Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U ne U Tseba?

Na U ne U Tseba?

Na Mordekai o kile a ba teng?

BUKENG ea Bibele ea Esthere ho buuoa haholo ka Mojuda ea bitsoang Mordekai. E ne e le motšoaruoa oa Mojuda ea neng a sebetsa phaleising ea borena ea Persia. O ne a sebetsa moo mehleng ea Morena Asueruse ea qalileng ho busa ka 496. (Mehleng ena batho ba bangata ba lumela hore morena eo ke Xerxes oa Pele.) Mordekai o ile a nyopisa morero oa ho bolaea morena. Morena o ile a ananela seo ’me a etsa hore Mordekai a hlomphehe ka pel’a batho bohle. Hamorao ka mor’a lefu la Hamane ea neng a hloile Mordekai le Bajuda ba bang, morena o ile a etsa hore Mordekai a nyolleloe boemong ba ho ba tona-kholo. Ha e se e le tona-kholo, o ile a etsa molao o ileng oa pholosa Bajuda bohle ba Pusong ea Persia polaong e sehloho.​—Esthere 1:1; 2:​5, 21-23; 8:​1, 2; 9:16.

Bo-rahistori ba bang ba mathoasong a lilemo tsa bo1900 ba re buka ea Esthere ke pale e iqapetsoeng ’me Mordekai ha se motho ea kileng a ba teng. Leha ho le joalo, ka 1941 baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana bopaki bo tšehetsang tlaleho ea Bibele e buang ka Mordekai. Ba ile ba fumana eng?

Bafuputsi ba ile ba fumana mongolo oa khale oa Persia o nang le lebitso Marduka (Ka Sesotho Mordekai). E ne e le molaoli, mohlomong motšoari oa matlotlo oa Shushane. Nakong eo ho neng ho fumanoa mongolo oo, Arthur Ungnad eo e neng e le setsebi sa histori ea sebaka seo o ile a ngola a re leo e ne e le “lekhetlo la pele Mordekai a hlaha linthong tseo e seng karolo ea Bibele.”

Ka mor’a hore a ngole taba eo, litsebi li ile tsa fetolela lingoloa tse ngata tsa Persia tsa mehleng ea khale. Tse ling tsa lingoloa tsena ke maqhetsoana a letsopa a Persepolis a ileng a fumanoa lithakong tsa motse oa Persepolis. Maqhetsoana ana ke a mehleng ea ha ho ne ho busa Xerxes oa Pele. A ngotsoe ka Seelame ’me a na le mabitso a ’maloa a hlahang bukeng ea Esthere. a

Lebitso Mordekai (Marduka) lingoloeng tsa Persia tsa mehleng ea khale

Maqhetsoaneng a ’maloa a Persepolis ho hlaha lebitso Marduka. E ne e le mongoli oa morena phaleising e Shushane nakong ea puso ea Morena Xerxes oa Pele. Leqhetsoana le leng le re Marduka e ne e le mofetoleli. Taba ena e lumellana le tsela eo Bibele e hlalosang Mordekai ka eona. O ne a sebeletsa Morena Asueruse (Xerxes oa Pele) ebile o ne a bua lipuo tse peli kapa ho feta. Hangata Mordekai o ne a lula keiting ea morena e phaleising e Shushane. (Esthere 2:​19, 21; 3:3) Keiti ena e ne e le mohaho o moholo oo liofisiri tsa phaleising li neng li sebeletsa ho oona.

Marduka eo ho buuoang ka eena maqhetsoaneng le Mordekai eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng ba na le lintho tse ngata tseo ba tšoanang ka tsona. Ba phetse ka nako e le ’ngoe, sebakeng se le seng ba bile ba sebetsa mosebetsi o tšoanang nģ’a e le ’ngoe. Lintho tsena kaofela lia bontša hore Marduka le Mordekai ke motho a le mong.

a Ka 1992 moprofesa e mong oa histori Edwin M. Yamauchi o ile a ngola litaba tse nang le mabitso a leshome a hlahang lingoloeng tsa Persepolis a bileng a hlahang le bukeng ea Esthere.