Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Bua Leshano ke Sebe

Ho Bua Leshano ke Sebe

Bolellanang ’nete.”​ZAK. 8:16.

LIPINA: 56, 124

1, 2. (a) Ke ntho efe eo liphello tsa eona li leng bohloko eo e leng khale e le teng? (b) Hona ke mang ea ileng a e qala?

BATHO ba etsa lintho tse ngata tse ntle tse kang: lifono, likoloi, liforiji ho etsa hore bophelo bo be monate. Empa ba boetse ba khona ho etsa le tse mpe tse kotsi tse kang: libomo ka mefuta ea tsona, lithunya le koae joalo-joalo. Leha ho le joalo, ho na le ntho e ’ngoe eo e leng khale e le teng eo liphello tsa eona li leng bohloko e leng leshano. Hangata ha motho a bua leshano o batla hore batho ba lumellane le eena. Satane ke eena motho oa pele ea ileng a bua leshano ’me ha Jesu a bua ka eena o ile a re: “Diabolose . . .  ke ntate oa leshano.”—Bala Johanne 8:44.

2 Jehova o ile a bopa Adama le Eva ’me a ba fa lehae le letle la Paradeise e le hore ba ka thabela ho phela ho lona. O ile a ba laela hore ba se ke ba ja “sefate sa tsebo ea botle le bobe” e le hore ba se ke ba shoa. Satane o ile a ba thetsa a sebelisa noha a re: “Ka sebele le ke ke la shoa . . . etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang [litholoana] tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” Lena ebile leshano la pele leo Satane a le buileng lilemo tse likete tse fetileng serapeng sa Edene.—Gen. 2:15-17; 3:1-5.

3. (a) Ke hobane’ng ha re ka re Satane o ne a buile leshano? (b) Litla-morao e ile ea e-ba life?

3 Satane o ne a bua leshano hobane o ne a tseba hantle hore Eva o ne a tla shoa ha a ka ja tholoana ea sefate seo. Adama le Eva ba ile ba shoa hobane ha baa ka ba mamela ha Molimo a ba laela. (Gen. 3:6; 5:5) Ke kahoo re shoang hobane ‘lefu le nametse ho batho bohle.’ Ha e le hantle “lefu le ile la busa e le morena ho tloha ho Adama . . . , esita le holim’a ba neng ba sa etsa sebe.” (Bar. 5:12, 14) Hona joale ha rea phethahala ebile re phela nako e khutšoanyane le hoja Molimo a ne a rerile hore re se ke ra shoa. Re phela ‘lilemo tse mashome a supileng empa haeba e le ka lebaka la matla a khethehileng e ba lilemo tse mashome a robeli.’ Le hoja re phela nako e khutšoaane hakaalo, bophelo ba rona bo tletse mathata. (Pes. 90:10) Mathata ana kaofela a bile teng ka lebaka la leshano leo Satane a le buileng.

4. (a) Re tl’o hlahloba likarabo tsa lipotso life? (b) Ho ea ka Pesaleme ea 15:1, 2 motsoalle oa Molimo ke motho ea joang?

4 Ha Jesu a bua ka Satane o ile a re: “Ha aa ka a ema a tiile ’neteng, hobane ’nete ha e eo ho eena.” Esita le hona joale, Satane e ntse e le raleshano hobane o ntse a ‘khelosa’ batho. (Tšen. 12:9) Leha ho le joalo, ha re batle hore a re khelose. Sehloohong sena re tl’o hlahloba likarabo tsa lipotso tsena, Satane o khelosa batho joang? Ke hobane’ng ha batho ba tloaetse ho bua leshano? Re ka etsa’ng hore re ‘bue ’nete’ ka linako tsohle e le hore re lule re le metsoalle ea Jehova, re se ke ra tšoana le Adama le Eva?—Bala Pesaleme ea 15:1, 2.

SATANE O KHELOSA BATHO JOANG?

