Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 38

E-ba Haufi Haholo le Bakreste-’moho le Uena

E-ba Haufi Haholo le Bakreste-’moho le Uena

“Ke nyolohela ho Ntate le Ntat’a lona.”​—JOH. 20:17.

PINA EA 3 Jehova o re fa Matla le Tšepo

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Batho ba tšepahalang ba ka bitsa Jehova eng?

LELAPA la barapeli ba Jehova le akarelletsa Jesu e leng “letsibolo la popo eohle” le mangeloi a se nang palo. (Bakol. 1:​15; Pes. 103:​20) Ha Jesu a ntse a le lefatšeng o ile a re batho ba tšepahalang ba ka bitsa Jehova Ntate oa bona. Ha a bua le balateli ba hae o ile a re Jehova ke ‘Ntate oa hae le Ntate oa bona.’ (Joh. 20:​17) Kahoo, ha re inehela ho Jehova ebile re kolobetsoa re ba litho tsa lelapa la hae le re ratang.​—Mar. 10:​29, 30.

2. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

Batho ba bang ba thatafalloa ke ho lumela hore Jehova ke Ntate ea lerato. Ba bang ha ba nolofalloe ke ho rata bara le barali ba bo rona. Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na Jesu o re thusa joang hore re nke Jehova e le Ntate oa rona ea lerato eo re ka khonang ho atamela haufi le eena. Re tla boela re bone litsela tse ling tseo ka tsona re ka etsisang Jehova ha re sebelisana le Bakreste-’moho le rona.

JEHOVA O BATLA U ATAMELE HAUFI LE EENA

3. Thapelo ea mohlala e re atametsa haufi le Jehova joang?

3 Jehova ke Ntate ea lerato. Jesu o batla hore re bone Jehova ka tsela eo a mo bonang ka eona, e le motsoali ea lerato eo ho leng bonolo ho mo atamela e seng e le motho feela ea sa nahaneleng le ea fanang ka litaelo. Re tseba taba ena hobane Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba re’ng ha ba rapela. Ha a etsa thapelo ea mohlala o ile a qala ka ho re: “Ntat’a rona.” (Mat. 6:9) Jesu a ka be a ile a re re bitse Jehova “Ea Matla ’ohle,” “ ’Mopi,” kapa “Morena oa bosafeleng” e leng litlotla tse sa fosahalang. (Gen. 49:​25; Esa. 40:​28; 1 Tim. 1:​17) Ho e-na le hoo, Jesu o ile a re re mo bitse “Ntate.”

4. Re tseba joang hore Jehova o batla hore re atamele haufi le eena?

4 Na u thatafalloa ke ho nka Jehova e le Ntate ea lerato? Ba bang ba rona ba ikutloa ka tsela eo. Re ka thatafalloa ke ho utloisisa hore na motsoali ea lerato ke ea joang hobane re hotse habohloko. Empa re khothatsoa ke ho tseba hore Jehova o utloisisa tsela eo re ikutloang ka eona hantle. O batla ho ba haufi le rona. Ke kahoo Lentsoe la hae le re’ng: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.” (Jak. 4:8) Jehova oa re rata hape o re tšepisa hore e tla ba Ntate ea molemo ka ho fetisisa eo re ka bang le eena.

5. Ho ea ka Luka 10:​22, Jesu a ka re thusa joang hore re atamele haufi le Jehova?

5 Jesu a ka re thusa hore re atamele haufi le Jehova. O tseba Jehova hantle ebile o bonahatsa makhabane a hae ka ho phethahetseng. Ke kahoo a ileng a re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Joh. 14:9) Joaloka abuti a moholo, Jesu o re ruta hore na re ka hlompha, ra mamela, ra qoba ho utloisa Ntate oa rona bohloko joang le hore na re ka etsa’ng hore a re amohele. Empa ka ho khetheha Jesu ha a ntse a le lefatšeng o ile a bontša ka ho hlaka hore Jehova o mosa hape o lerato haholo. (Bala Luka 10:​22.) A re ke re bueng ka mehlala e seng mekae.

