Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 44

PINA EA 33 Lahlela Moroalo oa Hao ho Jehova

U ka Lula u Tšepahalla Jehova Joang ha u Tšoaroa ka ho Hloka Toka?

U ka Lula u Tšepahalla Jehova Joang ha u Tšoaroa ka ho Hloka Toka?

“U se ke oa itlohela hore u hloloe ke bobe empa u ’ne u hlole bobe ka botle.”BAR. 12:21.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o ithuta hore na re ka sebetsana le ho tšoaroa ka ho hloka toka joang e le ho qoba ho etsa hore maemo a be mabe le ho feta.

1, 2. Re ka tšoaroa ka ho hloka toka joang?

 JESU o ile a etsa papiso ea mohlolohali ea neng a lula a kopa moahloli hore a mo sebeletse ka toka. Barutuoa ba Jesu ba ne ba utloisisa hore na mosali eo o ikutloa joang hobane batho ba bangata mehleng eo, ba ne ba tšoaroa ka ho hloka toka. (Luka 18:​1-5) Le rona mehleng ena re ka utloisisa hore na o ne a ikutloa joang hobane kaofela ha rona re kile ra tšoaroa ka ho hloka toka.

2 Batho ba bangata lefatšeng mehleng ena ba na le khethollo, ha ba na mosa ebile ba hatella batho ba bang, kahoo ha re makale ha re tšoaroa ka ho hloka toka. (Moek. 5:8) Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ha rea lebella ho tšoaroa ka ho hloka toka ke Bakreste-’moho le rona, le hoja e le ntho e ka ’nang ea etsahala. Ke ’nete hore Bakreste-’moho le rona ha ba batle ho re tšoara ka ho hloka toka joaloka bahanyetsi ba rona, empa feela ba sa phethahala. Re ka ithuta ho hoholo tseleng eo Jesu a ileng a itšoara ka eona ha a tšoaroa ka ho hloka toka ke bahanyetsi ba khopo. Haeba re khona ho mamella ha bahanyetsi ba rona ba re tšoara ka ho hloka toka, ho hlakile hore re lokela ho mamella Bakreste-’moho le rona ho feta. Jehova o ikutloa joang ha re tšoaroa ka ho hloka toka, ebang ke ka phuthehong kapa ke batho ba bang feela? Na oa tsotella hore na re tšoaroa joang?

3. Re tseba joang hore Jehova o tsotella tsela eo re tšoaroang ka eona?

3 Jehova o batla hore re tšoaroe hantle ebile oa bona ha ba bang ba re tšoara ka ho hloka toka. “Jehova o rata toka.” (Pes. 37:28) Jesu o ile a re kholisa hore ka nako e loketseng, Jehova “o tla etsa bonnete ba hore toka e phethoa ka potlako.” (Luka 18:​7, 8) Haufinyane o tla felisa lintho tsohle tse re utloisang bohloko le mefuta eohle ea ho hloka toka.—Pes. 72:​1, 2.

4. Jehova o re thusa joang ho sebetsana le ho hloka toka mehleng ee?

4 Ha re ntse re emetse nako eo ka eona toka e tla ba teng lefatšeng lohle, Jehova o re thusa hore re sebetsane le ho hloka toka. (2 Pet. 3:13) Ka mohlala, o re ruta hore na re itšoare joang ha re tšoaroa ka ho hloka toka, e le hore re se ke ra mpefatsa boemo le ho feta. Tsela e ’ngoe eo Jehova a re thusang ka eona, ke ka ho re fa mohlala oa Mora oa hae o hlahang ka Bibeleng oa hore na o ile a itšoara joang ha a tšoaroa ka ho hloka toka. Jehova o boetse o re fa keletso e hlahang ka Bibeleng, ea hore na re ka etsa’ng ha re tšoaroa ka ho hloka toka.

E-BA HLOKOLOSI HORE NA U ITŠOARA JOANG HA U TŠOAROA KA HO HLOKA TOKA

5. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi ka hore na re itšoara joang ha re tšoaroa ka ho hloka toka?

5 Re ka ’na ra utloa bohloko haholo le ho nyahama ha re tšoaroa ka ho hloka toka. (Moek. 7:7) Bahlanka ba Jehova ba tšepahalang, ba joaloka Jobo le Habakuke, ba ile ba ikutloa ka tsela e tšoanang. (Jobo 6:​2, 3; Hab. 1:​1-3) Le hoja ho tloaelehile ho ikutloa ka tsela ena, re lokela ho ba hlokolosi hore na re itšoara joang ha re tšoaroa ka ho hloka toka e le hore re se ke ra etsa ntho e fosahetseng.