5. Satane o laola lintho life?

5 Moapostola Pauluse o ne a tseba hore re ka qoba ho “qhekelloa ke Satane, kaha re tseba merero ea hae.” (2 Bakor. 2:11) Rea tseba hore lefatše lena le laoloa ke Satane ho akarelletsa bolumeli ba bohata, lipolotiki le likhoebo tse meharo. (1 Joh. 5:19) Ha re makale ha batho ba boemong bo phahameng ba ‘bua leshano’ hobane ba susumetsoa ke Satane le bademona. (1 Tim. 4:1, 2) Mashano ana a buuoa le ke bo-rakhoebo ha ba batla hore batho ba reke thepa ea bona ba be ba kene mechaellano eo ka linako tse ling e qetellang ka ho ja chelete ea batho.

6, 7. (a) Ke hobane’ng ha baruti ba le molato? (b) Ke mashano afe ao u kileng oa utloa baruti ba a bua?

6 Baruti ba molato le ho feta hobane ba bua mashano a etsang hore batho se ke ba se ke ba tseba Molimo. Ha motho a lumela thuto e fosahetseng a ka hloleha ho fumana bophelo bo sa feleng. (Hos. 4:9) Jesu o ne a tseba hore baruti ba mehleng ea hae ba molato oa ho khelosa batho. O ile a re ho bona: “Ho malimabe lōna, bangoli le Bafarisi, baikaketsi! hobane le haola leoatle le naha e omileng ho etsa mosokolohi a le mong, ’me ha e e-ba eena le mo etsa mofo oa Gehena ka makhetlo a mabeli ho feta kamoo le leng kateng.” (Mat. 23:15) O ile a tiisa ka hanong ha a bua le bona a re ba ‘tsoa ho ntat’a bona Diabolose oa ’molai.’—Johanne 8:44.

7 Mehleng ena baruti ba bangata ba ruta batho lintho tse fosahetseng ka Molimo joaloka ba mehleng ea Jesu. Kaofela ha bona ‘ba hatella ’nete’ ebile ba “fapanyetsa ’nete ea Molimo ka leshano.” (Bar. 1:18, 25) Ba re motho ha a tsoetsoe la bobeli ha a sa na sebe, ha a shoa moea oa hae o ea leholimong, kapa o boela a phela ka mor’a a shoe e se e le ntho e ’ngoe. Ba bile ba re Molimo o lumella ha batho ba bong bo tšoanang ba nyalana.

8. (a) Batho ba tla bua leshano lefe haufinyane? (b) Ha rea lokela ho etsa’ng?

8 Bo-ralipolotiki le bona ba khelosa batho. Ke hona batho ba tl’o bua leshano le leholo ka ho fetisisa la hore ba fumane “khotso le tšireletseho” empa “timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang.” Rona ha rea lokela ho kholoa hore ho tla ba le khotso le tšireletseho hobane lefatše lena le haufi le ho timetsoa.—1 Bathes. 5:1-4.

KE HOBANE’NG HA BATHO BA TLOAETSE HO BUA LESHANO?

9, 10. (a) Ke hobane’ng ha batho ba tloaetse ho bua leshano, hona phello eba efe? (b) Na re ka khona ho thetsa Jehova?

9 Leshano le kene fesheneng joaloka ntho e fihlang ’marakeng, le se le ipueloa ke motho e mong le e mong eseng ba boemong bo phahameng feela. Sehlooho se ngotsoeng ke Y. Bhattacharjee se reng “Why We Lie” se re: “Ho hlokomelehile hore leshano ke ntho e maling a batho. Ba ipuela leshano ho sa tsotellehe hore na ke nthong e kholo kapa e nyane, ba le bua le ho batho bao ba sa ba tsebeng, basebetsi-’moho le bona, metsoalle le ho batho bao ba ba ratang.” Batho ba bua leshano e le hore ba hlahelle kapa ba itšireletse. Ba bile ba bua leshano ha ba pata liphoso tsa bona le ha ba batla chelete.

