Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 39

Ha Motho eo re mo Ratang a Tlohela ho Sebeletsa Jehova

Ha Motho eo re mo Ratang a Tlohela ho Sebeletsa Jehova

“Ba ne ba . . . mo utloisa bohloko [hangata].”​—PES. 78:40.

PINA EA 102 “Le Thuse ba Fokolang”

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ha motho a tlosoa ka phuthehong batho ba bang ba ikutloa joang?

NA HO na le motho eo u mo ratang ea ileng a tlosoa ka phuthehong? E ka ’na eaba u ne u utloile bohloko haholo. Morali’abo rona Hilda o re: “Ha monna oa ka a ne a hlokahala ka mor’a lilemo tse 41 re nyalane, ke ile ka utloa bohloko haholo empa ha mora oa ka a ne a tlohela mosali oa hae, bana ba hae le phutheho, ke ile ka utloa bohloko bo fetang boo. *

Jehova o utloisisa bohloko boo u bo utloang ha motho eo u mo ratang a tlohela ho mo sebeletsa (Sheba serapa sa 2 le 3) *

2, 3. Ho ea ka Pesaleme ea 78:​40, 41, Jehova o ikutloa joang ha bahlanka ba hae ba tlohela ho mo sebeletsa?

2 Nahana hore na Jehova o ile a utloa bohloko hakae ha mangeloi a mang lelapeng la hae a ne a mo fetohela. (Juda 6) Hape u nahane hore na o ile a utloa bohloko hakae ha batho bao a neng a ba rata e leng Baiseraele ba ne ba mo fetohela ka makhetlo a mangata. (Bala Pesaleme ea 78:​40, 41.) Kholiseha hore Ntate oa rona ea lerato le eena o ntse a utloa bohloko ha motho eo u mo ratang a mo fetohela. Oa utloisisa hore na u utloile bohloko hakae. O tla u khothatsa a be a u fe tšehetso eo u e hlokang.

3 Sehloohong sena re tl’o bua ka ntho eo re ka e etsa’ng hore Jehova a re thuse haeba motho eo re mo ratang a tlohela ho mo sebeletsa. Re tla boela re bone hore na re ka thusa ba bang joang ka phuthehong ba nang le bothata bo tšoanang. Empa a re qale pele ka ho bona hore na ke’ng eo re lokelang ho e qoba.

U SE KE OA IPEHA MOLATO

4. Batsoali ba bangata ba ikutloa joang ha bana ba bona ba tlohela ho sebeletsa Jehova?

4 Ha bana ba tlohela ho sebeletsa Jehova, ho tloaelehile hore batsoali ba nahane hore ho na le ntho eo ba ka beng ba e entse ho ba thusa hore ba tsoele pele ba sebeletsa Jehova. Ka mor’a hore mora oa mor’abo rona Luke a khaoloe, mor’abo rona Luke o ile a re: “Ke ne ke nahana hore ke phoso ea ka. Taba ena e ne e sa nthobatse. Ka linako tse ling ke ne ke lla ’me pelo ea ka e e-ba bohloko haholo.” Morali’abo rona Elizabeth ea neng a le boemong bo tšoanang hangata o ne a ipotsa a re: “Ebe ke ile ka fosa hokae? Ke ne ke utloa eka ha kea ruta ngoana oa ka hantle hore a rate Jehova.”

5. Ke phoso ea mang ha motho a tlohela ho sebeletsa Jehova?

5 Re lokela ho hopola hore Jehova o file e mong le e mong oa rona bolokolohi ba ho ikhethela. Taba ena e bolela hore re ka ikhethela hore na re batla ho mo mamela kapa che. Bana ba bang ba ne ba se na batsoali ba ba behelang mohlala o motle empa ba ile ba etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova le ho lula ba tšepahala. Ba bang batsoali ba bona ba ile ba sebetsa ka thata ho ba ruta hore ba rate Jehova empa hamorao ha ba hola ba ile ba tlohela ho sebeletsa Jehova. Qetellong e mong le e mong oa rona o lokela ho etsa qeto ea hore na o sebeletsa Jehova kapa che. (Josh. 24:​15) Joale lona batsoali ba ileng ba utloa bohloko ka lebaka la hore bana ba lona ba ile ba tlohela ho sebeletsa Jehova, le se ke la nahana hore ke phoso ea lona.

6. Ngoana a ka ’na a ikutloa joang ha motsoali a tlohela ho sebeletsa Molimo?

6 Ka linako tse ling ntate kapa ’mè a ka tlohela ho sebeletsa Jehova a ba a tlohela le lelapa la hae. (Pes. 27:​10) Ntho eo e ka utloisa bana bohloko haholo ba neng ba hlompha le ho rata batsoali ba bona. Morali’abo rona Esther eo ntate oa hae a ileng a khaoloa o re: “Ke ne ke lula ke lla hobane ke hlokomela hore ntate oa ka o ne a entse qeto ea hore ha a sa batla ho sebeletsa Jehova ho hang. Ke rata ntate oa ka, kahoo ha a ne a khaotsoe ke ne ke lula ke tšoenyehile ka eena. Ka linako tse ling ke ne ke tšoenyeha ka tsela e sa tloaelehang.”

