Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

1918—Lilemo Tse Lekholo Tse Fetileng

1918—Lilemo Tse Lekholo Tse Fetileng

Le hoja mathoasong a selemo sa 1918 Ntoa ea Pele ea Lefatše e ne ntse e kupa Europe, ho ne ho bonahala eka lintho li tla tsamaela batho bohle hantle. Molula-Qhooa oa January 1, 1918 o ile oa botsa hore na ebe selemo sa 1918 se re tšoaretse’ng.

BATHO BA BOPA KHOTSO

Ka li 8 tsa January selemong sona seo, mopresidente oa Amerika ea bitsoang Woodrow Wilson o ile a fana ka puo ka paramenteng. O ne a bua ka lintho tse 14 tseo a neng a lumela hore li tla thusa batho ho bopa khotso. O ile a khothalletsa linaha hore li fokotse libetsa le ho theha mokhatlo o tla li thusa ho bopa khotso. Lintho tsena tseo a buileng ka tsona li ne li tla sebelisoa ha ho thehoa mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Li ne li tla boela li sebelisoe ha lichaba li lumellana ho etsa tokomane e bitsoang Treaty of Versailles e le ho li thusa ho felisa Ntoa ea Pele ea Lefatše.

BA LEKILE EMPA BA HLOTSOE

Le hoja ka selemo sa 1917, * ho ile ha e-ba le moferefere, Liithuti tsa Bibele li ne li e-na le tšepo ea hore lintho li tla loka ho latela hore na seboka sa selemo le selemo sa 1918 se tsamaile joang.

Seboka sena se ne se tšoeroe ka li 5 tsa January 1918. Mor’abo rona Richard H. Barber eo e neng e le molebeli ea tsamaeang o ile a se qala ka thapelo. Ka mor’a hore ho fanoe ka tlaleho ea selemo se fetileng (1917), ho ile ha khethoa barab’abo rona ba tla etella mokhatlo pele. Mor’abo rona Barber o ile a khetha mor’abo rona Joseph Rutherford le ba bang ba tšeletseng. Eaba akhente e ’ngoe e neng e buella bahanyetsi eona e khetha barab’abo rona ba supileng ba hlaheletseng ba neng ba lelekiloe Bethele ba bile ba leka ho laola mokhatlo. Empa morero oa hae o ile oa nyopa ha boholo ba ba nang le seabo bo khetho ea mor’abo rona Barber.

Batho ba neng ba ile sebokeng sena ba ne ba thabile haholo hobane ba ne ba re seboka seo e ne e le se hlohonolofetseng ho feta tse ngata tseo ba kileng ba ea ho tsona. Empa seboka seo e ne e se sona tharollo ea mathata a bona.

HO LOKOLLOA BUKA EA THE FINISHED MYSTERY

Batho ba ratang Molimo ba ne ba thabetse buka ea The Finished Mystery eo Liithuti Tsa Bibele li ileng tsa qeta likhoeli tse ’maloa li fana ka eona.

Mor’abo rona Edward F. Crist eo e neng e le molebeli ea tsamaeang oa Canada, o re banyalani ba bang ba ile fuoa buka ena eaba ba e bala libeke tse hlano feela ba nt’o sebeletsa Molimo. O re: “Banyalani bana ba ntse ba sebeletsa Molimo ka lipelo tsohle.”

Motho e mong o ile a re: “Ka letsatsi le leng ha ke ntse tsamaea seterateng ka utloa ntho e ntokhotsa lehetleng ebile ke nahana ke setene athe ke buka ea The Finished Mystery. E ne e tjebetsoe kantle ka fensetere ke moruti e mong ka bohale eaba kea e phutha ke ea le eona hae ka l’o e bala. . . . Moruti eo o thusitse batho ba bangata hore ba tsebe Molimo a sa hlokomele. . . .Bohale ba hae bo re thusitse ho tseba Molimo.” Ka mor’a hore motho eo a bale buka ena o ile a e bontša metsoalle ea hae.”

