Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ruta Molaetsa oa Bibele

Ruta Molaetsa oa Bibele

Jehova, . . . boleng ba lentsoe la hao ke ’nete”PES. 119:159, 160.

LIPINA: 29, 53

1, 2. (a) Ke mosebetsi ofe oo Jesu a neng a o nka e le oa bohlokoa? Hona hobane’ng? (b) Re lokela ho etsa’ng e le hore re atlehe ha re ntse re sebetsa ’moho le Molimo?

JESU KRESTE e ne e le ’metli oa lepolanka hape a ruta batho Lentsoe la Molimo. (Mar. 6:3; Joh. 13:13) O ile a ithuta ho etsa thepa e ntle ka lepolanka. Hape o ne a tseba ho sebelisa Mangolo hantle e le hore le batho ba boemo bo tlaase ba utloisise Lentsoe la Molimo. (Mat. 7:28; Luka 24:32, 45) Ha a le lilemo li 30, o ile a emisa ho betla lepolanka eaba o ameha haholo ka ho ruta batho ka Molimo. Jesu o ile a re ho etsa mosebetsi ona ke eona ntho ea bohlokoa hobane ntate oa hae o ne a mo rometse ho tla o etsa. (Mat. 20:28; Luka 3:23; 4:43) Kahoo o ne a o nka o le bohlokoa hoo a neng a batla hore le batho ba bang ba o etse.—Mat. 9:35-38.

2 Le rona re etsisa Jesu ka hore re amehe ka ho ruta batho ba bang Lentsoe la Molimo. Mosebetsi ona ke oa bohlokoa hobane re o etsa le Jehova ke kahoo Bibele e reng re “basebetsi-’moho.” (1 Bakor. 3:9; 2 Bakor. 6:4) Ka hona rea elelloa hore ‘boleng ba lentsoe la hae ke ’nete.’ (Pes. 119:159, 160) Ka lebaka lena re batla ho etsa bonnete ba hore re ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’ (Bala 2 Timothea 2:15.) Kaha Bibele ke eona buka e ka sehloohong eo re e sebelisang, re lokela ho lula re ntlafatsa mokhoa oo re e sebelisang ka oona e le hore batho ba ka tseba Jehova, ’Muso oa hae le Jesu. Mokhatlo oa Jehova o re file lintho tse ka re thusang tseo re lokelang ho itloaetsa ho li sebelisa. Lintho tsena li hlaha ho Teaching Toolbox.

3. (a) Re lokela ho ameha ka ho etsa’ng ka nakoana ee e setseng? (b) Lengolo la Liketso 13:48 le ka re thusa joang tabeng ee?

3 Karolo ena e bitsoa Teaching Toolbox hobane e na le lintho tse ka re thusang ho ruta batho molaetsa oa Bibele eseng feela ho ba bolella oona. Ka hona, kaha metsotso e se e jele babeli, re lokela ho ameha ka ho ruta eseng ho bolela feela. Taba ena e bolela hore re lokela ho batlana le ‘bohle ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ re be re ba thuse ho rata Molimo.—Bala Liketso 13:44-48.

4. Re ka khona ho tseba batho ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ joang?

4 Empa re ka khona ho tseba batho ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ joang? Re ka ba tseba ha re ruta molaetsa oa Bibele. Ke kahoo re mamelang taelo ea Jesu e reng: “Ha le kena motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe, le batle hore na ke mang ho oona ea tšoanelehang.” (Mat. 10:11) Kahoo, ha re senye nako ka ho ruta batho ba sa tšepahaleng, ba ikhohomosang le ba sa rateng ho mamela molaetsa oa rona. Empa re amehile ka ho batla batho ba tšepahalang, ba ikokobelitseng le ba batlang ho ba metsoalle ea Jehova. Re ka tšoantša mosebetsi ona le oo Jesu a neng a o etsa ha e ntse e le ’metli oa lepolanka. O ne a ke ke a itšenyetsa nako ka ho batlana le lepolanka le ke keng la mo thusa hore a etse thepa ea boleng bo botle. Ha a se a fumane lepolanka le letle, mohlomong o ne a nka lithulusi tsa hae ebe o qalella ho sebetsa. Le rona re lokela ho mo etsisa ka hore re batle batho ba ratang Molimo re be re ba etse barutuoa.—Mat. 28:19, 20.

