Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 35

Nka Bara le barali ba bo Rona ba Holileng e le ba Bohlokoa

Nka Bara le barali ba bo Rona ba Holileng e le ba Bohlokoa

“Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle.”​—LIPROV. 16:31.

PINA EA 138 Jehova o Rata ba Holileng

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1, 2. (a) Ho ea ka Liproverbia 16:​31, re lokela ho nka batho ba seng ba holile joang? (b) Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

PHAKENG e Arkansas, U.S.A., ho na le litaemane. Leha ho le joalo, litaemane tseo li hohle feela mobung ebile ha li e-s’o hloekisoe. Kahoo, batho ba bangata ba li bonang ba ka ’na ba se hlokomele hore ke majoe a bohlokoa ’me ba ka ’na ba se be le taba le ’ona.

2 Ka litsela tse itseng, bara le barali ba bo rona ba seng ba holile ba tšoana le litaemane tseo, ke matlotlo a bohlokoa. Lentsoe la Molimo le tšoantša moriri o moputsoa le moqhaka. (Bala Liproverbia 16:​31; 20:​29) Leha ho le joalo, ho ka ba bonolo ho hlokomoloha matlotlo ana. Haeba bacha ba utloisisa hore batho ba baholo ba bohlokoa, ba tla fumana ho molemo ho feta maruo. Sehloohong sena re tl’o araba lipotso tse tharo: Ke hobane’ng ha Jehova a nka batho ba holileng e le ba bohlokoa? Ke hobane’ng ha e le batho ba bohlokoa mokhatlong oa Jehova? Re ka etsa’ng hore re ithute mohlaleng oa bona?

KE HOBANE’NG HA JEHOVA A NKA BATHO BA HOLILENG E LE BA BOHLOKOA?

Batho ba holileng ke ba bohlokoa ho Jehova Molimo le ho batho ba hae (Sheba serapa sa 3)

3. Ho ea ka Pesaleme ea 92:​12-15, ke hobane’ng ha ba holileng e le ba bohlokoa ho Jehova?

3 Jehova Molimo o nka batho ba holileng e le ba bohlokoa. Oa tseba hore na ke batho ba joang ebile o ananela makhabane a bona. Oa thaba ha a bona ba holileng ba fa bacha bohlale boo ba ileng ba bo fumana ka lilemo tse ngata tseo ba li qetileng ba sebeletsa Jehova. (Jobo 12:​12; Liprov. 1:​1-4) Hape Jehova oa ba ananela hobane ba mamelletse. (Mal. 3:​16) Ba ile ba ba le mathata bophelong ba bona empa ba ile ba lula ba ntse ba tšepa Jehova. Ba na le tšepo e matla ka bokamoso ho feta ha ba ne ba qala ho ithuta ka Molimo. Jehova oa ba rata hobane ba ntse ba tsoela pele ho ruta ka lebitso la hae esita le “nakong ea bohlooho-putsoa.”​—Bala Pesaleme ea 92:​12-15.

4. Ke’ng e ka khothatsang bara le barali ba bo rona ba seng ba holile?

4 Haeba u ntse u hola, kholiseha hore Jehova o hopola mosebetsi oo u ileng oa u etsa nakong e fetileng. (Baheb. 6:​10) Ka mafolo-folo u ile oa tšehetsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele ’me u ile oa thabisa Ntate oa rona. U ile oa mamella mathata esita le a neng a u utloisa bohloko haholo. U ile oa mamela le ho sireletsa melao ea Jehova e lokileng, oa phetha mesebetsi ea bohlokoa ka mokhatlong oa Jehova ’me oa koetlisa le ba bang. U ile oa etsa kahohle kamoo u ka khonang ho tsamaea le mokhatlo oa Jehova ha o ntse o etsa liphetoho. U ile oa tšehetsa le ho khothatsa ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Jehova Molimo o u rata haholo hobane oa tšepahala. O tšepisa hore “a ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae.” (Pes. 37:​28) Jehova o fana ka tšepiso ena e re’ng: “Ho isa bohlooho-putsoeng ba motho ke tla ’ne ke mamelle.” (Esa. 46:4) Kahoo u se ke oa nahana hore kaha u se u holile, ha u sa le motho oa bohlokoa mokhatlong oa Jehova. U motho oa bohlokoa haholo.

