Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 48

Lula u Tšepile Jehova Linakong Tsa Mathata

Lula u Tšepile Jehova Linakong Tsa Mathata

“‘Le be sebete, . . . hobane ke na le lona,’ ke Jehova oa mabotho ea chong.”—HAG. 2:4.

PINA EA 118 Re Thuse ho ba le Tumelo

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1, 2. (a) Maemo a rona a tšoana joang le a Bajuda ba ileng ba khutlela Jerusalema? (b) Ke mathata afe ao Bajuda ba ileng ba kopana le ’ona? (Sheba lebokose le reng “ Mehla ea Hagai, Zakaria le Esdrase.”)

 NA KA linako tse ling u tšoenyeha ka bokamoso? Mohlomong u feletsoe ke mosebetsi ’me u tšoenyehile ka hore na u tla hlokomela lelapa la hao joang. Kapa e ka ’na eaba u tšoenyehile ka hore lelapa la hao le lule le sireletsehile hobane ho e-na le maemo a lipolotiki a sa tsitsang, mahloriso kapa hobane le hanyetsoa ka lebaka la ho etsa mosebetsi oa boboleli. Na u hlahetsoe ke a mang a mathata aa? Haeba ho joalo, u tla khothala ha u ithuta kamoo Jehova a ileng a thusa Baiseraele kateng ha ba ne ba hlahetsoe ke mathata a tšoanang le ao.

2 Bajuda ba neng ba phetse Babilona bophelo bohle ba bona ba ne ba hloka ho ba le tumelo e le hore ba siee bophelo bo monate boo ba neng ba bo phela ebe ba ea naheng eo boholo ba bona ba neng ba sa e tsebe hakaalo. Nakoana ka mor’a hore ba fihle, ba ile ba angoa ke mathata a moruo, maemo a lipolotiki a sa tsitsang hape ba hanyetsoa ke lira tsa bona. Ka lebaka leo, ba bang ba ile ba thatafalloa ke ho etsa hore mosebetsi oa ho tsosolosa tempele ea Jehova e be oona oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona. Ka hona, hoo e ka bang ka selemo sa 520 pele ho mehla ea Jesu, Jehova o ile a roma moprofeta Hagai le moprofeta Zakaria hore ba tsose Bajuda molota e le hore ba sebetse. (Hag. 1:1; Zak. 1:1) Joalokaha re tla bona, sechaba se ile sa fela sa tsoha molota ha se utloa khothatso ea baprofeta bana. Leha ho le joalo, lilemo tse ka bang 50 hamorao, Bajuda ba neng ba khutlile Babilona ba ile ba oa moea hape. Esdrase, mokopitsi ea hloahloa oa Molao o ile a tloha Babilona a ea Jerusalema e le hore a khothaletse batho ba Molimo hore ba etse hore borapeli ba ’nete e be ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona.—Esdr. 7:​1, 6.

3. Re tla araba lipotso life? (Liproverbia 22:19)

3 Boprofeta ba Hagai le Zakaria bo ile ba thusa batho ba Molimo mehleng ea khale hore ba lule ba tšepile Jehova ha ba hanyetsoa. Le rona bo ka re thusa hore re lule re tšepile hore Jehova o tla re thusa leha re e-na le mathata. (Bala Liproverbia 22:19.) Ha re ntse re hlahloba molaetsa oo Molimo a ileng a roma Hagai le Zakaria hore ba o fetise re bile re ntse re hlahloba mohlala oa Esdrase, re tla araba lipotso tsena: Mathata a hlahetseng Bajuda ba neng ba khutlile Babilona a ile a ba ama joang? Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa hore ho etsa thato ea Molimo e be ntho e tlang pele bophelong ba rona ha re e-na le mathata? Hape re ka etsa’ng hore re tšepe Jehova ha ho le thata?

MATHATA A ILE A AMA BAJUDA JOANG?

