Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Jehova o Ile a re Matlafatsa Nakong ea Ntoa le ha ho E-na le Khotso

Jehova o Ile a re Matlafatsa Nakong ea Ntoa le ha ho E-na le Khotso

Paul: Re ne re thabile haholo. E ne e le ka November 1985, re le tseleng e eang kabelong ea rona ea pele re le baromuoa Liberia, e Afrika Bophirima. Sefofane se ile sa ema naheng ea Senegal. Anne o ile a re: “Ho setse hora feela pele re fihla Liberia!” Eaba re utloa tsebiso e reng: “Batho ba eang Liberia ba tsoe ka sefofaneng. Batho ba bang ba leka ho liha ’muso oa Liberia, ke kahoo re ke keng ra khona ho ea Liberia.” Re ile ra lula le baromuoa ba bang ba Senegal matsatsi a leshome, ’me ra utloa litabeng hore batho ba bangata baa bolaoa le hore ’muso o ne o sa lumelle batho ho tsamaea bosiu, ho seng joalo o ne o tla ba thunya o ba bolaee.

Anne: Re batho ba boi haholo. Haesale ke le boi ho tloha ha ke sa le ngoana ’me batho ba ile ba mpha lebitso la ’Maboi hobane ke ne ke lula ke tšohile. Ke tšaba le ho tšela ’mila. Empa re ne re ntse re ikemiselitse ho ea Liberia, le hoja ho ne ho ka ba kotsi.

Paul: ’Na le Anne re holetse sebakeng se le seng Engelane bophirima. Batsoali ba ka le ’mè oa Anne ba ne ba lula ba re khothaletsa ho ba bo-pula-maliboho, kahoo re ile ra ba bo-pula-maliboho hang-hang ha re qeta sekolo. Ba ne ba thabile haholo ha ba utloa hore re batla ho lula re le tšebeletsong ea nako e tletseng. Ke ile Bethele ha ke le lilemo li 19, ’me Anne o ile a tla Bethele ka mor’a hore re nyalane ka 1982.

Ha re ne re fuoa mangolo Sekolong sa Gileade, ka la 8 September 1985

Anne: Re ne re rata Bethele, empa haesale re batla ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo ea bahoeletsi ba eketsehileng. Ho sebetsa le batho bao e kileng ea e-ba baromuoa Bethele ho ile ha matlafatsa takatso ea rona ea ho batla ho ba baromuoa. Bosiu bo bong le bo bong ka lilemo tse tharo, re ile ra rapela Jehova re mo bolella ka takatso ena, ’me re ile ra thaba haholo ha re memeloa ho ea tlelaseng ea bo79 ea Gileade ka 1985. Re ile ra abeloa ho ea Liberia, e Afrika Bophirima.

LERATO LA BARA LE BARALI BA BO RONA LE ILE LA RE MATLAFATSA

Paul: Re ile ra palama sefofane sa pele se ileng sa lumelloa ho tloha Senegal ho khutlela Liberia. Batho ba Liberia ba ne ba tšohile ebile ba sa lumelloa ho tsamaea bosiu. Batho ba ne ba tšoha ba bile ba baleha ha ba utloa koloi e etsa lerata. Re ne re bala Lipesaleme bosiu bo bong le bo bong, e le hore re ka lula re khobile matšoafo. Ho sa tsotellehe maemo a neng a le teng ka har’a naha, re ne re rata kabelo ea rona haholo. Anne o ne a ea tšimong letsatsi le leng le le leng, ha ’na ke ne ke sebetsa Bethele le Mor’abo rona John Charuk. Ke ile ka ithuta lintho tse ngata ho eena hobane o phetse Liberia nako e telele ’me o ne a tseba maemo a bara le barali ba bo rona le mathata a ba hlahelang.

Anne: Ke hobane’ng ha re ne re rata Liberia? Ke ka lebaka la bara le barali ba bo rona hobane ba ile ba re bontša lerato hape ba tšepahala. Re ile ra utloana haholo ’me ba e-ba joaloka lelapa la rona le lecha. Ba ile ba re fa likeletso tse molemo ba ba ba re matlafatsa tumelong. Ho sebetsa tšimo moo ho ne ho le monate hoo e kang rea lora. Beng ba matlo ba ne ba sa batle ha re tsamaea kapele. Batho ba ne ba bua ka Bibele hohle. Ho ne ho le bonolo ho kenella moqoqong oa bona. Re ne re e-na le lithuto tse ngata hoo ho neng ho le thata ho li khanna kaofela. Re ne re thabela tšebeletso haholo.

