Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 39

Na Lebitso la Hao le Ngotsoe “Bukeng ea Bophelo”?

Na Lebitso la Hao le Ngotsoe “Bukeng ea Bophelo”?

“Buka ea khopotso ea qala ho ngoloa ka pel’a hae bakeng sa ba tšabang Jehova.”​—MAL. 3:16.

PINA EA 61 Lulang le le Sebete

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

Ho tloha mehleng ea Abele esale Jehova a ngola mabitso a batho “bukeng ea bophelo” (Sheba serapa sa 1 le 2)

1. Ho ea ka Malakia 3:16, Jehova o ntse a ngola buka efe, hona o ntse a ngola eng ho eona?

 HO SE ho fetile lilemo tse ngata Jehova a ntse a ngola buka ea bohlokoa. Buka ena e na le mabitso a mangata ’me lebitso la pele le ngotsoeng ho eona ke la Abele, e leng paki ea pele e tšepahalang. * (Luka 11:50, 51) Haesale Jehova a ntse a ngola mabitso a batho bukeng ena ’me hona joale e na le mabitso a mangata. Ka Bibeleng buka ena e bitsoa “buka ea khopotso,” ‘buka ea bophelo’ le ‘moqolo oa bophelo.’ Sehloohong sena re tla bua ka eona e le ‘buka ea bophelo.’​—Bala Malakia 3:16; Tšen. 3:5; 17:8.

2. Ke bo-mang ba ngotsoeng bukeng ea bophelo, hona re lokela ho etsa’ng e le hore mabitso a rona a ngoloe bukeng eo?

2 Buka ena ea bohlokoa e na le mabitso a batho bohle ba hlomphang Jehova le ba ratang lebitso la hae. Batho bana ba tla ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Kahoo, re ka etsa hore mabitso a rona a ngoloe bukeng ena ka hore re be le kamano e ntle le Jehova hape re be le tumelo sehlabelong sa Mora oa hae, Jesu Kreste. (Joh. 3:16, 36) Kaofela ha rona re batla hore mabitso a rona a ngoloe bukeng ena ebang re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng.

3, 4. (a) Na re tla phela ka ho sa feleng haeba mabitso a rona a ngotsoe bukeng ea bophelo hona joale? Hlalosa. (b) Re tl’o bua ka’ng sehloohong see le se latelang?

3 Na batho bohle bao mabitso a bona a ngotsoeng bukeng ea bophelo ba tla fumana bophelo bo sa feleng? Re fumana karabo ea potso ena ho seo Jehova a se bolelletseng Moshe ho Exoda 32:33. Jehova o ile a re: “Mang kapa mang ea ntšitetsoeng, ke tla mo hlakola bukeng ea ka.” Kahoo, mabitso a ngotsoeng bukeng ena a ka hlakoloa. Ho joalokaha eka Jehova o ngotse mabitso ana ka pentšele. (Tšen. 3:5) Re lokela ho etsa bonnete ba hore mabitso a rona a lula a ngotsoe bukeng ena ho fihlela a ngoloa ka pene.

4 Taba ena e ka ’na ea etsa hore re ipotse lipotso. Ka mohlala, re ka ipotsa hore na Bibele e re’ng ka batho bao mabitso a bona a ngotsoeng bukeng ea bophelo le bao a sa ngoloang ho eona. Batho bao mabitso a bona a leng bukeng ena ba tla fumana bophelo bo sa feleng neng? Ho tla etsahala’ng ka batho ba ileng ba hlokahala ba sa ka ba ithuta ka Jehova? Na mabitso a bona a ka ngoloa bukeng ee? Lipotso tsena li tla arajoa sehloohong sena le se latelang.

KE BO-MANG BA NGOTSOENG BUKENG EE?

5, 6. (a) Ho ea ka Bafilipi 4:3, ke mabitso a bo-mang a ngotsoeng bukeng ea bophelo? (b) Mabitso a bona a tla ngoloa neng bukeng ea bophelo a sa hlakoloe?