BATHO BA HOLILENG KE BA BOHLOKOA KA MOKHATLONG OA MOLIMO

5. Ke taba efe eo batho ba holileng ba lokelang ho lula ba e hopola?

5 Ho na le ho hongata hoo batho ba holileng ba ka ho etsang ka mokhatlong oa Jehova. Le hoja ba ka ’na ba se be le matla joaloka pele, ba na le boiphihlelo bo bongata boo ba ileng ba bo fumana ka lilemo tse ngata. Jehova a ka tsoela pele ho ba sebelisa ka litsela tse ngata joalokaha re tla bona mehlaleng ea batho ba mehleng ea pele le ba hona joale.

6, 7. Fana ka mehlala ea batho ba holileng ba hlahang ka Bibeleng bao Jehova a ileng a ba hlohonolofatsa ka lebaka la ho mo sebeletsa ka botšepehi.

6 Ho na le mehlala e metle ka Bibeleng ea batho ba ileng ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova le ha ba se ba holile. Ka mohlala, Moshe o ne a le lilemo tse ka bang 80 ha a ne a qala ho sebeletsa e le moprofeta le moemeli oa Jehova ho sechaba sa Iseraele. Jehova o ile a tsoela pele a sebelisa Daniele e le moprofeta ha a ne a le lilemo tse ka bang tse ka holimo ho 90. Moapostola Johanne e ka ’na eaba o ne a le lilemo tse ka bang 90 ha a ne a bululeloa hore a ngole buka ea Tšenolo.

7 Bahlanka ba bangata ba tšepahalang ba ne ba sa tsebahale ebile ho ne ho ka ’na ha e-ba bonolo hore ba se ke ba eloa hloko. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ba ela hloko a ba a ba putsa ka lebaka la ho tšepahala ha bona. Ka mohlala, Bibele ha e bue haholo ka monna ea neng “a lokile ’me a e-na le tlhompho ea borapeli” e leng Simeone, empa Jehova o ne a mo tseba hore na ke mang ’me o ile a mo fa tlotla ea ho bona Jesu ha e sa le lesea le ho profeta ka eena le ’mè oa hae. (Luka 2:​22, 25-35) Nahana hape ka mohlala oa moprofeta Anna eo e leng mohlolohali. O ne a le lilemo li 84 empa ho ne ho se “mohla a neng a sa hlokoe tempeleng.” Jehova o ile a mo hlohonolofatsa kaha o ne a lula a e-ea tempeleng ka hore le eena a bone Jesu ha e sa le lesea. Simeone le Anna e ne e le batho ba bohlokoa ho Jehova.​—Luka 2:​36-38.

Morali’abo rona Dilur eo hona joale a nang le lilemo tse ka holimo ho 80 o ntse a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi (Sheba serapa sa 8)

8, 9. Bahlolohali ba ntse ba tsoela pele ho etsa’ng ka mokhatlong oa Jehova?

8 Mehleng ena ho na le ba holileng bao e leng mehlala e metle bakeng sa bacha. Nahana ka mohlala oa morali’abo rona Lois Dilur. O ne a le lilemo li 21 ha a ne a qala ho ba pula-maliboho e khethehileng Canada. Ka mor’a moo, eena le mohats’ae John ba ile ba qeta nako e ngata ba le mosebetsing oa potoloho. Hamorao ba ile ba sebeletsa Bethele e Canada ka lilemo tse fetang 20. Ha morali’abo rona Lois a ne a e-na le lilemo li 58, eena le mor’abo rona John ba ile ba kopuoa hore ba il’o sebeletsa Ukraine. Ba ne ba tla etsa’ng? Na ba ne ba tla nahana hore ba se ba le baholo haholo hore ba ka sebeletsa naheng e ’ngoe? Ba ile ba lumela ho ea Ukraine ’me mor’abo rona John o ile a khethoa hore e be setho sa Komiti ea Lekala. Ka mor’a lilemo tse supileng mor’abo rona John a se a hlokahetse, morali’abo rona Lois o ile a etsa qeto ea ho tsoela pele a ntse a sebeletsa Bethele. Hona joale morali’abo rona Lois o se a le lilemo li 81, o ntse a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi Bethele e Ukraine ’me litho tsa lelapa la Bethele li mo rata haholo.

9 Bahlolohali ba kang morali’abo rona Lois ba ka ’na ba se eloe hloko hakaalo joalokaha ba ne ba eloa hloko ha banna ba bona ba ntse ba phela empa e ntse e le batho ba bohlokoa. Jehova o rata baralib’abo rona haholo ba ileng ba tšehetsa banna ba bona ka lilemo tse ngata ’me le hona joale ba ntse ba tsoela pele ba mo sebeletsa ka botšepehi. (1 Tim. 5:3) Ba boetse ba khothatsa bacha haholo.

