Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 47

PINA EA 103 Molimo o re File Balisa

Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Baholo?

Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Baholo?

“Haeba monna a etsa boiteko ba ho ba molebeli, o lakatsa mosebetsi o motle.”1 TIM. 3:1.

NTLHA-KHOLO

Sehloohong sena, re tl’o bua ka litšoaneleho tseo bara ba bo rona ba lokelang ho ba le tsona e le hore e ka ba baholo.

1, 2. “Mosebetsi o motle” oo moholo a o etsang o akarelletsa eng?

 HAEBA u se u e-na le nako u le mohlanka ea sebeletsang, e ka ’na eaba u sebelitse ka thata ho ba le litšoaneleho tse hlokahalang hore u be moholo. Kahoo, etsa boiteko ba ho etsa “mosebetsi o motle” oo baholo ba o etsang.—1 Tim. 3:1.

2 Mosebetsi oa moholo o akarelletsa eng? O akarelletsa ho bolela litaba tse monate ka cheseho le phutheho, ho etsa maeto a bolisa, ho ruta le ho sebetsa ka thata ho khothatsa ba bang ka phuthehong ka seo a se buang le seo a se etsang. Ha ho makatse hore ebe Bibele e bitsa baholo bana ba sebetsang ka thata “limpho e leng banna.”—Baef. 4:8.

3. Mor’abo rona a ka etsa’ng hore a tšoanelehe ho ba moholo? (1 Timothea 3:​1-7; Tite 1:​5-9)

3 U ka etsa’ng hore u tšoanelehe ho ba moholo? Lintho tse hlokahalang hore motho a tšoanelehe ho ba moholo li fapane hole le lintho tse hlokahalang ha motho a batla mosebetsi oa boipheliso. Hangata e le hore motho a fumane mosebetsi, ho hlokahala feela hore a tsebe ho etsa mosebetsi oo a o hiretsoeng. Ho fapana le hoo, e le hore u khetheloe ho ba moholo, ho hlokahala ho fetang feela ho ba le tsebo ea ho bolela le ea ho ruta. U boetse u hloka ho ba le litšoaneleho tsa Mangolo tse hlahang ho 1 Timothea 3:​1-7 le Tite 1:​5-9. (E bale.) Sehlooho sena se tl’o bua ka tse ling tsa litšoaneleho tse hlahang litemaneng tsena. Re tl’o bua ka hore na mor’abo rona a ka etsa’ng e le hore a be le botumo bo botle, ebe hlooho ea lelapa e molemo le hore a ikemisetse ho sebeletsa phutheho.

E-BA LE BOTUMO BO BOTLE

4. Ho bolela eng ‘ho phela ka tsela eo ho seng motho ea ka u tšoaeang phoso’?

4 E le hore u tšoanelehe ho ba moholo, u lokela ‘ho phela ka tsela eo ho seng motho ea ka u tšoaeang phoso.’ Sena se bolela hore Bakreste-’moho baa u hlompha hobane u itšoere hantle ebile ha ho letho leo ba ka u tšoaeang phoso ka lona. Ho ekelletsa moo, u lokela “ho ba motho ea buuoang hantle ke batho bao e seng balumeli.” Ke ’nete hore batho ba sa sebeletseng Jehova ba ka ’na ba nyatsa lintho tseo re li lumelang, empa ha oa lokela ho ba fa lebaka la ho belaella botšepehi kapa boitšoaro ba hao. (Dan. 6:​4, 5) Ipotse, ‘Na ke na le botumo bo botle ka phuthehong le ho batho ba sa sebeletseng Jehova?’