5 Ke bo-mang ba ngotsoeng bukeng ee ea tšoantšetso? Ho araba potso ena re tla bua ka lihlopha tse hlano tsa batho ba fapaneng. Lihlopheng tsena batho ba bang ba ngotsoe bukeng ea bophelo, ba bang bona ha baa ngoloa.

6 Sehlopha sa pele ke sa batho ba khethetsoeng ho e’o busa le Jesu leholimong. Na mabitso a bona a ngotsoe bukeng ea bophelo? Ho joalo. Ha moapostola Pauluse a bua le “basebetsi-’moho” le eena ba Filipi, o ile a re mabitso a batlotsuoa ba tla busa le Jesu a se a ngotsoe bukeng ea bophelo. (Bala Bafilipi 4:3.) Empa ba lokela ho lula ba tšepahala e le hore mabitso a bona a lule a le bukeng ena ea tšoantšetso. Mabitso a bona a tla ngoloa bukeng ena ’me a ke ke a hlakoloa ka mor’a hore ba fumane tiiso ea bona ea ho qetela. Sena se tla etsahala pele ba hlokahala kapa pele matšoenyeho a maholo a qala.​—Tšen. 7:3.

7. Tšenolo 7:16, 17 e re mabitso a bongata bo boholo ba linku tse ling a tla ngoloa bukeng ea bophelo neng a sa hlakoloe?

7 Sehlopha sa bobeli ke sa bongata bo boholo ba linku tse ling. Na mabitso a bona a ngotsoe bukeng ea bophelo? Ho joalo. Na mabitso a bona a tla ’ne a be teng bukeng ea bophelo ka mor’a hore ba pholohe Armagedone? Ho joalo. (Tšen. 7:14) Jesu o ile a re batho bana ba tšoanang le linku ba tla ea “bophelong bo sa feleng.” (Mat. 25:46) Empa batho ba tla pholoha Armagedone ba ke ke ba fumana bophelo bo sa feleng hang-hang. Mabitso a bona a tla tsoela pele a ntse a ngotsoe ka pentšele bukeng ea bophelo. Nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, Jesu o “tla ba tataisetsa lilibeng tsa metsi a bophelo.” Batho ba tla mamela tataiso ea Kreste le bao Jehova a tla ba nka ba tšepahala, mabitso a bona a tla ngoloa bukeng ea bophelo ’me a ke ke a hlakoloa.​—Bala Tšenolo 7:16, 17.

8. Ke bo-mang ba sa ngoloang bukeng ea bophelo, hona ho tla etsahala’ng ka bona?

8 Sehlopha sa boraro ke lipoli tse tla felisoa ka Armagedone. Mabitso a bona ha aa ngoloa bukeng ea bophelo. Jesu o ile a re “ba tla ea phelisong e sa feleng.” (Mat. 25:46) Jehova o ile a susumetsa Pauluse hore a re: “Bana ba tla feta kotlong ea boahloli ea timetso e sa feleng.” (2 Bathes. 1:9; 2 Pet. 2:9) Batho bao e leng hore ka lilemo tse ngata ka boomo ba ile ba fosetsa moea o halalelang le bona ba ke ke ba phela ka ho sa feleng empa ba tla fumana timetso e sa feleng. Ho hlakile hore ba ke ke ba tsosoa. (Mat. 12:32; Mar. 3:28, 29; Baheb. 6:4-6) A re bueng ka lihlopha tse peli tse tla tsosetsoa mona lefatšeng.

BATHO BA TLA TSOSOA

9. Joalokaha Liketso 24:15 e bontša, ke lihlopha life tse peli tsa batho tse tla tsosetsoa lefatšeng, hona li fapane joang?

9 Bibele e bua ka lihlopha tse peli tsa batho ba tla tsosetsoa ho phela ka ho sa feleng mona lefatšeng e leng “ba lokileng” le “ba sa lokang.” (Bala Liketso 24:15.) Batho “ba lokileng” ke ba ileng ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ha ba ntse ba phela. Ka lehlakoreng le leng, “ba sa lokang” ke batho ba sa kang ba sebeletsa Jehova ka botšepehi. Ha e le hantle, maemong a mangata ba ne ba sa etse lintho tse lokileng. Kaha lihlopha tsena tse peli tsa batho li tla tsosoa, na re ka re mabitso a bona a ngotsoe bukeng ea bophelo? E le hore re arabe potso ena a re ke re bueng ka sehlopha ka seng.