E ne e se moruti eo feela ea sa rateng buka ena. Ka li 12 tsa February 1918, ’muso oa Canada o ile oa thibela buka ena ka le reng e bua lintho tse khahlanong le molao. Soko-soko ’muso oa Amerika le oona oa b’o s’o kena lefehlong. O ile oa phenya-phenya lehae la Bethele le New York, Pennsylvania le le California, o batlana le bopaki ba ho qosa barab’abo rona ba etellang mokhatlo pele. Ka li 14 tsa March 1918, Lekala la Toka la Amerika le ile la thibela buka ea The Finished Mystery hobane e ne e le khahlanong le molao oa ntoa o bitsoang Espionage Act.

BA LLELOA KE LITŠEPE

Ka li 7 tsa May 1918 Lekala la Toka le ile la kenya mor’abo rona Giovanni DeCecca, George Fisher, Alexander Macmillan, Robert Martin, Frederick Robison, Joseph Rutherford, William Van Amburgh le mor’abo rona Clayton Woodworth seleng. Ba ile ba qosoa ka hore ke litloli tsa molao ebile ba ferekanya sechaba le ho etsa hore se se ke sa mamela ’muso ha o re batho e be masole. Nyeoe ea bona e ile buuoa ka li 3 tsa June 1918 ’me ba ne ba e-na le tšepo ea hore ba tla e hlola.

Moahloli e moholo oa Amerika o ile a bua ka molao oa ntoa (Espionage Act) oo ho neng ho thoe barab’abo rona ba o tlotse. Molao ona o ne o loantša batho ba thibelang ba bang ho ea ntoeng. Ho ile ha e-ba le tlhahiso ea hore molao o lumelle batho ho hatisa libuka tsa bona tse khothalletsang batho ho se ee ntoeng haeba li bua ’nete li bile li ngotsoe ka sepheo se setle. Empa ka li 16 tsa May 1918 Paramente e ile ea hana ho hlomathisa molao oo. E ile ea itšoarella ka buka ea The Finished Mystery ha e qosa barab’abo rona. E ne e re buka ena ke e ’ngoe ea libuka tse kotsi ka ho fetisisa kaha sepheo sa eona ke ho khothalletsa masole hore a se ke a hlompha mosebetsi oa oona le ho etsa hore batho ba hane ha ’muso o re e be masole.

Ka li 20 tsa June 1918, Lekala la Toka le ile la fumana barab’abo rona ba le molato eaba le liha kahlolo letsatsi le hlahlamang. Moahloli o ile a re: “Banna bana ba kotsi ho feta masole a Jeremane. . . .Kahoo ba lokeloa ke kotlo e boima haholo.” Libeke tse peli hamorao, bara bana babo rona ba ile ba isoa teronkong ea linokoane tse kotsi e Atlanta, Georgia. Motho ea neng a fumane kahlolo e bobebe e ne e le lilemo tse 10 ha ea fumaneng e boima a ne a ahloletsoe tse 20.

HA BAA KA BA KHAOTSA HO BOLELA

Thota e ne e sa namme ka pel’a Liithuti Tsa Bibele. Lefapha la Sepolesa le etsang lipatlisiso le bitsoang FBI, le ile la qala ho phenya-phenya Liithuti Tsa Bibele. Le ile la ngola litokomane tse li likete tse bontšang hore Liithuti Tsa Bibele li ikemiselitse ho tsoela pele ka mosebetsi oa tsona.

Mookameli oa poso e Orlando, Florida o ile a ngolla FBI lengolo le reng: “Liithuti Tsa Bibele li ikemiselitse ho tsoela pele li tena batho ka mosebetsi ona oa tsona ho sa tsotellehe hore na ’muso o li thibela hakae.”

