Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha re sa Loane le Hoja Baiseraele ba Mehleng ea Khale ba ne ba Loana?

Ke Hobane’ng ha re sa Loane le Hoja Baiseraele ba Mehleng ea Khale ba ne ba Loana?

Ka Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, ofisiri ea Manazi e ile ea halefela Lipaki Tsa Jehova ea re: “Haeba e mong oa lona a hana ho kenella ntoeng ha re loantša Fora le Engelane le lokela ho shoa kaofela.” Le hoja masole a Manazi a hlometseng a ne a eme pel’a bara babo rona bana, ha ho le ea mong oa bona ea ileng a lumela ho tlola melao ea Jehova. Bara babo rona ba ile ba bontša sebete e le kannete. Ona ke mohlala o motle o bontšang hore na Lipaki Tsa Jehova li ikutloa joang ka ho loana. Re hana ho kenella lintoeng tsa lefatše lena, esita leha batho ba re tšosa ka hore ba tla re bolaea.

Leha ho le joalo, ha se bohle ba ipitsang Bakreste ba lumellanang le taba ea ho se nke lehlakore. Batho ba bangata ba lumela hore Mokreste o lokela ho sireletsa naha ea habo. Ba ka ’na ba beha mabaka ka ho re: ‘Mehleng ea khale Baiseraele ba ne ba loana lintoa tse ngata le hoja e ne e le sechaba sa Molimo. Joale, ke hobane’ng ha Bakreste ba mehleng ee ba sa lokela ho loana?’ U ne u ka araba joang? U ne u tla lokela ho hlalosa hore maemo a Baiseraele ba mehleng ea khale a ne a fapane haholo le a batho ba Molimo mehleng ena. Re tl’o hlahloba hore na a ne a fapane le a batho ba Molimo mehleng ena ka litsela life tse hlano.

1. BATHO BA MOLIMO E NE E LE SECHABA SE LE SENG

Nakong e fetileng, Batho ba Jehova e ne le sechaba se le seng seo a se khethileng, e leng Baiseraele. O ile a bitsa Baiseraele “thepa . . . e khethehileng har’a lichaba tsohle.” (Ex. 19:5) Molimo o ile a boela a ba fa naha e khethehileng. Kahoo, ha Molimo a ne a laela Baiseraele hore ba ee ntoeng, ba ne ba sa loantše le ho bolaea bahlanka ba Jehova e leng barapeli-’moho le bona. a

Mehleng ena, barapeli ba Jehova ke “batho ba lichaba tsohle, maloko ’ohle, merabe eohle le lipuo tsohle.” (Tšen. 7:9) Haeba batho ba Molimo ba ne ba ka kenella lintoeng, ba ne ba ka loantša le ho bolaea barapeli-’moho le bona.

2. JEHOVA O NE A LAELA BAISERAELE HORE BA EE NTOENG

Nakong e fetileng, Jehova o ne a etsa qeto ea hore na Baiseraele ba ea ntoeng neng le hore na ba tla ea ntoeng ka lebaka lefe. Ka mohlala, Molimo o ile a ahlola Bakanana ka hore a lumelle Baiseraele ho ba loantša. O ile a ahlola Bakanana bao hobane ba ne ba tumme ka boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano, ho etsa mahlabelo ka bana le ho rapela bademona. Molimo o ile a boela a laela Baiseraele hore ba felise batho ba neng ba etsa lintho tse mpe Naheng e Tšepisitsoeng e le ho ba sireletsa hore ba se ke ba susumetsoa ke batho bao. (Lev. 18:​24, 25) Ha Baiseraele ba se ba lula naheng e tšepisitsoeng, ka linako tse ling Molimo o ne a ba lumella hore ba loane e le hore ba ka itšireletsa lireng tsa bona tse ba hatellang. (2 Sam. 5:​17-25) Leha ho le joalo, ha ho mohla Baiseraele ba ileng ba ikhethela ho ea ntoeng. Empa kamehla ha ba ne ba iketselitse qeto ea ho ea ntoeng, ho ne ho e-ba le litla-morao tse bohloko.​—Num. 14:​41-45; 2 Likron. 35:​20-24.

Mehleng ena, Jehova ha a laele batho ho ea ntoeng. Lichaba li loana ho ea ka thato ea batho eseng ea Molimo. Li loana hobane li batla ho hapa linaha tse ling, ho ba le chelete e ngata le ho ntšetsa pele merero ea lipolotiki. Empa re ka re’ng ka ba ipolelang hore ba loana ka lebitso la Molimo ho sireletsa bolumeli ba bona kapa ho bolaea lira tsa Molimo? Jehova o tla sireletsa barapeli ba ’nete ’me a timetse lira tsa hae ntoeng e tlang ea Armagedone. (Tšen. 16:​14, 16) Ntoeng eo, lebotho la Molimo le tla be le entsoe ka libopuoa tsa moea feela, eseng ka batho.​—Tšen. 19:​11-15.

3. BAISERAELE BA NE BA SA BOLAEE BATHO BA BONTŠANG HORE BA NA LE TUMELO

Na mehleng ee batho ba bontšang tumelo ho Jehova baa hauheloa joalokaha Jehova a ile a hauhela Rahaba le ba lelapa la hae ha ho timetsoa Jeriko?

Nakong e fetileng, masole a Baiseraele a ne a hauhela batho ba bontšang hore ba na le tumelo ho Molimo. Empa a ne a ahlola batho bao Jehova a ba ahloletseng lefu. Hlokomela mehlala ena e ’meli. Le hoja Jehova a ne a laetse hore Jeriko e timetsoe, Baiseraele ba ile ba hauhela Rahaba hammoho le ba lelapa la hae hobane o ile a bontša hore o na le tumelo. (Josh. 2:​9-16; 6:​16, 17) Hamorao Bagibeone ba ile ba hauheloa hobane ba ile ba bontša hore ba hlompha Molimo.​—Josh. 9:​3-9, 17-19.