10. Ke hobane’ng ha ho tla tsosoa batho “ba lokileng,” hona ba bang ba bona ba tla ba le monyetla ofe? (U ka boela oa bala sehlooho se reng, “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” se buang ka tsoho ea bafu e tl’o ba teng mona lefatšeng.)

10 Sehlopha sa bone ke sa batho “ba lokileng.” Pele ba hlokahala mabitso a bona a ile a ngoloa bukeng ea bophelo. Na mabitso a bona a ile a tlosoa bukeng eo ha ba ne ba hlokahala? Che, hobane ba ntse ba “phela” mohopolong oa Jehova. Jehova “ke Molimo oa ba phelang, eseng oa bafu, kaha kaofela baa phela ho eena.” (Luka 20:38) Sena se bolela hore ha ba lokileng ba tsosetsoa lefatšeng, mabitso a bona a tla fumanoa ka bukeng ea bophelo le hoja a tla be a ngotsoe ka “pentšele.” (Luka 14:14) Ha ho pelaelo hore ba bang ba batho bana ba tsositsoeng ba tla ba le monyetla oa hore e be “likhosana lefatšeng lohle.”​—Pes. 45:16.

11. Batho “ba sa lokang” ba lokela ho ithuta eng pele mabitso a bona a ngoloa bukeng ea bophelo?

11 A re bueng ka sehlopha sa ho qetela e leng sehlopha sa bohlano sa batho “ba sa lokang.” Kaha ba ne ba sa tsebe melao ea Jehova, ha baa ka ba etsa lintho tse lokileng pele ba hlokahala. Kahoo, mabitso a bona ha aa ka a ngoloa bukeng ea bophelo. Empa Molimo o tla ba tsosa e le hore a ba fe monyetla oa hore le bona mabitso a bona a ngoloe bukeng ena. Batho bana “ba sa lokang” ba tla hloka thuso kaha pele ba hlokahala ba bang ba bona ba ile ba etsa lintho tse mpe haholo. Ba tla hloka ho rutoa hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba phele ka melao ea Jehova e lokileng. ’Muso oa Molimo o tla fana ka taelo ea hore ho be le mosebetsi oa ho ruta oo o e-s’o ka o e-ba teng lefatšeng, hore batho bana ba rutoe ho phela ka melao e lokileng ea Jehova.

12. (a) Ke bo-mang ba tla ruta batho ba sa lokang? (b) Ho tla etsahala’ng ka batho ba sa mameleng lintho tseo ba ithutileng tsona?

12 Ke bo-mang ba tla ruta batho ba sa lokang? Ke bongata bo boholo le batho ba lokileng ba tla tsosoa. Batho ba sa lokang ba lokela ho ba le kamano e ntle le Jehova le hore ba inehele ho eena e le hore mabitso a bona a ngoloe bukeng ea bophelo. Jesu Kreste le batlotsuoa ba tla sheba batho bana ba sa lokang ba le leholimong, ho bona hore na ebe ba mamela lintho tseo ba li rutoang. (Tšen. 20:4) Ba hanang ho mamela ha ba rutoa ba tla felisoa le hoja mohlomong ba tla be ba se ba le lilemo li lekholo. (Esa. 65:20) Jehova le Jesu ba khona ho bona se ka pelong ea motho ’me ba ke ke ba lumella motho leha e le ofe hore a senye lefatše le lecha.​—Esa. 11:9; 60:18; 65:25; Joh. 2:25.

TSOHO EA BOPHELO LE EA KAHLOLO

13, 14. (a) Nakong e fetileng re ne re utloisisa mantsoe a Jesu a hlahang ho Johanne 5:29 joang? (b) Ke’ng eo re lokelang ho e hlokomela ka seo Jesu a ileng a se bua?