Motho e mong ea hlaheletseng sesoleng le eena o ile a ngolla FBI tlaleho e buang ka mor’abo rona Frederick W. Franz e neng e re: “F. W. Franz o ntse a tsoela pele ho rekisa buka ena ea ‘Finished Mystery’ ka matla.” Hamorao mor’abo rona Franz e ile ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang.

Motho e mong ea ileng a hlorisoa ke mor’abo rona Charles Fekel eo hamorao e ileng ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang. O ile a tšoaroa ka lebaka la ho rekisa buka ea The Finished Mystery, hape ba boholong ba ile ba mo lisa hore na o buisana le bo-mang. O qetile khoeli a le teronkong Baltimore e Maryland a bitsoa “sera sa molata sa Austria.” Ha batho ba mo qosang ba ntse ba mo hloma lipotso, o ne a hopola mantsoe a moapostola Pauluse a hlahang ho 1 Bakorinthe 9:16 a reng: “Ho malimabe ’na haeba ke sa ka ka bolela litaba tse molemo!” Eaba o paka le hona maemong ao. *

Mosebetsi o mong oo Liithuti Tsa Bibele li neng li o etsa e ne e le ho ngola mangolo a kopang hore barab’abo rona ba lokolloe teronkong e Atlanta. Morali’abo rona Anna K. Gardner o re: “Re ne re lula re phathahane, ha barab’abo rona ba le teronkong re ne re ngola mangolo ebe re ea ka ntlo le ntlo hore batho ba a tekene. Batho bana ba ne ba bolelloa hore barab’abo rona ba koalletsoe ka phoso. Ke batho ba likete ba ileng ba tekena”

LIKOPANO

Liithuti Tsa Bibele li ile tsa thusoa hore li lule li rata Molimo ka likopano tse ngata tse ileng tsa e-ba teng. Molula-Qhooa o ile oa re: “Qalong likopano li ne li e-ba mafelong a lehlabula kapa ha lehoetla le qala empa hona joale li se li e-ba khoeli le khoeli. Ho se ho bile le likopano tse fetang mashome a mane selemong sena ’me kaofela ha tsona li tsamaile hantle haholo.”

Le ka nako ena ho ne ho e-na le batho ba bangata ba batlang ho ithuta Bibele. Kopanong e ileng ea e-ba Cleveland e Ohio, ho ile ha ea batho ba 1 200 eaba ho kolobetsoa ba 42. Har’a bona ho ne ho e-na le moshanyana ea monyane ea neng a rata Molimo le ho mo sebeletsa hoo batho ba bangata ba baholo ho eena ba neng ba ipotsa hore na ebe molato ke’ng ka bona ha ba sa kolobetsoe.

NA HO SA TLA LOKA?

Ha 1918 e kolumela, ho ile ha reroa hore seboka sa selemo le selemo se be ka li 4 tsa January 1919. Ka nako eo, Liithuti Tsa Bibele li ne li ipotsa hore na bokamoso bo ba tlela ka’ng. Mehaho e meng e Brooklyn e ile ea rekisoa eaba ntlo-kholo e se e e-ba Pittsburgh e Pennsylvania. Ha lintho tsena tsohle li ntse li etsahala barab’abo rona ba etellang pele ba ne ba se ba ntse ba le teronkong. Na lintho li ne li tla loka?

Liithuti Tsa Bibele ha lia ka tsa emisa mosebetsi oa tsona empa li ne li ikemiselitse ho thula thaba ka phatla. Li ne le e-na le tšepo hoo li ileng tsa khetha Esaia 54:17 e le temana ea selemo sa 1919. Temana ena e re: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha.”

^ ser. 6 U ka bala sehlooho se reng, “Lilemo tse Lekholo Tse Fetileng 1917” Bukeng ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2017 maq. 172-176.

^ ser. 22 U ka bala pale ea mor’abo rona Charles Fekel Molula-Qhooeng oa March 1, 1969 sehloohong se re “Mamello e Tsoala Katleho Mosebetsing o Thata.”