5. Lingoliloeng tse ka har’a Teaching Toolbox li tšoana joang le lithulusi tseo Jesu a neng a li sebelisa? (Sheba litšoantšo tse qalong.)

5 Thulusi e ’ngoe le e ’ngoe e na le mosebetsi oa eona. Ak’u Nahane ka lithulusi tseo Jesu a neng a li sebelisa. * O ne a hloka lithulusi tse etsang mesebetsi e fapa-fapaneng e kang, ho tšoaea, ho sakha, ho phunya, ho fefa le ho kopanya. Ka ho tšoanang, lingoliloeng tsohle tse fumanehang tlas’a Teaching Toolbox li etsa mesebetsi e sa tšoaneng. A re hlahlobeng hore na e re tšoaretse eng.

RE THUSA BATHO HO RE TSEBA

6, 7. (a) U ka sebelisa likarete tsa boitsebiso joang? (b) Limemo tsa ho memela batho libokeng li bohlokoa hakae?

6 Likarete Tsa Boitsebiso. Le hoja li le nyane ke tsa bohlokoa haholo hobane li thusa batho hore ba re tsebe ba be ba kene websaeteng ea rona. Ha ba se ba kene ba ka ithuta lintho tse ngata ba ba ba kopa ho thusoa ho ithuta Bibele. Ho se ho e-na le batho ba fetang 400 000 ba seng ba kopile ho thusoa ho ithuta Bibele ’me ba bang ba bangata ba ntse ba tsoela pele ho kopa thuso. U ka lula u nkile likarete tse seng kae e le hore ha monyetla o hlaha u tle u pakele batho ba bang ka tsona.

7 Limemo. Limemo tseo re memelang batho libokeng ka tsona li otla nonyana tse peli ka lejoe le le leng. Li na le sehlooho se reng: “Ua mengoa hore u tl’o ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova.” Li fana ka litlhahiso tse peli tseo motho a ka li etsang. Ea pele ke ho ithuta Bibele “libokeng tsa rōna” ea bobeli ke ho ‘ithuta eona le e mong oa Lipaki Tsa Jehova.’ Limemo tsena ha li re tsebahatse feela empa li khothalletsa batho ba “elang hloko tlhoko ea bona ea moea” ho ithuta Bibele le rona. (Mat. 5:3) Taba ena e bolela hore motho a ka tla libokeng tsa rona le ha a sa ithute Bibele le rona. Haeba ba tla libokeng ba tla ikutloela ka litsebe tsa bona hore re ithuta Bibele.

8. (a) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re memele batho libokeng, le ha a ka tla ha ’ngoe feela? (b) Ke mohlala ofe o ka tiisang taba ee?

