Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Pale Ea Bophelo

Ke Entse Qeto e Thabisang Jehova

Ke Entse Qeto e Thabisang Jehova

Ke hopola ka letsatsi le leng ’na le Bakreste-’moho re tsoha har’a mpa ea bosiu re ea motseng o Missouri Amerika o bitsoang Joplin. Ha re fihla moo re ile ra kenya lipampitšana tlas’a mamati a batho ka lenyele ho fihlela ha mafube a hlaha, e ne e le ka selemo sa 1939. Mohlomong oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha re ne re ea matlong a batho bosiu, ha re qale pale ena qalong u tle u utloe lebaka.

KE HLAHILE ka 1934, batsoali ba ka ke Ntate Fred le ’Mè Edna Molohan. Ha ke ne ke hlaha ba ne ba se ba qetile lilemo tse 20 e le Liithuti Tsa Bibele (Lipaki Tsa Jehova) kahoo, ba ile ba nthuta ho rata Molimo. Lapeng e ne le Parsons e seterekeng sa Kansas. Ha re le moo, re ne re kopanela phuthehong e nyane eo boholo ba bahoeletsi e neng e le batlotsuoa ’me re rata ho ea libokeng le tšimong kamehla. Hangata ha e le Moqebelo re ne re bua le batho ka Bibele seterateng. Ke ’nete hore ka linako tse ling ho ne ho ba bolutu empa ntate o ne a re kh atholla ka ho re rekela ice cream ha re chaisa.

Phutheho ea rona e ne e e-na le tšimo e kholo haholo e akaretsang litorotsoana tse ’maloa le mapolasi a literekeng tse ling. Ha re ne re ile tšimong mapolasing re ne re fana ka lingoliloeng ebe bo-rapolasi ba re fa meroho, mahe le likhoho ebe re ea hae ka tsona. Re ne re sa rekise lijo tsena empa re ne re li ja hobane ntate o ne a se a ntse a patalletse lingoliloeng.

MATŠOLO A HO PAKA

Batsoali ba ka ba ne ba e-na le keramafono eo ba neng ba e sebelisa ha ba ruta batho Bibele. Kaha ke ne ke le monyane ke ne ke sa khone ho e sebelisa empa ke ne ke rata ho thusa ’mè le ntate ho bapala lipuo tsa mor’abo rona Rutherford ha ba le maetong a ho boela kapa lithutong.

’Na le batsoali ba ka ka pel’a koloi ea lapeng e hlonngoeng sepikara

Ntate o ile a hloma sepikara ka holim’a koloi ea lapeng e le ho re thusa ho ruta batho molaetsa oa Bibele. Re ne re tloaetse ho bapala ’mino e le hore batho ba mamele ebe ka mor’a moo re bapala puo e thehiloeng Bibeleng. Ha puo e qeta ho fela re ne re fa batho ba ratang molaetsa oa rona lingoliloeng.

Ka letsatsi le leng ha re le phakeng e motseng oa Cherryvale hona seterekeng sa Kansas, mapolesa a ile a re leleka a re ha rea lumelloa ho bapala puo moo batho ba bang ba phomotseng empa ha re ka ea thokoana ho ne ho se na bothata. Ntate ha aa ka etsa le khang, o ile a tlosa koloi moo a e isa seterateng se haufi moo batho ba neng ba ntse ba ka utloa molaetsa. Ho ne ho le monate ho etsa mosebetsi ona le ntate le moholoane oa ka Jerry.

Pele ho 1940 re ile ra ba le phutuho ea ho koahela masimo ao ho ’ona re neng re hanyetsoa, re ne re kenya lipampitšana tlas’a mamati a batho ha ba ntse ba robetse (joalokaha ke boletse qalong). Ka mor’a moo re ne re potlakela ho ea sebakeng seo re lumellaneng ho kopana ho sona ho bona hore na ha ho na ba tšoeroeng ke mapolesa.

Lilemong tseo, ho ile ha e-ba le mokhoa o mocha oa ho bolela molaetsa oa ’Muso e leng oa ho sebelisa liplakate. Ke hopola ka lekhetlo le leng bara le barali babo rona ba li roetse molaleng ba entse mokoloko ba tsamaea motseng oa heso li ngotsoe “Bolumeli ke Leraba le Khoebo ea Bomene-mene.” Ba ile ba tsamaea leeto la lik’hilomithara tse ka bang 1.6 eaba ba khutlela hae. Litaba tse monate ke hore ha baa ka ba kopana le batho ba ba hanyetsang empa ba ile ba kopana le ba ratang molaetsa oa bona.

