Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 45

PINA EA 138 Jehova o Rata ba Holileng

Ithute Mantsoeng a ho Qetela a Banna ba Tšepahalang

Ithute Mantsoeng a ho Qetela a Banna ba Tšepahalang

“Na bohlale ha bo fumanoe bathong ba holileng, ’me na batho bao e leng khale ba phela ha se bona ba nang le kutloisiso?”JOBO 12:12.

NTLHA-KHOLO

Jehova Molimo o re tšepisa hore haeba re mo mamela, o tla re hlohonolofatsa hona joale ’me a re fe bophelo bo sa feleng nakong e tlang.

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta ho batho ba holileng?

 KAOFELA re hloka ho eletsoa e le hore re etse liqeto tsa bohlokoa bophelong. Re ka fumana likeletso tseo ho baholo le ho Bakreste-’moho ba holileng tsebong. Haeba ba le baholo haholo ho rona, ha rea lokela hore ha li tloha feela re iphapanyetse keletso ea bona re re e siiloe ke nako. Jehova o batla hore re ithute ho batho ba holileng. Ba phetse nako e telele ho re feta e leng se etsang hore ba be le boiphihlelo, kutloisiso le bohlale.—Jobo 12:12.

2. Re tl’o ithuta eng sehloohong see?

2 Mehleng ea Bibele, Jehova o ile a sebelisa batho ba holileng ba tšepahalang ho khothatsa le ho tataisa batho ba hae. Ka mohlala, nahana ka Moshe, Davida le moapostola Johanne. Ba phetse linakong tse sa tšoaneng le maemong a fapaneng haholo. Ha ba se ba le haufi le ho shoa, ba ile ba eletsa batho ba bacha. E mong le e mong oa banna bana ba holileng, ba tšepahalang o ile a hatisa bohlokoa ba ho mamela Molimo. Jehova o entse hore mantsoe a bona a bohlale a ngoloe ka Bibeleng, e le hore re ka ithuta ho ’ona. Kaofela ha rona re ka rua molemo likeletsong tsa bona, ho sa tsotellehe hore na re bacha kapa re holile. (Bar. 15:4; 2 Tim. 3:16) Sehloohong sena, re tl’o tšohla mantsoe a ho qetela a banna bana ba bararo ba holileng le seo re ka ithutang sona ho ’ona.

“LE TLA PHELA NAKO E TELELE”

3. Moshe o ile a sebeletsa Jehova e le eng?

3 Moshe o ne a inehetse ka ho feletseng ho Jehova. E ne e le moprofeta, moahloli, molaoli le rahistori. Moshe o ne a e-na le boiphihlelo. O ile a etella pele sechaba sa Iseraele ho tsoa bokhobeng Egepeta, a ba a bona ha Jehova a etsa mehlolo e mengata. Jehova o ile a mo sebelisa ho ngola libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele, Pesaleme ea 90 mohlomong le ea 91. Hape ho ka etsahala hore ebe ke eena ea ngotseng buka ea Jobo.

4. Ke bo-mang bao Moshe a ileng a ba khothatsa, hona hobane’ng?

4 Nakoana pele Moshe a shoa, ha a le lilemo li 120, o ile a bokella sechaba sohle sa Baiseraele e le hore a se hopotse ka lintho tsohle tseo Jehova a se etselitseng tsona. Ba bang ba bamameli ba hae ba ile ba bona lipontšo le mehlolo eo Jehova a ileng a e etsa ha ba sa le bacha le kamoo a ileng a fa Egepeta likotlo kateng. (Ex. 7:​3, 4) Ba ile ba tsamaea moo ho ommeng bohareng ba Leoatle le Lefubelu ba ba ba bona ha masole a Faro a timetsoa. (Ex. 14:​29-31) Ha ba le lefeelleng, Jehova o ile a ba hlokomela a ba a ba sireletsa. (Deut. 8:​3, 4) Ha sechaba se ne se le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a sebelisa monyetla oo oa ho qetela ho se khothatsa. a

5. Mantsoe a ho qetela a Moshe a hlahang ho Deuteronoma 30:​19, 20 a ile a fa Baiseraele kholiseho efe?

5 Moshe o ile a re’ng? (Bala Deuteronoma 30:​19, 20.) O ile a hopotsa sechaba sa Iseraele hore se letetsoe ke bokamoso bo thabisang. Jehova o ne a tla hlohonolofatsa Baiseraele ka hore ba phele nako e telele naheng eo a neng a ba tšepisitse eona. Naha eo e ne e le ntle, e beha litholoana tse ngata. Ha Moshe a ba hlalosetsa ka naha eo, o ile a re: “Metse e meholo le e metle eo le sa kang la e haha, matlo a tletseng lintho tsa mefuta eohle tse ntle tseo le sa kang la li sebeletsa, liliba tseo le sa kang la li cheka, lirapa tsa morara le lifate tsa mohloaare tseo le sa kang la li lema.”—Deut. 6:​10, 11.

6. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella lichaba tse ling hore li hape Baiseraele?

6 Ntho e ’ngoe eo Moshe a ileng a e etsa ke ho lemosa Baiseraele. E le hore ba ’ne ba tsoele pele ho phela naheng eo e ntle, ba ne ba lokela ho mamela melao ea Jehova. Moshe o ile a ba khothaletsa hore ba “khethe bophelo” ka hore ba mamele Jehova ba be ba “mo khomarele.” Leha ho le joalo, Baiseraele ha baa ka ba mamela Jehova. Kahoo, ha nako e ntse e ea, Molimo o ile a lumella Baasiria ho ba hlola ’me hamorao a lumella le Bababilona hore ba ba hape ’me ba ba ise botlamuoeng.—2 Mar. 17:​6-8, 13, 14; 2 Likron. 36:​15-17, 20.

7. Re ka ithuta’ng mantsoeng a Moshe? (Sheba setšoantšo.)

7 Re ithuta’ng? Ha re mamela Jehova, re tla phela ka ho sa feleng. Joalokaha Baiseraele ba ne ba le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, le rona re haufi haholo le ho kena lefatšeng le lecha leo Molimo a re tšepisitseng lona, moo re tla bona ha lefatše le fetoloa paradeise. (Esa. 35:1; Luka 23:43) Diabolose le bademona ba hae ba tla be ba felisitsoe. (Tšen. 20:​2, 3) Malumeli a bohata a rutang mashano ka Jehova, le ’ona a tla be a felisitsoe. (Tšen. 17:16) Mebuso ea batho e hatellang batho, e ke ke ea hlola e e-ba teng. (Tšen. 19:​19, 20) Paradeiseng, batho ba khopo ba ke ke ba e-ba teng. (Pes. 37:​10, 11) Batho bohle ba lulang paradeiseng ba tla mamela melao ea Jehova ’me ho tla ba le khotso. Kahoo, batho bohle ba tla ratana le ho tšepana. (Esa. 11:9) Eo e tla ba nako e thabisang haholo. Hape ha re mamela Jehova, re tla tsoela pele ho phela paradeiseng eseng ka lilemo tse makholo feela empa ka ho sa feleng.—Pes. 37:29; Joh. 3:16.

Ha re mamela Jehova, re tla phela lefatšeng paradeiseng eseng ka lilemo tse makholo feela empa ka ho sa feleng (Sheba serapa sa 7)


8. Tšepiso ea ho phela ka ho sa feleng e ile ea thusa mor’abo rona e mong oa moromuoa joang? (Juda 20, 21)

8 Haeba re lula re nahana ka tšepiso ea bophelo bo sa feleng, re tla itšetleha ka Molimo ho sa tsotellehe liteko leha e le life tseo re ka kopanang le tsona. (Bala Juda 20, 21.) Tšepiso eo e tla boela e re fe matla a ho loantšana le mefokolo ea rona. Mor’abo rona e mong eo e ileng ea e-ba moromuoa ka nako e telele Afrika, eo hangata a neng a loantšana le lintho tse neng li mo leka hore a se ke a thabisa Jehova, o re: “Ke ile ka hlokomela hore nke ke ka phela ka ho sa feleng paradeiseng haeba ke sa mamele Jehova. Seo se ile sa nthusa hore ke tsoele pele ho loantšana le bothata boo le ho rapela Jehova haholoanyane hore a nthuse. Ka thuso ea hae, ke ile ka khona ho hlola bothata boo ’me ka tsoela pele ho mo sebeletsa.”