6. Re ithuta’ng mohlaleng oa Absalome? (Sheba setšoantšo.)

6 Ka linako tse ling, re ka ’na ra batla ho inkela molao matsohong haeba rona kapa batho bao re ba ratang ba tšoaroa ka ho hloka toka. Empa ho etsa lintho ka tsela eo, ho ka mpefatsa maemo le ho feta. Nahana ka mohlala oa Absalome, mora oa Morena Davida. O ile a halefa haholo ha Amnone eo e neng e le ngoan’abo ka ntate, a ne a betile khaitseli ea hae, Tamare. Ho ea ka Molao oa Moshe, Amnone o ne a lokela ho bolaoa ka lebaka la ketso eo. (Lev. 20:17) Le hoja Absalome a ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho halefa, o ne a se na tokelo ea ho inkela molao matsohong.—2 Sam. 13:​20-23, 28, 29.

Absalome o ile a hloleha ho laola khalefo ea hae ka mor’a hore khaitseli ea hae Tamare e betoe (Sheba serapa sa 6)


7. Qalong mopesaleme o ile a ikutloa joang ha a bona ho hloka toka?

7 Ha re bona batho ba tšoarang ba bang ka ho hloka toka ba sa fuoe kotlo, re ka ’na ra bona ho se na molemo oa hore le rona re tsoele pele ho etsa se nepahetseng. Nahana ka mohlala oa mopesaleme ea ileng a bona ha batho ba khopo ba tšoara batho ba lokileng ka ho hloka toka, empa ho bonahala eka batho ba khopo baa atleha. O ile a re: “Bana ke ba khopo, bao lintho li lulang li ba tsamaela hantle.” (Pes. 73:12) O ile a nyahama haholo ka lebaka la ho hloka toka ho neng ho le teng, hoo a ileng a ba a utloa eka ho sebeletsa Jehova ke tšenyo ea nako. O ile a re: “Ha ke leka ho utloisisa, ke ne ke tšoenyeha.” (Pes. 73:​14, 16) Ha e le hantle, o ile a ba a re: “Ha e le ’na, maoto a ka a batlile a kheloha. Maoto a ka a batlile a thella.” (Pes. 73:2) Mor’abo rona e mong eo re tla mo bitsa Alberto, o ile a etsahalloa ke ntho e tšoanang.

8. Ho tšoaroa ka ho hloka toka ho ile ha ama mor’abo rona e mong joang?

8 Mor’abo rona Alberto o ile a qosoa ka molato oo a neng a sa o etsa oa ho utsoa chelete ea phutheho. Ka lebaka leo, o ile a nkeloa litokelo tsa ho sebeletsa e le moholo ’me batho ba bangata ka phuthehong ba ile ba tseba ka taba eo eaba ha ba sa mo hlompha. O re: “Ke ile ka ikutloa ke halefile ebile ke nyahame.” O ne a halefile hoo setsoalle sa hae le Jehova se ileng sa fokola ’me seo se ile sa etsa hore a khaotse ho ea libokeng ka lilemo tse hlano kaofela. Phihlelo ena e bontša se ka re etsahallang haeba re sa laole khalefo ea rona ha re tšoaroa ka ho hloka toka.

ETSISA TSELA EO JESU A ILENG A SEBETSANA LE HO HLOKA TOKA KA EONA

9. Jesu o ile a tšoaroa ka ho hloka toka joang? (Sheba setšoantšo.)

9 Jesu o behile mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho sebetsana le ho hloka toka. O ile a tšoaroa ka ho hloka toka ke batho ba bangata ho akareletsa le beng ka eena. Beng ka eena ba ile ba re ha a sa nka hantle, baeta-pele ba bolumeli ba re o sebelisana le bademona, ’me masole a Roma a ile a mo soma, a mo otla ’me qetellong a mo bolaea. (Mar. 3:​21, 22; 14:55; 15:​16-20, 35-37) Leha ho le joalo, Jesu o ile a mamella ho tšoaroa ka ho hloka toka maemong ao kaofela ntle le hore a iphetetse. Re ka ithuta eng mohlaleng oa hae?