JEHOVA O ILE A RE MATLAFATSA HA RE NE RE TŠOHILE

Ha Bethele ea Liberia e ne e hlokometse Lipaki tse neng li baleha, ka 1990

Paul: Ka lilemo tse ’nè ho ne ho e-na le khotso Liberia, empa ka 1989 ho ile ha qala ntoa ea lehae ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea fetoha. Ka la 2 July 1990, batho ba neng ba batla ho liha ’muso ba ile ba hapa sebaka seo Bethele e neng e le ho sona. Ho ile ha feta likhoeli tse tharo re sa khone ho bua le batho ba ka ntle, ho akarelletsa le ba malapa a rona le ba ntlo-kholo. Ho ne ho se na taolo, ho na le khaello ea lijo le basali ba betoa. Boemo bona bo ile ba nka lilemo tse 14 ’me bo ile ba ama naha kaofela.

Anne: Batho ba merabe e meng ba ne ba loantša ba merabe e fapaneng le ea bona ba bile ba ba bolaea. Hohle literateng ho ne ho tletse batho ba loantšang ’muso ba tšoere libetsa ’me ba apere ka tsela e sa tloaelehang. Ba ne ba kena ntlong e ’ngoe le e ’ngoe ba inkela ntho leha e le efe eo ba neng ba e batla. Ba bang ba ne ba nka ho bolaea batho ho tšoana le ho bolaea likhoho. Ba ne ba ne ba koetse litsela ’me hangata ba bolaea batho ba neng ba batla ho feta. Ha ba qeta ho ba bolaea, ba ne ba etsa liqubu ka litopo tsa bona. Sena se ile sa etsahala le haufi le Bethele. Ho ile ha bolaoa Lipaki tse tšepahalang ho akarelletsa le baromuoa ba babeli.

Lipaki li ile tsa beha bophelo ba tsona kotsing, ha li ne li sireletsa Bakreste ba merabe e neng e bolaoa. Baromuoa le ba sebeletsang Bethele ba ile ba etsa ntho e tšoanang. Lipaki tse ling tse neng li patiloe Bethele, li ne li robala mokatong o ka tlase ha tse ling li ne li robala likamoreng tsa rona tse mokatong o ka holimo. Rona re ne re lula le lelapa la batho ba supileng kamoreng ea rona.

Paul: Batho ba neng ba loantša ’muso ba ne ba leka ho kena Bethele letsatsi le leng le le leng, ba batla ho bona hore na ha ho na batho bao re ba patileng. Ha ba fihla, batho ba babeli ba ne ba ea keiting ea Bethele ba e’o bua le bona, ha ba babeli ba ne ba sheba ba le fensetereng. Ha matsoho a batho ba babeli ba ileng keiting a le ka pel’a bona, seo se ne se bolela hore batho bao ha baa halefa ebile ha ba tl’o kena. Empa ha ba ne ba ka isa matsoho a bona ka morao, seo se ne se bolela hore ba halefile ’me ba babeli ba emeng fensetereng ba ne ba potlakela ho pata bana ba bo rona.

Anne: Ka letsatsi le leng, bara ba bo rona ha baa ka ba atleha ho thibela batho bao ho kena. Ke ile ka inotlella ka kamoreng ea ho hlapa le morali oa bo rona e mong ’me ho ne ho e-na le sebaka se senyenyane sa ho ipata ka k’haboteng. Morali oa bo rona eo o ile a ipetetsa ka k’haboteng eo e nyenyane. Ba ile ba tla ho rona mokatong o ka holimo, ba tšoere lithunya. Ba ile ba otla lemati ba halefile. Paul o ile a leka ho ba thibela ho kena, a re: “Mohats’aka o ka kamoreng ea ho hlapa.” Ha ke koala k’habote lishelefo li ile tsa oa ’me tsa etsa lerata. Ho ile ha nka nako e telele ho li khutlisetsa le ho beha lintho hantle sebakeng sa tsona hoo ba neng ba ka ipotsa hore na ke ntse ke etsa’ng ke sa qete. Ke ne ke tšohile hoo ke neng ke thothomela. Ke ne ke ipotsa hore na ha ke bula monyako ha ba na ho bona hore ho na le ntho e belaetsang. Ke ile ka rapella ka pelong, ka kopa Jehova hore a nthuse. Ka mor’a moo, ke ile ka bula lemati eaba ke ba lumelisa ke khobile matšoafo. E mong oa bona o ile a ntšutumetsa a toba k’haboteng, a e bula, a chechisa lintho tse ka lishelefong. O ne a sa kholoe hore ha ho ntho eo a e fumaneng. O ile a tsamaea le ba bang ho e’o sheba likamore tse ling le kamore e tlas’a marulelo. Empa ha baa ka ba fumana letho.

