Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 40

Batho ba Tla Thusoa Hore ba Etse Lintho Tse Lokileng

Batho ba Tla Thusoa Hore ba Etse Lintho Tse Lokileng

“Ba tlisang ba bangata ho lokeng, ba tla khanya joaloka linaleli ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.”​—DAN. 12:3.

PINA EA 151 O Tla Hooa

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ke’ng e thabisang eo re e emetseng e tla etsahala nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete?

 E TLA ba nako e thabisang haholo ha bafu ba tsosoa mona lefatšeng nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Batho bohle ba hlokahalletsoeng ke baratuoa ba bona ba labalabela ho ba bona hape. Jehova le eena o labalabela ho ba bona. (Jobo 14:15) Ak’u nahane feela hore na batho bohle ba tla be ba thabile hakae ha baratuoa ba bona ba tsosoa. Joalokaha re se re ithutile sehloohong se fetileng, batho “ba lokileng” bao mabitso a bona a ngotsoeng bukeng ea bophelo ba tla ea “tsohong ea bophelo.” (Lik. 24:15; Joh. 5:29) Mohlomong baratuoa ba rona ba bangata ba hlokahetseng ba tla ba har’a batho ba tla tsosoa hang-hang ka mor’a Armagedone. * Batho “ba sa lokang,” e leng ba sa kang ba fumana monyetla oa hore ba ithute ka Jehova le ho mo sebeletsa pele ba hlokahala, ba tla ea “tsohong ea kahlolo.”

2, 3. (a) Joalokaha Esaia 11:9, 10 e bontša, ke mosebetsi ofe o moholo oa ho ruta batho o tla etsoa? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

2 Batho bohle ba tla tsosoa ba tla hloka hore ba rutoe. (Esa. 26:9; 61:11) Kahoo, ho tla hlokahala hore ho etsoe mosebetsi o moholo oa ho ruta o e-s’o ka o etsoa le ka mohla. (Bala Esaia 11:9, 10.) Hobane’ng? Hobane batho ba sa lokang ba tla tsosoa ba lokela ho ithuta ka Jesu Kreste, ’Muso oa Molimo, sehlabelo sa thekollo sa Jesu, hore lebitso la Jehova ke la bohlokoa le hore na ke hobane’ng ha e le eena feela ea nang le tokelo ea ho busa. Batho ba lokileng le bona ba lokela hore ba bolelloe hore na Jehova o ile a etsa’ng ho phethahatsa morero oa hae ka lefatše. Ba bang ba batho bana ba lokileng ba ile ba hlokahala pele Bibele e qetoa ho ngoloa. Batho ba lokileng le ba sa lokang ba tla lokela ho ithuta lintho tse ngata.

3 Sehlooho sena se tl’o araba lipotso tsena: Mosebetsi ona o moholo oa ho ruta batho o tl’o etsoa joang? Lintho tseo batho ba tla ithuta tsona li tla ba thusa joang hore mabitso a bona a ngoloe le hore a se ke a hlakoloa bukeng ea bophelo? Likarabo tsa lipotso tsena ke tsa bohlokoa haholo ho rona kajeno. Joalokaha re tl’o bona, bo bong ba boprofeta bo hlollang bo hlahang bukeng ea Daniele le ea Tšenolo bo tla re hlakisetsa le ho re thusa hore re utloisise hore na ho tla etsahala’ng ha batho ba hlokahetseng ba tsosoa. A re qaleng pele ka ho bua ka liketsahalo tse thabisang tseo ho buuoeng ka tsona boprofeteng bo ho Daniele 12:1, 2.

“BA ROBETSENG LEROLENG . . . BA TLA TSOHA”

4, 5. Daniele 12:1 e re’ng ka matsatsi a ho qetela?

4 Bala Daniele 12:1. Buka ea Daniele ea bontša hore na lintho tse thabisang li tla etsahala ka tatellano joang matsatsing a ho qetela. Ka mohlala, Daniele 12:1 e bua ka Mikaele, e leng Jesu Kreste ea “emeng molemong oa bara ba sechaba sa [Molimo].” Karolo eo ea boprofeta e qalile ho phethahala ka 1914 ha Jesu a ne a khethoa hore e be Morena oa ’Muso oa Molimo o leholimong.

