Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 47

Le se ke la Lumella Letho ho le Arohanya le Jehova

Le se ke la Lumella Letho ho le Arohanya le Jehova

“Ke tšepile uena, Jehova.”​—PES. 31:14.

PINA EA 122 E-bang Sebete ’Me le be Matla

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Re tseba joang hore Jehova o batla ho ba haufi le rona?

 JEHOVA o re kopa hore re be haufi le eena. (Jak. 4:8) O batla ho ba Molimo oa rona, Ntate oa rona le motsoalle oa rona. O araba lithapelo tsa rona hape oa re thusa ha re e-na le mathata. O boetse o sebelisa mokhatlo oa hae ho re ruta le ho re sireletsa. Re lokela ho etsa’ng e le hore re atamele ho Jehova?

2. Re ka etsa’ng e le hore re atamele ho Jehova?

2 Re ka atamela ho Jehova ka ho mo rapela, ho bala Lentsoe la hae le ho nahana ka lona. Ha re etsa joalo, re tla mo rata re be re mo nke a le bohlokoa ho rona. Hape re tla susumeletseha ho mo fa tlhompho le thoriso tse mo loketseng. (Tšen. 4:​11) Re tla tšepa Jehova le mokhatlo oo a re fileng oona bakeng sa ho re thusa ha re ntse re ithuta ka eena haholoanyane.

3. Diabolose o etsa’ng ho leka ho re arola ho Jehova, hona re ka thusoa ke eng hore re se ke ra furalla Molimo oa rona le mokhatlo oa hae? (Pesaleme ea 31:​13, 14)

3 Diabolose o leka ho re arohanya le Jehova, haholo-holo nakong eo re nang le mathata. O etsa joalo joang? O leka ho etsa hore butle-butle re khaotse ho tšepa Jehova le mokhatlo oa hae. Empa re ka hlola maqiti a hae. Haeba tumelo ea rona e le matla ebile re tšepa Jehova ka ho feletseng, re ke ke ra furalla Molimo oa rona le mokhatlo oa hae.​—Bala Pesaleme ea 31:​13, 14.

4. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

4 Sehloohong sena re tl’o bua ka mathata a mararo ao re ka a bakeloang ke batho bao e seng Lipaki Tsa Jehova. Mathata ana a ka etsa hore re se ke ra tšepa Jehova le mokhatlo oa hae. Mathata aa a ka re arohanya le Jehova joang? Re ka etsa’ng e le hore re hlole maqiti a Satane?

HA RE E-BA LE MATHATA

5. Ke joang mathata a ka etsang hore re se ke ra tšepa Jehova le mokhatlo oa hae?

5 Ka linako tse ling re ba le mathata a kang ho hanyetsoa ke ba lelapa kapa ho felloa ke mosebetsi. Ke joang mathata ao a ka etsang hore re se ke ra tšepa mokhatlo oa Jehova le ho re arohanya le eena? Ha re hlaheloa ke mathata nako e telele, re ka ikutloa re nyahame re bile re se na tšepo. Nakong eo, Satane o nka monyetla ebe o etsa hore re utloe eka Jehova ha a re rate. Diabolose o batla hore re nahane hore re bakeloa mathata ke Jehova le mokhatlo oa hae. Baiseraele ba ile ba etsahalloa ke ntho e kang ena ha ba le Egepeta. Qalong ba ne ba lumela hore Jehova o khethile Moshe le Arone ho ba lopolla bokhobeng. (Ex. 4:​29-31) Empa eitse ha Faro a ba tšoara ka thata, ba beha Moshe le Arone molato bakeng sa mathata a bona ’me ba re: “Le entse hore Faro le bahlanka ba hae ba re hloee ’me le behile sabole matsohong a bona hore ba re bolaee.” (Ex. 5:​19-21) Ke ntho e utloisang bohloko hakaakang hore ebe ba ile ba beha bahlanka ba tšepahalang ba Molimo molato bakeng sa mathata a bona! Haeba u mameletse mathata nako e telele, u ka etsa’ng e le hore u lule u tšepa Jehova le mokhatlo oa hae ka ho feletseng?