Joaloka Ntate ea lerato, Jehova o ile a matlafatsa Mora oa hae a sebelisa lengeloi (Sheba serapa sa 6) *

6. Ak’u fane ka mehlala e bontšang hore Jehova o ile a mamela lithapelo tsa Jesu.

6 Jehova o mamela bana ba hae. A re ke re bueng ka hore na Jehova o ile a mamela Mora oa hae oa letsibolo joang. Ntle ho pelaelo Jehova o ile a mamela lithapelo tse ngata tseo Mora oa hae a ileng a li etsa ha a ntse a le lefatšeng. (Luka 5:​16) O ile a mamela Jesu ha a ne a rapela ka lintho tsa bohlokoa haholo tse kang ha a ne a khetha baapostola ba 12. (Luka 6:​12, 13) Jehova o ile a boela a utloa ha Jesu a ne a rapela nakong eo a neng a tšoenyehile haholo. Nakoana pele a ekoa, Jesu o ile a rapela Ntate oa hae ka matla a mo bolella ka teko eo a neng a tl’o tobana le eona haufinyane. Jehova o ile a mamela lithapelo tsa Jesu a ba a romela le lengeloi hore le il’o mo khothatsa.​—Luka 22:​41-44.

7. Ho tseba hore Jehova o mamela lithapelo tsa rona ho etsa hore re ikutloe joang?

7 Mehleng ena, Jehova o tsoela pele ho mamela lithapelo tsa bahlanka ba hae hape o li araba ka nako e loketseng ebile e le ka tsela e molemo ka ho fetisisa. (Pes. 116:​1, 2) Utloa kamoo morali’abo rona e mong oa India a ileng a tiisa taba ena kateng. O ne a e-na le khatello e matla haholo ea maikutlo ’me o ile a rapela Jehova ka matla ka taba eo. O re: “Lenaneo la JW Broadcasting® la May 2019 le ne le etselitsoe ’na kaha le ile la mpontša hore na nka sebetsana le ho tšoenyeha le ho khathatseha joang. E ne e le karabo ea lithapelo tsa ka.”

8. Jehova o ile a bontša ka litsela life hore o rata Jesu?

8 Jehova oa re rata ebile oa re tsotella joalokaha a ile a rata Jesu le ho mo hlokomela nakong eohle ha a ne a e-na le mathata lefatšeng mona. (Joh. 5:​20) O ile a thusa Jesu hore a be le tumelo e matla, a mo khothatsa ha a ne a tšoenyehile a ba a mo thusa ka litlhoko tsa hae. Hape Jehova ha aa ka a pata hore o rata Mora oa hae le hore o mo amohetse. (Mat. 3:​16, 17) Kaha Jesu o ile a lula a itšetlehile ka Ntate oa hae ea lerato ka linako tsohle, ha aa ka a ikutloa eka ha a na mang-oe.​—Joh. 8:16.

9. Re na le bopaki bofe ba hore Jehova oa re rata?

Joaloka Jesu, kaofela ha rona re ile ra bona ka litsela tse fapaneng hore Jehova oa re rata. Ak’u nahane feela, Jehova o re huletse ho eena a ba a re fa lelapa le re ratang le le momahaneng le etsang hore re thabe ebile lea re khothatsa ha re e-na le mathata. (Joh. 6:​44) Jehova o boetse o re fa lintho tse re thusang hore re be le tumelo e matla. O boetse o re thusa hore re be le lintho tseo re li hlokang e le hore re phele. (Mat. 6:​31, 32) Ha re nahana kamoo Jehova a re ratang kateng re mo rata le ho feta.