4, 5. E ka ’na eaba ke’ng e ileng ea etsa hore cheseho ea Bajuda ea ho haha tempele e fele?

4 Ha Bajuda ba fihla Jerusalema, ba ne ba e-na le mosebetsi o mongata. Hang-hang feela ba ile ba tsosolosa aletare ea Jehova le ho etsa motheo oa tempele. (Esdr. 3:​1-3, 10) Empa cheseho eo ba fihlileng ba e-na le eona e ile ea fela. Hobane’ng? Ntle le ho haha tempele, ba ne ba lokela ho ikahela matlo, ho lema masimo le ho fepa ba malapa a bona. (Esdr. 2:​68, 70) Ho ekelletsa moo, ba ile ba hanyetsoa ke lira tsa bona tse ileng tsa rera ho emisa mosebetsi oa ho tsosolosa tempele.—Esdr. 4:​1-5.

5 Bajuda bana ba ile ba boela ba angoa ke maemo a sa tsitsang a moruo le a lipolotiki. Naha ea bona e ne e se e busoa ke ’Muso oa Persia. Ka mor’a hore Morena Saeruse oa Persia a shoe ka selemo sa 530 pele ho mehla ea Jesu, mohlahlami oa hae Cambyses o ile a tsoa letšolo la ho hapa Egepeta. Ho ka etsahala hore ebe ha masole a hae a le tseleng e eang Egepeta, a ile a batla lijo, metsi le bolulo ho Baiseraele, e leng ntho e ileng ea ba bakela mathata le ho feta. Qalong ea puso ea mohlahlami oa Cambyses, e leng Dariuse oa Pele, ho ne ho tletse borabele le merusu e mengata ea lipolotiki. Ho hlakile hore maemo ana a ile a etsa hore Bajuda ba bangata ba khutlileng Babilona ba tšoenyehe ka hore na ba tla hlokomela malapa a bona joang. Ka lebaka la mathata ana ’ohle, Bajuda ba bang ba ile ba nahana hore e ne e se nako e nepahetseng ea ho tsosolosa tempele ea Jehova.—Hag. 1:2.

6. Ho ea ka Zakaria 4:​6, 7, ke mathata afe a mang ao Bajuda ba ileng ba kopana le ’ona, hona Zakaria o ile a ba khothatsa ka ho re’ng?

6 Bala Zakaria 4:​6, 7. Ntle le mathata a moruo le maemo a sa tsitsang a lipolotiki, Bajuda ba ne ba boetse ba tlameha ho mamella ho hlorisoa. Ka selemo sa 522 pele ho mehla ea Jesu, lira tsa bona li ile tsa atleha ho etsa hore ’muso o ba thibele ho tsosolosa tempele ea Jehova. Empa Zakaria o ile a kholisa Bajuda hore Jehova o tla sebelisa moea oa hae o matla ho tlosa litšitiso tsohle tseo ba nang le tsona. Ka selemo sa 520 pele ho mehla ea Jesu, Morena Dariuse o ile a lokolla Bajuda hore ba tsoele pele ho tsosolosa tempele a ba a ba fa chelete. O ile a laela le babusisi hore ba ba thuse.—Esdr. 6:​1, 6-10.

7. Bajuda ba ile ba fumana litlhohonolofatso life ha ba ne ba eteletsa mosebetsi oa Molimo pele?

 7 Jehova o ile a sebelisa Hagai le Zakaria ho tšepisa batho ba hae hore o tla ba tšehetsa haeba ba ka etsa hore ho tsosolosa tempele e be eona ntho e tlang pele bophelong ba bona. (Hag. 1:​8, 13, 14; Zak. 1:​3, 16) Bajuda ba khutlileng Babilona ba ile ba khothatsoa ke mantsoe a baprofeta bao ’me ba tsoela pele ho tsosolosa tempele ka selemo sa 520 pele ho mehla ea Jesu eaba ba e qeta le pele ho feta lilemo tse hlano. Kaha ba ile ba eteletsa mosebetsi oa Molimo pele leha ba ne ba e-na le mathata a mangata, Jehova o ile a ba thusa ka ho ba fa lintho tseo ba li hlokang e le hore ba ’ne ba phele le ho ba thusa hore ba lule ba le haufi le eena. Ka lebaka leo, ba ile ba sebeletsa Jehova ba thabile.—Esdr. 6:​14-16, 22.