’NETE E ILE EA TSOELA PELE HO HLAKA

Paul: Re ile ra haelloa ke lijo ka likhoeli tse ’maloa. Hangata re ne re se na lijo tseo re li jang hoseng. Empa borapeli ba hoseng ba Bethele e ne e le tsona lijo tsa rona tsa hoseng. Re ne re tseba hore ho bala Bibele le ho ithuta eona ho tla re fa matla ao re a hlokang e le hore re mamelle letsatsi le leng le le leng.

Re ne re tseba hore haeba re ka e’o reka metsi le lijo, re ne re ke ke ra khona ho sireletsa batho bao re neng re ba patile ’me ba ne ba tla bolaoa. Hangata Jehova o ne a re fa lintho tseo re li hlokang ka nako e nepahetseng le ka litsela tse makatsang. Jehova o ile a re hlokomela a ba a re thusa hore re lule re khobile matšoafo.

Maemo ka har’a naha a ne a ntse a mpefala empa ’nete e ile ea re matlafatsa. Bara le barali ba bo rona ba bangata ba ile ba tlameha ho baleha ka makhetlo a mangata e le hore ba pholose bophelo ba bona. Leha ho le joalo, ba ile ba lula ba le matla tumelong ba bile ba khobile matšoafo. Ba bang ba ile ba re ho mamella ho sa tsotellehe mathata ao ba kopanang le ’ona, ho ne ho ba lokisetsa “mahlomola a maholo.” Baholo le bara ba bo rona ba bacha, ka sebete ba ile ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho thusa bara le barali ba bo rona. Bara le barali ba bo rona ba ileng ba baleha ba ile ba thusana ba ba ba qalella ho bolela litaba tse monate libakeng tseo. Ba ile ba sebelisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba ka e fumana ka morung ho iketsetsa Liholo Tsa ’Muso hore ba tšoare liboka. Ka nako eo, ho ea libokeng le ho bolela litaba tse monate ho ile ha khothatsa bara le barali ba bo rona haholo le ho ba fa tšepo. Ha ho ne ho ajoa lijo, liphahlo le lintho tse ling, boholo ba bana ba bo rona ba ne ba kopa mekotla ea ho ea tšimong ho e-na le liphahlo. Seo se ile sa re ama lipelo haholo. Batho ba bangata ba ileng ba bona lintho tse ngata tse bohloko tse ileng tsa etsahala, ba ne ba batla ho utloa litaba tse monate. Batho ba ne ba makatsoa ke ho bona Lipaki li thabile li bile li ratana le tlas’a maemo ao a thata. Li ne li khanya joaloka leseli lefifing. (Mat. 5:​14-16) Ka lebaka la cheseho eo bana ba bo rona ba neng ba e-na le eona, batho ba bang ba khopo ba neng ba loantša ’muso e ile ea e-ba Lipaki.

JEHOVA O ILE A TLAMISA MAQEBA A RONA

Paul: Ka makhetlo a mararo, re ile ra tlameha ho tsamaea Liberia ka nakoana ’me ka makhetlo a mabeli ra tsamaea selemo kaofela. Morali oa bo rona e mong oa moromuoa o ile a hlalosa hantle tsela eo re neng re ikutloa ka eona, o ile a re: “Gileade, re rutoa ho rata bara le barali ba bo rona ka lipelo tsohle likabelong tsa rona, ’me ke sona seo re ileng ra se etsa. Kahoo, lipelo tsa rona li ile tsa robeha ha re ne re tlameha ho siea bara le barali ba bo rona maemong ao a thata.” Empa re ne re thabile haholo hobane re ne re khona ho thusa bara le barali ba bo rona ba Liberia re ntse re le linaheng tse haufi tseo re neng re lula ho tsona.

Re ne re thabetse ho khutlela Liberia, ka 1997

Anne: Ka May 1996, re ile ra tsamaea re le bane ka koloi ea mokhatlo re nkile lipampiri tse nang le boitsebiso ba bohlokoa bo amanang le mosebetsi o etsoang Liberia. Re ne re batla ho ea sebakeng se sireletsehileng toropong, se bohole ba lik’hilomithara tse 16. Ha re re rea tloha, sebaka seo re neng re le ho sona se ile sa hlaseloa ke batho ba neng ba halefile ba bile ba thunyetsa holimo. Ba ile ba re emisa eaba ba re ’na le ba bang ba babeli re theohe empa ba khanna koloi ba tsamaea le Paul. Re ile ra sala re maketse. Eitse ha re re mahlo tloha, ra bona Paul a tla a re lebile a ntse a tsoa mali phatleng. Qalong re ne re nahana hore o thuntsoe empa ra hlokomela hore haeba ho ne ho le joalo, a ka be a sa khone ho tsamaea. Lesole le leng le ne le mo otlile ha le ne le mo sutumeletsa ka ntle ho koloi. Re ile ra leboha hobane e ne e le leqeba feela le lenyenyane.