“U TLA ATLEHA”

9. Ke liteko life tseo Davida a ileng a kopana le tsona bophelong ba hae?

9 Davida e ne e le morena ea matla le ea tšepahalang. E ne e boetse e le sebini, seroki, mohlabani le moprofeta. O ile a tobana le liteko tse ngata. Ka lilemo tse ngata, o ile a phela e le mophaphathehi a baleha Morena Saule ea mona ea neng a batla ho mo bolaea. Le ka mor’a hore Davida e be morena, o ile a tlameha ho baleha mora oa hae Absalome ea neng a batla ho mo bolaea e le hore a mo nkele borena ka mahahapa. Ho sa tsotellehe mathata le mefokolo ea hae, Davida o ile a tšepahalla Molimo ho fihlela a shoa. Jehova o ile a mo hlalosa e le ‘monna ea mo khahlisang.’ Kannete ke habohlokoa hore re mamele keletso e bohlale ea Davida.—Lik. 13:22; 1 Mar. 15:5.

10. Ke hobane’ng ha Davida a ile a fa mora oa hae Solomone keletso pele e e-ba morena?

10 Ka mohlala, nahana ka keletso eo Davida a ileng a e fa mora oa hae Solomone, eo e neng e tl’o ba morena ea latelang. Jehova o ile a khetha Solomone hore a hahe tempele eo batho ba neng ba tla mo rapela ho eona. (1 Likron. 22:5) Ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata oo Solomone a neng a lokela ho o etsa hape o ne a tla hloka thuso ea Jehova ho etella sechaba pele. A re boneng hore na Davida o ne a tla re’ng ho eena.

11. Ho ea ka 1 Marena 2:​2, 3, ke keletso efe eo Davida a ileng a e fa Solomone, hona mantsoe ao a ipakile e le ’nete joang? (Sheba setšoantšo.)

11 Davida o ile a re’ng? (Bala 1 Marena 2:​2, 3.) Davida o ile a bolella mora oa hae hore haeba a ne a ka mamela Jehova, e ne e tla ba morena ea molemo le ea atlehileng. Ka lilemo-lemo, Jehova o ile a fa Solomone lintho tse ngata tse ntle ’me o ile a mo thusa ka litsela tse ngata. (1 Likron. 29:​23-25) O ile a haha tempele e ntle haholo, a ngola tse ling tsa libuka tsa Bibele ’me a mang a mantsoe a hae a ngotsoe likarolong tse itseng tsa Bibele. O ile a tuma ka lebaka la bohlale le maruo a hae. (1 Mar. 4:34) Empa joalokaha Davida a ile a bua, Solomone o ne a tla atleha hafeela a mamela Jehova Molimo. Ka masoabi, ha Solomone a se a holile o ile a qala ho rapela melimo e meng. Jehova ha aa ka a thabela seo, ’me o ile a khaotsa ho fa Solomone bohlale ba ho busa batho ba hae ka tsela e mosa le ka toka.—1 Mar. 11:​9, 10; 12:4.

Mantsoe a ho qetela a Davida a eang ho mora oa hae Solomone a re thusa ho bona hore haeba re mamela Jehova, o tla re fa bohlale ba ho etsa liqeto tse nepahetseng (Sheba serapa sa 11 le 12) b


12. Re ka ithuta eng mantsoeng a Davida?

12 Re ithuta’ng? Ha re mamela Jehova, o tla re hlohonolofatsa le ho re thusa. (Pes. 1:​1-3) Ke ’nete hore Jehova ha a re tšepisa maruo le botumo joaloka Solomone. Empa haeba re mamela Molimo oa rona, o tla re fa bohlale bo tla re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng. (Liprov. 2:​6, 7; Jak. 1:5) Melao-motheo ea hae e ka re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng tabeng ea mosebetsi, thuto, boithabiso le chelete. Haeba re mamela keletso ea Molimo, re tla sireletsa kamano ea rona le eena ’me re tla fumana bophelo bo sa feleng. (Liprov. 2:​10, 11) Re tla ba le metsoalle ea ’nete le malapa a rona a tla thaba.

