Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 48

Sebelisa Kelello ea Hao Hantle ha Botšepehi ba Hao bo Lekoa

Sebelisa Kelello ea Hao Hantle ha Botšepehi ba Hao bo Lekoa

“U lule u sebelisa kelello hantle linthong tsohle.”​—2 TIM. 4:5.

PINA EA 123 Lulang le Ikokobeletsa Molimo

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Ho sebelisa kelello hantle ho bolela’ng? (2 Timothea 4:5)

 HA HO etsahala ntho e itseng e re utloisang bohloko, botšepehi ba rona ho Jehova le ho mokhatlo oa hae bo ka lekoa. Re ka thusoa ke’ng ha re hlaheloa ke ntho e joalo? Re lokela ho sebelisa likelello tsa rona hantle, re eme re tiile tumelong. (Bala 2 Timothea 4:5.) Re sebelisa likelello tsa rona hantle ha re lula re khobile matšoafo, re nahana lintho hantle ebile re leka ho bona lintho kamoo Jehova a li bonang kateng. Haeba re etsa joalo re ke ke ra nkoa ke maikutlo.

2. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

2 Sehloohong se fetileng, re buile ka mathata a mararo ao re ka a bakeloang ke batho bao eseng Lipaki Tsa Jehova. Sehloohong sena, re tla bua ka lintho tse tharo tse ka etsahalang ka phuthehong tse ka lekang botšepehi ba rona ho Jehova. Lintho tseo ke (1) ha Mokreste-’moho le rona a etsa ntho e re utloisang bohloko, (2) ha re khalemeloa le (3) ha re thatafalloa ho amohela liphetoho tse etsoang ka mokhatlong. Re ka sebelisa likelello tsa rona joang ’me ra tšepahalla Jehova le mokhatlo oa hae nakong eo re kopanang le mathata aa?

HA MOKRESTE-’MOHO LE RONA A ETSA NTHO E RE UTLOISANG BOHLOKO

3. Re ka ikutloa joang ha Mokreste-’moho le rona a re utloisitse bohloko?

3 Na u kile oa utloisoa bohloko ke Mokreste-’moho, mohlomong ebile e le ea nang le boikarabelo ka phuthehong? E ka ’na eaba o ne a sa rera ho u utloisa bohloko. (Bar. 3:​23; Jak. 3:2) Ho ntse ho le joalo, ntho eo a e entseng e u utloisitse bohloko. E ka ’na eaba u ne u sa robale le bosiu u ntse u nahana ka taba ena. E ka ’na eaba u ile oa ba oa ipotsa hore na haeba Paki e etsa ntho e tjena, na ehlile ona ke mokhatlo oa Molimo. Ke eona ntho eo Satane a batlang hore u e nahane. (2 Bakor. 2:​11) Ho nahana joalo ho ka etsa hore re khaotse ho sebeletsa Jehova ’me re tlohele le mokhatlo oa hae. Haeba Mokreste-’moho a re utloisitse bohloko re ka sebelisa likelello tsa rona hantle joang ’me ra qoba ho nahana ka tsela eo Satane a batlang hore re nahane ka eona?

4. Ke’ng e ileng ea thusa Josefa ho sebelisa kelello hantle ha a ne a tšoaroa hampe, hona re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae? (Genese 50:​19-21)

4 U se ke oa jara batho ka pelo. Ha Josefa a sa le mocha, bo-abuti ba hae ba ile ba mo tšoara hampe. Ba ne ba mo hloile ’me ba bang ba bona ba ne ba bile ba batla ho mo bolaea. (Gen. 37:​4, 18-22) Ba ile ba qetella ba mo rekisitse hore e be lekhoba. Ka lebaka leo, Josefa o ile a kopana le liteko tse ngata ka lilemo tse ka bang 13. Josefa o ne a ka ’na a nahana hore Jehova ha a mo rate. Hape a ka be a ile a nahana hore Jehova o mo lahlile nakong eo a neng a mo hloka haholo. Josefa ha aa ka a koetla lehloeo. Ho e-na le hoo, o ile a khoba matšoafo. Ha aa ka a iphetetsa ho bo-abuti ba hae le hoja a ne a e-na le monyetla. Ho e-na le hoo, o ile a ba tšoarela ’me a ba bontša hore oa ba rata. (Gen. 45:​4, 5) Josefa o thusitsoe ke hore o ile a sebelisa kelello hantle. Ha aa ka a nahana ka mathata a hae empa o ile a nahana ka hore na Jehova o batla’ng. (Bala Genese 50:​19-21.) Re ithuta’ng tabeng ee? Haeba u tšoaroa hampe, u se ke oa koatela Jehova kapa oa nahana hore o u lahlile. Ho e-na le hoo, nahana ka hore na o u thusa joang hore u mamelle bothata boo. Ho feta moo, ha batho ba u tšoara hampe, u iphapanyetse liphoso tsa bona ka hore u ba rate.​—1 Pet. 4:8.

