Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 43

Bohlale ba ’Nete bo Ntse bo Hoeletsa Haholo

Bohlale ba ’Nete bo Ntse bo Hoeletsa Haholo

“Bohlale ba ’nete bo hoeletsa seterateng. Bo ntse bo phahamisa lentsoe limmarakeng.”​LIPROV. 1:20.

PINA EA 88 Nthute Thato ea Hao

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Batho ba bang ba ikutloa joang ka keletso e bohlale e hlahang ka Bibeleng? (Liproverbia 1:​20, 21)

 LINAHENG tse ngata re ne re atisa ho bona bara le barali babo rona ba eme libakeng tseo batho ba fetang ka bongata, ba bososela le ho fa batho lingoloa tseo ba ka li balang. Na le uena u kile oa kenya letsoho mosebetsing oo o thabisang? Haeba ho joalo, mohlomong u kile oa nahana ka bohlale bo hlahang bukeng ea Liproverbia bo hoeletsang har’a batho e le hore ba ka utloa keletso ea bona. (Bala Liproverbia 1:​20, 21.) Bibele le lingoloa tsa rona li na le “bohlale ba ’nete” bo tsoang ho Jehova. Bona ke bona bohlale boo batho ba bo hlokang e le hore ba ka fumana bophelo bo sa feleng. Rea thaba ha motho e mong a amohela lingoloa tsa rona. Empa ha se kaofela ba li amohelang. Batho ba bang ha ba thabele ho ithuta Bibele. Ba bang baa re tšeha, ba nahana hore Bibele e siiloe ke nako. Ba bang bona ha ba rate seo Bibele e se rutang litabeng tsa boitšoaro ’me ba re batho ba e latelang ha ba na mosa ebile ba ahlola batho ba bang. Ho ntse ho le joalo, Jehova o etsa hore bohlale ba ’nete bo fumanehe ho batho bohle. Ka litsela life?

2. Re ka etsa’ng ho fumana bohlale ba ’nete empa batho ba bangata bona ba khetha ho etsa’ng?

2 Tsela e ’ngoe eo Jehova a re tsebisang bohlale ba ’nete ka eona ke ka Lentsoe la hae, Bibele. Buka ena e ka fumanoa ke batho bohle. Empa ho thoe’ng ka lingoloa tsa rona tse thehiloeng Bibeleng? Re leboha tlhohonolofatso ea Jehova kaha li fumaneha ka lipuo tse fetang 1 000. Batho ba balang lingoloa tsena le ba sebelisang seo ba ithutileng sona, ba rua molemo o moholo. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba khetha ho se mamele Jehova. Ba etsa liqeto ho ea ka litakatso tsa bona kapa hore na batho ba bang ba batla eng. Ho feta moo, ba re khella fatše hobane re latela seo Bibele e se rutang. Sehlooho sena se tl’o re thusa ho bona hore na ke hobane’ng ha batho ba itšoara ka tsela ena. A re qaleng pele ka ho hlahloba hore na re ka fumana bohlale bo tsoang ho Jehova joang.

HO TSEBA JEHOVA HO TLA ETSA HORE RE BE BOHLALE

3. Re lokela ho etsa’ng hore re be le bohlale ba ’nete?

3 Bohlale ke bokhoni ba ho sebelisa seo re se tsebang ho etsa liqeto tse nepahetseng. Empa bohlale ba ’nete bo bolela ho fetang hoo. Bibele e re: “Mohato oa pele oa ho fumana bohlale ke ho hlompha Jehova. Ho tseba Ea Halalelang ka ho Fetisisa ho bolela kutloisiso.” (Liprov. 9:​10) Kahoo, ha ho e-na le qeto ea bohlokoa eo re lokelang ho e etsa re lokela ho tseba hore na Jehova o ikutloa joang ka eona. Re ka etsa joalo ka ho ithuta Bibele le lingoloa tsa rona tse thehiloeng Bibeleng. Ha re etsa joalo re bontša hore re bohlale.​—Liprov. 2:​5-7.