13 Jesu o ile a boela a bua ka batho ba tla tsosetsoa ho tla phela mona lefatšeng. Ka mohlala, o ile a re: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe, ba entseng lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo, ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe ba ee tsohong ea kahlolo.” (Joh. 5:28, 29) Jesu o ne a bolela’ng?

14 Nakong e fetileng re ne re utloisisa hore mantsoe a Jesu a bolela lintho tseo batho ba tsositsoeng ba neng ba tla li etsa ka mor’a hore ba tsosoe, e leng se bolela’ng hore batho ba bang ba tsositsoeng ba ne ba tla etsa lintho tse lokileng ha ba bang bona ba etsa tse mpe. Hlokomela hore Jesu ha aa ka a re batho ba tsoang mabitleng ba tla etsa lintho tse lokileng kapa ba tla etsa lintho tse mpe. O ile a bua ka lintho tseo batho bao ba li entseng nakong e fetileng kaha o ile a re ba “entseng lintho tse molemo” le ba ileng ba “tloaela ho etsa lintho tse mpe.” Taba ena e bontša hore lintho tsena ba li entse pele ba hlokahala. Sena sea utloahala hobane lefatšeng le lecha ha ho na motho ea tla lumelloa hore a etse lintho tse mpe. E tlameha ebe bana ba sa lokang ba ile ba etsa lintho tse mpe pele ba hlokahala. Kahoo, Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a bua ka ‘tsoho ea bophelo’ le ‘tsoho ea kahlolo’?

15. Ke bo-mang ba tla fumana ‘tsoho ea bophelo,’ hona hobane’ng?

15 Batho ba lokileng ba ileng ba etsa lintho tse lokileng pele ba hlokahala, ba tla fumana ‘tsoho ea bophelo’ hobane mabitso a bona a tla be a ngotsoe bukeng ea bophelo. Sena se bolela hore tsoho ea batho “ba entseng lintho tse molemo” eo Johanne 5:29 e buang ka eona, e tšoana le tsoho ea batho “ba lokileng” bao Liketso 24:15 e buang ka bona. Kutloisiso ena e tšoana le polelo e ho Baroma 6:7, e reng: “Ea shoeleng o hlakotsoe molato oa sebe sa hae.” Kahoo, ha batho ba lokileng ba hlokahala Jehova o tšoarela libe tsa bona empa o tla lula a hopola lintho tsohle tse lokileng tseo ba ileng ba li etsa ha ba ntse ba phela. (Baheb. 6:10) Ke ’nete hore batho bana ba lokileng ba ileng ba tsosoa ba tla lokela hore ba lule ba tšepahala e le hore mabitso a bona a lule a ngotsoe bukeng ea bophelo.

16. Ke bo-mang ba tla tsosetsoa “tsohong ea kahlolo”?

16 A re bueng ka batho ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe pele ba hlokahala. Ha baa ka ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ha ba ntse ba phela le hoja libe tsa bona li tla hlakoloa ha ba hlokahala. Kahoo, mabitso a bona ha aa ngoloa bukeng ea bophelo. Ke kahoo tsoho ea batho “ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe” e tšoanang le tsoho ea batho “ba sa lokang” bao Liketso 24:15 e buang ka bona. Tsoho ea bona e tla ba ‘tsoho ea kahlolo.’ * Jesu o tla ahlola batho ba lokileng ka hore a shebe lintho tseo ba li etsang ka nako eo. (Luka 22:30) Ka mor’a nako e itseng, Jesu o tla etsa qeto ea hore na ke mabitso a bo-mang a tla ngoloa bukeng ea bophelo. Mabitso a batho bana ba sa lokang a tla ngoloa bukeng ea bophelo hafeela ba tlohela lintho tse mpe tseo ba neng ba li etsa ’me ba inehela ho Jehova.

17, 18. Batho bohle ba tla tsosetsoa lefatšeng ba lokela ho etsa’ng, hona “liketso” tseo ho buuoang ka tsona ho Tšenolo 20:12, 13 ke life?