5 Daniele o ile a boela a re Jesu o ne a “tla raoha” nakong ea “mahlomola eo e joaloka eona e e-s’o ka e etsoa hore e be teng ho tloha ha ho e-ba le sechaba ho fihlela ka nako eo.” “Nako ea mahlomola” ke “matšoenyeho a maholo” ao ho buuoeng ka ’ona ho Matheu 24:21. Qetellong ea nako ena ea mahlomola e leng ka Armagedone, Jesu o tla raoha kapa a sireletse batho ba Molimo. Ha buka ea Tšenolo e bua ka batho bana ba Molimo e ba bitsa bongata bo boholo bo “tsoang matšoenyehong a maholo.”​—Tšen. 7:9, 14.

6. Ho tla etsahala’ng ka mor’a hore bongata bo boholo bo pholohe matšoenyeho a maholo? Hlalosa. (U ka boela oa bala sehlooho se reng, “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” se mabapi le tsoho ea bafu e tla ba teng lefatšeng.)

6 Bala Daniele 12:2. Ho tla etsahala’ng ka mor’a hore bongata bo boholo bo pholohe nako ea mahlomola? Boprofeta bona ha bo bue ka batho ba tla tsosetsoa ho ea phela leholimong matsatsing a ho qetela joalokaha re ne re utloisisa joalo nakong e fetileng. * Leha ho le joalo, bo bua ka bafu ba tla tsoha lefatšeng le lecha. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ho sebelisitsoe lentsoe ‘lerole’ ho Jobo 17:16 le ka boelang la bolela “Sheole,” kahoo taba ena e bontša hore Daniele 12:2 e bua ka batho ba tla tsosoa ka mor’a matsatsi a ho qetela le ka mor’a ntoa ea Armagedone.

7. (a) Ke ka tsela efe batho ba bang ba tla tsosetsoa “bophelong bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang”? (b) Ke joang re ka reng tsoho ee ke e molemo?

7 Daniele 12:2 e bolela’ng ha e re batho ba bang ba tla tsohela “bophelong bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang”? Sena se bolela hore nakong ea lilemo tse sekete, batho bohle ba tla beng ba tsositsoe ba bile ba ithuta kapa ba tsoele pele ba ithuta le ho mamela Jehova le Jesu, qetellong ba tla fumana bophelo bo sa feleng. (Joh. 17:3) Ena e tla ba “tsoho e molemo” ho feta ea pele e ileng ea e-ba teng eo ho ileng ha tsosoa batho ba itseng feela. (Baheb. 11:35) Hobane’ng? Hobane batho bao ba ileng ba tsosoa nakong e fetileng ba ile ba hlokahala hape.

8. Ke joang batho ba bang ba tla tsohela “linyelisong le ho nyonyeheng ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang”?

8 Ha se batho bohle ba tsositsoeng ba tla lumela ho rutoa ke Jehova. Boprofeta ba Daniele bo re batho ba bang ba tla tsohela “linyelisong le ho nyonyeheng ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.” Kaha ba tla hana ho mamela, mabitso a bona a ke ke a ngoloa bukeng ea bophelo ebile ba ke ke ba fumana bophelo bo sa feleng. Ho e-na le hoo, ba tla felisoa kapa ba fumane ‘ho nyonyeha ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.’ Daniele 12:2 e bua ka se tla etsahalla batho bohle ba tla tsosoa ho itšetlehile ka seo ba se etsang ka mor’a hore ba tsosoe. * (Tšen. 20:12) Ba bang ba tla fumana bophelo bo sa feleng ’me ba bang ba ke ke ba bo fumana.

BATHO BA TLA THUSOA HORE BA ETSE LINTHO TSE LOKILENG

9, 10. Ke’ng hape e tla etsahala ka mor’a matšoenyeho a maholo, hona ke bo-mang ba “tla khanya joaloka ho khanya ha sepaka-paka”?

9 Bala Daniele 12:3. Ke’ng hape e tla etsahala ka mor’a “nako ea mahlomola”? Ho ekelletsa lintlheng tse ho Daniele 12:2, temana ea boraro e bua ka lintho tse tla etsahala ka mor’a matšoenyeho a maholo.

10 Ke bo-mang ba “tla khanya joaloka ho khanya ha sepaka-paka”? Re fumana karabo ea potso ena ho seo Jesu a ileng a se bua ho Matheu 13:43, ha a re: “Ba lokileng ba tla khanya ka ho phatsimang joaloka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona.” Mona Jesu o ne a bua ka “bara ba ’muso,” e leng bara babo ba tlotsitsoeng ba tla busa le eena leholimong. (Mat. 13:38) Kahoo, e tlameha ebe Daniele 12:3 e bua ka batlotsuoa le mosebetsi oa bona oo ba tla o etsa nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete.