LIKOPANO

Ntate o ne a sebetsa k’hamphaning ea literene e bitsoang Missouri-Kansas-Texas Railroad, ka lebaka leo re ne re na le monyetla oa ho tsamaea ka terene mahala. Kahoo, re ne re khona ho tsamaea re le lelapa ha re ea likopanong Texas le ha re chakela batho bao re amanang le bona. E mong oa batho bao re amanang le bona ke malome Fred Wismar le mohatsa oa hae Eulalie ba neng ba lula Texas. Malome Fred o ile ithuta Bibele lilemong tsa bo-1900 a ba a kolobetsoa eaba ka mor’a moo o thusa ’mè le bana bang babo hore ba ithute Bibele. Bara le barali babo rona ba Texas ba ne ba tseba malome haholo hobane e ne e kile ea e-ba mopotolohi. Ke ne ke rata ho ba le eena hobane o ne a lula a thabile, a le mosa, a rata Jehova haholo, o ile a ba a nthusa hore le ’na ke mo rate.

Ka 1941 re ile ra ea kopanong e St. Louis, Missouri ka terene. Bana bohle ba ile ba koptjoa hore ba lule litulong tse lokiselitsoeng bona ha mora’bo rona Rutherford a fana ka puo e reng: “Children of the King.” Ha a qeta ho fana ka puo, eena le bathusi ba hae ba ile ba fa bana bohle buka e nang le sehlooho se reng Children. Kaofela ha rona re ne re feta 15 000.

Ka April 1943 re ile ra ea kopanong ea sehlooho se reng “Mohoo oa ho Nka Khato,” e neng e le Coffeyville seterekeng sa Kansas. Kopano ena e ne e le ea bohlokoa haholo ho ’na hobane ke ile ka kolobetsoa ho eona. Re ile ra tsebisoa hore liphuthehong ho se ho tla ba le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ha ba ha lokolloa bukana e nang le lithuto tse 52 e neng e tla sebelisoa sekolong seo. Pele selemo se fela, ke ile ka fana ka puo ea ka ea pele sekolong seo.

HAESALE KE RATA BETHELE

Ka mor’a hore ke qete sekolong se phahameng ka 1951 ke ile ka tlameha ho etsa liqeto ka bokamoso ba ka. Haesale ke rata ho ea sebetsa Bethele moo abuti Jerry a neng a sebeletsa teng ho fihlela ka 1949 ha a nyala moratuoa oa hae Patricia. Kahoo, ke ile ka tlatsa foromo ’me ea isoa ofising ea Brooklyn. Ka mor’a nako e sa feliseng pelo ke ile ka amoheloa eaba ke qala ho sebeletsa teng ka li 10 tsa March 1952. Ha ke ikoahlaee hore ebe ke ile ka etsa qeto ena kaha e nthusitse ho matlafatsa setsoalle sa ka le Molimo.

Ke ne ke rata ho sebetsa lefapheng la khatiso ea limakasine le libuka empa ha kea ka ka ba le monyetla oa ho sebetsa teng. Ho e-na le hoo ke ile ka fuoa mosebetsi oa ho isetsa batho lijo litafoleng eaba hamorao ke sebetsa ka kichineng moo ke ileng ka ithuta ho etsa mesebetsi e mengata. Mosebetsi oa kichineng o ne o mpha nako e lekaneng motšehare ea ho ithuta Bibele laebraring ea Bethele. Kahoo, tumelo ea ka le setsoalle sa ka le Molimo li ile tsa matlafala haholo. Ke ile ka ikemisetsa ho sebeletsa Bethele ho feta le ha e le neng pele. Kaha abuti Jerry le mohatsa oa hae Patricia ba ne ba lula haufi le Brooklyn ba ne ba nkhothatsa haholo ha ke sa tsoa fihla Bethele.

Nakoana ka mor’a hore ke fihle, ho ne ho hlahlojoa bara babo rona ba ka tšoanelehelang ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa e le baemeli ba Bethele. Bara babo rona ba neng ba hlaha lenaneng leo, ba ne ba isoa liphuthehong tse bohole ba lik’hilomithara tse 322 ho ea fana ka lipuo tsa phatlalatsa le ho sebetsa tšimo le phutheho eo ba e abetsoeng. Ke ile ka ba teng lenaneng leo. Kahoo, ke ile ka fana ka puo e neng e nka hora ka nako eo ka lekhetlo la pele ’me ke ne ke tšohile haholo. Ke ne ke atisa ho tsamaea ka terene ha ke etela liphutheho, ebile ke hopola Sontaha se seng ha ke tsoa phuthehong e ’ngoe ka 1954 ke fihla ke palama terene ho le moea haholo. E ne e lokela ho fihla New York mantsiboea empa kaha lehloa le ne khetheha ho bile ho bata haholo e ne e tsamaea e tima eaba e fihla ka Mantaha ka hora ea bohlano hoseng. Ke ile ka potlakela Bethele le hoja ke ne ke khathetse ke bile ke le morao nakong ka lebaka la ho qeta bosiu ke le ka tereneng. Leha ho le joalo, maemo ana a ne a sa ’nyahamise kaha ke ne ke thabela ho sebetsa le bara le barali babo rona le ho etsa metsoalle.