4. Ke hobane’ng ha e le Jehova feela ea ka re rutang bohlale ba ’nete?

4 Jehova ke eena ea ka re fang bohlale ba ’nete. (Bar. 16:​27) Ke hobane’ng ha re re Jehova ke Mohloli oa bohlale? Ntlha ea pele, kaha Jehova ke ’Mopi, o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka popo ea hae. (Pes. 104:​24) Ntlha ea bobeli, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e etsang e bontša hore o bohlale. (Bar. 11:​33) Ntlha ea boraro, re rua molemo haeba re mamela likeletso tse bohlale tse tsoang ho Jehova. (Liprov. 2:​10-12) Haeba re batla ho ba le bohlale ba ’nete, re tlameha ho lumella Jehova hore a re tataise ka Lentsoe la hae ha re etsa liqeto.

5. Litla-morao e ba life haeba batho ba sa lumele hore Jehova ke eena feela Mohloli oa bohlale ba ’nete?

5 Batho ba bangata bao re kopanang le bona tšimong ba hlolloa ke botle ba popo empa ha ba lumele hore lintho tsena li bopiloe. Ho e-na le hoo ba re li bile teng ka ho iphetola ha lintho. Batho ba bang bona ba re ba lumela ho Molimo empa ba nahana hore lithuto tsa Bibele li siiloe ke nako. Litla-morao e bile life? Na ho hlokomoloha ha batho bohlale ba Molimo ho entse hore lefatše le ntlafale? Na batho ba thabile e le kannete kapa ba na le tšepo e tiileng ka bokamoso? Lintho tseo re li bonang li re kholisa hore “ha ho bohlale, temoho kapa morero o ka hanyetsang Jehova.” (Liprov. 21:​30) Sena se etsa hore re lule re kopa Jehova ho re fa bohlale ba ’nete. Ka bomalimabe, batho ba bangata ha ba etse joalo. Hobane’ng?

MABAKA A ETSANG HORE BATHO BA HANE BOHLALE BA ’NETE

6. Ho ea ka Liproverbia 1:​22-25, ke bo-mang ba hanang bohlale bo tsoang ho Jehova?

6 Batho ba bangata baa iphapanya ha bohlale ba ’nete “bo hoeletsa seterateng.” Bibele e bua ka lihlopha tse tharo tsa batho ba iphapanyetsang bohlale bona e leng “ba se nang tsebo,” “basomi” le “ba se nang kelello.” (Bala Liproverbia 1:​22-25.) A re hlahlobeng hore na ke hobane’ng ha batho ba hana bohlale bo tsoang holimo le hore na re ka etsa’ng hore re se ke ra ba joaloka bona.

7. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ikhethela ho lula ‘ba se na tsebo’?

7 Batho “ba se nang tsebo” ba lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e buang ’me ba thetseha habonolo. (Liprov. 14:​15) Re atisa ho kopana le batho ba joalo ha re le tšimong. Ka mohlala, nahana ka batho ba limilione ba thetsoang ke baeta-pele ba bolumeli le ba lipolotiki. Ba bang baa makala ha ba elelloa hore baeta-pele ba bolumeli le ba lipolotiki ba ba thetsitse. Empa batho bao ho buuoeng ka bona ho Liproverbia 1:​22 ba ikhethela ho lula ba le lefifing. (Jer. 5:​31) Ba iketsetsa lintho tseo ba li batlang ’me ha ba batle ho ithuta hore na Bibele e re’ng kapa ho mamela melao ea eona. Batho ba bangata ba ikutloa joaloka ’mè e mong oa Canada ea hlaheletseng bolumeling ea ileng a re ho Paki ea Jehova e ’ngoe: “Haeba moruti o re thetsitse, ke molato oa hae eseng oa rona.” Ho hang ha re batle ho etsisa mofuta ona oa batho o ikhethelang ho se mamele.​—Liprov. 1:​32; 27:12.

