Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintho Tse ka u Thusang ha u Etsa Lipatlisiso

Lintho Tse ka u Thusang ha u Etsa Lipatlisiso

Lintho Tseo Bana ba ka li Etsang

Batsoali ba na le boikarabelo bo boima ba ho ruta bana ba bona ka Jehova. (Baef. 6:4) Mokhatlo oa Jehova o hatisitse lihlooho, livideo le lipina tse ngata ho thusa batsoali ho etsa joalo. U ka li sebelisa joang ho ruta bana ba hao?

  • Li batle. Websaete ea JW.ORG e na le lintho tsohle tse hatisitsoeng bakeng sa bana, ho akareletsa livideo le maqephe ao ba ka ngollang kapa ba toroela ho ’ona. a E le hore u li fumane, ngola “Bana” kapa “Bacha” karolong ea “Batla.”

  • Khetha tse loketseng ngoana oa hao. Lintho tse hlahang karolong ea “Bana” li ka u thusa hore u khethe lintho tse loketseng ngoana oa hao. E le hore u li fumane, batla karolo ea “Seo le ka se Etsang Nakong ea Borapeli ba Lelapa.”

  • Buisana le ngoana oa hao ka tsona. U se ke oa sebelisa livideo tsa rona kapa likhatiso tsa rona tse ngotsoeng hore feela u tlose ngoana oa hao bolutu. Iphe nako ea ho buisana le ngoana oa hao ka tsona e le hore u mo thuse ho matlafatsa setsoalle sa hae le Jehova.

a JW Library® e na le livideo tsohle tsa bana empa maqephe ao ba ka ngollang kapa ba toroela ho ’ona aa fokola.