Re itokisetsa ho hasa lenaneo seteisheneng sa WBBR

Ke ile ka boela ka boela ka ba le monyetla oa ho sebetsa seteisheneng sa mokhatlo se bitsoang WBBR. Se ne se le mokatong oa bobeli oa 124 Columbia Heights o Brooklyn. Ke ne ke e-ba teng thutong ea Bibele e neng e tšoaroa ke barab’abo rona ba ka bang tšelela ho ea ho ba robeli beke le beke. Kamehla re ne re sebetsa le mor’abo rona Alexander H. Macmillan mananeong ana, ea qetileng nako e telele a sebeletsa Bethele. Mora’bo rona Mac e leng ka moo re neng re mo reneketsa ka teng, e ne e le mohlala o motle haholo ho rona bacha ba sebetsang Bethele tabeng ea ho mamella ha re ntse re sebeletsa Jehova.

Re fana ka lipampiri tse bolellang batho ka WBB

Ka 1958 ke ile ka abeloa ho thusa bara le barali babo rona ba tsoang Sekolong sa Gileade ka ho ba fumanela bolulo linaheng tse ling le mokhoa oa ho tsamaea ho ea moo ba il’o sebeletsa teng. Kaha ho tsamaea ka sefofane ho ne ho le turu, ke ba seng ba kae feela ba neng ba tsamaea ka sona. Ba neng ba abetsoe ho ea sebetsa Afrika le linaheng tsa Asia ba ne ba tsamaea ka likepe tse tsamaisang thepa. Litjeo tsa ho tsamaea ka sefofane li ile tsa theoha nakong eo ho bang le tse nkang baeti. Kahoo, bara le barali babo rona ba ne ba se ba tsamaea ka tsona ha ba ea moo ba il’o sebeletsa teng.

O lokisa mangolo a bara le barali babo rona a Gileade

HO HLOPHISA MAETO

Ka 1960, mosebetsi oa ka oa ho hlophisa maeto o ile oa eketseha hobane ke ne ke lokisetsa bara le barali babo rona ba neng ba tl’o ea likopanong tsa machaba ba tloha Amerika ba ea Europe ka lifofane selemong se tlang. Re ile ra ea kopanong re palame sefofane re tloha Amerika re ea Hamburg e Jeremane. Ka mor’a kopano, ’na le bara babo rona ba bararo bao re neng re sebeletsa Bethele le bona, re ile ra hira koloi ra ea ofising ea lekala e Roma. Ra ea Fora eaba ka mor’a teng re phunyeletsa le lithabeng tsa Pyrenees ho ea Spain moo mosebetsi oa rona o neng o thibetsoe. Leha ho le joalo, re ile ra thabela ho kopana le bara le barali babo rona ba Barcelona ra ba ra ba fa lingoliloeng re li phuthetse joaloka limpho e le ho pata mohoasa. Ha re tloha Barcelona re ile ra ea Amsterdam moo re ileng ra palama sefofane eaba re khutlela Amerika.

Ka 1962, ke ile ka thusa bara le barali babo rona ba khethiloeng ba 583 hore ba tle ba ee likopanong tsa machaba ka 1963 ’me ba ne ba filoe monyetla oa hore ba tle ba pote le linaheng tse fapaneng. Sehlooho sa likopano tseo se ne se re: “Litaba Tse Molemo Tsa ka ho sa Feleng” ’me li ne li tla tšoaroa lefatšeng ho pota. Ba ne ba tl’o ea Europe, Asia le South Pacific e be ba qetella ka ho ea Honolulu e Hawaii le Pasadena e California. Leetong lena la bona ba ne ba lumelletsoe ho pota Lebanone le Jordane e le ho ithuta ka linaha tse hlahang ka Bibeleng.

MOSEBETSI-’MOHO E MOCHA

Selemo sa 1963 se ile sa ntlela ka lintho tse nthabisang. Ka la 29 June ke ile ka nyala Lila Rogers ea tsoang Missouri, eo e neng e le setho sa Bethele ka lilemo tse tharo. Ka mor’a hore re nyalane, ke ile ka tsoela pele ka mosebetsi oo ke neng ke ntse ke o etsa eaba re ea Greece, Egepeta le Lebanone. Ha re tloha motse-moholo oa Lebanone e leng Beirut re ile ra ea boema-fofane Jordane. Kaha mosebetsi oa rona o ne o thibetsoe Jordane ebile Lipaki li ne li sa lumelloa ho kena ka har’a naha eo re ne re ipotsa hore na ho tla etsahala’ng ha re fihla moo. Empa re ile ra thaba haholo ha re fihla boema-fofane kaha bara le barali babo rona ba ne ba nkile boto e ngotsoeng “rea le amohela Lipaki Tsa Jehova.” Re ne re boetse re thabile haholo hobane re ne re qala ho fihla libakeng tse hlahang ka Bibeleng, moo Jesu le baapostola ba ileng ba rutela teng le moo Bokreste bo qalileng.—Lik. 13:47.