TŠOARA LELAPA LA JEHOVA JOALOKA EENA

10. Re ka ithuta’ng tseleng eo Jehova a tšoarang bara le barali ba bo rona ka eona?

10 Jehova o rata bara le barali ba bo rona. Empa ka linako tse ling ho ke ke ha e-ba bonolo hore re bone hore baa re rata kapa hore rona re ba bontše hore rea ba rata. Ntle ho moo, re tsoa merabeng e sa tšoaneng ebile re holisitsoe ka litsela tse sa tšoaneng. Hape kaofela ha rona re etsa liphoso tse ka halefisang batho ba bang le ho ba koatisa. Ho ntse ho le joalo, kaofela ha rona re ka leka ka matla ho etsa hore ho be le lerato ka lelapeng la Jehova. Ka tsela efe? Ka ho etsisa Ntate oa rona ka hore re rate bara le barali ba bo rona. (Baef. 5:​1, 2; 1 Joh. 4:​19) A re ke re boneng hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jehova.

11. Jesu o ile a bontša joang hore Jehova o na le “qenehelo e bonolo”?

11 Jehova o na le “qenehelo e bonolo.” (Luka 1:​78) Motho ea nang le qenehelo o ameha maikutlo ha a bona batho ba utloa bohloko ebile o batla litsela tsa ho ba thusa le ho ba khothatsa. Tsela eo Jesu a ileng a tšoara batho ka eona e ne e bontša hore na Jehova o ikutloa joang ka bona. (Joh. 5:​19) Ka nako e ’ngoe ha a bona bongata o ile a “bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Mat. 9:​36) Jesu o ne a qenehela batho a bile a ba thusa. O ne a folisa batho ba kulang a bile a khatholla le bohle ba “sehlang le ba imetsoeng.”​—Mat. 11:​28-30; 14:14.

Etsisa Jehova ka hore u be le qenehelo ho Bakreste-’moho le uena hape u be motho ea fanang (Sheba serapa sa 12-14) *

12. Etsa mohlala oa hore na re ka bontša joang hore re tsotella Bakreste-’moho le rona.

12 Re lokela ho nahana ka mathata ao Bakreste-’moho le rona ba nang le ’ona pele re ka ba bontša hore rea ba tsotella. Mohlala, ho ka etsahala hore ebe morali’abo rona o kula haholo. Ha ho mohla a buang ka ho kula ha hae empa a ka thaba haholo haeba a ka thusoa ka litsela tse itseng. O ntse a khona joang ho hlokomela lelapa la hae ka litlhoko tsa lona? Na a ka thabela ho thusoa ka ho pheha le ho hloekisa ntlo? Kapa mohlomong mor’abo rona o felletsoe ke mosebetsi. Na ho mo fa chelete e seng kae le ha a sa tsebe hore na e tsoa ho mang ho ke ke ha mo thusa ho fihlela a fumana mosebetsi o mong?

13, 14. Re ka ba batho ba fanang joang joaloka Jehova?

13 Jehova oa fana. (Mat. 5:​45) Ha rea lokela ho emela hore bara le barali ba bo rona ba kope thuso ho rona pele re ka ba bontša hore rea ba khathalla. Joaloka Jehova, re lokela ho ba thusa pele ba tla ho rona. Jehova o re chabisetsa letsatsi kamehla ntle le hore re mo kope. Hape mofuthu oa letsatsi o thusa motho e mong le e mong esita le ba se nang teboho. Na u ke ke oa lumela hore taba ea hore Jehova o re hlokomela ka litlhoko tsa rona ke bopaki ba hore oa re rata? Kannete re rata Jehova ka hore e be o mosa le hore oa fana.