8 Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re memele batho libokeng, le ha a ka tla ha ’ngoe feela? Ba tla bona phapang pakeng tsa bolumeli ba ’nete le ba bohata. (Esa. 65:13) Banyalani ba bang ba Amerika e leng ’mè Linda le ntate Ray ba ile ba bona phapang ena. Ba ile ba etsa qeto ea ho batla bolumeli ba ’nete ka hore ba ee kerekeng e ’ngoe le e ’ngoe e teng sebakeng seo ba neng ba lula ho sona le hoja li ne li le ngata ebile li ruta lintho tse sa tšoaneng. Lebaka ke hobane ba ne ba lumela ho Molimo ba bile ba utloa ba batla ho mo sebeletsa. Li sa tloha feela, ba ne ba lumellane ka hore ba batlane le kereke eo litho tsa eona li itšoarang joaloka batho ba sebeletsang Molimo le hore ba tle ba ithutile ntho e ’ngoe ha ba le moo. Ka bomalimabe, ho ile ha feta lilemo ba s’o fumane ntho ena eo ba neng ba e batla le hoja ba ne ba se ba ile kerekeng e ’ngoe le e ’ngoe e teng sebakeng seo. Ba ne ba sa rua molemo oa letho, le litho tsa kereke li ne li sa itšoare joaloka batho ba sebeletsang Molimo. Ha ba arohana kerekeng ea ho qetela eo ba ileng ho eona, ’mè Linda o ile a ea mosebetsing eaba ntate Ray eena o ea hae. Ha a le tseleng e eang hae o ile a bona Holo ea ’Muso eaba o etsa qeto ea ho pota. Ha aa ka ikoahlaela hore ebe o ile a ea moo kaha o ile a fumana batho ba apereng ka tsela e hlomphehang ba bile ba rata batho. O ile a lula setulong se ka pele-pele ’me a thabela tsela eo Bibele e neng e hlalosoa ka eona. Ho ile ha e-ba joalokaha eka ntate Ray o bua mantsoe a moapostola Pauluse a reng: “Ka sebele Molimo o har’a lōna.” (1 Bakor. 14:23-25) Ho tloha ka nako eo, e ile eaba ha ho sa na Sontaha sa mahala, hamorao o ile a qalella ho ea libokeng tsa har’a beke. ’Mè Linda le eena o ile a mo latela eare ha ba le lilemong tsa bo-70 ba qala ho ithuta Bibele ba ba ba kolobetsoa.

RE KA QOQA LE BATHO JOANG?

9, 10. (a) Ke hobane’ng ha ho le bonolo ho tsamaisa lipampitšana? (b) U ka tsamaisa pampitšana ea ’Muso oa Molimo ke Eng? joang?

9 Lipampitšana. Re na le lipampitšana tse robeli tse re thusang ho bua le batho ka tsela e bonolo. Li qalile ho ba teng ka 2013 ’me ho se ho hatisitsoe tse libilione tse hlano. Monate oa tsona ke hore ha u ka tseba ho tsamaisa e le ’ngoe u ka khona ho li tsamaisa kaofela. U ka qoqa le motho joang ka tsona?

10 A re re mohlomong u batla ho buisana le motho ka pampitšana ea ’Muso oa Molimo ke Eng? U ka mo bontša eona ebe u mo botsa potso e reng: “Na u kile oa ipotsa hore na ’Muso oa Molimo ke eng? Na u ne u ka re ke . . . ?” Ebe u mo bontša likarabo tse tharo u be u mo fe monyetla oa ho araba. Mo babatse ha a qeta ho araba ebe u mo isa karolong e ka hare e reng “Seo Bibele e se Rutang” e bontšang lengolo la Daniele 2:44 le la Esaia 9:6. Ha ho khoneha tsoela pele ho qoqa le eena. Ha le qetile, siea u mo botsitse potso e hlahang tlas’a “Seo U ka Nahanang ka Sona” e reng: “Bophelo bo tla ba joang tlas’a ’Muso oa Molimo?” Ka tsela ena ho tla ba bonolo ho buisana le eena nakong e tlang. Ha u khutlela ho eena u ka bua ka thuto ea 7 ea bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! e leng e ’ngoe ea libukana tseo re li sebelisang ho ithuta Bibele le batho.

RE BA THUSE HO RATA BIBELE

11. (a) Limakasine tsa rona li ngotsoe ka sepheo sefe? (b) Re lokela ho tseba eng ka tsona?

11 Limakasine. Ha ho na limakasine tse fetoleloang le ho ajoa ka bongata joaloka Molula-Qhooa le Tsoha! Li ngolletsoe batho ba mefuta eohle kaha li bua ka lintho tse amang motho e mong le e mong. Re lokela ho li sebelisa ho thusa batho ho bona hore na Bibele e ba ama joang. Re boetse re lokela ho tseba hore na e ’ngoe le e ’ngoe e ngolletsoe batho ba mofuta ofe e le hore re tsebe ho e fa batho ba nepahetseng.