Mehleng ena, ha lichaba li loana ha li hauhele batho ba bontšang hore ba na le tumelo. Ka linako tse ling batho ba se nang molato baa bolaoa lintoeng tsena.

4. BAISERAELE BA NE BA LOKELA HO MAMELA LITAELO TSA MOLIMO MABAPI LE NTOA

Nakong e fetileng, Jehova o ne a lebeletse hore masole a Iseraele a mamele litaelo tsa hae mabapi le ntoa. Ka mohlala, ka linako tse ling Molimo o ne a re Baiseraele ba bolelle batho ba motse oa lireng “seo ba lokelang ho se etsa e le hore ho be le khotso.” (Deut. 20:​10) Jehova o ne a boetse a lebeletse hore masole a Iseraele a ipoloke a hloekile ’meleng le boitšoarong. Hape o ne a lebeletse hore ba boloke likampo tseo ba lulang ho tsona li hloekile. (Deut. 23:​9-14) Masole a lichaba tse potolohileng Baiseraele a ne a atisa ho hlekefetsa basali ba linaha tseo ba li hapileng. Empa Jehova o ne a sa lumelle Baiseraele ho etsa joalo. Ha e le hantle ba ne ba sa lumelloa ho nyala mosali ea tsoang naheng e hapuoeng ho fihlela ho feta nako e ka etsang khoeli.​—Deut. 21:​10-13.

Mehleng ena, linaha tse ngata li loana ho latela melao ea ntoa eo li lumellaneng ka eona. Ka masoabi linaha tse ngata ha li boloke melao ena le hoja e reretsoe ho sireletsa batho ba se nang molato.

5. MOLIMO O NE A LOANELA SECHABA SA HAE

Na Molimo o loanela sechaba leha e le sefe kajeno joalokaha a ile a etsa ha Iseraele e loantšana le Jeriko?

Nakong e fetileng, Jehova o ne a loanela Baiseraele ’me hangata o ne a etsa mehlolo e le ho ba thusa ho hlola ntoa. Ka mohlala, Jehova o ile a thusa Baiseraele joang ho hapa naha ea Jeriko? Ka tataiso ea Jehova, Baiseraele ba ile ba “qala ho etsa mohoo o moholo oa ntoa, eaba lerako le qala ho oa putla!” Sena se ile sa ba nolofalletsa ho hapa motse. (Josh. 6:​20) Ha ba loana le Baamore teng ba ile ba hlola joang? ‘Jehova o ile a nesa sefako se seholo . . . Ha e le hantle, ba bolailoeng ke sefako ba ne ba le bangata ho feta bao Baiseraele ba ba bolaileng ka sabole.’​—Josh. 10:​6-11.

Mehleng ena, ha ho sechaba leha e le sefe seo Jehova a se loanelang mona lefatšeng. ’Muso oa Molimo oo Jesu e leng Morena oa ’ona “ha se oa lefatše lena.” (Joh. 18:​36) Ho fapana le hoo, Satane ke eena ea nang le bolaoli holim’a mebuso eohle ea lefatše. Lintoa tse sehloho tsa lefatše lena li bontša kamoo Satane a leng khopo kateng.​—Luka 4:​5, 6; 1 Joh. 5:19.

BAKRESTE BA ’NETE BA LEKA KAHOHLE HO ETSA KHOTSO LE BATHO BA BANG

Joalokaha re bone, maemo a rona a fapana haholo le a Baiseraele ba mehleng ea khale. Leha ho le joalo, ho fapana hona ha se hona feela ho etsang hore re se ke ra ea ntoeng. Ho na le mabaka a mang. Ka mohlala, Molimo o ile a bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela batho ba rutoang ke eena “ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa” le ho nka karolo ntoeng. (Esa. 2:​2-4) Ho ekeletsa moo, Kreste o ile a re balateli ba hae e ‘ke ke ea e-ba karolo ea lefatše’ ’me ba ke ke ba kenella lintoeng tsa lefatše.​—Joh. 15:19.

Kreste o ile a boela a khothalletsa balateli ba hae ho etsa ho fetang hoo. O ile a ba laela hore ba qobe boitšoaro leha e le bofe bo ka bakang lehloeo, khalefo le ntoa. (Mat. 5:​21, 22) O ile a boela a laela balateli ba hae hore e be “ba bopang khotso” le hore ba rate lira tsa bona.​—Mat. 5:​9, 44.

Taba ee e re ama joang re le batho ka bomong? Ha re batle ho kenella lintoeng, empa na ho ka etsahala hore re nke mora kapa morali oabo rona e le sera sa rona? Boemong boo re lokela ho tsoela pele ho loantša maikutlo a joalo.​—Jak. 4:​1, 11.

Ha re kenelle lintoeng tsa lichaba. Ho e-na le hoo, re sebetsa ka thata hore ho lule ho e-na le lerato har’a rona. (Joh. 13:​34, 35) A re luleng re sa nke lehlakore ho fihlela nakong eo Jehova a tla felisa lintoa ka ho feletseng.​—Pes. 46:9.

a Leha ho le joalo, ka linako tse ling Baiseraele ba ne ba loantšana le hoja lintoa tse joalo li ne li sa thabise Jehova. (1 Mar. 12:​24) Ka linako tse ling, Jehova o ne a lumella maloko a Baiseraele ho loantšana hobane maloko a mang a sa mo tšepahalle kapa a entse libe tse tebileng.​—Baahl. 20:​3-35; 2 Likron. 13:​3-18; 25:​14-22; 28:​1-8.