5. Miqueas o ile a sebelisa kelello ea hae hantle joang ha a ne a bona eka ha aa tšoaroa hantle?

5 Nahana ka mohlala oa moholo e mong ea tsoang Amerika Boroa eo lebitso la hae e leng Miqueas. b Ha a bua ka nako eo a neng a utloa eka bara ba bang ba bo rona ba nang le boikarabelo ka phuthehong ba ne ba mo tšoere hampe o re: “Ke ne ke qala ho imeloa hakaalo haesale e le ’na. Ke ne ke tšoenyehile. Ke ne ke sa robale bosiu, ke lla, ke utloa eka ha ho na ntho eo nka e etsang.” Ho ntse ho le joalo, Miqueas o ile a nahana lintho hantle ’me a sebetsa ka thata hore a khone ho laola maikutlo a hae. O ne a rapela Jehova hangata ’me a mo kopa hore a mo fe moea o halalelang le matla a hore a khone ho mamella. O ile a boela a batla lingoloa tsa rona tse ka mo thusang. Re ithuta’ng? Haeba u utloa eka mora kapa morali oa bo rona o u tšoere hampe, khoba matšoafo ’me u leke ho tlosa maikutlo a mabe ao e ka ’nang eaba u na le ’ona ka eena. E ka ’na eaba ha u tsebe ntho e entseng hore motho eo a bue kapa a etse lintho ka tsela eo a li entseng ka eona. Rapela Jehova ’me u mo kope hore a u thuse hore u bone lintho ka tsela eo motho eo a li bonang ka eona. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u bone hore e ka ’na eaba mora kapa morali oa bo rona o ne a sa ikemisetsa ho u utloisa bohloko le hore u khone ho mo tšoarela. (Liprov. 19:​11) Hopola hore Jehova o tseba boemo ba hao hantle ’me o tla u fa matla a hore u khone ho mamella.​—2 Likron. 16:9; Moek. 5:8.

HA RE KHALEMELOA

6. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho utloisisa hore Jehova o re khalemela hobane a re rata? (Baheberu 12:​5, 6, 11)

6 Re ka utloa bohloko ha re khalemeloa. Haeba re lula re nahana ka bohloko boo re bo utloileng, re ka qetella re nahana hore re khalemetsoe ka ho hloka toka le hore re ne re sa lokela ho khalemeloa kapa ha rea khalemeloa hantle. Sena se ka etsa hore re se ke ra bona ntho ea bohlokoa e leng hore Jehova o re khalemela hobane a re rata. (Bala Baheberu 12:​5, 6, 11.) Haeba re itumella hore re nkoe ke maikutlo, re fa Satane monyetla oa hore a re hlasele. O batla hore re se ke ra mamela ha re khalemeloa ’me ho hobe le ho feta ke hore o batla hore hanyane ka hanyane re tlohele ho sebeletsa Jehova le hore re furalle mokhatlo oa hae. U ka sebelisa kelello ea hao hantle joang ha u khalemeloa?

Jehova o ile a sebelisa Petrose hobane o ile a ikokobetsa ’me a mamela ha a khalemeloa (Sheba serapa sa 7)

7. (a) Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong, Jehova o ile a sebelisa Petrose joang ka mor’a hore a amohele khalemelo? (b) U ithuta’ng mohlaleng oa Petrose?

7 Amohela khalemelo ’me u etse liphetoho moo ho hlokahalang. Ka makhetlo Jesu o ile a khalemela Petrose ka pel’a baapostola ba bang. (Mar. 8:​33; Luka 22:​31-34) E ka ’na eaba Petrose o ile a soaba haholo. Leha ho le joalo, o ile a lula a tšepahalla Jesu. O ile a amohela ha a khalemeloa eaba o ithuta liphosong tsa hae. Qetellong, Jehova o ile a putsa Petrose hobane a ile a tšepahala ’me a mo fa boikarabelo ba bohlokoa ka phuthehong. (Joh. 21:​15-17; Lik. 10:​24-33; 1 Pet. 1:1) Re ithuta’ng mohlaleng oa Petrose? Re ka rua molemo haeba re sa lule re nahana ka hore na re ile ra tlotlolleha hakae ha re khalemeloa empa re amohele khalemelo ’me re etse liphetoho moo ho hlokahalang teng. Ha re etsa joalo, Jehova o tla re sebelisa ebile re tla thusa balumeli-’moho le rona.