13. Ke eng e thusitseng Morali oa bo rona Carmen hore a ntlafatse bophelo ba hae?

13 Morali oa bo rona Carmen ea lulang Mozambique, o ne a nahana hore thuto e phahameng e tla etsa hore a atlehe. O ile a ea univesithi ’me a etsa lithuto tsa meralo ea kaho. O re: “Ke ne ke thabela seo ke ithutang sona empa thuto eo e ne e ntjella nako e ngata ebile e ntlhoka matla a mangata. Ke ne ke lula ke le sekolong ho tloha ka 7:30 hoseng ho fihlela ka 6:00 mantsiboea. Ho ne ho le thata hore ke ee libokeng ’me kamano ea ka le Jehova e ile ea fokola. Botebong ba pelo, ke ne ke tseba hore ha e le hantle ke ne ke leka ho sebeletsa benghali ba babeli.” (Mat. 6:24) O ile a rapella boemo ba hae a ba a etsa lipatlisiso lingoloeng tsa rona. O boetse o re: “Ka mor’a hore baholo ba mphe keletso le hore ’mè oa ka a bue le ’na, ke ile ka etsa qeto ea hore ke tlohele univesithi ’me ke sebeletse Jehova ka nako e tletseng. Ho etsa joalo ho nthusitse hore ke etse liqeto tse nepahetseng bophelong ba ka ’me ha ke ikoahlaee ho hang.”

14. Ke khothaletso efe eo Moshe le Davida ba ileng ba fana ka eona?

14 Moshe le Davida ba ne ba rata Jehova haholo ebile ba ne ba tseba hore ho bohlokoa haholo hore ba mo mamele. Mantsoeng a bona a ho qetela, ba ile ba khothaletsa bamameli ba bona hore ba latele mohlala oa bona ka hore ba khomarele Jehova Molimo oa bona. Ka bobeli ba bona, ba ile ba lemosa batho hore haeba ba sa tšepahalle Jehova, e ke ke ea e-ba metsoalle ea hae ebile ba ke ke ba fumana litlhohonolofatso tsa hae. Le rona keletso ea bona e ntse e re tsoela molemo kajeno. Lilemo tse makholo hamorao, mohlanka e mong oa Jehova o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho lula re tšepahalla Molimo.

‘HA HO NA NTHO E THABISANG HO FETA ENA’

15. Ke lintho life tseo Johanne a boneng ha li etsahala?

15 Johanne e ne e le motsoalle ea haufi oa Jesu Kreste ebile e le moapostola oa hae. (Mat. 10:2; Joh. 19:26) Johanne o ile a qeta nako e ngata a bolela litaba tse monate le Jesu, a bona ha a etsa mehlolo, ’me a lula a e-na le eena le linakong tse boima. O ile a bona ha Jesu a bolaoa a ba a mo bona ka mor’a hore a tsosoe. O ile a boela a bona ha phutheho ea Bokreste e hola. Johanne o phetse nako e telele hoo a ileng a bona ha ‘litaba tse monate li boleloa lefatšeng lohle.’—Bakol. 1:23.

16. Ke bo-mang ba ruang molemo mangolong a ngotsoeng ke Johanne?

16 Ha Johanne a le haufi le ho shoa, o ile a fuoa tokelo ea ho ngola karolo e itseng ea Lentsoe la Molimo. O ile a ngola lintho tse hlollang “tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona” tse tlalehiloeng bukeng ea Tšenolo. (Tšen. 1:1) Johanne o ile a ngola Kosepele e ileng ea bitsoa ka lebitso la hae. O ile a boela a ngola mangolo a mararo, e leng Johanne oa pele, oa bobeli le oa boraro. Lengolo la boraro o ile a le ngolla Mokreste ea tšepahalang e leng Gaiase, eo a neng a mo nka joaloka ngoana oa hae ea ratehang ka lebaka la tumelo ea hae. (3 Joh. 1) Ka nako eo, e tlameha ebe ho ne ho e-na le batho ba bangata bao Johanne a neng a ba nka joaloka bana ba hae ba ratehang ka lebaka la tumelo ea bona. Lintho tse ngotsoeng ke monna enoa ea holileng le ea tšepahalang, li khothalitse balateli bohle ba Jesu ho fihlela mehleng ena.

17. Ho ea ka 3 Johanne 4, ke eng e thabisang haholo?

17 Johanne o ile a re’ng? (Bala 3 Johanne 4.) Johanne o buile ka thabo e tlisoang ke ho mamela Molimo. Ha Johanne a ne a ngola lengolo la boraro, batho ba bang ka phuthehong ba ne ba ruta mashano ba bile ba baka likarohano. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba tsoela pele ba “tsamaea tseleng ea ’nete.” Ba ne ba mamela Jehova ’me ba ntse ba tsoele pele ho mamela litaelo tsa hae. (2 Joh. 4, 6) Bakreste bana ba tšepahalang ha baa ka ba thabisa Johanne feela empa ba ile ba boela ba thabisa le Jehova.—Liprov. 27:11.