5. U ka bontša joang hore u motho “ea ratang ho etsa lintho tse lokileng”?

5 Haeba u ‘rata ho etsa lintho tse lokileng,’ u tla sheba makhabane ho batho ’me u ba babatse. U boetse u thabela ho etsetsa batho lintho tse molemo, le tseo ba neng ba sa li lebella. (1 Bathes. 2:8) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore moholo e be motho ea ratang ho etsa lintho tse lokileng? Hobane o tla thabela ho sebelisa nako ea hae e ngata a etsa maeto a bolisa le ho etsa mesebetsi e meng ka phuthehong. (1 Pet. 5:​1-3) Le hoja ho hloka boitelo ho etsa mesebetsi eo, thabo e tlisoang ke ho sebeletsa ba bang, e feta hole lintho tseo re li tetseng.—Lik. 20:35.

6. Ho bolela eng ho ba “motho ea amohelang baeti”? (Baheberu 13:​2, 16; sheba setšoantšo.)

6 U ka bontša hore u “motho ea amohelang baeti” ka hore u etsetse ba bang lintho tse molemo, ho akarelletsa le bao eseng metsoalle ea hao. (1 Pet. 4:9) Buka e ’ngoe e hlalosang Bibele e re motho ea amohelang baeti, o mosa le ho batho bao a sa ba tsebeng ’me o thabela ho ba memela ha hae. Ipotse, ‘Na ke tsebahala ke le motho ea amohelang baeti?’ (Bala Baheberu 13:​2, 16.) Mor’abo rona ea amohelang baeti, o bontša mosa ho baeti bohle bao a ba memang, ho sa tsotellehe hore na ba futsanehile, ke ba tsoang liphuthehong tse ka ntle ho tl’o fana ka lipuo kapa ba sebetsang ka thata ho khothatsa liphutheho joaloka balebeli ba potoloho.—Gen. 18:​2-8; Liprov. 3:27; Luka 14:​13, 14; Lik. 16:15; Bar. 12:13.

Banyalani ba ratang ho amohela baeti, ba amohela molebeli ea tsamaeang le mosali oa hae ha bona (Sheba serapa sa 6)


7. Ho bolela eng ho ba moholo ea sa ‘rateng chelete’?

7 “A se ke a rata chelete.” Sena se bolela hore ha u motho ea ratang chelete le maruo. U etsa hore ho sebeletsa Jehova ebe eona ntho e tlang pele bophelong ba hao, ho sa tsotellehe hore na u mofutsana kapa u morui. (Mat. 6:33) U sebelisa nako, matla le lintho tseo u nang le tsona ho sebeletsa Jehova, ho hlokomela lelapa la hao le ho thusa ba bang ka phuthehong. (Mat. 6:24; 1 Joh. 2:​15-17) Ipotse: ‘Ke nka chelete e le ea bohlokoa hakae ho ’na? Na ke khotsofalletse lintho tsa motheo tseo ke nang le tsona? Kapa na ke amehile ka ho ba le chelete e ngata le ho ba morui?’—1 Tim. 6:​6, 17-19.

8. U ka bontša joang hore u motho ea nang ‘le teka-tekano linthong tsohle tseo u li etsang’ ebile u motho “ea itšoarang”?

8 Haeba u motho ea nang ‘le teka-tekano linthong tsohle tseo u li etsang’ ebile u motho “ea itšoarang,” u ke ke oa etsa lintho ka tsela e feteletseng. Ka mohlala, ha u je kapa hona ho noa haholo. U apara le ho itlhopha ka tsela e loketseng, ebile u khetha boithabiso hantle. Ha u phele ka tsela e tšoanang le ea batho ba sa sebeletseng Jehova. (Luka 21:34; Jak. 4:4) U lula u khobile matšoafo leha batho ba bang ba u halefisa. Ha u “letahoa” hape ha u tsebahale u le motho ea noang haholo. Ipotse, ‘Na tsela eo ke phelang ka eona e bontša hore ke motho ea nang le teka-tekano linthong tsohle tseo ke li etsang ebile ke motho ea itšoarang?’

