Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula u e-na le Khotso le ha Maemo a Fetoha

Lula u e-na le Khotso le ha Maemo a Fetoha

Ke tšelisitse ’me ke khutsisitse moea oa ka.”PES. 131:2.

LIPINA: 128, 129

1, 2. (a) Re ka ikutloa joang ha maemo a rona a fetoha? (Sheba setšoantšo se qalong) (b) Ho latela Pesaleme ea 131 ke eng e ka re thusang ho ba le khotso?

NTATE Lloyd le mohatsa oa hae ’mè Alexandra ba neng ba sebetsa Bethele, ba ile ba utloa bohloko ha ba utloa hore ba tl’o fokotsoa ka mor’a ho sebetsa teng ka lilemo tse 25. Mora’bo rona Lloyd o re: “Ke ne ke utloa eka Bethele ke karolo ea bophelo ba ka. Le hoja ke ne ke utloisisa mabaka a ho fokotsoa, hangata ke ne ke utloa eka ke lahlehile. Ka linako tse ling ke ne ke ba le tšepo ea hore ho tla loka empa neng neng ke utloa ke nyahama.”

2 Hangata ha maemo a rona a bophelo a fetoha rea nyahama. (Liprov. 12:25) Re ka thatafalloa le ho amohela boemo ha bo fetoha. Ebe ke eng e ka re ‘tšelisang’? (Bala Pesaleme ea 131:1-3) Sehloohong sena re tl’o hlahloba mehlala e hlahang ka Bibeleng ea batho ba ileng ba lula ba e-na le khotso le ha maemo a bona a fetoha, re tla boela re bone le ea bahlanka ba Jehova ba mehleng ea kajeno.

HO BA LE “KHOTSO EA MOLIMO”

3. Josefa o ile a ba boemong bofe?

3 Josefa e ne e le thatohatsi ea ntate oa hae, kahoo bo-abuti oa hae ba ne ba mo monela eaba ba mo rekisa hore e be lekhoba ha a le lilemo li ka bang 17. (Gen. 37:2-4, 23-28) O ile a mamella ho ba hole le ntate oa hae, ho ba lekhoba le ho kenngoa chankaneng Egepeta ka lilemo tse ka bang 13. O ile a thusoa ke eng hore a se ke a nyahama le ho koata?

4. (a) Josefa o ne a lula a nahana ka eng ha a le teronkong? (b) Jehova o ile thusa Josefa joang?

4 Mohlomong Josefa o ne a nahana ka litlhohonolofatso tsa Jehova ha a ne a le teronkong. (Gen. 39:21; Pes. 105:17-19) Litoro tsa boprofeta tseo a neng a li lora ha a le monyane li ile tsa mo kholisa hore Jehova o na le eena. (Gen. 37:5-11) E tlameha ebe o ne a phetlela Jehova sefuba hangata. (Pes. 145:18) ’Me Jehova o ile a mo kholisa hore o tla lula a “e-na le eena” mathateng ’ohle a hae.—Lik. 7:9, 10. *

5. “Khotso ea Molimo” e ka re thusa joang?

5 Ha re e-na le mathata “khotso ea Molimo” e ka re lebela le ho thoba lipelo tsa rona. (Bala Bafilipi 4:6, 7) Kahoo, haeba re tšepa Jehova, khotso ea hae e ka re thusa hore re ikemisetse ho lula re mo sebeletsa le hore re se ke ra nyahama. A re hlahlobeng mehlala ea bara le barali babo rona e tiisang taba ena.

TŠEPA JEHOVA ’ME U BE LE KHOTSO

6, 7. Fana ka mohlala o bontšang hore na ha re toba taba ha re bua le Jehova re ka fumana khotso ea hae joang.

6 Mora’bo rona Ryan le mohatsa oa hae Juliette e ne e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ka nakoana. Ha ba bolelloa hore ba lokela ho tlohela mosebetsi oo, ba ile ba utloa bohloko haholo. Mora’bo rona Ryan o re: “Re ile ra bolella Jehova ka taba eo. Re ne re tseba hore re lokela ho mo tšepa. Kaha phutheho ea rona e ne e e-na le batho ba bangata bao e sa tsoa ba Lipaki, re ile ra rapella hore Jehova a re thuse ho ba behela mohlala oa ho ba le tumelo.”

7 Na Jehova o ile a arabela thapelo ea bona? Mora’bo rona Ryan o re: “Ka mor’a hore re rapele Jehova, re ile ra khaotsa ho tšoenyeha kaha khotso ea hae e ile ea lebela lipelo tsa rona. Re ile ra hlokomela hore re tla ’ne re tsoele pele ho sebeletsa Jehova hafeela re e-na le maikutlo a nepahetseng.”

8-10. (a) Moea o halalelang o ka re thusa joang hore re mamelle mathata? (b) Etsa mohlala oa kamoo Jehova a re hlohonolofatsang kateng ha re mamella.