14 Bara le barali ba bo rona ba bangata ba etsisa Ntate oa rona ka hore e be bona ba qalang pele ka ho bontša ba bang hore baa ba khathalla. Mohlala, ka 2013 leholiotsoana le bitsoang Super Typhoon Haiyan le ile la baka tšenyo e kholo Philippines. Bara le barali ba bo rona ba bangata ba ile ba senyeheloa ke mahae a bona le thepa. Empa lelapa la bo bona lefatšeng lohle le ile la potlakela ho ba tšehetsa. Ba bangata ba ile ba fana ka menehelo ha ba bang bona ba ile ba e-ba teng kahong moo ba ileng ba lokisa le ho haha bocha matlo a ka bang 750 ka nako e ka tlaase ho selemo. Nakong ea seoa sa Corona, Lipaki li ile tsa sebetsa ka thata ho thusa Bakreste-’moho le tsona. Ha re potlakela ho thusa lelapa lena la bo rona re bontša hore rea le rata.

15, 16. Ho ea ka Luka 6:​36, ke ntho efe ea bohlokoa eo re ka e etsang ho bontša hore re etsisa Ntate oa rona Jehova?

15 Jehova o mohau hape oa tšoarela. (Bala Luka 6:​36.) Letsatsi ka leng Jehova oa re tšoarela. (Pes. 103:​10-14) Balateli ba Jesu ba ne ba sa phethahala empa o ile a ba bontša mohau le ho ba tšoarela. O ne a bile a ikemiselitse ho tela bophelo ba hae e le hore libe tsa rona li ka tšoareloa. (1 Joh. 2:​1, 2) Na ha u utloe u batla ho atamela haufi le Jehova le Jesu hobane ba le mohau ebile ba tšoarela?

16 Re holisa lerato le teng ka lelapeng lena la Jehova haeba re ‘tšoarelana ka bolokolohi.’ (Baef. 4:​32) Ke ’nete hore ho tšoarela batho ba bang ha se ntho e bonolo ka linako tse ling. Kahoo re lokela ho sebetsa ka thata ntlheng eo. Morali’abo rona e mong o re sehlooho sa Molula-Qhooa se re’ng “Tšoarelanang ka Bolokolohi” se ile sa mo thusa ho etsa joalo. * O re: “Ho bala sehlooho sena ho nthusitse hore ke utloisise hore na ho tšoarela batho ba bang ho ntsoela molemo joang. Se ile sa hlalosa hore ho ikemisetsa ho tšoarela batho ba bang ha ho bolele hore u lumela hore ha baa etsa phoso kapa hona hore ha baa u utloisa bohloko. Empa ho tšoarela ho bolela hore ha u batle ho jara motho eo ka pelo le hore u batla ho lula u e-na le khotso.” Ha re tšoarela bara le barali ba bo rona ka bolokolohi re bontša hore rea ba rata le ho etsisa Ntate oa rona Jehova.

THABELA HO BA SETHO SA LELAPA LA JEHOVA

Ba bacha le ba baholo ba bontšitse hore ba rata balumeli-’moho le bona (Sheba serapa sa 17) *

17. Ho ea ka Matheu 5:​16, re ka bontša joang hore re hlompha Ntate oa rona?

17 Ke ntho e thabisang haholo ho ba setho sa lelapa le leholohali la machaba. Re batla hore batho ba bangata kahohle kamoo ho ka khonehang ba rapele Molimo oa rona hammoho le rona. Re nahanne ka taba ena re lokela ho ela hloko hore re se ke ra etsa eng kapa eng e ka etsang hore Jehova kapa bahlanka ba hae ba hlahe hampe. Re leka ho itšoara ka tsela e tla etsa hore batho ba batle ho mamela molaetsa oa ’Muso.​—Bala Matheu 5:16.

18. Re ka thusoa ke’ng hore re bolele ka sebete?

18 Ka linako tse ling batho ba bang ba ka re soma kapa ba re hlorisa hobane feela re mamela Ntate oa rona. Empa re tla etsa’ng haeba re tšoha ha re bua le batho ba bang ka lintho tseo re li lumelang? Re ka tšepa Jehova le Mora oa hae hore ba tla re thusa. Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae hore ha baa tlameha ho tšoenyeha ka hore na ba tla bua joang kapa na ba tla re’ng. O ne a bolela’ng? O ile a re: “Seo le tla se bua le tla se fuoa ka hora eo; etsoe ha se lona ba buang, empa ke moea oa Ntat’a lona o buang ka lona.”​—Mat. 10:​19, 20.