8. Ke eng e tla re thusa ho ba le tsebo e nepahetseng?

8 Ka lebaka le utloahalang, Bibele e re khothalletsa hore re se ke ra lula re se na tsebo ho e-na le hoo re “nahane joaloka batho ba baholo.” (1 Bakor. 14:​20) Re ba le tsebo e nepahetseng ha re sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba rona. Ha re etsa joalo re tla bona kamoo Bibele e re thusang kateng ho etsa liqeto tse nepahetseng le ho qoba mathata. Ke hantle hore re nahane ka liqeto tseo re ileng ra li etsa. Haeba re se re e-na le nako re ntse re ithuta Bibele le ho ba teng libokeng tsa Bokreste empa re e-s’o inehele ho Jehova le ho kolobetsoa, ke hantle ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha re e-s’o inehele le ho kolobetsoa. Haeba u se u kolobelitsoe, na u ntse u ntlafatsa tseleng eo u rutang ka eona le ho bolela litaba tse molemo? Na u sebelisa seo u ithutang sona Bibeleng ha u etsa liqeto? Na u tšoara batho ba bang ka tsela eo Jesu a neng a ka etsa ka eona? Haeba re bona hore re hloka ho ntlafatsa, re lokela ho nahana ka ho teba ka likeletso tsa Jehova kaha li “hlalefisa ea se nang boiphihlelo.”​—Pes. 19:7.

9. “Basomi” ba bontša joang hore ha ba batle bohlale bo tsoang ho Molimo?

9 Sehlopha sa bobeli sa batho ba iphapanyetsang bohlale ba Molimo ke “basomi.” Ka linako tse ling re kopana le batho ba joalo ha re le tšimong. Ba thabela ho soma batho ba bang. (Pes. 123:4) Bibele e ile ea bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela ho tla ba le basomi ba bangata. (2 Pet. 3:​3, 4) Joaloka bakhoenyana ba Lota ea neng a lokile, batho ba bang mehleng ena ha ba mamele likeletso tse tsoang ho Molimo. (Gen. 19:​14) Ba bangata ba tšeha batho ba mamelang melao ea Bibele. Ba etsa joalo hobane ba batla ho khotsofatsa “litakatso tsa bona tse khopo.” (Juda 7, 17, 18) Lintho tse etsoang ke bakoenehi le batho ba hanyetsang Jehova li lumellana hantle le tsela eo Bibele e hlalosang basomi ka eona.

10. Ho ea ka Pesaleme ea 1:​1, ke joang re ka qobang ho fetoha basomi?

10 Ke’ng e ka re thusang hore re se ke ra fetoha basomi? Re ka etsa joalo ka ho qoba ho tloaelana le batho ba tloaetseng ho korotla. (Bala Pesaleme ea 1:1.) Sena se bolela hore ha re mamele kapa hona ho bala ntho leha e le efe e tsoang ho bakoenehi. Ha re sa hlokomele ho ka ba bonolo hore re fetohe batho ba korotlang ’me re ka qala ho se tšepe Jehova le tataiso eo mokhatlo oa hae o fanang ka eona. Re ka qoba mekhoa eo ka hore re ipotse lipotso tsena: ‘Na ke lula ke belaela ha ke fumana tlhaloso kapa tataiso eo ke qalang ho e utloa? Na ke lula ke batla ho tšoaea ba etellang pele liphoso?’ Haeba re potlakela ho etsa liphetoho re tla thabisa Jehova.​—Liprov. 3:​34, 35.

11. Batho “ba se nang kelello” ba ikutloa joang ka melao ea Jehova ea boitšoaro?

11 Sehlopha sa boraro sa batho ba hanang bohlale ke “ba se nang kelello.” Ke ba se nang kelello hobane ha ba batle ho phela ka melao ea Molimo ea boitšoaro. Ba iketsetsa lintho tseo ba li batlang. (Liprov. 12:​15) Batho ba joalo ba hana ho mamela Jehova, e leng eena Mohloli oa bohlale. (Pes. 53:1) Ha re kopana le bona tšimong, hangata baa re halefela le hona ho re nyefola ha re mamela litaelo tse tsoang ka Bibeleng. Empa ha ho letho le molemo leo ba ka fanang ka lona. Bibele e re: “Leoatla ha le khone ho fumana bohlale ba ’nete, ha ho letho leo le ka le buang keiting ea motse.” (Liprov. 24:7) Ha ho keletso e bohlale eo maoatla a ka fanang ka eona. Ke ka lebaka leo Jehova a re eletsang hore re ‘suthele hole le motho ea hlokang kelello.’​—Liprov. 14:7.