Ba 144 000 ba tla sebetsa le Jesu Kreste hore ba etelle pele mosebetsi oa ho ruta o tla etsoa nakong ea lilemo tse sekete (Sheba serapa sa 11)

11, 12. Ke mosebetsi ofe oo batho ba 144 000 ba tla o etsa nakong ea lilemo tse sekete?

11 Batlotsuoa ba tla thusa batho ‘ba bangata hore ba tle ho lokeng’ joang? Batlotsuoa ba tla sebetsa le Jesu Kreste ho etella pele mosebetsi oa ho ruta o tla etsoa mona lefatšeng nakong ea lilemo tse sekete. Ba 144 000 e tla ba marena hape e be baprista. (Tšen. 1:6; 5:10; 20:6) Kahoo, ba tla “phekola lichaba” le ho thusa batho hore ba qetelle ba phethahetse. (Tšen. 22:1, 2; Ezek. 47:12) Mosebetsi ona o tla thabisa batlotsuoa haholo.

12 Ke bo-mang ba tla ba har’a “ba bangata” ba tla thusoa hore ba etse lintho tse lokileng? Batho bana ba tla akareletsa ba tla tsosoa le ba tla pholoha Armagedone le bana ba ka ’nang ba hlaha lefatšeng le lecha. Ha lilemo tse sekete li fela, batho bohle ba phelang lefatšeng ba tla be ba phethahetse. Kahoo, ke neng moo mabitso a batho a tla ngoloa ka pene eseng ka pentšele bukeng ea bophelo

TEKO EA HO QETELA

13, 14. Batho bohle ba tla lokela ho etsa’ng pele ba fumana bophelo bo sa feleng?

13 Re lokela ho hopola hore ho phethahala ha ho bolele hore motho o se a ntse a fumane bophelo bo sa feleng. Ak’u nahane ka Adama le Eva. Ba ne ba phethahetse empa ba ne ba lokela hore ba mamele Jehova Molimo pele a ka ba fa bophelo bo sa feleng. Ka masoabi ba ile ba hloleha ho mo mamela.​—Bar. 5:12.

14 Ho tla etsahala’ng ka batho ba tla be ba le lefatšeng qetellong ea lilemo tse sekete? Kaofela ha bona ba tla be ba phetse hantle ba se na sebe. Na kaofela batho bao ba tla tšehetsa bobusi ba Jehova ka ho sa feleng? Kapa na ba bang ba tla tšoana le Adama le Eva ba sa kang ba tšepahala le hoja ba ne ba phethahetse? Re hloka ho fumana likarabo tsa lipotso tsena. Empa re tla li fumana joang?

15, 16. (a) Batho bohle ba tla fumana monyetla oa hore ba bontše hore ba tšepahalla Jehova neng? (b) Qetello ea teko ea ho qetela e tla ba efe?

15 Satane o tla koalloa ka lilemo tse sekete. Ka nako eo a ke ke a khona ho khelosa batho. Qetellong ea lilemo tse sekete Satane o tla lokolloa. Joale o tla leka ho khelosa batho ba phethahetseng. Ka nako eo, batho bohle ba tla ba le monyetla oa ho bontša hore na ba hlompha lebitso la Molimo le hore na ba tšehetsa bobusi ba hae kapa che. (Tšen. 20:7-10) Liketso tsa bona li tla bontša hore na mabitso a bona a tla hlakoloa bukeng ea bophelo kapa che.

16 Batho ba bang ba tla tšoana le Adama le Eva ka hore ba se ke ba tšehetsa bobusi ba Jehova. Joale ho tla etsahala’ng ka bona? Tšenolo 20:15 e re: “Mang kapa mang ea sa kang a fumanoa a ngotsoe bukeng ea bophelo a liheloa ka letšeng la mollo.” Batho bana ba sa mameleng ba tla felisoa. Empa batho ba bangata ba tla khona ho hlola teko ea ho qetela. Mabitso a bona a tla ngoloa bukeng ea bophelo ’me a ke ke a hlakoloa.

“NAKONG EA BOFELO”

17. Lengeloi le ile la bolella Daniele hore ho tla etsahala’ng mehleng ea rona? (Daniele 12:4, 8-10)

17 Ke ntho e thabisang haholo ha re nahana ka liketsahalo tsena tsa nakong e tlang. Lengeloi le ile la bolella Daniele litaba tse ling tsa bohlokoa tse mabapi le mehla ea rona e leng “nako ea bofelo.” (Bala Daniele 12:4, 8-10; 2 Tim. 3:1-5) Lengeloi le ile la re ho Daniele: “Tsebo ea ’nete e tla ba ngata.” Bahlanka ba Molimo ke bona ba ka utloisisang boprofeta bona ba Daniele haholoanyane. Lengeloi le ile la boela la re nakong eo “ba khopo ba tla etsa bokhopo, ’me ho hang ha ho ba khopo ba tla utloisisa.”

