Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 37

“Ke Tla Sisinya Lichaba Tsohle”

“Ke Tla Sisinya Lichaba Tsohle”

“Ke tla sisinya lichaba tsohle, ’me lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla kena.”​—HAG. 2:7.

PINA EA 24 Tloong Thabeng ea Jehova

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1, 2. Ke tšisinyeho efe eo ho builoeng ka eona e etsahalang mehleng ea rona?

“KA METSOTSOANA feela mehaho ea khale le lishopo li ile tsa qala ho soahlamana.” “Motho e mong le e mong o ne a tšohile . . . Batho ba bangata ba ile ba re ho sisinyeha hoo ho nkile metsotso e ka bang e ’meli feela. Empa ’na ke utloile eka e nkile nako e telele hona hoo.” Ana ke maikutlo a batho ba bang ba ileng ba pholoha tšisinyeho ea lefatše e neng e le Nepal ka 2015. Haeba u ne u ka etsahalloa ke ntho ena e tšosang na u ne u ka e lebala habonolo?

2 Leha ho le joalo, hona joale re etsahalloa ke tšisinyeho e fapaneng e sa etsahaleng toropong e le ’ngoe kapa naheng e le ’ngoe feela. Empa e etsahala lichabeng tsohle ’me e se e le lilemo joale e etsahala. Tšisinyeho ena ke eo moprofeta Hagai a buileng ka eona. O ile a re: “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Hang hape​—ka mor’a nakoana e seng kae​—’me ke sisinya maholimo le lefatše le leoatle le mobu o omileng.’ ”​—Hag. 2:6.

3. Ke joang ho sisinyeha hoo ho buuoang ka hona mona ho sa tšoaneng le ho reketla ha lefatše?

3 Tšisinyeho eo Hagai a buileng ka eona ha e tšoane le ho reketla ha lefatše ho bakang tšenyo. Ho e-na le hoo, e tlisa litholoana tse ntle. Jehova o ile a re: “Ke tla sisinya lichaba tsohle, ’me lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla kena; ’me ke tla tlatsa ntlo ena ka khanya.” (Hag. 2:7) Boprofeta boo bo ne bo bolela’ng ho batho ba neng ba phela mehleng ea Hagai? Hona bo bolela’ng ho rona kajeno? Re tl’o araba lipotso tsena sehloohong sena re be re bone hore na re ka sisinya lichaba joang kajeno.

MOLAETSA O KHOTHATSANG MEHLENG EA HAGAI

4. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a romela moprofeta Hagai ho bahlanka ba hae?

4 Jehova o ile a fa moprofeta Hagai mosebetsi oa bohlokoa. Ak’u nahane hore na ho ile ha etsahala’ng pele ho moo. Ho ka etsahala hore Hagai o ne a le har’a batho ba ileng ba khutlela Jerusalema ho tsoa Babylona ka selemo sa 537. Hang ka mor’a hore ba fihle Jerusalema, bahlanka bao ba Jehova ba ile ba haha motheo oa tempele ea Jehova. (Esdr. 3:​8, 10) Empa ho e-s’o ee kae ho ile ha etsahala ntho e nyahamisang. Ba ile ba oa moea hoo ba ileng ba khaotsa ho sebetsa ka lebaka la ho hanyetsoa. (Esdr. 4:4; Hag. 1:​1, 2) Kahoo, ka selemo sa 520 Jehova o ile a fa Hagai mosebetsi oa hore a tsose Bajuda molota le ho ba khothalletsa hore ba qete tempele. *​—Esdr. 6:​14, 15.

5. Ke hobane’ng ha molaetsa oa Hagai e ne e le o khothatsang ho bahlanka ba Molimo?

5 Morero oa molaetsa oa Hagai e ne e le ho etsa batho hore ba be le tumelo ho Jehova. Ka sebete moprofeta Hagai o ile a re ho Bajuda ba neng ba nyahame: “ ‘Le be matla, lona batho bohle ba naha,’ ho bolela Jehova, ‘ ’me le sebetse. Etsoe ke na le lona,’ ho bolela Jehova oa mabotho.” (Hag. 2:4) Poleloana e re’ng “Jehova oa mabotho” e tlameha ebe e ile ea ba khothatsa haholo. Jehova o na le lebotho le leholohali la mangeloi a mo mamelang. Kahoo, Bajuda ba ne ba lokela ho itšetleha ka eena e le hore ba atlehe.