10 Ho bua leshano ho etsa hore batho ba se ke ba tšepana ba be ba qetelle ka ho qabana. Mohlala, nahana hore na motho o utloa bohloko hakae ha molekane oa hae a sa mo tšepahalle a bile a leka ho pata phoso ea hae ka ho bua leshano. Ho boetse ho ka ba bohloko haeba ntate a phelisa lelapa la hae habohloko empa ha a fihla bathong a etsa eka lintho li tsamaea hantle lapeng. Re lokela ho lula re hopola hore batho ba etsang lintho tsena ba ke ke ba khona ho ipatela Jehova hobane “lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong” a hae.—Baheb. 4:13.

11. U ithutile’ng paleng ea Ananiase le Safira? (Sheba setšoantšo se qalong)

11 Bibele e bua ka banyalani ba bang bao Satane a ileng a ba susumetsa hore ba bue leshano. Banyalani bao ba ileng ba thetsa baapostola ke Ananiase le Safira. Ba ile ba rekisa thepa ea bona eaba ba fa baapostola chelete e sa fellang. Ba ne ba batla ho bonahale eka ke batho ba fanang, kahoo ba bua leshano la hore ba fane ka chelete kaofela. Jehova o ile a bona bolotsana boo ba bona eaba oa ba khalema.—Liketso 5:1-10.

12. Ho tl’o etsahala’ng ka batho ba leshano ba bile ba sa bake? Hona hobane’ng?

12 Jehova o ikutloa joang ka batho ba buang leshano? O tl’o lahlela Satane le bohle ba leshano ba bile ba sa bake ka “letšeng la mollo.” (Tšen. 20:10; 21:8; Pes. 5:6) Lebaka ke hobane Jehova o nka batho ba buang leshano ba tšoana hantle le batho ba bang ba etsang lintho tse khahlanong le thato ea hae.—Tšen. 22:15.

13. Re tseba eng ka Jehova, ’me re lokela ho etsa’ng?

13 Rea tseba hore Jehova ha se “motho hore a bue mashano” ebile ho ke ke ‘ha khoneha hore a bue leshano.’ (Num. 23:19; Baheb. 6:18) Jehova o hloile “leleme la bohata.” (Liprov. 6:16, 17) E le hore a re amohele, re lokela ho bua ’nete joalokaha a batla, ke ka lebaka leo re sa ‘bolellaneng leshano.’—Bakol. 3:9.

RE ‘BOLELLANA ’NETE’

14. (a) Re ipuella joang hore re basebeletsi ba Molimo? (b) U ka hlalosa molao-motheo o hlahang ho Luka 6:45 joang?

14 Bahlanka ba Jehova ba fapana le batho ba likereke tse ling kaha re ‘bolellana ’nete.’ (Bala Zakaria 8:16, 17.) Pauluse o ile tiisa taba ena ha a re: “Re ipuella ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe hore re basebeletsi ba Molimo” ka ho bua ’nete. (2 Bakor. 6:4, 7) Jesu eena o ile a re ‘molomo o bua se tletseng ka pelong.’ (Luka 6:45) Ha motho a nahana lintho tse nepahetseng o tla khona ho li bua. Ho tla ba bonolo hore a bue ’nete linthong tse kholo le tse nyane ha a bua le batho bao a sa ba tsebeng, basebetsi-’moho, metsoalle le batho bao a ba ratang. Lirapeng tse latelang re tl’o hlahloba mehlala e ka re thusang hore re lule re tšepahala linthong tsohle.

Ke bothata bofe boo morali’abo rona a nang le bona? (Sheba serapa sa 15 le 16)

15. (a) Na motho e ka ba lempetje eaba Jehova ha a bone? (b) Bacha ba ka thusoa ke keletso efe ho qoba ho ba mampetje? (Sheba naletsana.)