7. Jehova o ikutloa joang ka ngoana eo motsoali oa hae a khaotsoeng?

7 Haeba e mong oa batsoali ba hao a khaotsoe re u utloela bohloko. Ka kopo kholiseha hore Jehova oa tseba hore na taba ena e u utloisa bohloko hakae. Jehova oa u rata ebile o thabisoa ke ho bona u mo sebeletsa ka botšepehi ’me le rona re thabisoa ke taba eo. Hape hopola hore ha u ikarabelle liqetong tseo batsoali ba hao ba li entseng. Joalokaha ho hlalositsoe qalong, Jehova o file e mong le e mong bolokolohi ba hore a ikhethele. Motho e mong le e mong ea inehetseng ho Jehova ebile a kolobelitsoe o lokela ho “jara mojaro oa hae.”​—Bagal. 6:5.

8. Litho tsa lelapa li ka etsa’ng ha li ntse li emetse hore setho se seng se khutlele ho Jehova? (Sheba lebokose le re’ng “ Khutlela ho Jehova.”)

8 Ha motho eo re mo ratang a tlohela ho sebeletsa Jehova, ho tloaelehile hore re lule re e-na le tšepo ea hore ka le leng o tla khutlela ho eena. U ka etsa’ng ha u ntse u mo emetse hore a khutlele ho Jehova? Etsa kahohle kamoo u ka khonang hore u lule u e-na le tumelo e matla. Ha u etsa joalo u tla behela litho tse ling tsa lelapa mohlala o motle mohlomong le motho eo ea khaotsoeng. U tla boela u be le matla a ho mamella bohloko boo u bo utloang. Kahoo, a re ke re bone hore na u ka etsa’ng hore tumelo ea hao e lule e le matla.

U KA ETSA’NG HORE TUMELO EA HAO E LULE E LE MATLA?

9. U ka etsa’ng hore tumelo ea hao e lule e le matla? (Sheba lebokose le re’ng “ Mangolo a Khothatsang Haeba Motho eo u mo Ratang a Tlohetse ho Sebeletsa Jehova.”)

9 Etsa kahohle hore u lule u e-na le tumelo e matla. Ke habohlokoa hore u tsoele pele ho imatlafatsa le ho matlafatsa litho tse ling tsa lelapa. U ka etsa joalo joang? Tumelo ea hao e tla ba matla haeba u lula u bala Lentsoe la Molimo kamehla, u nahanisisa ka lona ebile u e-ea libokeng. Morali’abo rona Joanna eo ntate oa hae le ausi oa hae ba ileng ba tlohela phutheho o re: “Ke lula ke khobile matšoafo ha ke bala ka litlaleho tsa Bibele tse buang ka Abigaile, Esthere, Jobo, Josefa le Jesu. Mohlala oa bona o nkhothatsa haholo ebile o nthusa hore ke se ke ka nyahama. Lipina tsa Broadcasting le tsona li nkhothatsa haholo.”

10. Pesaleme ea 32:​6-8 e re re etse’ng nakong eo re tšoenyehileng?

10 Bolella Jehova ka lintho tsohle tse u tšoenyang. Ha u tšoenyehile u se ke oa tlohela ho bua le eena. Tsoela pele u kopa Molimo oa rona ea lerato hore a u thuse hore u nke boemo boo u leng ho bona ka tsela eo a bo nkang ka eona le hore a u fe “temohisiso ’me [a] u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” (Bala Pesaleme ea 32:​6-8.) Ho ka ’na ha u utloisa bohloko haholo ho bolella Jehova hore na u ikutloa joang. Empa Jehova o utloisisa hantle hore na u ikutloa joang. O u rata haholo hoo a re’ng u mo bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka sefubeng sa hao.​—Ex. 34:6; Pes. 62:​7, 8.

11. Ho ea ka Baheberu 12:​11, ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa tokisetso ea Jehova ea ho khalemela mofosi? (Sheba lebokose le re’ng “ Tokisetso ea ho Khaoloa e Bontša Hore Jehova oa re Rata.”)