6. Ho ne ho tla etsahala’ng ka lebaka la tšisinyeho eo Hagai a buileng ka eona?

6 Jehova o ile a re Hagai a bolelle Bajuda molaetsa o neng o bua ka ho sisinngoa ha lichaba tsohle. Molaetsa oo o ne o khothatsa batho ba hahang tempele ba neng ba nyahame. O ne o bontša hore Jehova o ne a tla sisinya Persia eo e neng e le ’muso oa lefatše ka nako eo. Ho ne ho tla etsahala’ng ka mor’a hore e sisinngoe? Ntho ea pele, bahlanka ba Molimo ba ne ba tla qeta ho haha tempele. Ka mor’a moo, esita le batho bao e seng Bajuda ba ne ba tla rapela Jehova hammoho le bona tempeleng e ncha. Kannete oo e ne e le molaetsa o khothatsang haholo ho bahlanka ba Molimo.​—Zak. 8:9.

MOSEBETSI O SISINYANG LEFATŠE KAJENO

Na u nka karolo ka ho felletseng mosebetsing o etsoang kajeno o sisinyang lefatše? (Sheba serapa sa 7 le 8) *

7. Hlalosa hore na ke mosebetsi ofe o sisinyang lefatše oo re o etsang kajeno.

7 Boprofeta ba Hagai bo bolela’ng ho rona? Le mehleng ee Jehova o sisinya lichaba tsohle ’me le rona re kentse letsoho tabeng eo. Bopaki ke bona: Ka 1914, Jehova o ile a etsa Jesu Kreste Morena oa ’Muso oa hae o leholimong. (Pes. 2:6) Ho baeta-pele ba lefatše, ho thehoa ha ’Muso oo e ile ea e-ba litaba tse bosula. Ntho ena e bolela hore “linako tse behiloeng tsa lichaba” e leng nako eo ho neng ho se na morena ea neng a emela Jehova ka ho toba, e ne e se e fihlile pheletsong. (Luka 21:​24) Ka lebaka leo haesale ho tloha ka 1919, bahlanka ba Jehova ba bontša hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla fa batho tšepo. Ho boleloa hona ha ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ ho sisintse lefatše lohle.​—Mat. 24:14.

8. Ho ea ka Pesaleme ea 2:​1-3, bongata ba lichaba bo ile ba etsa’ng ha bo utloa molaetsa oo?

Batho ba ile ba etsa’ng ha ba utloa molaetsa oo? Ba bangata ha baa ka ba o amohela. (Bala Pesaleme ea 2:​1-3.) Lichaba li ile tsa halefa. Li ile tsa hana ho amohela Morena eo Jehova a mo khethileng. Ha li nke molaetsa oa ’Muso oo re o bolela’ng e le litaba tse monate ebile mebuso e meng e thibetse mosebetsi oa boboleli. Le hoja bongata ba babusi ba lichaba tseo ba re ba sebeletsa Molimo ha ba batle ho tlohela bolaoli le matla a bona. Kahoo, joaloka babusi ba mehleng ea Jesu le mehleng ena babusi ba hanyetsa Mokhethoa oa Jehova ka hore ba hlasele balateli ba hae ba tšepahalang.​—Lik. 4:​25-28.

9. Jehova o ikutloa joang ha lichaba li hana ho mo mamela?

9 Jehova o ikutloa joang ha lichaba li hana ho mo mamela? Pesaleme ea 2:​10-12 e re: “Joale, lona marena, le sebelise temohisiso; itlohelleng hore le khalemeloe, lona baahloli ba lefatše. Sebeletsang Jehova ka tšabo le thabe ka ho thothomela. Akang mora, hore a tle a se ke a tuka ke bohale le tle le se ke la timela tseleng, etsoe bohale ba hae bo tuka habonolo. Ho thaba bohle ba tšabelang ho eena.” Ka mosa Jehova o fa bahanyetsi bana monyetla oa hore ba etse qeto e nepahetseng. Ba ntse ba ka khona ho fetola maikutlo a bona eaba ba amohela ’Muso oa Jehova. Leha ho le joalo, nako e se e balehile haholo. Re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena ea lintho. (2 Tim. 3:1; Esa. 61:2) Ha ho e-s’o ka ho e-ba le nako e potlakileng joaloka ena hore batho ba tsebe ’nete ’me ba etse liqeto tse nepahetseng.