12. (a) Tsoha! e ngolloa bo-mang, hona e ngoloa ka sepheo sefe? (b) Uena e u thusitse joang?

12 Tsoha! e ngolloa batho ba sa tsebeng Bibele hakaalo kapa ba sa e tsebeng ho hang. Ba bang ba bona ha ba tsebe letho ka Bokreste, ha ba bang bona ba sa tšepe litaba tsa Bibele kapa ba sa tsebe hore e ka ba thusa. Sepheo sa eona ke ho kholisa batho ba e balang hore Molimo o teng. (Bar. 1:20; Baheb. 11:6) E boetse e ba thusa ho lumela hore Bibele ke “lentsoe la Molimo.” (1 Bathes. 2:13) Ho hatisitsoe lihlooho tse tharo tsa Tsoha! ka 2018 tse reng: “Lintho Tse Tla U Thusa Hore U Thabe,” “Lintho Tse 12 Tse ka Thusang Malapa ho Thaba” le se reng: “U ka Thusoa Ke’ng ha U Siame?”

13. (a) Molula-Qhooa oa batho bohle o ngolloa bo-mang? (b) Uena o u thusitse joang?

13 Molula-Qhooa oa batho bohle o ngolloa batho ba seng ba ntse ba tseba Molimo ba bile ba rata Bibele le hoja ba sa tsebe hantle hore na e ruta’ng. (Bar. 10:2; 1 Tim. 2:3, 4) Lihlooho tse tharo tsa 2018 li araba lipotso tsena: “Na Bibele e sa na le Thuso?,” “Bophelo bo Tla ba Joang ka Moso?” le “Na Molimo oa U Tsotella?

A RE BA SUSUMETSENG

14. (a) Livideo tse ’ne tseo re li bapallang batho li ba susumelletsa ho etsa’ng? (b) U thusitse batho ba bang joang ka livideo tsee ha u le tšimong?

14 Livideo. Mehleng ea Jesu ho ne ho se na mechine ea motlakase e betlang lepolanka joalokaha e le teng mehleng ena. Empa hona joale ho na le mechine ea motlakase e sakhang, e phunyang masoba, e kenyang lipekere, e fefang le e meng e mengata. Ka tsela e tšoanang, le mosebetsi oa ho bolella batho molaetsa oa Bibele o se o le bonolo hobane hona joale ha re sa fana ka libuka feela empa re se re ka bontša batho livideo tsa rona tse kang: Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele?, Ho Etsahala’ng Thutong ea Bibele?, Ho Etsahala’ng Holong ea ’Muso? Le ea Lipaki Tsa Jehova ke Batho ba Mofuta Ofe? Ha re qala ho bua le motho re ka mo bontša video e nkang nako e ka tlaase ho metsotso e ’meli. Re ka bapala tse nkang nako e teletsana ha re khutlela ho batho kapa ha re bua le ba sa phathahanang. Livideo tsena li ka susumetsa batho hore ba ithute Bibele ba be ba ee libokeng.

15. Etsa mohlala o bontšang hore na ho bapalla motho e ’ngoe ea livideo tsa rona ka puo ea hae ho ka mo susumetsa joang.

15 Mohlala, morali’abo rona o ile a kopana le ’mè e mong oa Micronesia ea buang Seyapese eaba o mo bontša video ea Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele? ka puo eo. Ha video eo e qala ho bapala ’mè eo o ile a thaba haholo eaba o re: “Helang hle, ha eka ke puo ea ka tjee! Ke utloa le ha a bua feela hore u tsoa sehlekehlekeng seo ke tsoang ho sona, o bua Seyapese.” Ka mor’a moo ’mè eo o ile a re o tl’o bala ntho e ’ngoe le e ’ngoe a be a shebelle le livideo tse hlahang ho jw.org ka puo ea hae. (Bapisa le Liketso 2:8, 11) Mohlala o mong hape ke oa morali e mong oabo rona oa Amerika ea ileng a fa mora oa khaitseli ea hae linki ea video ea Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele? ka puo ea hae. O ila a e shebella eaba o mo romella molaetsa o reng: “Ke utloile ke rata haholo moo ho thoeng lefatše lena le laoloa ke motho ea khopo. Ebile ke kopile Lipaki hore li tl’o nthuta Bibele.” O lula naheng eo mosebetsi oa rona o thibetsoeng.