ETSA HORE THATO EA MOLIMO E TLE PELE BOPHELONG BA HAO

8. Mantsoe a Hagai 2:4 a ka re thusa joang hore re eteletse thato ea Molimo pele? (Sheba naletsana.)

8 Ha mahlomola a maholo a ntse a atamela, rea hlokomela hore ho bohlokoa ho feta leha e le neng pele hore re mamele taelo ea hore re bolele litaba tse monate tsa ’Muso. (Mar. 13:10) Leha ho le joalo, ho ka ’na ha e-ba thata ho etsa hore mosebetsi oo o tle pele haeba re e-na le mathata a lichelete kapa re hanyetsoa. Ke’ng e tla re thusa ho etsa hore mosebetsi oa Molimo o tle pele bophelong ba rona? Ke ho lula re kholisehile hore “Jehova oa mabotho” b o ka lehlakoreng la rona. O tla re tšehetsa haeba re tsoela pele ho etsa hore thato ea hae e tle pele ho lintho tseo rona re li batlang. Kahoo, ha re na lebaka la ho tšoha.—Bala Hagai 2:4.

9, 10. Banyalani ba bang ba ile ba bona joang hore mantsoe a Jesu a hlahang ho Matheu 6:33 ke ’nete?

9 Hlokomela mohlala oa banyalani ba bo-pula-maliboho, e leng Oleg le Irina. c Ka mor’a hore ba fallele phuthehong e neng e hloka thuso sebakeng se seng, ba ile ba felloa ke mosebetsi ka lebaka la mathata a moruo a neng a ntse a mpefala naheng eo ba neng ba lula ho eona. Le hoja ba ile ba qeta selemo kaofela ba se na mosebetsi o tsitsitseng, ba ile ba bona ka makhetlo hore Jehova oa ba rata le ho ba tšehetsa. Hape ka linako tse ling ba ile ba thusoa ke bara le barali ba bo bona. Ke’ng e ileng ea ba thusa ho mamella mathata ao? Le hoja qalong Oleg a ile a ba le khatello ea maikutlo, o re: “Ho lula re phathahane ka mosebetsi oa Molimo ho ile ha re thusa hore re etse hore e be oona o tlang pele.” Ha eena le mosali oa hae ba ntse ba tsoela pele ho batla mosebetsi, ba ile ba lula ba phathahane ka mosebetsi oa Molimo.

10 Ka le leng ha ba fihla hae ba tsoa tšimong, ba ile ba fumana hore motsoalle e mong oa bona o ne a tsamaile lik’hilomithara tse ka bang 160 a ba tliselitse mekotla e ’meli e tšetseng lijo le lintho tse ling tseo ba li hlokang. Oleg o re: “Letsatsing leo, re ile ra boela ra bona hore Jehova le Bakreste-’moho le rona ba re tsotella haholo. Re kholisehile hore le ka mohla Jehova a ke ke a lebala bahlanka ba hae, ho sa tsotellehe hore na maemo a bona a bonahala a le boima hakae.”—Mat. 6:33.

11. Ke eng eo re ka kholisehang ka eona haeba re etsa hore mosebetsi oa Molimo o tle pele bophelong ba rona?

11 Jehova o batla hore re eteletse pele mosebetsi o pholosang bophelo oa ho etsa batho barutuoa. Joalokaha ho boletsoe  serapeng sa bosupa, Hagai o ile a khothaletsa batho ba Jehova hore ba qalelle ho sebeletsa Jehova hape, joalokaha eka ba haha tempele bocha. Ha ba ne ba ka etsa joalo, Jehova o ile a ba tšepisa hore ‘o tla ba hlohonolofatsa.’ (Hag. 2:​18, 19) Le rona re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa haeba re etsa hore mosebetsi oo a re fileng oona o tle pele bophelong ba rona.