18. Batho ba khopo ba tla etsahalloa ke’ng haufinyane?

18 Mehleng ena ho ka ’na ha bonahala eka batho ba khopo ha ba fumane kotlo ka lebaka la liketso tsa bona tse mpe. (Mal. 3:14, 15) Haufinyane Jesu o tla arola ba kang lipoli ho ba kang linku ebe o fana ka kahlolo. (Mat. 25:31-33) Batho bana ba khopo ba ke ke ba pholoha matšoenyeho a maholo ebile ba ke ke ba tsosoa e le hore ba phele lefatšeng le lecha. Mabitso a bona a ke ke a ngoloa ‘bukeng ea khopotso’ eo Malakia 3:16 e buang ka eona.

19. Ke’ng eo re lokelang ho e etsa hona joale, hona hobane’ng? (Malakia 3:16-18)

19 Hona joale re lokela ho bontša ka lintho tseo re li etsang hore ha re har’a batho ba khopo. (Bala Malakia 3:16-18.) Jehova o ntse a bokella batho bao a ba nkang e le “thepa e khethehileng,” e leng batho ba bohlokoa ho eena. Kannete re batla ho ba har’a batho bao.

Re tla thaba haholo ha re bona Daniele, batho bao re ba ratang ba hlokahetseng le ba bang ba bangata ba phela hape ’me ba fuoa lefa la bona lefatšeng le lecha (Sheba serapa sa 20)

20. Jehova o ile a tšepisa Daniele eng, hona ke hobane’ng ha re lebelletse ka tjantjello hore tšepiso eo e phethahale?

20 Re phela nakong e thabisang haholo. Haufinyane ho tl’o etsahala lintho tse thabisang le ho feta. Re tla bona ha lintho tsohle tse mpe li felisoa. Hape re tla bona ha Jehova a phethahatsa litšepiso tseo a ileng a li tšepisa Daniele ha a ne a re: “U tla ema bakeng sa kabelo ea hao bofelong ba matsatsi.” (Dan. 12:13) Na u emetse ho bona ha Daniele le batho bao u ba ratang ba hlokahetseng ba “ema” hape kapa ba tsoha? Haeba ho joalo etsa sohle seo u ka se khonang hore u tšepahale hona joale ’me ha u etsa joalo u ka kholiseha hore Jehova a ke ke a hlakola lebitso la hao bukeng ea bophelo.

PINA EA 80 “Latsoang ’Me le Bone Hore Jehova o Molemo”

^ Sehloohong sena re tl’o ithuta ka tsela e ncha eo re seng re utloisisa mosebetsi o moholo oa ho ruta batho oo ho buuoang ka oona ho Daniele 12:2, 3. Re tl’o bona hore na mosebetsi ona o tl’o etsoa neng le hore na ke bo-mang ba tla o etsa. Re tla boela re bone hore na mosebetsi ona o moholo oa ho ruta o tla thusa batho ba tla be ba phela lefatšeng ka nako eo joang hore ba itokisetse teko ea ho qetela e tla ba qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete.

^ Mohlomong ho tla tsosoa batho ba ileng ba hlokahala ba tšepahala nakong ea matsatsi a ho qetela pele ebe ka mor’a moo ho tsosoa meloko e ileng ea hlokahala pele ho bona. Haeba sena ke sona se tla etsahala, se tla fa motho e mong le e mong monyetla oa hore a amohele batho ba ileng ba hlokahala bao a neng a ba tseba. Ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng, Mangolo a bua ka hore batho ba tsosetsoang leholimong e mong le e mong o tla ba “boemong ba hae.” Kahoo, re ka hakanya hore tsoho e tla ba teng lefatšeng e tla etsahala ka tsela e hlophisehileng.​—1 Bakor. 14:33; 15:23.

^ Tlhaloso ena e fetola kutloisiso eo re neng re e-na le eona e hlahang bukeng ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! khaolong ea 17 le e ho Molula-Qhooa oa July 1, 1987 leq. 21-25.

^ Ho fapana le hoo, polelo e reng “ba lokileng” le e reng “ba sa lokang” tse hlahang ho Liketso 24:15 le mantsoe a reng “ba entseng lintho tse molemo” le a reng “ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe” a hlahang ho Johanne 5:29 a bua ka lintho tseo batho ba tsositsoeng ba neng ba li etsa pele ba hlokahala.