19. Fana ka mohlala oa motho ea ileng a fana ka bopaki ka sebete.

19 Ak’u nahane ka mohlala oa mor’abo rona Robert. Nakong e fetileng ha a sa tsoa qala ho ithuta Bibele a bile a e-na le tsebo e fokolang ea eona, o ile a hlaha ka pel’a lekhotla la sesole Afrika Boroa. Ka sebete o ile a hlalosetsa lekhotla hore o batla ho lula a sa kenelle sesoleng hobane a rata Bakreste-’moho le eena. O ne a rata ho ba setho sa lelapa la Jehova. Moahloli o ile a mo botsa a re: “Barab’eno ke bo-mang?” Mor’abo rona Robert o ne a sa lebella potso eo empa kapele-pele o ile a hopola temana ea letsatsi ea mohlang oo. E ne e le Matheu 12:​50 e re’ng: “Mang kapa mang ea etsang thato ea Ntate ea leholimong, eo ke mor’eso, le morali’eso, le ’Mè.” Le hoja mor’abo rona Robert a ne a sa tsoa qala ho ithuta Bibele, moea oa Jehova o ile oa mo thusa hore a arabe potso eo le tse ling tse ngata tseo a neng a sa li lebella. E tlameha ebe Jehova o ne a le motlotlo ka mor’abo rona Robert. Hape Jehova o boetse o ikotla sefuba ka rona ha re itšetleha ka eena e le hore re bolelle batho molaetsa oa hae ka sebete le tlas’a maemo a thata.

20. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng? (Johanne 17:​11, 15)

20 E se eka re ka tsoela pele re thabela ho ba litho tsa lelapa lena le re ratang. Re na le Ntate ea molemo ka ho fetisisa eo re ka bang le eena hammoho le bara le barali ba bo rona ba re ratang haholo. Ha rea lokela hore le ka mohla re nke lintho tsena hanyane. Satane le balateli ba hae ba khopo ba leka ho etsa hore re belaelle taba ea hore Jehova oa re rata hape ba leka ho etsa hore re se ke ra ba le bonngoe. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re rapella ho Ntate oa hae hore a re lebele e le hore lelapa lena la rona le ka lula le momahane. (Bala Johanne 17:​11, 15.) Jehova o ntse a arabela thapelo eo. Joaloka Jesu, e se eka re ke ke ra belaella taba ea hore Ntate oa rona oa re rata le hore oa re tšehetsa. A re ikemisetseng ho tsoela pele re e-ba haufi haholo le lelapa lena la rona.

PINA EA 99 Bakreste-’moho le ’Na ba Limilione

^ ser. 5 Re thabela ho ba le monyetla o babatsehang oa ho ba karolo ea lelapa le re ratang la bara le barali ba bo rona. Kaofela ha rona re batla ho holisa lerato le teng har’a rona. Re ka khona joang ho etsa joalo? Ka ho etsisa tsela eo Ntate oa rona ea lerato a re tšoarang ka eona le ka ho etsisa mohlala oa Jesu le oa Bakreste-’moho le rona.

^ ser. 57 LITŠOANTŠO: Jehova o ile a romela lengeloi serapeng sa Gethesemane hore le il’o matlafatsa Jesu.

^ ser. 59 LITŠOANTŠO: Nakong ea seoa sa Corona batho ba bangata ba ile ba sebetsa ka thata ho fana ka lijo.

^ ser. 61 LITŠOANTŠO: ’Mè o thusa morali oa hae ho romela lengolo le khothatsang ho mor’abo rona ea teronkong.