8, 9. Bernardo o ile a ikutloa joang ka mor’a hore a khalemeloe, hona o ile a thusoa ke’ng hore a lokise tsela eo a neng a nahana ka eona?

8 Nahana ka se ileng sa etsahalla mor’abo rona Bernardo oa Mozambique. O ile a tlosoa hore e se ke ea hlola e e-ba moholo. Qalong Bernardo o ile a ikutloa joang? O re: “Ke ile ka koata hobane ke ne ke sa rate hore ebe ke khalemetsoe.” O ne a tšoenyehile ka hore na batho ba bang ka phuthehong ba tla mo nka joang. O re: “Ho nkile likhoeli tse ’maloa hore ke nke khalemelo ena ka tsela e nepahetseng le hore ke tšepe Jehova le mokhatlo oa hae hape.” Bernardo o ile a thusoa ke’ng?

9 Bernardo o ile a lokisa tsela eo a nahanang ka eona. O re: “Ha ke ne ke le moholo, ke ne ke sebelisa lengolo la Baheberu 12:7 ho thusa batho ba bang hore ba be le pono e nepahetseng ha Jehova a ba khalemela. Eaba kea ipotsa, ‘Ke mang ea lokelang ho etsa seo lengolo lee le se buang?’ Ke bahlanka bohle ba Jehova ho akareletsa le ’na.” Bernardo o ile a etsa lintho tse ling hape e le hore a boele a tšepe Jehova le mokhatlo oa hae. O ile a eketsa nako eo a e qetang a ntse a bala Bibele a bile a nahana ka lintho tseo a li balileng. Le hoja a ne a ntse a tšoenyehile ka hore na Bakreste-’moho le eena ba mo nka joang, o ile a ’na a sebetsa le bona tšimong a ba a nka karolo libokeng. Ha nako e ntse e e-ea o ile a boela a khethoa hore e be moholo. Haeba le uena u khalemetsoe, u se ke oa nahana haholo kamoo u soabileng kateng empa amohela khalemelo ebe u etsa liphetoho tse hlokahalang. c (Liprov. 8:​33; 22:4) Haeba u etsa joalo, Jehova o tla u putsa ka hore ebe u ile oa ba haufi le eena le phutheho ea hae ka botšepehi.

HA RE THATAFALLOA HO AMOHELA LIPHETOHO TSE ETSOANG KA MOKHATLONG

10. Ke phetoho efe e ileng ea ba teng eo e ka ’nang eaba e ile ea leka botšepehi ba Baiseraele ba bang?

10 Botšepehi ba rona bo ka lekoa ha ho e-ba le liphetoho ka mokhatlong. Ha re sa hlokomele re ka ba ra qetella re suthetse hole le Jehova. Mohlala, nahana kamoo liphetoho tse ling li ileng tsa ama Baiseraele kateng. Pele Jehova a fa Baiseraele Molao, lihlooho tsa malapa e ne e le tsona tse etsang mesebetsi e etsoang ke baprista. Li ne li haha lialetare li bile li etsetsa Jehova mahlabelo bakeng sa malapa a tsona. (Gen. 8:​20, 21; 12:7; 26:​25; 35:​1, 6, 7; Jobo 1:5) Empa ka mor’a hore ba fuoe Molao, lihlooho tsa malapa li ne li se li sa lumelloa ho etsa joalo. Jehova o ile a khetha baprista ho tsoa lelokong la Arone hore e be bona ba etsang mahlabelo. Ka mor’a hore ba fuoe Molao oo, hlooho ea lelapa eo e neng e se karolo ea leloko la Arone e ne e lokela ho bolaoa ha e ne e ka etsa mesebetsi ea baprista. d (Lev. 17:​3-6, 8, 9) Na ebe ho ka etsahala hore ebe phetoho ee ke eona e ileng ea etsa hore Kora, Dathane, Abirame le likhosana tse 250 li fetohele Moshe le Arone? (Num. 16:​1-3) Ha re tsebe. Ntho eo re e tsebang ke hore Kora le banna ba neng ba e-na le eena ha baa ka ba tšepahalla Jehova. U ka etsa’ng haeba ho e-ba le liphetoho tse lekang botšepehi ba hao ka mokhatlong?