6. Re ka ithuta’ng ho moprofeta Habakuke tabeng ea ho mamella mathata? (Habakuke 3:​17-19)

6 Rapela Jehova u mo phetlele sefuba ’me u itšetlehe ka eena. Moprofeta Habakuke o ile a ba le mathata a mangata. Ka nako e ’ngoe o ile a belaela hore na ebe Jehova oa mo tsotella kahoo, o ile a rapela eaba o bolella Jehova kamoo a ikutloang kateng. O ile a re: “Ao hle Jehova! Ke tla kopa thuso ho fihlela neng empa u sa nkutloe? . . . Ke hobane’ng ha u lumella batho ho hatella ba bang?” (Hab. 1:​2, 3) Jehova o ile a araba thapelo e tsoang pelong ea mohlanka enoa oa hae ea tšepahalang. (Hab. 2:​2, 3) Habakuke o ile a thaba hape ka mor’a hore a nahanisise ka tsela eo Jehova a ileng a pholosa batho ba hae ka eona. O ile a kholiseha hore Jehova oa mo tsotella le hore o tla mo thusa ho mamella mathata leha e le afe. (Bala Habakuke 3:​17-19.) Re ka ithuta’ng tabeng ee? Ha u e-ba le mathata, rapela Jehova ’me u mo bolelle kamoo u ikutloang kateng. Ka mor’a moo, u itšetlehe ka eena. Ha u etsa joalo u tla kholiseha hore Jehova o tla u fa matla ao u a hlokang hore u mamelle. Ha u bona hore Jehova o u tšehelitse, tumelo ea hao ho eena e tla ba matla.

7. Motho ea amanang le morali oa bo rona Shirley o ile a leka ho mo susumeletsa ho etsa’ng, hona morali oa bo rona Shirley o ile a etsa’ng hore a lule a tšepahalla Jehova?

7 U se ke oa khaotsa ho etsa lintho tse tla u thusa hore u lule u le haufi le Jehova. Hlokomela hore na sena se ile sa thusa morali oa bo rona Shirley ea lulang Papua New Guinea joang ha a ne a e-na le mathata. b Lelapa la hae le ne le futsanehile hoo ka linako tse ling ho neng ho le thata hore ba fumane lijo tse lekaneng. Motho e mong ea amanang le eena o ile a leka ho etsa hore a se ke a tšepa Jehova. O ile a re: “U re moea o halalelang oa Molimo oa u thusa empa o u thusitse ka’ng lelapa la hao le ntse le futsanehile tjee? U itšenyetsa nako ka ho ’na u bua le batho ka Bibele.” Morali oa bo rona Shirley o re: “Ke ile ka ipotsa hore na ebe Molimo oa re tsotella kapa che. Hang-hang ke ile ka rapela Jehova eaba ke mo bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e nahana. Ha kea ka ka khaotsa ho bala Bibele le lingoloa tsa rona, ho ea libokeng le ho bolella batho ka molaetsa oa Bibele.” Ka mor’a moo, o ile a bona hore Jehova o ne a hlokomela lelapa la hae. Ha baa ka ba hloka seo ba se jang ebile ba ne ba thabile. Morali oa bo rona Shirley o re: “Ke ile ka bona hore Jehova o arabela lithapelo tsa ka.” (1 Tim. 6:​6-8) Haeba u tsoela pele ho etsa lintho tse tla u thusa hore u lule u le haufi le Jehova, le uena u ke ke oa lumella mathata kapa lipelaelo hore li u arohanye le Jehova.

HA BARA BA BO RONA BA ETELLANG PELE BA TŠOAROA HAMPE

8. Ho ka ’na ha etsahala’ng ka bara ba bo rona ba etellang pele ka mokhatlong oa Jehova?

8 Lira tsa rona li ka sebelisa mecha ea liphatlalatso kapa ea lipuisano ho jala mashano le litaba tse ka etsang hore re se ke ra tšepa bara ba bo rona ba etellang pele ka har’a mokhatlo oa Jehova. (Pes. 31:​13) Bara ba bang ba bo rona ba ile ba tšoaroa ha thoe ke litlokotsebe. Bakreste ba mehleng ea pele le bona ba ile ba tobana le boemo bo tšoanang nakong eo moapostola Pauluse a neng a qosoa ka bohata a bile a tšoaroa. Ba ile ba etsa joang?