18. Re ka ithuta eng mantsoeng a Johanne?

18 Re ithuta’ng? Ha re lula re tšepahalla Jehova, re tla thaba ebile re tla thabisa le ba bang. (1 Joh. 5:3) Ka mohlala, re thabisoa ke ho tseba hore re thabisa Jehova. Oa thaba ha re qoba ho etsa lintho tse mpe re bile re mamela melao ea hae. (Liprov. 23:15) Mangeloi le ’ona aa thaba. (Luka 15:10) Le rona rea thaba ha re bona Bakreste-’moho le rona ba lula ba tšepahala, le hoja ba hlorisoa kapa ba lekeha ho etsa lintho tse mpe. (2 Bathes. 1:4) Ha lefatše lena le felisoa, re tla thabisoa ke ho tseba hore re ile ra tšepahalla Jehova le hoja re ne re phela lefatšeng le laoloang ke Satane.

19. Morali oa bo rona Rachel o ile a re’ng ka ho ruta batho ba bang ka Jehova? (Sheba setšoantšo.)

19 Re thaba haholo ha re ruta batho ka Jehova. Morali oa bo rona Rachel ea lulang Dominican Republic, o nka e le tokelo e kholo ho ruta batho ka Molimo. O thusitse batho ba ’maloa hore ba sebeletse Jehova ’me o re: “Ho thata ho hlalosa thabo eo ke e fumanang ha ke bona batho bao ke ithutang Bibele le bona ba qala ho rata Jehova, ba mo tšepa ka ho feletseng ba bile ba fetola bophelo ba bona e le hore ba mo thabise. Thabo eo e kholo ho feta boiteko leha e le bofe boo ke bo entseng ba ho ba ruta.”

Rea thaba ha re ruta ba bang hore ba rate Jehova le ho mo mamela (Sheba serapa sa 19)


MANTSOE A HO QETELA A BANNA BA TŠEPAHALANG A U TSOELA MOLEMO JOANG?

20. Ke lintho life tseo re tšoanang ka tsona le Moshe, Davida le Johanne?

20 Moshe, Davida le Johanne ba phetse mehleng ea khale ’me tsela eo ba neng ba phela ka eona e fapane hole le tsela eo re phelang ka eona mehleng ena. Empa ho na le lintho tse ngata tseo re tšoanang le bona ka tsona. Ba ne ba sebeletsa Molimo oa ’nete ’me le rona re etsa sona seo. Joaloka bona re rapela Jehova, re itšetleha ka eena ’me re latela tataiso eo a re fang eona. Hape joaloka banna bao, re kholisehile hore Jehova o hlohonolofatsa ba mo mamelang.

21. Re tla fumana litlhohonolofatso life ha re mamela keletso ea banna ba holileng le ba tšepahalang ba kang Moshe, Davida le Johanne?

21 A re ikemisetseng ho mamela mantsoe a ho qetela a banna bana ba holileng, ba neng ba mamela melao ea Jehova. Ha re etsa joalo, re tla atleha e le kannete linthong tsohle tseo re li etsang. Re tla “phela nako e telele” ebile e le ka ho sa feleng. (Deut. 30:20) Re tla thaba ka lebaka la ho thabisa Ntate oa rona ea lerato ea leholimong, ea tla re hlohonolofatsa ho feta kamoo re ka nahanang kateng.—Baef. 3:20.

PINA EA 129 Re Tla Lula re Mameletse

a Baiseraele ba bangata ba ileng ba bona ha Jehova a etsa mehlolo Leoatleng le Lefubelu, ba ile ba hlokahala pele ba fihla Naheng e Tšepisitsoeng. (Num. 14:​22, 23) Jehova o ile a re ba lilemo li 20 ho ea holimo ba neng ba ngolisitsoe, ba ne ba tla hlokahalla lefeelleng. (Num. 14:29) Leha ho le joalo, Joshua, Kalebe le ba bang ba bangata ba neng ba le bacha le leloko la Levi, ba ile ba phela ’me ba bona ha Jehova a phethahatsa tšepiso ea hae ha Baiseraele ba tšela Noka ea Jordane ’me ba kena Kanana.—Deut. 1:​24-40.

b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Ka lehlakoreng le letšehali: Davida o bua mantsoe a bohlale a ho qetela le mora oa hae Solomone. Ka lehlakoreng le letona: Baithuti ba Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho ’me ba rua molemo thutong e tsoang ho Jehova.