17 Ho sa tsotellehe hore na batho ba tsositsoeng ba ne ba lokile kapa ba sa loka, ba tla lokela hore ba mamele melao e tla beng e le meqolong e mecha e tla buloa nakong ea lilemo tse sekete. Ha moapostola Johanne a hlalosa seo a se boneng ponong, o ile a re: “Ka bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme ka pel’a terone, ’me meqolo ea buloa. Empa moqolo o mong oa buloa; ke moqolo oa bophelo. Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.”​—Tšen. 20:12, 13.

18 Batho ba tsositsoeng ba tla ahloloa ho ea ka “liketso” life? Na e tla ba lintho tseo ba ileng ba tloaela ho li etsa pele ba hlokahala? Che. Hopola hore ha ba hlokahala libe tsa bona li ile tsa hlakoloa. Mona mantsoe “liketso tsa bona” ha a bolele liketso tseo ba li entseng pele ba hlokahala. Leha ho le joalo, e tlameha ebe a bolela lintho tseo ba tla li etsa ha ba ntse ba rutoa lefatšeng le lecha. Esita le banna ba bang ba neng ba tšepahala e leng Noe, Samuele, Davida le Daniele le bona ba tla lokela ho ithuta ka Jesu Kreste le ho ba le tumelo sehlabelong sa hae. Haeba banna baa ba tla lokela ho ithuta, sena se bontša hore batho ba sa lokang le bona ba tla hloka ho ithuta.

19. Ho tla etsahala’ng ka batho ba hanang monyetla ona o babatsehang?

19 Ho tla etsahala’ng ka batho ba hanang monyetla ona o babatsehang? Tšenolo 20:15 e re: “Mang kapa mang ea sa kang a fumanoa a ngotsoe bukeng ea bophelo a liheloa ka letšeng la mollo.” Batho bao ba tla felisoa. Kahoo, ke habohlokoa hore re etse bonnete ba hore mabitso a rona a ngotsoe bukeng ea bophelo ’me a lula a le teng ho eona.

Mor’abo rona o etsa mosebetsi o moholo oa ho ruta o tla etsoa nakong ea lilemo tse sekete (Sheba serapa sa 20)

20. Ke mosebetsi ofe o thabisang o tla etsoa nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

20 Puso ea Lilemo Tse Sekete e tla ba nako e thabisang haholo. Nako ena e tla akareletsa mosebetsi o moholo oa ho ruta oo bahlanka ba Molimo ba e-s’o ka ba o etsa le ka mohla lefatšeng. Empa e tla boela e be nako eo ho tla shejoa liketso tsa batho ba lokileng le ba sa lokang. (Esa. 26:9; Lik. 17:31) Mosebetsi oo oa ho ruta o tla etsoa joang? Sehlooho se latelang se tla re thusa ho utloisisa sena le hore re ananele monyetla ona oa bohlokoa.

PINA EA 147 Re Tšepisitsoe Bophelo bo sa Feleng

^ Sehloohong sena re tl’o ithuta ka tsela e ncha eo re seng re utloisisa mantsoe a Jesu a ho Johanne 5:28, 29 mabapi le ‘tsoho ea bophelo’ le ‘tsoho ea kahlolo.’ Re tl’o ithuta hore na o ne a bolela’ng le hore na ke bo-mang ba tla tsosetsoa tsohong ea bophelo le ea kahlolo

^ Buka ena e qalile ho ngoloa ho tloha ho “thehoeng ha lefatše,” e leng ho tloha ha batho ba e-ba le monyetla oa ho fumana molemo sehlabelong sa Jesu sa thekollo. (Mat. 25:34; Tšen. 17:8) Kaha Abele o ne a lokile, ke eena motho oa pele oa hore a ngoloe ka bukeng ea bophelo.

^ Pele re ne re utloisisa lentsoe “kahlolo” e le ho fana ka kotlo. Ha e le hantle, lentsoe “kahlolo” le ka bolela sona seo. Empa temaneng ena ho bonahala Jesu a sebelisitse lentsoe “kahlolo” ho bontša hore o tla sheba motho kapa ho mo hlahloba ka hloko ’me dikishinari e ’ngoe ea Bibele ea Segerike e re ke ho “hlahloba boitšoaro ba motho.”