9. Ho bolela eng ho ba motho ea nang “le kelello” le ‘ea hlophisehileng’?

9 Haeba u na “le kelello” kapa u hlaphohetsoe kelellong, u nahana ka melao-motheo ea Bibele ha u hlahloba maemo a fapaneng bophelong. U nahanisisa ka botebo ka molao-motheo oa Bibele o amang boemo boo u leng ho bona ’me ka mor’a ho o utloisisa u khona ho etsa qeto e bohlale. Ha u potlakele ho etsa qeto u e-s’o ka u e-ba le lintlha tse feletseng. Ho e-na le hoo, u etsa bonnete ba hore u na le lintlha tse feletseng. (Liprov. 18:13) Seo se tla etsa hore u etse liqeto tse bohlale, tse lumellanang le tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Haeba u le motho ‘ea hlophisehileng,’ u etsa lintho ka nako le ka tsela e laolehileng. U tsebahala u le motho ea ka tšeptjoang le ea latelang tataiso. Litšoaneleho tsena li tla etsa hore u be motho ea nang le botumo bo botle. Hona joale, a re bueng ka litšoaneleho tsa Mangolo tse buang ka ho beha mohlala o motle joaloka hlooho ea lelapa.

BEHA MOHLALA O MOTLE JOALOKA HLOOHO EA LELAPA

10. Ho bolela eng ho ba monna ea laolang “lelapa la hae hantle”?

10 Haeba u hlooho ea lelapa ’me u batla ho tšoaneleha ho ba moholo, botumo ba lelapa la hao bo ama litšoaneleho tsa hao. Kahoo, u lokela ho ba “motho ea laolang lelapa la [hao] hantle.” Sena se bolela hore u lokela ho tsebahala u le monna ea lerato le ea etsang liqeto tse nepahetseng bakeng sa lelapa la hae. Taba ena e boetse e bolela hore u tšoara borapeli ba lelapa kamehla, u etsa bonnete ba hore lelapa la hao le ea libokeng hape u le thusa hore le sebetse ka thata mosebetsing oa boboleli. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho etsa lintho tsee? Moapostola Pauluse o ile a re: “Motho a ka hlokomela phutheho ea Molimo joang empa a sitoa ho laola lelapa la hae?”—1 Tim. 3:5.

11, 12. Ke hobane’ng ha bana ba mor’abo rona ba lokela ho itšoara hantle haeba mor’abo rona a batla ho tšoaneleha ho ba moholo? (Sheba setšoantšo.)

11 Haeba u ntate ea nang le bana ba ka tlase ho lilemo tse 18 ’me ba le tlas’a tlhokomelo ea hao, e lokela ho ba “bana ba mamelang le ba itšoereng hantle.” U lokela ho ba ruta le ho ba koetlisa ka lerato. Ho hlakile hore u batla ba thabe, ba tšehe ’me ba bapale joaloka bana ba bang. Empa u lokela ho ba ruta hore ba u mamele, ba hlomphe batho ba bang le hore ba itšoare hantle. U boetse u lokela ho sebetsa ka thata ho thusa bana ba hao hore ba be le kamano e ntle le Jehova, ba sebelise seo ba ithutang sona ka Bibeleng le hore ba qetelle ba kolobelitsoe.

12 “Bana ba hae e be balumeli ba sa tsebahaleng ka ho ba hlaha kapa ho ba marabele.” Haeba ngoana eo e leng mohoeletsi ea sa kolobetsoang kapa ea kolobelitsoeng ea ntseng a lula habo a etsa sebe se tebileng, litšoaneleho tsa ntate oa hae li tl’o ameha joang? Haeba ntate a sa ka a ruta, a khalemela kapa hona ho koetlisa ngoana oa hae, ho ka ’na ha etsahala hore a se ke a tšoaneleha ho ba moholo.—Sheba Molula-Qhooa oa October 15, 1996, leq. 21, lir. 6-7.