Haesale Lila a ntšehelitse ha re ntse re etsa mosebetsi ona ’moho ka lilemo tse 55. Re ile ra ba le monyetla oa ho etela bara le barali babo rona ba Spain le Portugal nakong eo mosebetsi o ntseng o thibetsoe linaheng tseo. Re ne re ba isetsa lingoliloeng le lintho tse ling tseo ba li hlokang le ho ba khothatsa ra ba ra khona ho etela bara le barali babo rona ba teronkong e Cádiz, Spain. Ke ile ka thabela ho ba matlafatsa ka lipuo tse thehiloeng Bibeleng.

’Na le moholoane re ea Kopanong ea “Peace on Earth” ka 1969 le bahatsa ba rona

Ho tloha ka 1963 ke ile ka ba le monyetla oa ho thusa bara le barali babo rona ho ea likopanong tsa machaba Afrika, Australia, Amerika, Europe, Asia, Hawaii, New Zealand le Puerto Rico. Ho na le likopano tseo re ke keng ra li lebala tse kang eo re neng re ile ho eona Warsaw Poland ka 1989. Bara le barali babo rona ba Russia ba neng ba tlile ba ne ba qala ho bona kopano ka eo. Re ile ra kopana le bara le barali babo rona ba qetileng lilemo ba koaletsoe chankaneng ka lebaka la tumelo ea bona.

Ke bile le monyetla oa ho etela makala a Bethele a fapaneng le ho khothatsa litho tsa ’ona ’moho le baromuoa ba sebetsang tšimong ea makala ao. Re ile ra qetella ka ho etela lekala la South Korea moo re ileng ra kopana le bara babo rona ba 50 ba neng ba koalletsoe teronkong ea Suwon. Kaofela ha bona ba ne ba sa nyahamisoa ke hore ebe ba teronkong empa ba ne ba labalabela ho khutlela tšimong. Re ne re khothetse haholo ha re e-na le bona.—Bar. 1:11, 12.

HO MONATE HO SEBELETSA JEHOVA

Ka 1943 ha ke ne ke kolobetsoa ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 100 000 feela empa kaha Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa hae, hona joale ho se ho e-na le ba fetang 8 000 000 ba bolelang litaba tse molemo linaheng tse 240. Bara le barali babo rona ba tsoang sekolong sa Gileade ba entse tsoho la monna hore ebe mosebetsi ona o hlohonolofalitsoe ka tsela ena. Ke leboha haholo hore ebe Jehova o ile a mpha monyetla oa ho sebetsa ’moho le bara le barali bao babo rona le hore ebe ke ile ka ba thusa ho ea linaheng tseo ba neng ba tla sebetsa ho tsona.

Ha ke ikoahlaee hore ebe ha ke sa le mocha ke ile ka etsa qeto ea ho ea Bethele hobane Jehova o ile a ntlhohonolofatsa ka litsela tse fapaneng. Ntho e ’ngoe e nthabisang ke hore ’na le mohatsa’ka Lila re ile ra ba le monyetla oa ho sebetsa tšimo le liphutheho tse Brooklyn moo re ileng ra kopana le metsoalle e mengata.

Le hoja re se re holile, Lila o ntse a ntšehelitse haholo ha re ntse re tsoela pele ho sebeletsa Bethele. Hona joale mosebetsi oa ka ke ho arabela melaetsa e romeletsoeng Bethele, ho e fetisetsa ho batho bao e ba amang le ho e boloka.

’Na le Lila

Rea thaba ha re le litho tsa mokhatlo oa Jehova hobane re khona ho bona phapang pakeng tsa batho ba mo sebeletsang le ba sa mo sebeletseng. Re bona ha mantsoe a Malakia 3:18 a phethahala a reng: “Ka sebele le tla boela le bone phapang pakeng tsa ea lokileng le ea khopo, pakeng tsa ea sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.” Kamehla re bona lintho li ntse senyeha le batho ba se na tšepo ba bile ba sa thaba empa batho ba sebeletsang Jehova ba lula ba thabile ba bile ba e-na le tšepo le hoja ba e-na le mathata. Rea thaba hore ebe Jehova o re file mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. (Mat. 24:14) Re lebeletse ho bona ha ’Muso oa Molimo o felisa batho ba khopo, o re tlisetsa litlhohonolofatso tse akarelletsang ho phela ka ho sa feleng. Kahoo, re tla lula re thabile.