Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LINTHO TSE KA U THUSANG HA U ITHUTA

Batla Sebaka se Loketseng Bakeng sa ho Ithuta

Batla Sebaka se Loketseng Bakeng sa ho Ithuta

E le hore u rue molemo ha u ithuta, u ka leka ho etsa lintho tsena tse latelang tse tla u thusa hore kelello ea hao e se ke ea lelera:

  • Khetha sebaka se loketseng. Ha ho khoneha, e be sebaka se hloekileng le se nang le khanya e lekaneng. U ka balla tafoleng kapa oa khetha sebaka se hantle ka ntle.

  • Khetha sebaka seo u tla ba mong ho sona. Jesu o ile a khetha ho rapela esale “ka meso . . . moo a leng mong.” (Mar. 1:35) Haeba ho ke ke ha khoneha hore u be mong, u ka bolella ba lelapa leno kapa batho bao u lulang le bona hore na u tl’o bala neng le ho ba kopa hore ba se ke ba u sitisa ka nako eo.

  • Qoba lintho tse ka u sitisang. Haeba u sebelisa fono kapa tablet ha u ithuta, u ka e setela hore e se ke ea lla ha melaetsa e kena kapa oa e beha ho airplane mode e le hore e se ke ea u sitisa. Haeba ha u ntse u ithuta u hopola hore ho na le ntho eo u lokelang ho e etsa, e ngole fatše e le hore u tle u e etse hamorao. Haeba u utloa kelello e lelera, nka khefu u otlolle maoto kapa u ikotlolle.