12. Ke eng eo re ka e etsang hore re se ke ra latela mekhoa ea batho ba se nang kelello?

12 Ha re tšoane le batho bao ba hloileng keletso ea Molimo. Ho e-na le hoo re ithuta ho rata melao ea Molimo le tsela eo a nahanang ka eona. Re tla rata tsela eo Molimo a nahanang ka eona le melao ea hae le ho feta haeba re bapisa melemo ea ho mamela le litla-morao tsa ho se mamele. Sheba mathata ao batho ba ipakelang ’ona ha ka booatla ba hana keletso ea Jehova e bohlale. Joale ebe u sheba tsela e molemo eo u phelang ka eona ka lebaka la ho mamela Molimo.​—Pes. 32:​8, 10.

13. Na Jehova o re qobella ho mamela keletso ea hae e bohlale?

13 Jehova o entse hore batho bohle ba be le monyetla oa ho fumana bohlale ba hae empa ha a ba qobelle hore ba bo amohele. Leha ho le joalo, o hlalosa se etsahalang ha batho ba sa amohele bohlale boo a fanang ka bona. (Liprov. 1:​29-32) Batho ba sa mameleng Jehova “ba tla kotula seo ba se jetseng.” Ha nako e ntse e ea, ba tla utloa bohloko hape ba be le mathata a mangata ka lebaka la tsela eo ba phelang ka eona. Qetellong Jehova o tla ba felisa. Ka lehlakoreng le leng Jehova o re ho ba mamelang keletso ea hae e bohlale le ba e sebelisang: “Ea ’mamelang o tla lula a sireletsehile, a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.”​—Liprov. 1:33.

BOHLALE BA ’NETE BO RE TSOELA MOLEMO

Setsoalle sa rona le Jehova sea matlafala ha re arabela libokeng (Sheba serapa sa 15)

14, 15. Re ithuta’ng lengolong la Liproverbia 4:23?

14 Re rua molemo kamehla ha re sebelisa bohlale bo tsoang ho Molimo. Joalokaha re hlokometse, batho bohle ba ka fumana likeletso tsa Jehova tse bohlale habonolo. Ka mohlala, bukeng ea Liproverbia Jehova o fana ka likeletso tse nakong le tse sebetsang. A re hlahlobeng e meng ea mehlala e mene ea likeletso tsena tse bohlale.

15 Sireletsa pelo ea hao ea tšoantšetso. Bibele e re: “U sireletse pelo ea hao ho feta lintho tse ling tsohle kaha liliba tsa bophelo li tsoa ho eona.” (Liprov. 4:​23) Nahana ka seo u lokelang ho se etsa ho sireletsa pelo ea hao. Re lokela ho ja lijo tse matlafatsang, ho ikoetlisa ka ho lekaneng le ho qoba mekhoa e mebe. Re etsa lintho tse tšoanang le tseo ho sireletsa pelo ea rona ea tšoantšetso. Lentsoe la Molimo ke lijo tsa rona tsa letsatsi le letsatsi. Re lokisetsa liboka, re ba teng ho tsona ’me rea arabela ha re le libokeng. Ho ba teng kamehla tšimong ho etsa hore re lule re cheseha. Hape re qoba ho ba le mekhoa e mebe ka hore re se ke ra silafatsa menahano ea rona. Re etsa joalo ka ho qoba metsoalle e mebe le boithabiso bo khothalletsang lintho tse mpe.

Ho se rate chelete haholo ho tla re thusa ho khotsofalla lintho tseo re nang le tsona (Sheba serapa sa 16)

16. Ke hobane’ng ha Liproverbia 23:​4, 5 e le molemo haholo mehleng ee?

16 Khotsofalla lintho tseo u nang le tsona. Bibele e fana ka keletso ena: “U se ke oa sebetsa ka thata hore u fumane maruo . . . Ha u a shebisisa, a tla be a le sieo etsoe a tla mela mapheo ’me a fofele holimo joaloka ntsu.” (Liprov. 23:​4, 5) Batho ba bangata ba ka lahleheloa ke chelete le maruo a bona habonolo. Leha ho le joalo, batho ba bangata kajeno ba ruileng le ba futsanehileng ba amehile ka ho etsa chelete. Ke ka lebaka lena hangata ba etsang lintho tse ba senyang lebitso, tse senyang likamano tsa bona le batho ba bang ’me ba qetelle ka ho kula. (Liprov. 28:​20; 1 Tim. 6:​9, 10) Ka lehlakoreng le leng, bohlale bo re thusa hore re se ke ra nahana ka chelete haholo. Ho nahana ka tsela eo ho re thusa hore re se ke ra ba meharo, re lule re thabile re bile re khotsofalletse lintho tseo re nang le tsona.​—Moek. 7:12.