RE KA ETSA’NG HORE RE TŠEPE JEHOVA HAHOLOANYANE?

12. Ke hobane’ng ha Esdrase le Bajuda ba neng ba tsamaea le eena ba ne ba hloka ho ba le tumelo e matla?

12 Ka selemo sa 468 pele ho mehla ea Jesu, Esdrase o ile a tsamaea le sehlopha sa bobeli sa Bajuda se neng se tloha Babilona se ea Jerusalema. Esdrase le Bajuda ba neng ba e-na le eena ba ne ba hloka ho ba le tumelo e matla e le hore ba nke leeto leo. Ba ne ba tlil’o tsamaea litseleng tse kotsi, ba nkile khauta le silevera e ngata e neng e nehetsoe bakeng sa tempele. Ka lebaka leo, ba ne ba ka hlaseloa ke masholu habonolo feela. (Esdr. 7:​12-16; 8:31) Hamorao, ba ile ba hlokomela hore Jerusalema le teng ho ne ho sa sireletseha. Motse o ne o se na baahi ba bangata, le marako le likeiti tsa oona li ne li hloka ho lokisoa. Re ka ithuta’ng ho Esdrase e ka re thusang ho tšepa Jehova haholoanyane?

13. Ke eng e ileng ea etsa hore Esdrase a tšepe Jehova haholo? (Sheba naletsana.)

13 Esdrase o ne a bone kamoo Jehova a thusang batho ba hae kateng ha ba le mathateng. Lilemo tse ’maloa pele ho moo, ka selemo sa 484 pele ho mehla ea Jesu, ho ka etsahala hore Esdrase o ne a lula Babilona ha Morena Asueruse a ntša taelo ea hore Bajuda bohle ba tlas’a ’Muso oa Persia ba bolaoe. (Esth. 3:​7, 13-15) Bophelo ba Esdrase bo ne bo le tsietsing. Ha eena le Bajuda bohle “liprofinseng tsohle” ba utloa ka taba eo, ba ile ba itima lijo le ho lla. E tlameha ebe ba ile ba rapela Jehova ho mo kopa hore a ba tataise. (Esth. 4:3) Nahana hore na Esdrase le Bajuda ba bang ba ile ba ikutloa joang ha batho ba neng ba batla ho ba bolaea e se e le bona ba bolaoang. (Esth. 9:​1, 2) Taba ena e ileng ea etsahalla Bajuda e ile ea matlafatsa tšepo ea Esdrase ea hore Jehova o khona ho sireletsa batho ba hae le ho etsa hore ba be malala-a-laotsoe bakeng sa mathata a neng a tla ba hlahela nakong e tlang. d

14. Morali oa bo rona e mong o ile a ithuta eng ha Jehova a mo hlokomela linakong tse thata?

14 Ha re bona Jehova a re hlokomela linakong tse thata, re mo tšepa le ho feta. Nahana ka mohlala oa Anastasia ea lulang Europe Bochabela. O ile a tlohela mosebetsi oa hae e le hore a se ke a kenella lipolotiking. O re: “Ke ne ke qala ho hloka chelete bophelong.” Hape o re: “Ke ile ka tlohela lintho matsohong a Jehova eaba ke bona tsela e lerato eo a ileng a ntlhokomela ka eona. Haeba ho ka etsahala hore ke lahleheloe ke mosebetsi hape, nke ke ka tšoha. Haeba Ntate oa ka ea leholimong a ntlhokomela letsatsing lena, o tla ntlhokomela le hosane.”