Ho ne ho e-na le koloi ea masole haufi le rona e neng e tletse batho ba tšohileng ’me e ne e le haufi le ho tsamaea. Re ile ra itšoarella koloing eo hobane re ne re se na mokhoa oa ho kena ka hare. Mokhanni o ile a tloha ka lebelo hoo re ileng ra batla re oela hobane re ne re sa khone ho itšoarella hantle. Re ile ra mo kopa hore a eme empa kaha o ne a tšaba ha a ka a ema. Ha rea ka ra oela empa ha koloi e fihla moo e eang, re ne re khathetse hona hoo ka lebaka la ho itšoarella ’me re ne re tšohile re bile re thothomela.

Paul: Re ile ra shebana ’me ra fumana hore liphahlo tsa rona li litšila ebile li tabohile. Re ne re sa kholoe hore re ntse re phela. Re ile ra robala haufi le helicopter e neng e tl’o re isa Sierra Leone letsatsing le hlahlamang. Helicopter eo e ne e thuntsoe ka makhetlo a mangata ’me e ne e ka e tla tloha e soahlamana. Ka mor’a hore re fihle Sierra Leone, re ne re ananela taba ea hore re ntse re phela empa re ne re tšoenyehile haholo ka bara le barali ba bo rona ba Liberia.

JEHOVA O ILE A RE FA MATLA A HO MAMELLA LITEKO TSE LING

Anne: Re fihlile re bolokehile Bethele e Freetown, Sierra Leone, ’me bara le barali ba bo rona ba ile ba re hlokomela. Empa ho ile ha etsahala ntho eo ke neng ke sa e lebella, ke ile ka qala ho hopola lintho tse bohloko tse neng li etsahala Liberia. Letsatsi le leng le le leng, ke ne ke lula ke nahana hore ho tl’o etsahala ntho e mpe ’me ke ne ke sa khone ho nahana hantle. Ke ne ke sa kholoe lintho tseo ke neng ke li bona. Hangata bosiu ke ne ke tsoha ke fufuletsoe, ke thothomela ke bile ke tšohile hore ho na le ntho e mpe e tla etsahala. Ke ne ke hema ka thata. Paul o ne a mpeha sefubeng sa hae ebe oa rapela. Re ne re bina lipina tsa ’Muso ho fihlela ke se ke sa thothomele. Ke ne ke utloa eka ke tl’o hlanya le hore ke ne ke se ke sa tl’o khona ho ba moromuoa.

Nke ke ka lebala se ileng sa etsahala ka mor’a moo. Bekeng eona eo, re ile ra fumana limakasine tse peli. E ’ngoe e ne e le Tsoha! ea Senyesemane ea June 8, 1996. E ne e e-na le sehlooho se reng Coping With Panic Attacks.” Ke ile ka qala ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ke ne ke lula ke thothomela ke bile ke tšoha hakana. Makasine oa bobeli e ne e le Molula-Qhooa oa May 15, 1996, o neng o e-na le sehlooho se reng “Ba Fumana Matla a Bona Hokae?” Sehlooho seo se ne se e-na le setšoantšo sa serurubele se lemetseng. Se hlalosa hore le hoja serurubele se na le mapheo a lemetseng, se ntse se tsoela pele ho ja le ho fofa, le rona Jehova a ka tsoela pele ho re fa moea oa hae e le hore re thuse batho ba bang le hoja re sithabetse maikutlong ka lebaka la lintho tse bohloko tse ileng tsa re etsahalla. Tsena e ne e le lijo tse matlafatsang ka nako e nepahetseng tse tsoang ho Jehova. (Mat. 24:45) Ke ile ka thusoa ke ho etsa lipatlisiso le ho bokella lihlooho tse tšoanang tse buang ka bothata boo ke neng ke e-na le bona. Ha nako e ntse e ea, ha kea ka ka hlola ke tšoenyeha haholo ka lintho tsa nakong e fetileng.