Bo-ntate ba koetlisa bana ba bona e le hore ba sebeletse Jehova le ho etsa mesebetsi e meng ka phuthehong (Sheba serapa sa 11)


HLOKOMELA PHUTHEHO

13. U ka bontša joang hore ha u “manganga” ebile ha u ‘tsitlelle thato ea hao’?

13 Bara ba bo rona ba nang le makhabane a Bokreste, ke ba bohlokoa ka phuthehong. Mor’abo rona ‘ea seng manganga’ o sebetsa ka thata ho bopa khotso le ho thusa ba bang hore ba be le khotso. O boetse o mamela batho ba bang le ho leka ho utloisisa hore na ba ikutloa joang. Haeba le le sebokeng sa baholo ’me ho etsoa qeto e sa hananeng le melao-motheo ea Bibele, na u tla e tšehetsa le haeba u e-na le maikutlo a fapaneng? Ho ba ea ‘sa tsitlelleng thato ea hae’ ho bolela hore ha u hatelle ba bang hore ba lumellane le maikutlo a hao. Oa tseba hore ho bohlokoa ho mamela maikutlo a batho ba bang. (Gen. 13:​8, 9; Liprov. 15:22) Ha u ‘rate ho pheha khang’ kapa “ho halefa.” Sena se bolela hore u hlompha ba bang ebile ha u rate ho ngangisana le bona, ho e-na le hoo u ba tšoara ka mosa. Joaloka motho ea nang le khotso, u sebetsa ka thata ho bopa khotso le batho ba bang le maemong a thata. (Jak. 3:​17, 18) Mantsoe a hao a mosa a tla thusa ba bang hore ba khobe matšoafo, ho akarelletsa le bahanyetsi ba rona.—Baahl. 8:​1-3; Liprov. 20:3; 25:15; Mat. 5:​23, 24.

14. Ho bolela’ng ho ‘se be motho eo e sa tsoa ba Mokreste’ le “ea tšepahalang”?

14 Mor’abo rona ea tšoanelehang ho ba moholo ha ea lokela ho ba “motho eo e sa tsoa ba Mokreste.” Ha ho hlokahale hore u be le lilemo tse ngata u kolobelitsoe, empa u hloka nako e le hore u be Mokreste ea holileng tsebong. Joaloka Jesu, u lokela ho ba motho ea ikokobelitseng le ea thabelang ho sebelisoa ke Jehova ka tsela leha e le efe. U tla ba le mamello ’me u letele Jehova hore a u fe mesebetsi e eketsehileng ka phuthehong. (Mat. 20:23; Bafil. 2:​5-8) U bontša hore ‘oa tšepahala’ ha u khomarela Jehova ka hore u phele tumellanong le melao ea hae le ka hore u latele tataiso e tsoang mokhatlong oa hae.—1 Tim. 4:15.

15. Na ke setlamo hore moholo e be sebui se hloahloa? Hlalosa.

15 Mangolo a bontša ka ho hlaka hore molebeli o lokela hore “a khone ho ruta.” Na see se bolela hore u lokela ho ba sebui se hloahloa? Che. Ha se baholo bohle bao e leng libui tse hloahloa. Leha ho le joalo, baholo ba lokela ho tseba ho sebelisa Bibele hantle ha ba ruta tšimong le ha ba khothatsa bara le barali ba bo rona maetong a bolisa. (Bapisa 1 Bakorinthe 12:​28, 29 le Baefese 4:11.) Ho ntse ho le joalo, u lokela ho sebetsa ka thata ho ntlafatsa bokhoni ba hao ba ho ruta. U ka thusoa ke eng e le hore u atlehe ho ntlafatsa?