10. Mor’abo rona Tony o behile mohlala ofe o motle?

10 Bara le barali ba bo rona ba holileng ba lulang mahaeng a maqheku le bona e ntse e le ba bohlokoa. Ka mohlala, mor’abo rona Tony le eena o lula lehaeng leo. O ile a kolobetsoa ha a le lilemo li 20 Pennsylvania, U.S.A., ka August 1942. Hang ka mor’a hore a kolobetsoe ho ile ha thoe a kenele sesole. Kaha o ile a hana o ile a ahloleloa hore a qete lilemo tse peli le likhoeli tse tšeletseng teronkong. Eena le mosali oa hae Hilda ba holiselitse bana ba bona ba babeli ka phuthehong. Ka lilemo tse ngata, mor’abo rona Tony o sebelelitse liphuthehong tse tharo e le molebeli ea okamelang (eo hona joale a bitsoang mohokahanyi oa sehlopha sa baholo) hape e le molebeli oa kopano ea potoloho. O ne a etela teronko, a tšoara liboka ebile a ithuta Bibele le batho. Mor’abo rona Tony o ntse a tsoela pele ho sebeletsa Jehova le ha a se a le lilemo li 98. O ntse a tsoela pele ho sebeletsa Jehova kahohle kamoo a ka khonang le ho sebetsa le bara le barali ba bo rona ka phuthehong.

11. Re ka bontša joang hore re nka ba lulang mahaeng a maqheku e le ba bohlokoa?

11 Re ka bontša joang hore re hlompha bara le barali ba bo rona ba holileng ba lulang mahaeng a maqheku? Ha ho khoneha, baholo ba ka ba thusa hore ba tle libokeng kapa ba mamele liboka le ho etsa mosebetsi oa boboleli. Re ka bontša hore rea ba rata ka hore re ba etele kapa re ba founele ka video. Re batla ho hlokomela bara le barali ba bo rona ba holileng ka tsela e khethehileng bao ho ka etsahalang hore ba lula mahaeng a maqheku a hole le liphutheho tsa ha bo bona. Re lokela ho ela hloko hore re se ke ra lebala bara le barali ba bo rona bana ba seng ba holile. Ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ke hore ba bue ka bona. Ho tla re khothatsa haholo haeba re behella nako ka thoko ’me re ba botsa lipotso le ho ba mamela ha ba ntse ba re bolella ka lintho tse ileng tsa ba thabisa ka mokhatlong oa Jehova.

12. Re ka fumana hore phuthehong ea ha bo rona ho na le bara le barali ba bo rona ba joang?

12 Re ka ’na ra makatsoa ke ho tseba hore ho na le mehlala e babatsehang ea bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba seng ba holile phuthehong ea ha bo rona. Morali’abo rona Harriette o sebelelitse Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ngata phuthehong ea ha habo e New Jersey, U.S.A. Ka mor’a moo o ile a tsamaea ho il’o lula le morali oa hae. Phuthehong e ncha eo a ileng a fihlela ho eona, barab’abo rona ba ile ba ipha nako ea ho mo tseba ’me ba ile ba hlokomela hore ke motho oa bohlokoa haholo. O ile a ba khothatsa ka ho ba bolella lintho tse neng li etsahala tšimong ha a ne a qala ho ithuta Bibele ka selemo sa bo-1920. Ka nako eo o ne a lula a tsamaea ka borashe ba meno ha a il’o ruta batho Bibele hobane o ne a tseba hore o ne a ka ’na a tšoaroa. Ha e le hantle, ka makhetlo a mabeli ka selemo sa 1933 o ile a qeta beke a le teronkong. Monna oa hae e ne e se Paki empa o ne a mo tšehetsa ’me ha a ne a le teronkong monna oa hae o ile a hlokomela bana ba bona ba bararo. Kannete batho ba holileng ba tšepahalang joaloka morali’abo rona Harriette ba lokela ho hlomphuoa.

13. Re ithutile’ng ka bara le barali ba bo rona ba seng ba holile?

13 Bara le barali ba bo rona ba seng ba holile ke batho ba bohlokoa ka mokhatlong oa Jehova. Ba bone kamoo Jehova a ileng a ba hlohonolofatsa le ho hlohonolofatsa mokhatlo oa hae ka litsela tse ngata. Ba ithutile lintho tsa bohlokoa liphosong tseo ba ileng ba li etsa. Ba nke e le “seliba sa bohlale” u be u ithute ho bona. (Liprov. 18:4) Haeba u nka nako ho ba tseba u tla ba le tumelo e matla ebile u tla ithuta lintho tse ngata.