JEHOVA O ILE A RE FA MATLA A HO TLOAELA KABELO E NCHA

Paul: Re ne re thaba haholo nako le nako ha re khutlela Liberia. Ka 2004, re ne re se re e-na le lilemo tse ka bang 20 re le kabelong ea rona. Ho ne ho se ho se na ntoa. Ho ne ho lokisetsoa mosebetsi oa kaho lekaleng. Empa ka tšohanyetso re ile ra fuoa kabelo e ncha.

Ho ne ho le boima haholo hobane bara le barali ba bo rona ba Liberia e ne e ka lelapa ho rona ’me e ne e ka re ka se tsamaee. Empa re ile ra bona tsela eo Jehova a ileng a re hlohonolofatsa ka eona ha re ne re siea ba malapa a bo rona ha re ea Gileade. Kahoo, re ile ra amohela kabelo eo e ncha. Re ne re abetsoe ho ea naheng e haufi e leng ea Ghana.

Anne: Re ile ra lla haholo ha re ne re tloha Liberia. Re ile ra makala ha Mor’abo rona Frank ea bohlale le ea holileng, a re ho rona: “Le lebale ka rona.” Ha a tsoela pele o ile a hlalosa a re: “Rea tseba hore le ke ke la re lebala empa le lokela ho rata bara le barali ba bo lona kabelong e ncha ka lipelo tsohle tsa lona. Kabelo ena e tsoa ho Jehova, kahoo ratang bara le barali ba bo rona ba moo.” Mantsoe a hae a ile a re thusa hore re itokisetse ho etsa metsoalle e mecha naheng eo hobane re ne re sa tsebe batho ba bangata ebile ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ncha.

Paul: Leha ho le joalo, kapele re ile ra qala ho rata bara le barali ba bo rona ba Ghana. Ho ne ho e-na le Lipaki tse ngata moo. Re ithutile lintho tse ngata ho bara le barali ba bo rona hobane ba ne ba tšepahala ba bile ba e-na le tumelo e matla. Ka mor’a lilemo tse 13 re sebeletsa Ghana, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e makatsang. Re ile ra koptjoa ho ea sebeletsa lekaleng la Kenya e Afrika Bochabela. Le hoja re ne re hloloheloa bara le barali ba bo rona ba Ghana le Liberia haholo, kapele re ile ra fumana metsoalle e mecha Kenya. Joaloka Ghana le Liberia, ho na le mosebetsi o mongata oa boboleli oo re lokelang ho o etsa Kenya.

Re na le metsoalle ea rona kabelong eo re leng ho eona hona joale naheng ea Kenya, ka 2023

HA RE HETLA MORAO

Anne: Bophelong ba ka ke etsahalletsoe ke lintho tse bohloko ’me ka linako tse ling ke ne ke tšoha haholo. Ha re phela maemong a kotsi le linakong tse thata, hoo ho ka etsa hore re kule, re tšohe re be re ikutloe re imetsoe. Ha rea lokela ho lebella hore Jehova o tla re sireletsa linthong tsena ka mohlolo. Le hona joale ha ke utloa molumo oa lithunya, ke sehoa ke letsoalo le matsoho a ka a shoa bohatsu. Empa ke ithutile ho itšetleha ka thuso eo Jehova a re fang eona ho re matlafatsa, ho akareletsa le tšehetso ea bara le barali ba bo rona. Hape ke bone hore ha re tsoela pele re ithuta, re rapela, re ea libokeng re bile re ea tšimong, Jehova a ka re thusa hore re tsoele pele likabelong tsa rona.

Paul: Ka linako tse ling, batho baa re botsa ba re, “Na le rata kabelo ea lona?” Ke ’nete hore linaha li ka ba ntle empa li ka boela tsa hloka botsitso ’me tsa ba kotsi. Kahoo, ke eng seo re se ratang ho feta naha? Ke lelapa la rona, e leng bara le barali ba bo rona ba ratehang. Le hoja re tsoa malapeng le libakeng tse sa tšoaneng, re nahana le ho ikutloa ka tsela e tšoanang ka Jehova. Re ne re nahana hore re fuoe kabelo ea ho matlafatsa bara le barali ba bo rona empa ha e le hantle ke bona ba re matlafatsang.

Mokhatlo oa rona oa bara ba motho ke mohlolo o tsoang ho Jehova. Hafeela re ntse re le karolo ea phutheho, re na le lelapa le lehae moo re ka ikutloang re sireletsehile. Re kholisehile hore haeba re tsoela pele re itšetleha ka Jehova, o tla re fa matla ao re a hlokang hore re mamelle ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke eng.—Bafil. 4:13.