HO SISINYEHA HO AMA BATHO JOANG?

10. Hagai 2:​7-9 e bua ka lintho life tse ntle tse tlisoang ke ho sisinyeha?

10 Tšisinyeho eo Hagai a buileng ka eona e etselitse batho ba bang lintho tse ntle. O re ka lebaka la ho sisinyeha hona “lintho tse lakatsehang [batho ba lipelo li ntle] tsa lichaba tsohle li tla” rapela Jehova. * (Bala Hagai 2:​7-9.) Esaia hammoho le Mikea ba ile ba re lintho tse tšoanang li tla etsahala “karolong e qetellang ea matsatsi.”​—Esa. 2:​2-4; Mik. 4:​1, 2.

11. Mor’abo rona e mong o ile a etsa’ng ha a qala ho utloa molaetsa oa ’Muso?

11 Ak’u bone hore na molaetsa o sisinyang lefatše o ile oa etsang ho mor’abo rona Ken ea sebetsang ntlo-kholo. O ntse a hopola hantle lekhetlo la pele leo a ileng a utloa molaetsa oa ’Muso ka lona lilemong tse ka bang 40 tse fetileng. Mor’abo rona Ken o re: “Ha ke ne ke qala ho ithuta Lentsoe la Molimo ke ile ka thabisoa ke ho tseba hore re phela matsatsing a ho qetela. Ke ile ka bona hore e le hore Molimo a nkamohele le hore ke fumane bophelo bo sa feleng ke lokela ho tlohela lefatše lena le sa tsitsang ’me ke eme ke tiile ka lehlakoreng la Jehova. Hang-hang feela ke ile ka rapela ka taba eo. Ke ile ka tlohela lefatše eaba ke balehela ’Musong oa Molimo o sireletsehileng o ke keng oa sisinngoa.”

12. Tempele ea Jehova e ntse e tlatsoa ka khanya joang matsatsing aa a ho qetela?

12 Ho hlakile hore Jehova o ntse a hlohonolofatsa bahlanka ba hae. Matsatsing ana a ho qetela re bone palo ea batho ba rapelang Molimo e ntse e eketseha haholo. Ka 1914 re ne re le likete tse seng kae feela. Hona joale ho se ho e-na le batho ba ka holimo ho limilione tse robeli ba sebeletseng Molimo ’me selemo le selemo batho ba bangata ba keteka Sehopotso le rona. Ka tsela ena mabala a tempele ea Jehova e lefatšeng e leng tokisetso ea borapeli bo hloekileng a tletse “lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle.” Lebitso la Jehova le ntse le halaletsoa ke liphetoho tseo batho bana ba li etsang ha ba apara botho bo bocha.​—Baef. 4:​22-24.

13. Ke boprofeta bofe hape bo phethahalitsoeng ke liketsahalo tsee tse thabisang? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

13 Lintho tsena tse thabisang tse etsahetseng li phethahalitse boprofeta bo bong ho akarelletsa le bo ho Esaia Khaolo ea 60. Temana ea 22 khaolong eo e re: “E monyenyane o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla. ’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.” Ho etsahala ntho e ’ngoe e thabisang ka lebaka la batho ba bangata ba qalang ho rapela Jehova. ‘Lintho tsena tse lakatsehang’ kapa batho bana, ba tla ba e-na le tsebo le bokhoni bo sa tšoaneng ebile ba ikemiselitse ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ Ha e le hantle, joalokaha Esaia a boletse, “lebese la lichaba” lea fumaneha bakeng sa bahlanka ba Jehova. (Esa. 60:​5, 16) Ka thuso ea banna le basali bana ba ratehang, mosebetsi oa boboleli o ntse o etsoa linaheng tse 240 le lingoloa li ntse li hatisoa ka lipuo tse fetang tse sekete.