Bakohathe ba ile ba amohela mesebetsi eo ba ileng ba e fuoa e leng ea ho ba libini, balebeli ba likeiti kapa ho sebetsa litorong (Sheba serapa sa 11)

11. Re ithuta’ng mohlaleng oa Bakohathe ba bang?

11 Tšehetsa liphetoho tse etsoang ka mokhatlong. Ha Baiseraele ba ntse ba tsamaea lefeelleng, Bakohathe ba ne ba fuoe mosebetsi oa bohlokoa haholo. Ha Baiseraele ba ne ba tloha sebakeng se itseng, Bakohathe ba bang ba ne ba jara areka ea selekane. (Num. 3:​29, 31; 10:​33; Josh. 3:​2-4) Oo e ne e le mosebetsi o ikhethang hakaakang! Empa lintho li ile tsa fetoha ha Baiseraele ba se ba le Naheng e Tšepisitsoeng. Areka e ne e se e sa hloke ho tlosoa sebakeng se seng e isoa ho se seng. Ha Solomone a busa, Bakohathe ba bang ba ne ba se ba khethuoe hore e be libini, ba bang e ne e le balebeli ba likeiti ’me ba bang bona ba ne ba sebetsa litorong. (1 Likron. 6:​31-33; 26:​1, 24) Ha ho na moo ho bontšoang hore Bakohathe ba ile ba belaella mesebetsi ea bona kapa hore ba ile ba batla mesebetsi e meng e hlahelletseng hobane ba ne ba e-na le mosebetsi o khethehileng pele. Re ithuta’ng? Re lokela ho tšehetsa liphetoho tse etsoang ka mokhatlong oa Jehova esita le haeba li ama mosebetsi oo re o fuoeng ka phuthehong. Thabela mosebetsi ofe kapa ofe oo o u fuoang. U hopole hore Jehova o re rata hobane re mo mamela eseng ka lebaka la mesebetsi eo re e etsang ka phuthehong.​—1 Sam. 15:22.

12. Zaina o ile a ikutloa joang ha a tlosoa Bethele ’me ho thoe a ee tšimong?

12 Nahana ka mohlala oa morali oa bo rona Zaina ea lulang Bochabela bo Hare, ea ileng a kopuoa ho tlohela mosebetsi oo a neng a o rata haholo. Ka mor’a hore a sebeletse Bethele ka lilemo tse fetang 23, o ile a kopuoa hore a ee tšimong. O re: “Ke ile ka makala haholo ha ho thoe ke ee tšimong. Ke ne ke ikutloa ke se na thuso hape ke ne ke ipotsa hore na ho na le ntho e phoso eo ke e entseng.” Ka bomalimabe, ba bang ba bara le barali ba bo rona ba phuthehong ba ne ba mo utloisa bohloko le ho feta ka hore ba re mokhatlo o ka be o sa mo tlosa Bethele haeba a ne a etsa mosebetsi oa hae hantle. Ka nako e telele, Zaina o ne a ikutloa a nyahame haholo ’me seo se ne se mo utloisa bohloko hoo a neng a lla bosiu bo bong le bo bong. O re: “Ha kea ka ka itumella hore ke nahane hore mokhatlo oa Jehova kapa Jehova ha a nthate.” Ke eng e ileng ea thusa Zaina hore a sebelise kelello ea hae hantle?

13. Zaina o ile a etsa’ng hore a tlohele ho nahana ka tsela eo a neng a nahana ka eona?

13 Zaina o ile a etsa’ng hore a tlohele ho nahana ka tsela eo a neng a nahana ka eona? O ile a bala lingoloa tsa rona tse buang ka bothata ba hae. Sehlooho se hlahang Molula-Qhooeng oa February 1, 2001 se reng “U ka Hlola ho Nyahama!” se ile sa mo thusa haholo. Sehlooho seo se bua ka mongoli e mong oa Bibele e leng Mareka, eo ho ka etsahalang hore ebe o ile a ba le maikutlo a tšoanang ha a ne a fuoa mosebetsi o mong. Zaina o re: “Mohlala oa Mareka e ne e le eona ntho eo ke neng ke hlile ke e hloka e le hore nka hlola ho nyahama.” Zaina ha aa ka a ikarola ho batho ba bang. O ne a qeta nako le metsoalle ea hae ebile o ne a sa ikutloele bohloko. O ile a hlokomela hore liqeto tseo mokhatlo o li etsang o li etsa o tataisoa ke moea o halalelang le hore bara ba bo rona ba etellang pele ba ne ba mo tsotella haholo. O ile a boela a hlokomela hore ntho ea bohlokoa mokhatlong oa Jehova ke hore mosebetsi oa Jehova o tsoele pele.