9. Bakreste ba bang ba ile ba etsa’ng ha moapostola Pauluse a ne a tšoeroe?

9 Ha moapostola Pauluse a ne a tšoeroe Roma, Bakreste ba bang ba ile ba khaotsa ho mo tšehetsa. (2 Tim. 1:​8, 15) Ke hobane’ng ha ba ile ba etsa joalo? Mohlomong ba ne ba soabela moapostola Pauluse hobane batho ba ne ba re ke setlokotsebe. (2 Tim. 2:​8, 9) Kapa mohlomong ba ne ba tšaba hore le bona ba tla hlorisoa. Ho sa tsotellehe hore na mabaka a bona e ne e le afe, nahana feela hore na Pauluse o ile a ikutloa joang. O ile a mamella mathata a mangata a ba a beha bophelo ba hae kotsing molemong oa bona. (Lik. 20:​18-21; 2 Bakor. 1:8) Le ka mohla ha rea lokela ho tšoana le Bakreste bao ba sa kang ba thusa Pauluse nakong eo a neng a ba hloka. Re lokela ho hopola’ng ha bara ba bo rona ba etellang pele ba hlorisoa?

10. Re lokela ho hopola eng ha bara ba bo rona ba etellang pele ba hlorisoa, hona hobane’ng?

10 Hopola hore na ke hobane’ng ha re hlorisoa le hore na ke mang ea etsang hore re hlorisoe. 2 Timothea 3:​12 e re: “Barutuoa bohle ba Kreste Jesu ba batlang ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ba tla hlorisoa.” Ka lebaka leo, ha rea lokela ho makala ha Satane a hlasela ka ho khetheha bara ba bo rona ba etellang pele. O batla hore bara bana ba bo rona ba khaotse ho tšepahalla Jehova ebile le rona o batla ho re tšosa.​—1 Pet. 5:8.

Le hoja Pauluse a ne a le teronkong, ka sebete Onesiforase o ile a mo tšehetsa. Mehleng ena bara le barali ba bo rona ba tšehetsa Bakreste-’moho ba teronkong joalokaha re bona setšoantšong (Sheba serapa sa 11 le 12)

11. Re ithuta’ng mohlaleng oa Onesiforase? (2 Timothea 1:​16-18)

11 Tsoela pele ho tšehetsa Bakreste-’moho le ho ba tšepahalla. (Bala 2 Timothea 1:​16-18.) Mokreste e mong ea bitsoang Onesiforase eena o ile a etsa ntho e fapaneng le e ileng ea etsoa ke Bakreste ba bang ha Pauluse a ne a tšoeroe. ‘Ha aa ka a soabela [Pauluse] hobane e le motšoaruoa.’ Ho e-na le hoo, o ile a batla Pauluse ’me ha a mo fumana o ile mo thusa ka lintho tseo a li hlokang. Onesiforase o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka ho etsa joalo. Ke eng seo re ka ithuta’ng sona ho Onesiforase? Ha rea lokela ho tšaba batho hoo re ke keng ra tšehetsa Bakreste-’moho le rona ha ba hlorisoa. Ho e-na le hoo, re lokela ho etsa sohle hore re ba thuse. (Liprov. 17:​17) Ba hloka hore re ba rate re be re ba tšehetse.

12. Re ithuta’ng ho bara le barali ba bo rona ba Russia?

12 Nahana kamoo bara le barali ba bo rona ba Russia ba thusitseng Bakreste-’moho le bona ba koaletsoeng literonkong. Ha ba bang ba isoa nyeoeng, bara le barali ba bo rona ba bangata ba ea khotla ho ea ba tšehetsa. Re ithuta’ng tabeng ee? Ha rea lokela ho tšoha ha bara ba bo rona ba etellang pele ba etselletsoa, ba tšoaroa kapa ba hlorisoa. Ho e-na le hoo, re lokela ho ba rapella, re thuse ba malapa a bona re be re batle litsela tse ling tsa ho ba tšehetsa.​—Lik. 12:5; 2 Bakor. 1:​10, 11.