NAKO EA HO ETSA QETO

Batho ba Molimo lefatšeng lohle ba thabela ho bolella batho ba bang ka ’Muso oa Molimo (Sheba serapa sa 13)

14. Ke qeto efe eo batho ba lokelang ho e etsa hona joale?

14 Nakong ena ea bofelo, ho sisinngoa ha lichaba ho qobella batho hore ba etse qeto. Na ba tla tšehetsa ’Muso oa Molimo kapa na ba tla tšepa mebuso ea lefatše lee? Ena ke qeto ea bohlokoa eo kaofela re lokelang ho e etsa. Le hoja bahlanka ba Jehova ba mamela molao oa ’Muso o busang moo ba lulang teng ba lula ba sa nke lehlakore lipolotiking. (Bar. 13:​1-7) Baa tseba hore ’Muso oa Molimo ke oona feela tharollo ea mathata ’ohle a batho. ’Muso oo ha se karolo ea lefatše lena.​—Joh. 18:​36, 37.

15. Lengolo la Tšenolo le bua ka teko efe e kholo ea ho tšepahala?

15 Lengolo la Tšenolo le re ho tšepahala ha bahlanka ba Molimo ho tla lekoa matsatsing a ho qetela. Teko eo e tla etsa hore re hanyetsoe le ho hlorisoa ka matla. Mebuso ea lefatše lena e tla batla hore re e rapele e be e re hlorise haeba re hana ho e tšehetsa. (Tšen. 13:​12, 15) E tla “qobella batho bohle, ba banyenyane le ba baholo, le ba ruileng le ba futsanehileng, le ba lokolohileng le makhoba, hore ba fuoe letšoao matsohong a bona a matona kapa liphatleng tsa bona.” (Tšen. 13:​16) Makhoba a mehleng ea khale a ne a e-na le matšoao a neng a bontša hore na a sebeletsa bo-mang. Ka tsela e tšoanang, batho bohle mehleng ena ba tla lebelloa hore ba be le letšoao la tšoantšetso matsohong kapa liphatleng tsa bona. Liketso tsa bona le lintho tseo ba li nahanang li tla bontša hore ke litho tsa mekha ea lipolotiki le hore baa li tšehetsa.

16. Ke hobane’ng ha ho potlakile hore re tšepahalle Jehova le ho feta hona joale?

16 Na re tla amohela letšoao lee la tšoantšetso ’me re tšehetse mebuso ea lipolotiki? Batho ba hanang ho ba le letšoao lena ba tla ba le mathata le ho ba kotsing. Lengolo la Tšenolo le tsoela pele ka ho re: “Ho se ke ha e-ba le ea ka khonang ho reka kapa ho rekisa ha e se motho ea nang le letšoao.” (Tšen. 13:​17) Empa bahlanka ba Molimo baa tseba hore o tla etsa’ng ho batho ba nang le letšoao bao ho buuoeng ka bona ho Tšenolo 14:​9, 10. Ho e-na le hore bona ba be le letšoao leo, ha e le hantle ho tla ba joalokaha eka ba ngotse matsohong a bona poleloana e re’ng “Ke oa Jehova.” (Esa. 44:5) Ena ke nako ea hore re etse bonnete ba hore re tšepahalla Jehova ka matla. Haeba re etsa joalo, Jehova o tla thabela hore re ba hae.

TŠISINYEHO EA HO QETELA

17. Re lokela ho hopola’ng ka mamello ea Jehova?

17 Jehova o bontšitse hore o na le mamello haholo feela matsatsing ana a ho qetela. Ha a batle hore motho le ha e le ofe a timetsoe. (2 Pet. 3:9) O file batho bohle monyetla oa hore ba bake le ho etsa qeto e nepahetseng. Empa mamello ea hae ho na le moo e fellang teng. Batho ba hanang monyetla ona ba tla iphumana ba le boemong bo tšoanang hantle le ba Faro mehleng ea Moshe. Jehova o ile a re ho Faro: “Etsoe ka nako ena nka be ke otlile uena le batho ba hao ka lefu la seoa ’me u ka be u felisitsoe lefatšeng. Empa, ha e le hantle, ke u bolokile u phela ka lebaka lena, ka morero oa hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.” (Ex. 9:​15, 16) Qetellong lichaba tsohle li tla tseba hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete. (Ezek. 38:​23) Li tla mo tseba joang?