8 Moea o halalelang o ka re thoba maikutlo ka hore hopotsa mangolo a ka re thusang ho lula re sebeletsa Jehova. (Bala Johanne 14:26, 27) Nahana ka mohlala oa mora’bo rona Philip le mohatsa oa hae Mary ba sebelelitseng Bethele ka lilemo tse ka bang 25. Ka mor’a hore ba tlohe Bethele ’mè Mary o ile a hlokahalloa ke ’mè eaba ntate oa hae o ba le bothata ba hlooho. Athe ntate Philip eena o ile a hlokahalloa ke ’mè le motho e mong eo a amanang le eena.

9 Mora’bo rona Philip o re: “Ke ne ke nahana hore lintho li ntse li tsamaea hantle ho fihlela ke bala lengolo la Bakolose 1:11 le neng le hlaha thutong ea Molula-Qhooa. Le ile la ntlhokomelisa hore le hoja ke mamelletse ho na le lintho tse ngata tseo ke hlokang ho li lokisa. Ke ne ke lokela ho lula ke thabile le hoja ke mamelletse mathata. Temana eo e ile ea nkhopotsa hore moea o halalelang ke oona o etsang hore motho a thabe eseng hore na ho etsahala’ng bophelong ba hae.”

10 Jehova o ile a hlohonolofatsa banyalani bana ka litsela tse ngata kaha ba ile ba mamella mathateng a bona. Ka mor’a hore ba tlohe Bethele ba ile ba fumana lithuto tse tsoelang pele hantle. Ha mora’liabo rona Mary a bona kamoo Jehova a ba hlohonolofalitseng kateng o re: “Lithuto tseo re nang le tsona lia re thabisa ebile rea bona hore ke tsela eo Jehova a re tšelisang ka eona.”

THABISA JEHOVA A TLE A U HLOHONOLOFATSE

Re ka khona ho etsisa Josefa ha maemo a rona a fetoha (Sheba serapa sa 11-13)

11, 12. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a hlohonolofatsa Josefa? (b) Hona o ile a mo hlohonolofatsa joang?

11 Ha re hlaheloa ke mathata ho ka ba bonolo hore re tšoenyehe ka hore na ho tla etsahala’ng ka rona nakong e tlang. Josefa le eena a ka be a ile a etsahalloa ke ntho e tšoanang. Ho e-na le hoo, o ile a etsa qeto ea ho thabisa Jehova eaba oa mo hlohonolofatsa. Le hoja a ne a le teronkong o ile a sebetsa ka thata ho phetha mosebetsi oo a neng a o fuoa ke molebeli joalokaha a ile a sebeletsa Potifaro.—Gen. 39:21-23.

12 Ka letsatsi le leng molebeli o ile a fa Josefa boikarabello ba ho hlokomela banna ba babeli ba neng ba e-na le maemo a phahameng ntlong ea Faro. Kaha banna bana ba ne ba hlokometse hore Josefa ke monna ea mosa, ba ile ba mo bolella litoro tseo ba bileng le tsona bosiu tseo ba sitoang ho li hlalosa. (Gen. 40:5-8) Josefa o ne a sa tsebe hore ho thusa batho bao ho tla mo tsoela khomo. Le hoja a ile a hoehla lilemo tse ling hape tse peli chankaneng, o ile a etsoa mohlahlami oa Faro letsatsing leo a lokolotsoeng ka lona.—Gen. 41:1, 14-16, 39-41.

13. Jehova o tla re hlohonolofatsa haeba re etsa’ng?

13 Le rona re ka iphumana re selebaletsoe ha re hlaheloa ke mathata joaloka Josefa. Leha ho le joalo, haeba re mamella mathata a rona ’me re thabisa Jehova, o tla re hlohonolofatsa. (Pes. 37:5) Ke ’nete hore ka linako tse ling re ka utloa re “tsielehile” empa joalokaha moapostola Pauluse a cholo, ha se hore “ha re na tsela ea ho tsoa.” (2 Bakor. 4:8) Ha re lula re phathahane mosebetsing oa ho ruta batho ka Bibele re tla bona ha mantsoe ana a phethahala.

SEBELETSA MOLIMO

14-16. Filipi o ile a etsa’ng ha maemo a hae a fetoha?

14 Filipi o re behetse mohlala o motle kaha o ile a lula a sebeletsa Jehova le ha maemo a hae a fetoha. Ka mor’a hore ho be le mahloriso a maholo Jerusalema Setefane o ile a bolaoa. * Ha setsokotsane seo se ntse se tsoela pele, Filipi o ile a fumana monyetla o mong oa ho sebeletsa Molimo. (Lik. 6:1-6) Ha aa ka a phutha matsoho eaba oa shebella empa o ile a bolela molaetsa oa Bibele Samaria e leng sebaka sa balichaba ba neng ba e-s’o utloe molaetsa.—Mat. 10:5; Lik. 8:1, 5.

15 Jehova o ile thusa Filipi hore a il’o bolella batho molaetsa oa Bibele libakeng tse e-s’o sebetsoe kaha o ne a ikemiselitse ho ea hohle moo moea oa Molimo o mo tataisetsang teng. Bajuda ba ne ba tloaetse ho tšoara Basamaria ka leeme empa kaha Filipi eena o ne a se leeme, Basamaria ba bangata ba ne ba rata ho mamela molaetsa oa hae.—Lik. 8:6-8.