14. Ke phetoho efe eo mor’abo rona Vlado a ileng a thatafalloa ho e tšehetsa, hona o ile a thusoa ke’ng?

14 Moholo e mong eo lebitso la hae e leng Vlado ea lilemo li 73 ea lulang Slovenia o ile a utloa ho le thata hore a amohele qeto e neng e entsoe ea hore phutheho ea habo e kopanngoe le e ’ngoe ’me holo ea bona ea ’Muso e koaloe. O re: “Ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ho ne ho koaloa holo e ntle hakaalo ea ’Muso. Ke ne ke utloisoa bohloko ke hore re ne re sa tsoa lokisa holo eo. Kaha ke ’metli oa mapolanka, e ’ngoe ea thepa e neng e le ka holong eo e ne e entsoe ke ’na. Hape taba ea hore liphutheho li ne li tl’o kopanngoa e ile ea hloka hore rona bahoeletsi ba seng ba holile re etse liphetoho tse ngata.” Ke eng e ileng ea thusa mor’abo rona Vlado ho tšehetsa qeto eo? O re: “Ho tšehetsa liqeto tse entsoeng ke mokhatlo oa Jehova ho tlisa litlhohonolofatso kamehla. Liphetoho tseo li re lokisetsa liphetoho tse kholo le ho feta tse tla etsahala nakong e tlang.” Na u utloa ho le thata hore u amohele qeto ea hore liphutheho li kopanngoe kapa ea ho koptjoa hore u etse mosebetsi o fapaneng ka phuthehong? Kholiseha hore Jehova oa utloisisa hore na u ikutloa joang. Haeba u tšehetsa liqeto tse joalo ebile u ba haufi le Jehova le mokhatlo oo a o sebelisang u tla hlohonolofatsoa.​—Pes. 18:25.

SEBELISA KELELLO EA HAO HANTLE LINTHONG TSOHLE

15. Re ka sebelisa kelello ea rona hantle joang haeba re kopana le mathata ka phuthehong?

15 Ha lefatše lena le ntse le e-ea bofelong, re ka lebella ho kopana le mathata ka phuthehong. Mathata ao a ka etsa hore re thatafalloe ho lula re tšepahalla Jehova. Kahoo, re lokela ho sebelisa likelello tsa rona hantle. Haeba u utloa eka Mokreste-’moho le uena o u tšoere hampe, u se ke oa mo jara ka pelo. Haeba u khalemeloa, u se ke oa nahana kamoo u tlotlolotsoeng kateng empa u amohele khalemelo ’me u etse liphetoho moo ho hlokahalang teng. Hape ha mokhatlo oa Jehova o etsa liphetoho tse u amang, li amohele ’me u mamele tataiso e fanoang.

16. U ka lula u tšepa Jehova le mokhatlo oa hae joang?

16 U ka lula u tšepa Jehova le mokhatlo oa hae le ha botšepehi ba hao bo lekoa. E le hore u etse joalo u lokela ho sebelisa kelello ea hao hantle, e leng se bolelang hore u khobe matšoafo, u nahane hantle ’me u shebe lintho kamoo Jehova a li shebang kateng. Ithute ka mehlala ea batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ba ileng ba sebetsana le mathata a tšoanang le a hao ka katleho ebe u nahanisisa ka mehlala ea bona. Rapela Jehova e le hore a u thuse ’me u se ke oa ikarola ho phutheho. Joale ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng, Satane a ke ke a khona ho u arola le Jehova kapa mokhatlo oa hae.​—Jak. 4:7.

PINA EA 126 Falimehang, E-bang Sebete, Matlafalang

a Ka linako tse ling ho ka ba thata ho tšepahalla Jehova le mokhatlo oa hae, haholo-holo haeba ho e-na le ntho e etsahalang ka phuthehong e re utloisang bohloko. Sehloohong sena re tl’o bua ka lintho tse tharo tse ka re utloisang bohloko le hore na re ka etsa’ng e le hore re lule re tšepahalla Jehova le mokhatlo oa hae.

b Mabitso a mang a fetotsoe.

c U ka fumana lintlha tse ling tse ka u thusang sehloohong se reng “Na U Kile oa Sebeletsa? Na U ka Sebeletsa Hape?” se hlahang Molula-Qhooeng oa August 15, 2009, leqepheng la 30.

d Ho ea ka Molao, haeba hlooho ea lelapa e ne e batla ho hlaba phoofolo e le hore e tl’o jeoa, e ne e lokela ho e hlabela sehalalelong. Lihlooho tsa malapa tse neng li lula hole haholo le sehalalelo li ne li sa hloke ho latela molao ona.​—Deut. 12:21.