18. (a) Ke mofuta ofe o mong oa ho sisinyeha o hlahang ho Hagai 2:​6, 20-22? (b) Re tseba joang hore mantsoe a Hagai a tla phethahala nakong e tlang?

18 Lilemo tse ngata ka mor’a hore Hagai a shoe, moapostola Pauluse o ile a bontša hore mantsoe a hlahang ho Hagai 2:​6, 20-22 a tla phethahala nakong e tlang. (E bale.) O ile a re: “Hona joale o tšepisitse, ha a re: ‘Hang hape ke sa ntse ke tla hlokola e seng lefatše feela empa le leholimo.’ Joale polelo ‘hang hape ke sa ntse’ e bontša ho tlosoa ha lintho tse ntseng li sisinngoa e le lintho tse entsoeng, e le hore lintho tse ntseng li sa sisinngoe li ka sala.” (Baheb. 12:​26, 27) Ho fapana le ho sisinyeha ho hlahang ho Hagai 2:​7, ho sisinyeha hona ho bolela timetso ea ka ho sa feleng ho batho ba tšoanang le Faro ba hanang ho lumela hore Jehova ke eena ea nang le tokelo ea ho busa.

19. Ke’ng e sa tl’o sisinyeha, hona re tseba joang?

19 Ke’ng e sa tl’o sisinyeha kapa hona ho suthisoa? Pauluse o tsoela pele ka ho re: “Ka lebaka leo, kaha re tla amohela ’muso o ke keng oa sisinngoa, a re tsoeleng pele ho ba le mosa o sa tšoanelang, oo ka oona ka ho amohelehang re ka etsetsang Molimo tšebeletso e halalelang ka tšabo ea bomolimo le tšabo e nang le tlhompho.” (Baheb. 12:​28) Kannete ha tšisinyeho ena e fela, ke ’Muso oa Molimo feela o tla beng o sa sisinngoa. O tla lula o tiile.​—Pes. 110:​5, 6; Dan. 2:44.

20. Ke qeto efe eo batho ba lokelang ho e etsa, hona re ka ba thusa joang?

20 Ena ha se nako ea ho raha qhebelele. Batho ba tlameha ho khetha hore na ba tla tsoela pele ba tšehetsa lefatše lena le eang timetsong kapa ba tla sebetsa ka thata hore ba etse thato ea Molimo e tla etsa hore ba phele ka ho sa feleng. (Baheb. 12:​25) Mosebetsi oa rona oa boboleli, o tla thusa batho hore ba khone ho etsa qeto ka taba ena ea bohlokoa. E se eka re ka thusa ba bangata ba ratehang hore ba etse qeto ea ho tšehetsa ’Muso oa Molimo. A re luleng re hopola mantsoe a Morena oa rona Jesu a re’ng: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”​—Mat. 24:14.

PINA EA 40 Molimo oa Hao ke Mang?

^ ser. 5 Sehlooho sena se tl’o re fa kutloisiso e ncha ka lengolo la Hagai 2:7. Re tla ithuta hape hore na re ka kenya letsoho joang mosebetsing o thabisang o sisinyang lichaba tsohle. Re tla boela re bone hore ho na le batho ba amohelang mosebetsi ona o sisinyang hape ho na le ba sa o amoheleng.

^ ser. 4 Rea tseba hore mosebetsi oa Hagai o ile oa atleha hobane tempele e ile ea qetoa ho hahoa ka selemo sa 515.

^ ser. 10 Ena ke kutloisiso e ncha eo re nang le eona. Nakong e fetileng re ile ra re ho sisinngoa ha lichaba tsohle ha se hona ho entseng hore batho ba lipelo li ntle ba sebeletse Jehova. Bala sehlooho sa “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa May 15, 2006.

^ ser. 63 LITŠOANTŠO: Hagai o ile a khothalletsa bahlanka ba Molimo hore ba tsosolose tempele ka mafolo-folo hape bahlanka ba Molimo ba mehleng ena ba bolela molaetsa oa Molimo ka mafolo-folo. Banyalani ba etsa mosebetsi o sisinyang lefatše lohle o buang ka tšisinyeho ea ho qetela e tlang.