa rona Giovanni le mosali oa hae Christal

Haesale Jehova a re hlokomela le ho re thusa hore re thabe le ho khotsofala. Bana ba rona ba entse hore re thabe haholo ebile re ananela hore re khonne ho ba holisa hore ba sebeletse Jehova. Re thabisoa le ke hore ba khethile ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ethniël le Giovanni ba ile ba ea likolong tsa tšebeletso ’me hona joale ba sebeletsa ofising ea lekala e Suriname le basali ba bona.

’Na le Ethel re se re holile hona joale empa re ntse re sebeletsa Jehova re le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Re phathahane hoo ke sa khoneng ho fumana nako ea ho ithuta ho sesa empa ha ke ikoahlaee. Ha ke nahana ka bophelo ba ka, nka re ho etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng ke sa le mocha e bile qeto e molemohali eo nkileng ka e etsa bophelong ba ka.

a Sheba Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2002, leq. 70.

b Pale ea bophelo ea Willem van Seijl e nang le sehlooho se reng Reality Has Exceeded My Expectations,” e hlaha khatisong ea October 8, 1999 ea Tsoha! ea Senyesemane.