HA RE SONGOA

13. Ho songoa ke batho ho ka etsa hore re se ke ra tšepa Jehova le mokhatlo oa hae joang?

13 Batho bao re amanang le bona bao eseng Lipaki, basebetsi-’moho le rona kapa bana bao re kenang sekolo le bona ba ka re soma hobane re bua ka molaetsa oa Bibele kapa hobane re phela ka melao ea Jehova. (1 Pet. 4:4) Ba ka ’na ba re: “Uena kea u rata empa bolumeli ba hao bo tšoara batho ka thata ebile bo siiloe ke nako.” Ba bang ba ka ’na ba re soma ka lebaka la tsela eo re tšoarang batho ba khaotsoeng ka eona, ba re: “U khona joang ho re u lerato empa u tšoara batho tjee?” Lipuo tse kang tsena li ka etsa hore re ipotse hore na ebe melao ea Jehova e nepahetse. Re ka ’na ra ipotsa: ‘Ebe Jehova o lebeletse hore ke etse lintho tseo nkekeng ka khona ho li etsa? Na ebe mokhatlo oa hae ha o re tšoare ka thata haholo?’ Haeba u ikutloa joalo, u ka etsa’ng hore u lule u le haufi le Jehova le mokhatlo oa hae?

Jobo ha aa ka a mamela mashano a batho ba neng ba ikentse eka ke metsoalle ea hae empa o ne a ikemiselitse ho tšepahalla Jehova (Sheba serapa sa 14)

14. Re lokela ho etsa’ng haeba batho ba bang ba re soma hobane re phela ka tsela eo Jehova a reng e nepahetse? (Pesaleme ea 119:​50-52)

14 Ikemisetse ho etsa lintho tseo Jehova a reng li nepahetse. Jobo o ne a etsa lintho tseo Jehova a neng a re li nepahetse leha batho ba bang ba ne ba mo soma hobane a etsa joalo. Motho e mong ea neng a ikentse eka ke motsoalle oa Jobo o ile a leka ho etsa hore Jobo a nahane hore Molimo ha a na taba hore na o etsa lintho tse nepahetseng kapa che. (Jobo 4:​17, 18; 22:3) Empa Jobo ha aa ka a kholoa leshano leo. O ne a tseba hore lintho tseo Jehova a reng re li etse li nepahetse ebile o ne a ikemiselitse ho li etsa. Ha aa ka a lumella batho ba bang hore ba etse hore a se ke a tšepahala. (Jobo 27:​5, 6) Re ithuta’ng tabeng ee? U se ke oa lumella hore ho songoa ke batho ho etse hore u belaelle tsela eo Jehova a reng re phele ka eona. Nahana ka lintho tse etsahetseng bophelong ba hao. Mohlomong u hlokometse hore hangata lintho li u tsamaela hantle ha u etsa lintho tseo Jehova a reng li nepahetse. Ikemisetse ho tšehetsa mokhatlo o etsang lintho ka tsela eo Jehova a reng re li etse ka eona. Ha re etsa joalo, re ke ke ra tlohela ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe hore na batho ba re soma hakae.​—Bala Pesaleme ea 119:​50-52.

15. Ke hobane’ng ha beng ka Brizit ba ne ba mo soma?

15 Nahana ka se ileng sa etsahalla morali oa bo rona Brizit ea lulang India. Lelapa labo le ile la mo soma hobane e le Paki ea Jehova. Nako e khutšoane ka mor’a hore a kolobetsoe ka 1997, monna oa hae eo eseng Paki ea Jehova o ile a felloa ke mosebetsi. Monna oa morali oa bo rona Brizit o ile a etsa qeto ea hore lelapa lohle le e’o lula le batsoali ba hae teropong e ’ngoe. Empa ntho eo e ile ea bakela Brizit mathata a mangata le ho feta. O ile a tlameha ho qeta nako e telele a sebetsa e le hore a hlokomele lelapa hobane monna oa hae o ne a feletsoe ke mosebetsi. Hape phutheho eo a neng a se a kopanela ho eona e ne e le bohole ba lik’hilomithara tse 350. Ka bomalimabe ba bohali ba hae ba ne ba sa rate hore ebe ke Paki ea Jehova. Boemo bo ile ba e-ba bobe hoo Brizit le lelapa la hae ba ileng ba tlameha ho tsoa moo ha bo monna oa hae. Ka mor’a moo, monna oa hae o ile a hlokahala ka tšohanyetso. Hamorao morali oa hae ea lilemo li 12 o ile a bolaoa ke kankere. Ntho e bohloko le ho feta ke hore beng ka Brizit ba ne ba re mathata ana a bakiloe ke eena. Ba ne ba re hoja ebe ha se Paki ea Jehova, lintho tsena kaofela li ka be li sa etsahala. Ho ntse ho le joalo, ha aa ka a tlohela ho tšepa Jehova ebile ha aa ka a tlohela mokhatlo oa hae.