LINTHO TSE RE THUSANG HO RUTA

16. Hlalosa hore na libukana tsena li ngolletsoe’ng: (a) Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng. (b) Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! (c) Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?

16 Libukana. Bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng * e re thusa ho ruta batho ba sa tsebeng ho bala hantle le bao ho se nang lingoliloeng ka puo ea bona. Ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! eona e re thusa ho qalisa lithuto tsa Bibele. U ka kopa motho hore a khethe sehlooho ho tse 14 tse hlahang leqepheng le qetellang ebe le qala thuto ka sona. Buka e ’ngoe eo re ka e sebelisang leetong la ho boela ke ea Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno? E ngolletsoe ho thusa batho ba ithutang Bibele hore ba tsebe mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova. Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona ea March 2017 e ka u thusa hore u tsebe ho sebelisa bukana ena hantle.

17. Hlalosa hore na libuka tsena li ngolletsoe’ng: (a) Re ka Ithuta Eng Bibeleng? (b) Le Ipoloke Leratong la Molimo (c) Na re lokela ho emisa ho ithuta libuka tsee le motho ka mor’a hore a kolobetsoe, hona lebaka ke lefe?

17 Libuka. Ka mor’a hore u qalise thuto ka bukana, le ka fetela bukeng ea Re ka Ithuta Eng Bibeleng? le haeba le e-so qete bukana eo. Buka ena e thusa motho hore a tsebe na Bibele e ruta’ng. Ka mor’a hore le qete buka ena ’me motho eo u ithutang le eena a fetola tsela eo a phelang ka eona, le ka qala ho ithuta buka ea Le Ipoloke Leratong la Molimo. Buka ena eona e thusa motho hore a sebelise melao-motheo ea Bibele letsatsi le letsatsi. Le lokela ho tsoela pele ka thuto le ha motho a se a kolobelitsoe hafeela a e-so qete libuka tsena. Libuka tsena li thusa motho hore Lentsoe la Molimo le mele ka metso ho eena.—Bala Bakolose 2:6, 7.

18. (a) 1 Timothea 4:16 e re khothalletsa ho etsa’ng, hona litla-morao e tla ba life? (b) Morero oa rona e lokela ho ba ofe ha re sebelisa Teaching Toolbox??

18 Kaha re Lipaki Tsa Jehova, re filoe boikarabello ba hore re bolelle batho ba bang “’nete ea litaba . . .  tse molemo” e le hore ba tle ba fumane bophelo bo sa feleng. (Bakol. 1:5; bala 1 Timothea 4:16.) Teaching Toolbox ea rona e reretsoe ho re thusa ho phetha boikarabello bona. (Sheba lebokose le reng  Teaching Toolbox) Mohoeletsi e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto ea hore na o tla sebelisa Teaching Toolbox ea rona joang. Empa re lokela ho ba bohlale ha re e sebelisa kaha sepheo sa rona ha se feela ho fa batho lingoliloeng tsa rona le haeba ba sa li batle. Morero oa rona ke ho thusa batho ba tšepahalang, ba bonolo, ba ikemiselitseng ho ithuta e leng ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.”—Lik. 13:48; Mat. 28:19, 20.

^ ser. 5 U ka bala sehlooho se reng, “Metli oa Mapolanka” le lebokose le reng, “Lebokose la Lithulusi la ’Metli oa MapolankaMolula-Qhooeng oa August 1, 2010.

^ ser. 16 Bukana ea Mamela Molimo e ka thusa motho ea sa tsebeng ho bala hore a ithute Bibele kaha e na le litšoantšo tse ngata.