Jesu o re behetse mohlala o motle oa hore na re ka sebetsana le ho tšoaroa ka ho hloka toka joang (Sheba serapa sa 9 le 10)


10. Jesu o ile a sebetsana joang le ho hloka toka? (1 Petrose 2:​21-23)

10 Bala 1 Petrose 2:​21-23. a Jesu o re behetse mohlala o motle oa hore na re lokela ho etsa eng ha re tšoaroa ka ho hloka toka. O ne a tseba hore na o lokela ho thola neng le ho bua neng. (Mat. 26:​62-64) Ka linako tse ling, o ne a khetha ho itholela ha batho ba bua mashano ka eena. (Mat. 11:19) Ha a ne a bua, o ne a sa rohake batho ba neng ba mo hlorisa kapa ho ba tšosa. Ntho e ileng ea thusa Jesu hore a be le boitšoaro ke ho “tšepa moahloli ea ahlolang ka ho loka.” Jesu o ne a tseba hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore Jehova o ntse a bona ho hloka toka ho mo hlahelang. O ne a kholisehile hore Jehova o tla felisa ho hloka toka hoo ka nako e loketseng.

11. Ke mekhoa efe e meng eo ka eona re ka laolang lintho tseo re li buang? (Sheba litšoantšo.)

11 Re ka etsisa Jesu ka ho laola hore na re re’ng haeba ba bang ba re tšoara ka ho hloka toka. Ka linako tse ling, lintho tseo batho ba ka re etsang tsona ha li re letho ’me re ka khetha ho li tlolisa mahlo. Kapa re ka khetha ho itholela feela e le ho qoba ho mpefatsa lintho le ho feta. (Moek. 3:7; Jak. 1:​19, 20) Ka linako tse ling re ka ’na ra lokela ho buella motho e mong ea tšoaroang ka ho hloka toka kapa ra lokela ho emela ’nete ea seo re se lumelang. (Lik. 6:​1, 2) Haeba re lokela ho bua, re lokela ho leka ka matla ho bua re khobile matšoafo le ka tlhompho.—1 Pet. 3:15. b

Ha re tšoaroa ka ho hloka toka, re ka etsisa mohlala oa Jesu oa hore na re bue neng le hore na re bue joang (Sheba serapa sa 11 le 12)


12. Re ka tšepa “moahloli ea ahlolang ka ho loka” joang?

12 Re ka boela ra etsisa Jesu ka ho tšepa “moahloli ea ahlolang ka ho loka.” Ha ba bang ba re ahlola kapa ba re tšoara hampe, re kholisehile hore Jehova o tseba ’nete. Ho tseba hore qetellong Jehova o tla lokisa lintho, ho tla re thusa hore re mamelle ho tšoaroa ka ho hloka toka. Ha re tlohela lintho matsohong a Jehova, re ke ke ra lula re halefile kapa ra hloea batho ba bang hobane maikutlo ao a tla etsa hore re etse lintho tse mpe, a re amohe thabo a be a senye kamano ea rona le Jehova.—Pes. 37:8.

13. Ke eng e ka re thusang ho mamella ho tšoaroa ka ho hloka toka?

13 Ke ’nete hore re ke ke ra khona ho etsisa Jesu ka ho feletseng. Maemong a mang, re ka bua kapa ra etsa lintho tseo hamorao re ikoahlaelang tsona. (Jak. 3:2) Ka linako tse ling, ho hloka toka ho ka ’na ha re siea re utloile bohloko haholo re bile re e-na le maqeba bophelo bohle ba rona. Haeba le uena u boemong boo, kholiseha hore Jehova oa tseba hore na u ikutloa joang. Jesu o u utloela bohloko hobane le eena o ile a tšoaroa ka ho hloka toka. (Baheb. 4:​15, 16) Ntle le ho re thusa ka mohlala oa Jesu, Jehova o boetse o re fa keletso e re thusang ho sebetsana le ho hloka toka. A re hlahlobeng litemana tse peli tse hlahang bukeng ea Baroma tse ka re thusang.

“LE LUMELLE MOLIMO HORE A BONTŠE KHALEFO EA HAE”

14. Ho ‘lumella Molimo hore a bontše khalefo ea hae’ ho bolela eng? (Baroma 12:19)

14 Bala Baroma 12:19. Moapostola Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste hore ba “lumelle Molimo hore a bontše khalefo ea hae.” Re lumella Molimo hore a bontše khalefo ea hae ka hore re tlohele lintho matsohong a hae, e le hore a ka phethahatsa toka ka tsela le nako ea hae. Ka mor’a hore Mor’abo rona ea bitsoang John a tšoaroe ka ho hloka toka, o ile a re: “Ke ile ka tlameha ho loantša boikutlo ba ho batla ho lokisa phoso ka tsela ea ka. Baroma 12:19 e ile ea nthusa hore ke be le mamello le ho tšepa Jehova.”

15. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho emela Jehova hore a lokise lintho?

15 Re rua molemo ha re emela Jehova hore a lokise lintho. Ha re etsa joalo, re tla qoba ho ikimetsa le ho ferekana ho tlisoang ke ho batla ho rarolla mathata ka borona. Jehova o ikemiselitse ho re thusa. Ho joalokaha eka o re re tlohele lintho matsohong a hae, eena o tla sebetsana le tsona. Haeba re lumela ha Jehova a re “phetetso ke ea ka,” ho ke ke ha hlokahala hore re lule re halefile hobane re kholisehile hore o tla etsa se nepahetseng. Ke sona se thusitseng Mor’abo rona John, eo re buileng ka eena pejana. O ile a re: “Haeba ke emela Jehova hore a rarolle mathata a ka, o tla sebetsa litaba ka tsela e molemo ho feta ea ka.”

“U ’NE U HLOLE BOBE KA BOTLE”

16, 17. Ho rapela ho tla re thusa joang hore ‘re ’ne re hlole bobe ka botle’? (Baroma 12:21)

16 Bala Baroma 12:21. Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste hore ‘ba ’ne ba hlole bobe ka botle.’ Thutong ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Le ’ne le rate lira tsa lona le ho rapella ba le hlorisang.” (Mat. 5:44) Ke sona seo a ileng a se etsa. Mohlomong u kile oa nahana ka bohloko boo Jesu a ileng a bo mamella ha a ne a khokhothetsoe palong ke masole a Roma. Leha ho le joalo, re ke ke ra utloisisa ka botlalo bohloko boo a ileng a feta ho bona.

17 Jesu o ile a lula a rata Jehova le ho mo tšepahalla le hoja a ile a utloa bohloko bo bokaalo. Ho e-na le hore a lakaletse masole ao hore a fumane kotlo, o ile a a rapella a re: “Ntate, u ba tšoarele hobane ha ba tsebe hore na ba etsa’ng.” (Luka 23:34) Haeba re rapella batho ba re tšoarang hampe, seo se tla re thusa hore re lule re khobile matšoafo le hore re fokotse khalefo ea rona. Ho ka boela ha fetola tsela eo re ikutloang ka eona ka bona.

18. Ho rapela ho ile ha thusa Mor’abo rona Alberto le Mor’abo rona John joang hore ba sebetsane le ho tšoaroa ka ho hloka toka?

18 Ho rapela ho ile ha thusa bara ba bo rona ba babeli bao ho builoeng ka bona pejana sehloohong sena hore ba sebetsane le ho hloka toka hoo ba ileng ba tobana le hona. Mor’abo rona Alberto o re: “Ke ile ka rapella bara ba bo rona ba ileng ba ntšoara ka ho hloka toka. Ke ile ka kopa Jehova ka makhetlo hore a nthuse ke se ke ka lula ke halefile ka lebaka la seo ba ileng ba nketsa sona.” Hoa thabisa hore ebe Alberto o se a sebeletsa Jehova ka botšepehi hape. Mor’abo rona John o re: “Ka makhetlo, ke ile ka rapella mor’abo rona ea ileng a nkutloisa bohloko. Ho rapela ho ile ha nthusa hore ke se hlole ke halefela mor’abo rona eo le ho khaotsa ho mo ahlola. Lithapelo tseo li ile tsa etsa hore ke be le khotso ea kelello.”

19. Ke eng eo re ka e etsang ha re ntse re emetse hore lefatše lee le fele? (1 Petrose 3:​8, 9)

19 Re ka ’na ra tšoaroa ka ho hloka toka pele lefatše lena le fela. Ho sa tsotellehe hore na re tobana le eng, a re se keng ra khaotsa ho rapela Jehova hore a re thuse. Ho ekeletsa moo, e se eka re ka etsisa tsela eo Jesu a ileng a sebetsana le ho tšoaroa ka ho hloka toka ka eona le ho tsoela pele re sebelisa melao-motheo ea Bibele. Ha re etsa joalo, re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa.—Bala 1 Petrose 3:​8, 9.

PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa

a Lengolong la Petrose oa pele khaolo ea bobeli le ea boraro, Petrose o hlalosa tsela eo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba sa tšoaroa ka toka ka eona ke benghali ba bona kapa banna ba bona bao e neng e se balumeli.—1 Pet. 2:​18-20; 3:​1-6, 8, 9.

b Shebella video e nang le sehlooho se reng Lerato le re Thusa Hore re be le Khotso ho jw.org/st.