Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Thusoa ke Eng Hore u Etse Thuto ea Botho Beke e ’Ngoe le e ’Ngoe?

U ka Thusoa ke Eng Hore u Etse Thuto ea Botho Beke e ’Ngoe le e ’Ngoe?

NA U thatafalloa ke ho etsa thuto ea botho beke e ’ngoe le e ’ngoe u le mong, hona na u thabela ho etsa joalo? Mohlomong kaofela ha rona re na le ho ikutloa joalo ka linako tse ling. Empa nahana ka lintho tse ling tseo re li etsang kamehla joaloka ho hlapa. Ho hlapa ho hloka nako le boiteko empa re ikutloa re khatholohile ka mor’a moo. Ho ithuta Bibele ho ka tšoantšoa le ho khatholloa ke ‘ho hloekisoa ka metsi e leng lentsoe la Molimo.’ (Baef. 5:26) A re bueng ka litlhahiso tse latelang tse ka re thusang:

  • Iketsetse lenaneo. Thuto ea botho ke e ’ngoe ea “lintho tsa bohlokoa haholo” tseo Mokreste a lokelang ho li etsa. (Bafil. 1:10) E le hore u khone ho latela lenaneo leo u iketselitseng lona, le behe moo u ka le bonang habonolo, mohlomong leboteng kapa lemating la fridge. Ntho e ’ngoe e ka u thusang, ke ho etsa hore fono ea hao e u hopotse nako ea ho ithuta nakoana pele e fihla.

  • Khetha nako le tsela ea ho ithuta e ka u tsoelang molemo. Na u nolofalloa ke ho tsepamisa mohopolo ha u bala nako e telele kapa e khutšoanyane? Ke uena ea tsebang maemo a hao hantle. Etsa hore maemo a hao a lumellane le nako eo u e behileng ea ho ithuta. Haeba ha nako ea hao ea ho ithuta e fihla ’me u ikutloa u tsoafa, leka ho nka metsotso e leshome feela u ithuta. Ho etsa joalo, ho molemo ho feta ho se ithute ho hang. Mohlomong ka mor’a metsotso eo e leshome u tla ikutloa u se u batla ho tsoela pele.—Bafil. 2:13.

  • Khetha lihlooho tseo u tla ithuta tsona esale pele. Haeba ha u lula fatše ke hona u nahanang ka hore na u tl’o ithuta’ng, u tla be u sa ‘sebelise nako ea hao hantle.’ (Baef. 5:16) Ngola lethathamo le lihlooho kapa lintlha tseo u batlang ho ithuta tsona. Nako le nako ha ho etsahala hore u ipotse potso e amanang le Bibele, e ngole fatše. Kamehla ha u qeta ho ithuta, ngola lintlha tse ling fatše tseo u tla thabela ho ithuta haholoanyane ka tsona.

  • Etsa liphetoho ha ho hlokahala. Leka ho etsa liphetoho lenaneong la hao la ho ithuta, tse kang nako eo u e qetang u ithuta kapa lihlooho tseo u batlang ho ithuta tsona. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore u etse thuto ea botho beke e ’ngoe le e ’ngoe. E le hore u khone ho etsa joalo, u ka fetola nako kapa letsatsi leo u ithutang ka lona, nako eo u e qetang u ithuta kapa oa fetola lihlooho tseo u batlang ho ithuta tsona.

Kannete ho etsa thuto ea botho beke e ’ngoe le e ’ngoe ho tla re tsoela molemo. Ha re etsa joalo, setsoalle sa rona le Jehova se tla matlafala, re tla etsa liqeto tse bohlale bophelong ebile re tla ikutloa re khatholohile.—Josh. 1:8.