Ho nahana pele re bua ho tla re thusa hore re qobe ho bua lintho tse ka utloisang ba bang bohloko (Sheba serapa sa 17)

17. Ke joang re ka buang “lipuo tsa ba bohlale” ho latela Liproverbia 12:18?

17 Nahana pele u bua. Haeba re sa hlokomele, re ka utloisa batho bohloko haholo ka lintho tseo re li buang. Bibele e re: “ Lipuo tse sa nahanoang li hlaba joaloka sabole empa lipuo tsa ba bohlale lia folisa.” (Liprov. 12:​18) Re tla etsa hore ho be le khotso haeba re sa bue ka liphoso tsa batho ba bang. (Liprov. 20:​19) Haeba re batla hore lintho tseo re li buang li tšelise batho ba bang ho e-na le ho ba utloisa bohloko, re lokela ho bala Lentsoe la Molimo kamehla re be re nahanisise ka lintho tseo re li balang. (Luka 6:​45) Ha re nahanisisa ka seo re se balang, mantsoe a rona a ka ba joaloka “seliba sa bohlale” ’me a tla khothatsa batho ba bang.​—Liprov. 18:4.

Ho latela tataiso eo mokhatlo o fanang ka eona ho tla re thusa ho ntlafatsa tsela eo re etsang mosebetsi oa boboleli ka eona (Sheba serapa sa 18)

18. Ho sebelisa Liproverbia 24:6 ho ka re thusa joang hore re atlehe tšimong?

18 Latela tataiso eo mokhatlo o fanang ka eona. Bibele e fana ka keletso ena ea bohlokoa: “Ka tataiso e bohlale u tla loana ntoa ea hao, ka baeletsi ba bangata u tla hlola.” (Liprov. 24:6) Nahana kamoo temana ena e ka u thusang kateng mosebetsing oa ho bolela le ho ruta batho Bibele. Ho e-na le ho etsa mosebetsi oa ho bolela le ho ruta batho Bibele ka tsela ea rona, re latela litlhahiso tseo re li fuoang. Re fumana tataiso e bohlale ha re le libokeng tsa rona tsa Bokreste, e leng moo baeletsi ba nang le boiphihlelo ba fanang ka lipuo tse thehiloeng Bibeleng tse re koetlisang. Hape mokhatlo oa Jehova o fana ka lingoloa le livideo tse thusang batho ho utloisisa Bibele. Na u sebelisa lithulusi tsee ka tsela eo li finyellang morero oa tsona?

19. U ikutloa joang ka bohlale boo Jehova a fanang ka bona? (Liproverbia 3:​13-18)

19 Bala Liproverbia 3:​13-18. Re leboha haholo ka likeletso tsa bohlokoa tse tsoang ka Lentsoeng la Molimo. Re ka be re le kae ha e ne e se ka tsona! Sehloohong sena re buile ka likeletso tsa bohlokoa tse hlahang bukeng ea Liproverbia. Ke ’nete hore Bibele e na le likeletso tse bohlale tse ngata tse tsoang ho Jehova. A re ikemisetseng ho sebelisa bohlale boo Jehova a fanang ka bona bophelong ba rona ba letsatsi le letsatsi. Batho ba bangata ba nka bohlale ba Molimo e se letho empa rona re kholisehile hore “mang kapa mang ea bo tšoarang o tla phela, a fumane thabo.”

PINA EA 36 Re Lebela Lipelo Tsa Rona

a Bohlale boo Jehova a fanang ka bona bo molemo haholo ho feta ntho leha e le efe eo lefatše le ka fanang ka eona. Sehloohong sena re tla hlahloba lintlha tse hlahang bukeng ea Liproverbia tse buang ka bohlale bo hoeletsang haholo. Re tl’o hlahloba hore na re ka etsa’ng hore re hlalefe, hore na ke hobane’ng ha batho ba bang ba sa batle ho hlalefa le hore na ho ba bohlale ho tla re thusa joang.