ITHUTE HO HONGATA MOHLALENG OA BA SENG BA HOLILE

Feela joalokaha Elisha a ile a ithuta ho hongata ho Elia, bara le barali ba bo rona ba ka ithuta ho hongata linthong tseo batho ba ileng ba sebeletsa Jehova ka nako e telele ba ileng ba ba bolella tsona (Sheba serapa sa 14 le 15)

14. Deuteronoma 32:7 e khothalletsa ba bacha hore ba etse’ng?

14 Etsa boiteko ba ho bua le ba seng ba holile. (Bala Deuteronoma 32:7.) Ke ’nete hore ha ba sa bona hantle, ba tsamaea butle ebile ba buela tlaase empa ba ntse ba batla ho ba mafolo-folo ’me ba iketselitse “lebitso le molemo” ho Jehova. (Moek. 7:1) Hopola hore na ke hobane’ng ha Jehova a ba nka e le batho ba bohlokoa. Tsoela pele u ba hlompha. E-ba joaloka Elisha ea ileng a batla ho ba le Elia letsatsing la ho qetela ba le hammoho. Ka makhetlo a mararo Elisha o ile a re: “Nke ke ka u tlohela.”​—2 Mar. 2:​2, 4, 6.

15. Ke lipotso life tseo re ka li botsang ba holileng?

15 Bontša hore u rata bara le barali ba bo rona ba holileng ka hore ka mosa u ba botse lipotso. (Liprov. 1:5; 20:5; 1 Tim. 5:​1, 2) Ba botse lipotso tse kang tsena: “Ha u ne u le mocha, ke’ng e u kholisitseng hore lintho tseo u ithutileng tsona ke ’nete?” “Lintho tse ileng tsa etsahala bophelong ba hao li u thusitse joang hore u be motsoalle ea haufi-ufi oa Jehova?” “Ke’ng e u thusitseng hore u lule u thabile ha u ntse u sebeletsa Jehova?” (1 Tim. 6:​6-8) Ba mamele ha ba ntse ba u bolella ka bophelo ba bona.

16. Ke molemo ofe oo motho ea moholo le mocha ba tla o fumana haeba ba buisana?

16 Ha motho ea holileng a bua le mocha, ka bobeli baa khothatsana. (Bar. 1:​12) Mocha o tla kholiseha hore Jehova o tsotella batho ba hae ’me motho ea seng a holile eena o tla ikutloa a ratoa. O tla thabela ho bolella mocha kamoo Jehova a ileng a mo hlohonolofatsa kateng.

17. Ke hobane’ng ha re ka re batho ba holileng ba ntse ba e-ba batle le ho feta ha lilemo li ntse li e-ea?

17 Hangata ha motho a hola, botle ba hae boa fela empa batho ba tšepahalang ho Jehova ba ba batle le ho feta ha lilemo li ntse li e-ea. (1 Bathes. 1:​2, 3) Ke hobane’ng ha ho le joalo? Hobane ka lilemo tse ngata ba ile ba lumella moea oa Molimo hore o ba koetlise le ho ba thusa hore ba be le makhabane a matle. Ha re ntse re tseba bara le barali ba bo rona ba holileng, re ba hlompha ebile re ithuta ho bona, re tla ba nka e le batho ba bohlokoa.

18. Re tl’o bua ka’ng sehloohong se latelang?

18 Phutheho e ba matla le ho feta e seng feela hobane ba bacha ba ananela ba holileng empa hobane ba holileng le bona ba ananela bacha. Sehloohong se latelang re tl’o bua kamoo ba holileng ba ka bontšang hore ba ananela bacha ka phuthehong.

PINA EA 144 A re Luleng re E-na le Tšepo

^ ser. 5 Bara le barali ba bo rona ba seng ba holile ba joaloka matlotlo a bohlokoa. Sehlooho sena se tl’o re khothalletsa hore re ba ananele le ho feta ’me re tl’o bona hore na re ka ithuta’ng bohlaleng ba bona le linthong tseo ba ileng ba li etsa bophelong ba bona. Se tl’o boela se kholise ba seng ba holile hore ke batho ba bohlokoa mokhatlong oa Molimo.