16. Brizit o ile a putsoa joang ka lebaka la ho lula a le haufi le Jehova le mokhatlo oa hae?

16 Kaha Brizit o ne a lula hole haholo le phutheho, molebeli oa potoloho o ile a mo khothaletsa hore a bue le batho ka molaetsa oa Bibele sebakeng seo a lulang ho sona le hore a tšoarele liboka ha hae. Qalong o ne a thatafalloa empa o ile a sebelisa keletso eo mopotolohi a neng a mo file eona. O ne a bua le batho ka Bibele, a tšoarela liboka ha hae a bile a ipha nako ea ho tšoara borapeli ba lelapa le barali ba hae. Phello e ile ea e-ba efe? Brizit o ile a khona ho khanna lithuto tsa Bibele tse ngata ’me boholo ba batho bao a neng a ithuta Bibele le bona ba ile ba kolobetsoa. Ka 2005 e ile ea e-ba pula-maliboho ea kamehla. O ile a putsoa hobane o ile a tšepa Jehova a ba a tšepahalla mokhatlo oa hae. Barali ba hae ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ebile ho se ho e-na le liphutheho tse peli moo a lulang teng. Brizit o kholisehile hore Jehova o ile a mo fa matla a ho sebetsana le mathata a hae le ho mamella ho songoa ke beng ka eena.

LULA U TŠEPAHALLA JEHOVA LE MOKHATLO OA HAE

17. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

17 Satane o batla hore re lumele hore Jehova a ke ke a re thusa nakong eo re nang le mathata le hore ho lula re le ka mokhatlong oa Jehova ho tla re thatafaletsa bophelo. Satane o batla hore re tšohe ha bara ba bo rona ba etellang pele ba senngoa lebitso, ba hlorisoa kapa ba tšoaroa. O etsa hore batho ba re some hobane a batla hore re se ke ra tšepa mokhatlo oa Jehova le tsela eo a batlang hore re phele ka eona. Leha ho le joalo, re tseba maqiti ana a hae ebile a ke ke a re thetsa. (2 Bakor. 2:​11) Ikemisetse ho lula u tšepahalla Jehova le mokhatlo oa hae ’me u se ke oa kholoa mashano a Satane. Hopola hore Jehova a ke ke a u lahla. (Pes. 28:7) Kahoo, u se ke oa lumella letho ho u arohanya le Jehova.​—Bar. 8:​35-39.

18. Re tl’o bua ka’ng sehloohong se latelang?

18 Sehloohong sena re buile ka mathata ao re ka a bakeloang ke batho bao eseng Lipaki Tsa Jehova. Empa botšepehi ba rona ho Jehova le mokhatlo oa hae bo ka boela ba lekoa ke lintho tse etsahalang ka hare ho phutheho. Re ka thusoa ke’ng boemong boo? Re tla bua ka taba ena sehloohong se latelang.

PINA EA 118 Re Thuse ho ba le Tumelo

a Re lokela ho lula re tšepa Jehova le mokhatlo oa hae e le hore re mamelle ka botšepehi matsatsing ana a ho qetela. Diabolose o sebelisa mathata ho leka ho etsa hore re se ke ra tšepa Jehova le mokhatlo oa hae. Sehloohong sena, re tla bua ka lintho tse tharo tseo a li sebelisang le hore na re ka etsa’ng e le hore re lule re tšepahala.

b Mabitso a mang a fetotsoe.