11 Tšehetsa qeto eo baholo ba e entseng. Ho khaoloa ke e ’ngoe ea litokisetso tseo Jehova a li entseng. Khalemelo ena ke tokisetso e lerato e thusang motho ea khaolitseng ho sebeletsa Jehova le e thusang batho ba bang. (Bala Baheberu 12:​11.) Batho ba bang ka phuthehong ba ka ’na ba re baholo ha baa etsa qeto e nepahetseng ka hore ba khaole motho ea itseng empa hopola hore batho ba joalo hangata ha ba bue ka lintho tse mpe tseo motho eo a li entseng. Bonneteng ha re na lintlha kaofela. Ke kahoo ho leng bohlokoa hore re tšepe baholo ba komiting ea boahloli hore ba ile ba latela mangolo kahohle kamoo ba ka khonang e le hore ba ahlolele “Jehova.”​—2 Likron. 19:6.

12. Batho ba bang ba ile ba fumana molemo ofe ka lebaka la ho tšehetsa tokisetso ea Jehova ea ho khalemela?

12 Haeba u tšehetsa qeto eo baholo ba e entseng ea ho khaola motho eo u mo ratang, ha e le hantle ntho eo e tla mo thusa hore a khutlele ho Jehova. Morali’abo rona Elizabeth eo re buileng ka eena o re: “Ho ne ho le thata haholo ho khaotsa ho buisana le mora oa rona ea moholo le ho qeta nako le eena. Ka mor’a hore a khutlele ho Jehova o ile a lumela hore e ne e le qeto e ntle hore a khaoloe. Ha nako e ntse e-ea o ile a re o ananela lintho tse ngata tseo a ithutileng tsona. Ke ile ka bona hore khalemelo ea Jehova kamehla e nepahetse.” Monna oa hae e leng mor’abo rona Mark o re: “Ha nako e ntse e-ea mora oa rona o ile a mpolella hore o ne a batla ho khutlela ka lapeng hobane re ne re sa ikamahanye le eena ho hang ha a ntse a khaotsoe. Ke leboha Jehova hore o ile a re thusa hore re mamele.”

13. Ke’ng e ka u thusang ha u utloile bohloko haholo?

13 Bua le metsoalle e utloisisang hore na u ikutloa joang. Qeta nako le Bakreste ba nang le boiphihlelo ba tla u thusa hore u se ke oa felloa ke tšepo. (Liprov. 12:​25; 17:​17) Morali’abo rona Joanna eo re buileng ka eena o re: “Ke ne ke utloa ke se na mang-oe. Empa ho bua le metsoalle ea ka eo ke e tšepang ho ile ha nthusa haholo.” Joale u tla etsa’ng haeba ka phuthehong ho e-na le batho ba etsang hore u ikutloe u nyahame le ho feta?

14. Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘tsoela pele re mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi’?

14 Mamella bara le barali ba bo rona. Re ke ke ra lebella hore e tla ba motho e mong le e mong ea buang lintho tse khothatsang. (Jak. 3:2) Kaofela ha rona ha rea phethahala, kahoo u se ke oa makala haeba u bona motho a sa tsebe hore na a re’ng kapa a bua ntho e u utloisang bohloko a sa hlokomele. Hopola keletso ea moapostola Pauluse e re’ng: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.” (Bakol. 3:​13) Morali’abo rona e mong eo oa lelapa la bo a ileng a khaoloa o re: “Jehova o nthusitse hore ke tšoarele bara le barali ba bo rona ba ileng ba leka ho nkhothatsa empa ba nkutloisa bohloko.” Phutheho e ka thusa litho tsa lelapa joang?

PHUTHEHO E KA THUSA

15. Ke’ng e ka thusang litho tsa lelapa ha e mong a sa tsoa khaoloa?

15 E-ba mosa ho litho tsa lelapa tse setseng li sebeletsa Jehova ka botšepehi. Morali’abo rona Miriam o re o ne a tšaba ho ea libokeng ka mor’a hore abuti oa hae a khaoloe. O re: “Ke ne ke tšaba hore na batho ba tla re’ng. Empa ho ne ho ntse ho e-na le bara le barali ba bo rona ba neng ba utloile bohloko joaloka ’na ebile ba sa bue hampe ka abuti oa ka. Ka lebaka la bona ke ne ke sa ikutloe ke le mong.” Morali’abo rona e mong o ile a re: “Ka mor’a hore mora oa rona a khaoloe bara le barali ba bo rona ba ile ba tla ho tl’o re khothatsa. Ba bang ba ile ba re bolella hore ba ne ba sa tsebe hore na ba re’ng. Ba ne ba lla le ’na kapa ba nthomella mangolo a khothatsang. Kannete ba ile ba nthusa hona hoo.”