16. U ka etsa’ng hore u be mosuoe ea atlehang? (Sheba setšoantšo.)

16 “Tsela eo a rutang ka eona e be tumellanong le lentsoe le tšepahalang.” E le hore u be mosuoe ea atlehang, etsa bonnete ba hore ka linako tsohle lintho tseo u li buang ha u ruta kapa u fa bara le barali ba bo rona keletso, li tumellanong le Bibele. Kahoo, hore u atlehe, u lokela ho ithuta Bibele le lingoloa tse thehiloeng ho eona. (Liprov. 15:28; 16:23) Ha u ntse u ithuta, hlokomela kamoo lingoloa tsa Bibele li hlalosang litemana kateng, e le hore u ka li sebelisa ka tsela e nepahetseng. Hape ha u ntse u ruta, leka ka matla ho finyella lipelo tsa bamameli. U ka ntlafatsa tsela eo u rutang ka eona ka hore u kope thuso ho baholo ba nang le phihlelo le ho sebelisa litlhahiso tseo ba u fang tsona. (1 Tim. 5:17) Baholo e lokela ho ba batho ba khonang “ho khothatsa” bara le barali ba bo rona. Leha ho le joalo, ka linako tse ling baholo ba lokela ho ba eletsa le ho ba “khalemela.” Maemong ana ka bobeli, ba lokela ho ba mosa. Haeba u le lerato, u le mosa ebile u theha lintho tseo u li rutang Lentsoeng la Molimo, u tla ba mosuoe ea atlehang hobane u tla be u etsisa Mosuoe e Moholo, e leng Jesu.—Mat. 11:​28-30; 2 Tim. 2:24.

Mohlanka ea sebeletsang o ithuta ho moholo ea nang le phihlelo hore na a ka ruta joang a sebelisa Bibele. Mohlanka eo ea sebeletsang o boetse o ikoetlisetsa ho fana ka puo a eme ka pel’a seipone (Sheba serapa sa 16)


TSOELA PELE HO ETSA BOITEKO BA HO BA MOHOLO

17. (a) Ke eng e ka thusang bahlanka ba sebeletsang hore ba tsoele pele ho etsa boiteko ba ho ba baholo? (b) Baholo ba lokela ho hopola eng ha ba ntse ba hlahloba hore na mor’abo rona oa tšoaneleha ho ba moholo kapa che? (Sheba lebokose le reng “ Inyenyefatseng ha le Ntse le Hlahloba Hore na Bara ba bo Rona Baa Tšoaneleha.”)

17 Ba bang ba bahlanka ba sebeletsang ba ka ’na ba ikutloa eka le ka mohla ba ke ke ba tšoaneleha ho ba baholo hobane ba utloa eka ho na le litšoaneleho tse ngata tseo ba lokelang ho ba le tsona e le hore e be baholo. Empa hopola hore Jehova le mokhatlo oa hae ha baa lebella hore u bontše litšoaneleho tsena ka tsela e phethahetseng. (1 Pet. 2:21) Hape Jehova o tla u thusa a sebelisa moea oa hae o matla e le hore u be le litšoaneleho tsena. (Bafil. 2:13) Na ho na le moo u batlang ho ntlafatsa teng ka ho khetheha? Haeba ho joalo, rapela Jehova ka taba eo. Etsa lipatlisiso ’me u kope moholo ea nang le boiphihlelo ho u fa litlhahiso tsa hore na u ka ntlafatsa joang.

18. Ke eng eo bahlanka ba sebeletsang kaofela ba khothaletsoang ho e etsa?

18 E se eka kaofela ha rona, ho akarelletsa le bao e seng e ntse e le baholo, re ka ikemisetsa ho tsoela pele re hlaolela litšoaneleho tseo ho builoeng ka tsona sehloohong sena. (Bafil. 3:16) Na u mohlanka ea sebeletsang? Tsoela pele u etsa boiteko. Kopa Jehova a u koetlise e le hore u ka mo sebeletsa haholoanyane le ho sebeletsa phutheho. (Esa. 64:8) E se eka Jehova a ka u hlohonolofatsa haholo ha u ntse u etsa boiteko ba hore u be moholo.

PINA EA 101 Re Sebetsa re Momahane