15. Ke’ng e ileng ea thusa Esdrase hore a lule a tšepa Jehova? (Esdrase 7:​27, 28)

15 Esdrase o ile a hlokomela hore Jehova o ne a e-na le eena. Esdrase o ile a lula a tšepa Jehova ha a nahanisisa ka linako tseo Jehova a ileng a mo thusa ka tsona. Hlokomela hore o ile a re: “Jehova Molimo oa ka o ne a e-na le ’na.” (Bala Esdrase 7:​27, 28.) Esdrase o ile a bua mantsoe a tšoanang ka makhetlo a tšeletseng bukeng e reheletsoeng ka eena.—Esdr. 7:​6, 9; 8:​18, 22, 31.

Ke maemong afe moo re ka bonang ka ho hlaka hore Molimo oa re thusa? (Sheba serapa sa 16) e

16. Ke maemong afe moo re ka bonang ka ho hlaka hore Molimo oa re thusa? (Sheba setšoantšo.)

16 Jehova a ka re thusa ha re kopana le boemo bo boima. Ka mohlala, re ka bona kamoo Jehova a re thusang kateng ha re kopa mohiri oa rona nako ea ho ea kopanong kapa ha re kopa ho sebetsa lihora tse sa tloaelehang e le hore re khone ho ea libokeng. Re ka makatsoa ke karabo eo re ka ’nang ra e fumana. Seo se ka fella ka hore re tšepe Jehova le ho feta.

Esdrase o tempeleng oa rapela ebile o llisoa ke libe tsa sechaba sa habo. Sechaba le sona sea lla. Ka mor’a moo, Shekania o tšelisa Esdrase ka ho re: “Ho ntse ho e-⁠na le tšepo bakeng sa Iseraele. . . . Re na le uena.”​—⁠Esdr. 10:​2, 4 (Sheba serapa sa 17)

17. Esdrase o ile a bontša joang hore o ikokobelitse ha ho ne ho le thata? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

17 Ka boikokobetso, Esdrase o ile a rapella thuso ea Jehova. Nako eohle ha a ne a ikutloa a imetsoe ke mosebetsi oo a neng a tšoanela ho o etsa, o ne a rapela Jehova ka boikokobetso. (Esdr. 8:​21-23; 9:​3-5) Kaha Esdrase o ne a tšepile Jehova, batho ba neng ba mo potolohile ba ne ba ikemiselitse ho mo tšehetsa le ho etsisa tumelo ea hae. (Esdr. 10:​1-4) Ha re tšoenyehile haholo ka lintho tseo re li hlokang hore re phele kapa tšireletseho ea malapa a rona, re lokela ho rapela Jehova re tšepile hore o tla re thusa.

18. Ke’ng e tla re thusa ho tšepa Jehova haholoanyane?

18 Haeba ka boikokobetso re kopa Jehova hore a re thuse re bile re amohela thuso ea Bakreste-’moho le rona, re tla tšepa Molimo le ho feta. Morali oa bo rona Erika o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo hlokomela leha a ne a tobane le mathata a boima. O ile a hlokahalloa ke ngoana ea e-s’o hlahe le monna ka nako e khutšoanyane. Ha a hetla morao, o re: “U ke ke oa tseba esale pele hore na Jehova o tla u thusa joang. A ka u thusa ka litsela tseo u sa li lebellang. Ke ithutile hore Jehova o ile a arabela lithapelo tsa ka a sebelisa mantsoe le liketso tsa metsoalle ea ka. Ha ke bua le metsoalle ea ka ka bolokolohi, ho bonolo hore e nthuse.”

LULA U TŠEPA JEHOVA HO FIHLELA QETELLONG

19, 20. Re ithuta’ng ho Bajuda ba sa kang ba khona ho khutlela Jerusalema?