15 Ke ’nete hore mocha e mong le e mong o batla hore lithaka tsa hae li mo rate, empa o lokela ho qoba ho ba lempetje. Bacha ba bang ba iketsa batho ba lokileng ha ba le libokeng le ha ba na le batsoali ba bona empa ha ba na le batho bao e seng Lipaki kapa ba sebelisa Inthanete ba itšoara ka tsela e fapaneng. Ba bua lintho tse hlohlontšang litsebe, moaparo oa bona o tsoile tseleng, ba mamela lipina tse fosahetseng, ba sebelisa lithethefatsi, ba itlopa joala, ebile ba ratana ka sekhukhu. Ba etsa le lintho tse ling tse mpe ho feta tsena. Ke baikaketsi hobane ba thetsa batsoali ba bona le Bakreste-’moho le bona, ho hobe le ho feta ke hore ba thetsa Molimo. (Pes. 26:4, 5) Leha ho le joalo, Jehova oa bona ha re mo ‘hlompha ka melomo feela, empa lipelo tsa rona li suthetse hole le eena.’ (Mar. 7:6) Kahoo, ke bohlale ho mamela keletso e reng: “Pelo ea hao e se ke ea honohela baetsalibe, empa u tšabe Jehova letsatsi lohle.”—Liprov. 23:17. *

16. U ka bontša joang hore oa tšepahala ha u tlatsa liforomo tsa tšebeletso ea nako e tletseng?

16 Mohlomong u rata ho ba pula-maliboho, ho ea Bethele kapa ho ba mofuteng o mong oa tšebeletso ea nako e tletseng. Kahoo, bua ’nete ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe nakong eo u tlatsang liforomo. (Baheb. 13:18) Tsela e ’ngoe ea ho bua ’nete ke hore haeba ho na le sebe seo u se entseng empa baholo ba sa tsebe, u lokela ho kopa thuso ho bona e le hore u ka sebeletsa Molimo ka letsoalo le khutsitseng.—Bar. 9:1; Bagal. 6:1.

17. Re lokela ho etsa’ng e le hore re se ke ra beha Bakreste-’moho le rona bothateng?

17 Haeba mosebetsi oa rona u thibetsoe naheng eo u phelang ho eona, na u lokela ho bua ’nete ha ba boholong ba u botsa ka oona? Jesu eena o ile a etsa’ng ha ’musisi oa Moroma a mo botsa lipotso? O ile a ipapisa le molao-motheo o reng “ho na le nako . . . ea ho khutsa le nako ea ho bua” eaba oa itholela. (Moek. 3:1, 7; Mat. 27:11-14) Haeba u le boemong bo kang boo, u lokela ho etsa lintho ka bohlale e le hore u se ke oa beha barab’abo rona bothateng.—Liprov. 10:19; 11:12.

U ka thusoa ke eng hore u tsebe nako e nepahetseng ea ho bua le ea ho thola? (Sheba serapa sa 17 le 18)

18. Ha motho a entse sebe seo re se tsebang re lokela ho etsa’ng?

18 Ka linako tse ling ho ka etsahala hore u tsebe sebe seo motho e mong a se entseng seo baholo le bona ba lokelang ho se tseba. Kaha ba na le boikarabello ba ho etsa hore phutheho e lule e hloekile, ho ka etsahala hore ba batle ho u botsa lipotso ka sona. Na u tla bua ’nete le haeba se entsoe ke motsoalle oa hao kapa mong ka uena? Bibele e re: “Ea phatlalatsang botšepehi o tla bolela se lokileng.” (Liprov. 12:17; 21:28) U lokela ho ba bolella ’nete feela ho se ke ha e-ba le lintho tseo u li patang. Ba lokela ho tseba ’nete e le hore ba tsebe ho thusa moetsalibe hore a lokise kamano ea hae le Jehova.—Jak. 5:14, 15.

19. Re tla ithuta’ng sehloohong se latelang?

19 Davida o ile a re ho Jehova: “U khahliloe ke ’nete lithong tse ka hare.” (Pes. 51:6) O ne a tseba hore bo bua ’nete ke ntho e lokelang ho tsoa pelong. Bakreste ba lokela ho ‘bolellana ’nete’ nthong e ’ngoe le e ’ngoe. Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang ka eona hore re fapane le batho bao eseng Bakreste ke ka ho bolella batho ba bang molaetsa oa Bibele. Sehloohong se latelang re tla ithuta hore na re ka etsa seo joang.

^ ser. 15 U ka bala sehlooho sa “Nka Loantša Khatello ea Lithaka Joang?” le sa “Ke Mang ea Lokelang ho Tseba Hore ke Phela Bophelo bo Habeli?Bukeng ea 2 ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.