16. Ke joang phutheho e ka tsoelang pele ho thusa le ho khothatsa litho tsa lelapa tseo ho nang le setho se khaotsoeng?

16 Tsoela pele u tšehetsa litho tsa lelapa. Ba hloka u ba rate u be u ba khothatse ho feta le ha e le neng pele. (Baheb. 10:​24, 25) Ka linako tse ling, litho tsa lelapa lia hlokomela hore ka phuthehong ho na le batho ba seng ba sa ba buise joalokaha eka ke bona ba khaotsoeng. Ha re batle hore ba ikutloe ka tsela eo. Re lokela ho babatsa le ho khothatsa bana bao batsoali ba bona ba ileng ba khaotsa ho sebeletsa Jehova. Morali’abo rona Maria eo monna oa hae a ileng a tlohela phutheho le lelapa la hae o re: “Metsoalle e meng ea ka e ne e tla ha ka, e pheha ebile e nthusa hore ke ithute Bibele le bana ba ka. E ne e utloisisa bohloko boo ke bo utloang ebile e lla le ’na. E ne e mpuella ha batho ba bua lintho tse fosahetseng ka ’na. E ne e mpha matla.”​—Bar. 12:​13, 15.

Phutheho e ka tšehetsa litho tsa lelapa tseo setho se seng se tlohetseng ho sebeletsa Jehova (Sheba serapa sa 17) *

17. Baholo ba ka etsa’ng ho khothatsa ba utloileng bohloko?

17 Baholo, sebelisang monyetla ofe kapa ofe oo le o fumanang ho matlafatsa malapa ana. Le na le monyetla o babatsehang oa ho khothatsa Bakreste bao batho ba ba ratang ba ileng ba tlohela ho sebeletsa Jehova. (1 Bathes. 5:​14) Ba khothatse pele ho liboka le ka mor’a tsona. Ba etele ’me u rapele le bona. E-ea le bona tšebeletsong ea tšimo kapa ka linako tse ling u ba memele borapeling ba lelapa. Baholo ba lokela ho hlokomela linku tsa Jehova tse utloileng bohloko, ba li bontše mosa le ho li rata.​—1 Bathes. 2:​7, 8.

LULA U E-NA LE TŠEPO ’ME U TSOELE PELE U TŠEPA JEHOVA

18. Ho ea ka 2 Petrose 3:​9, Molimo o batla hore batho ba ileng ba tlohela ho mo sebeletsa ba etse’ng?

18 Jehova “ha a lakatse hore le ha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (Bala 2 Petrose 3:9.) Le hoja motho a ka etsa sebe se tebileng, Molimo o ntse a nka bophelo ba hae e le ba bohlokoa. Hopola hore Jehova o ile a re rekolla kaofela ha rona a sebelisa sehlabelo sa Mora oa hae ea ratoang. Ka lerato Jehova o leka ho thusa batho ba mo tlohetseng hore ba khutlele ho eena. O na le tšepo ea hore ba tla khutlela ho eena joalokaha re bona papisong eo Jesu a ileng a e etsa ea mora ea lahlehileng. (Luka 15:​11-32) Batho ba bangata ba ileng ba khaotsa ho sebeletsa Jehova, hamorao ba ile ba khutlela ho Ntate oa bona ea lerato ’me phutheho eohle e ile ea ba amohela ka mofuthu. Morali’abo rona Elizabeth eo re buileng ka eena o ne a thabile haholo ha mora oa hae a khutlisetsoa ka phuthehong. O re: “Ke leboha haholo hore batho ba bangata ba ile ba re khothalletsa hore re se ke ra lahla tšepo.”

19. Ke hobane’ng ha re ka khona ho tsoela pele re tšepa Jehova?

19 Re ka tšepa Jehova ka linako tsohle. Kamehla o re fa keletso e re thusang. Ke Ntate ea fanang, ea mosa, ea ratang bohle ba mo ratang le ba mo sebeletsang. Kholiseha hore Jehova a ke ke a u lahla le linakong tse thata. (Baheb. 13:​5, 6) Mor’abo rona Mark eo re buileng ka eena o re: “Jehova ho hang a ke ke a re lahla. O tla lula a re thusa maemong a thata.” Jehova o tla tsoela pele a u fa “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakor. 4:7) U ka lula u tšepahala ebile u e-na le tšepo ha motho eo u mo ratang a tlohela ho sebeletsa Jehova.

PINA EA 44 Thapelo ea Motho ea Nyahameng

^ ser. 5 Re utloa bohloko haholo ha motho eo re mo ratang a tlohela ho sebeletsa Jehova. Sehloohong sena re tl’o bona hore na Molimo o ikutloa joang ha ntho ena e etsahala. Re tl’o bona hore na lelapa le ka etsa’ng e le hore le khothale le hore le lule le e-na le tumelo e matla ha e mong oa lelapa a tlohetse ho sebeletsa Jehova. Re tla boela re bone hore na phutheho e ka khothatsa le ho tšehetsa lelapa leo joang.

^ ser. 1 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 79 LITŠOANTŠO: Ha mor’abo rona a tlohela lelapa la hae le Jehova, mosali oa hae le bana ba hae ba utloa bohloko.

^ ser. 81 LITŠOANTŠO: Baholo ba babeli ba tl’o khothatsa ’mè le bana.