19 Re ka boela ra ithuta thuto ea bohlokoa ho Bajuda ba sa kang ba khona ho khutlela Jerusalema. Ba bang ba bona ba ne ba sa khone ho khutlela Jerusalema ka lebaka la ho tsofala, ho kula kapa maemo a bona a lelapa. Ho ntse ho le joalo, ka ho rata ba ile ba tšehetsa ba neng ba khutlela Jerusalema ka ho ba fa lintho tse neng li tla hlokahala bakeng sa tempele. (Esdr. 1:​5, 6) Ho bonahala eka le ka mor’a lilemo tse 19 sehlopha sa pele sa Bajuda se khutletse Jerusalema, Bajuda bao ba setseng Babilona ba ne ba ntse ba ithaopela ho fana ka menehelo e eang Jerusalema.—Zak. 6:10.

20 Le haeba re sa khone ho etsa lintho tsohle tseo re batlang ho li etsa ha re ntse re sebeletsa Molimo, re ka kholiseha hore Jehova o ananela boiteko bohle boo re bo etsang ba ho mo khahlisa. Re tseba seo joang? Mehleng ea Zakaria, Jehova o ile a kopa Zakaria hore a etse korone ka khauta le silevera tse romeletsoeng Jerusalema ke Bajuda ba neng ba setse Babilona. (Zak. 6:11) ‘Korone eo e kholo’ e ne e tla ba “sehopotso” sa menehelo eo Bajuda bao ba faneng ka eona ka ho rata. (Zak. 6:​14, nal.) Re ka kholiseha hore Jehova a ke ke a lebala boiteko boo re bo etsang ka pelo eohle ba ho mo sebeletsa leha ho le thata.—Baheb. 6:10.

21. Re tla thusoa ke eng ho lula re tšepile Jehova ho sa tsotellehe hore na re tla hlaheloa ke eng nakong e tlang?

21 Joang kapa joang re tla lula re kopana le mathata mehleng ena ea bofelo ’me maemo a ka ’na a mpefala le ho feta nakong e tlang. (2 Tim. 3:​1, 13) Leha ho le joalo, ha rea lokela ho tšoenyeha ho tlola. Re hopole hore mehleng ea Hagai, Jehova o ile a re ho batho ba hae: “Ke na le lona . . . Le se ke la tšoha.” (Hag. 2:​4, 5) Le rona re ka kholiseha hore Jehova o tla ba le rona hafeela re etsa sohle seo re ka se khonang ho etsa thato ea hae. Ha re sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona boprofeteng ba Hagai le Zakaria le mohlaleng oa Esdrase, re tla lula re tšepile Jehova ho sa tsotellehe hore na ke mathata afe a ka re hlahelang nakong e tlang.

PINA EA 122 E-bang Sebete ’Me le be Matla

a Sehlooho sena se etselitsoe ho re thusa ho tšepa Jehova haholoanyane ha re e-na le mathata a lichelete, ha ho e-na le maemo a lipolotiki a sa tsitsang kapa ha re hanyetsoa hobane re etsa mosebetsi oa boboleli.

b Poleloana e reng “Jehova oa mabotho” e hlaha ka makhetlo a 14 bukeng ea Hagai. E ne e hopotsa Bajuda ’me le rona ea re hopotsa kajeno hore Jehova o na le matla a sa lekanyetsoang ebile o laola mabotho a maholo a mangeloi.—Pes. 103:​20, 21.

c Mabitso a mang a fetotsoe.

d Kaha Esdrase e ne e le mokopitsi ea hloahloa oa Molao oa Molimo, o ne a se a ntse a tšepa boprofeta ba Jehova le pele a ea Jerusalema.—2 Likron. 36:​22, 23; Esdr. 7:​6, 9, 10; Jer. 29:14.

e TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o kopa ho ea kopanong ho mohiri oa hae empa oa hana. O rapela Jehova hore a mo thuse le ho mo tataisa ha a ntse a itokisetsa ho bua le mohiri oa hae hape. O bontša mohiri oa hae memo ea kopano ebe oa mo hlalosetsa hore Bibele e re etsa batho ba molemo. Mohiri oa hae o khahloa ke litaba tsena ebe o fetola maikutlo.