16 Moea oa Molimo o ile oa tataisetsa Filipi Ashdode le Cesarea e leng libaka tse neng li e-na le batho ba bangata bao eseng Bajuda. (Lik. 8:39, 40) Lilemo tse 20 ka mor’a moo maemo a hae a ile a boela a fetoha. O ne a se a tsitsitse sebakeng se le seng kaha o ne a se a e-na le lelapa. Ho sa tsotellehe ho fetoha ha maemo a hae, o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova eaba oa mo hlohonolofatsa le lelapa la hae.—Lik. 21:8, 9.

17, 18. Fana ka mohlala o bontšang hore ho phathahana ka mosebetsi oa boboleli ho ka re thusa ho lula re sebeletsa Jehova le ha maemo a rona a fetoha.

17 Bara le barali babo bo rona ba tšebeletsong ea nako e tletseng bao maemo a bona a ileng a fetoha baa tseba hore ho phathahana ka ho sebeletsa Molimo ho ba thusa hore ba lule ba mo rata. Ha mora’bo rona Osborne le mohatsa oa hae Polite ba neng ba sebeletsa Bethele ea Afrika Boroa ba khutlela hae, ba ne ba nahana hore ba tla fumana ntlo le mosebetsi o tla ba lumella ho sebeletsa Jehova. Mora’bo rona Osborne o re ka bomalimabe ha baa ka ba fumana mosebetsi kapele joalokaha ba ne ba nahanne. Mohatsa oa hae eena o re ho ne ho le thata haholo kaha ba qetile likhoeli tse tharo ba sa sebetse ba bile ba se na chelete.

18 Ba ile ba thusoa ke eng hore ba sebetsane le bothata boo? Mora’bo rona Osborne o re: “Ho sebetsa ’moho le phutheho mosebetsing oa boboleli ho ile ha re thusa hore re lule re e-na le tšepo le hore re se ke ra nyahama. Re ne re thabile hobane re ile ra etsa qeto ea ho phathahana ka ho bolella batho molaetsa oa Bibele ho e-na le ho tšoenyeha ka mathata a rona. Re ne re lula re batla mosebetsi ’me qetellong re ile ra o fumana.”

LETELA JEHOVA

19-21. (a) Ke eng e tla re thusa ho ba le khotso? (b) Ho mamella mathata ho ka re thusa joang?

19 Joalokaha re bone mehlaleng ena, haeba re tšepa Jehova le ha maemo a rona a fetoha, re tla ba le khotso. (Bala Mikea 7:7.) Maemo ao a ka ba a re thusa ho rata Jehova haholoanyane. Morali’abo rona Polite eo re buileng ka eena ka holimo o re: “Taba ea hore ebe re ile ra fokotsoa Bethele e nthutile hore ke lokela ho lula ke tšepa Jehova le ha ho nyolosetsa. Hona joale ke utloa ke mo rata le ho feta pele.”

20 Morali’bo rona Mary eena e ntse e le pula-maliboho le hoja a ntse a hlokometse ntate oa hae. O re: “Ke ithutile hore ha maikutlo a ka a farasa ke lokela ho ema hanyane, ke rapele ebe ke leka ho khoba matšoafo. Ke boetse ke ithutile hore ke lokela ho tlohela lintho ho Jehova kaha ho etsa joalo ho tla ntsoela molemo le ka moso.”

21 Mora’bo rona Lloyd le morali’abo rona Alexandra bona ba re tumelo ea bona e ile ea thefuleha ha maemo a bona a fetoha. Ba boetse ba re: “Ha re hlaheloa ke mathata, ho tla hlaka hore na re na le tumelo ea hore Jehova a ka re thusa a be a re tšelise. Mathata a re thusa ho tiisa tumelo.”

Jehova a ka re hlohonolofatsa ka tsela eo re sa e lebellang ha maemo a rona a fetoha (Sheba serapa sa 19-21)

22. Re ka kholiseha ka eng ha maemo a rona a fetoha?

22 Ha maemo a rona a fetoha ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke mathata afe, re ka kholiseha hore Jehova o tla re thusa ka nako e nepahetseng. (Baheb. 4:16; 1 Pet. 5:6, 7) U leke ho lula u thabile le ha u hlaheloa ke mathata. Rapela Jehova e le hore u tle u atamele ho eena u be u mo lumelle hore a u thuse. Ha u etsa joalo, u tla ba le khotso esita le ha maemo a hao a fetoha.

^ ser. 4 Ka mor’a hore Josefa a tsoe teronkong o ne a kholisehile hore ke Jehova ea mo tšelisitseng mathateng a hae ka ho mo fa mora. O ile a reha mora oa hae oa letsibolo Manase e bolelang hore “Molimo o ntebalitse khathatso eohle ea ka.”—Gen. 41:51.

^ ser. 14 Bala sehlooho se reng “Re U Lome Tsebe?” se hlahang Molula-Qhooeng ona.