Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Leeto le Thabisang Tšebeletsong ea Jehova

Leeto le Thabisang Tšebeletsong ea Jehova

KA 1951, ha ke sa tsoa fihla toropong ea Rouyn, e profinseng ea Quebec naheng ea Canada, ke ile ka ea atereseng eo ke neng ke e filoe ’me ka kokota monyako. Mor’abo rona Marcel Filteau, a eo e neng e le moromuoa ea koetlisitsoeng Sekolong sa Gileade, o ile a bula monyako. O ne a le lilemo li 23 a bile a le molelele. ’Na ke ne ke le lilemo li 16 ebile ke le mokhutšoanyane. Ke ile ka mo bontša lengolo la ka le bontšang hore ke abetsoe ho ba pula-maliboho. O ile a le bala, eaba oa ncheba o re ho ’na: “Na ’mè oa hao oa tseba tjee hore u moo?”

KE HOLETSE LELAPENG LE AROHANENG BOLUMELING

Ke hlahile ka 1934 ’me batsoali ba ka ba ne ba tsoa naheng ea Switzerland, ba fallela Timmins, toropong ea limmaene e Ontario, Canada. Hoo e ka bang ka selemo sa 1939, ’mè oa ka o ile a bala makasine ea Molula-Qhooa a ba a qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. O ne a tloaetse ho tsamaea le ’na le bana beso ba tšeletseng ’me ka mor’a nako e seng kae, e ile ea e-ba Paki ea Jehova.

Le hoja ntate oa ka a ne a sa thaba ka qeto eo a e entseng, ’mè oa ka o ne a rata ’nete ’me a sa ikemisetsa ho e tlohela. O ile a tsoela pele a tšepahala le nakong eo mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o neng o thibetsoe Canada lilemong tsa bo-1940. ’Mè oa ka o ile a tsoela pele a hlompha ntate oa ka le ho ba mosa, le hoja eena a ne a lula a mo hlaba ka mantsoe. Mohlala oa hae o motle o ile oa thusa ’na le bana beso hore re etse qeto ea hore re batla ho ba Lipaki Tsa Jehova. Litaba tse monate ke hore ha nako e ntse e ea, ntate oa rona le eena o ile a qalella ho ba mosa, a sebelisana le rona hantle.

HA KE QALA TŠEBELETSO EA NAKO E TLETSENG

Ka 1950 ke ile ka ea kopanong ea potoloho e nang le sehlooho se reng Theocracy’s Increase e neng e tšoaretsoe New York City. Ha ke le moo, ke ile ka utloa ke batla ho etsetsa Jehova se eketsehileng ka mor’a ho buisana le bara le barali ba bo rona ba tsoang linaheng tse fapaneng le ho mamela lipuisano tse thabisang tsa ba tsoang Sekolong sa Gileade. Ka nako eo, ntho e ’ngoe feela eo ke neng ke e batla, e leng ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Hang ha ke fihla hae, ke ile ka kenya kopo ea bopula-maliboho ba kamehla. Karabo e ile ea fihla ho tsoa ofising ea lekala la Canada e reng ke lokela ho kolobetsoa pele. Ke ile ka fela ka kolobetsoa ka la 1 October 1950. Khoeli hamorao ke ile ka ba pula-maliboho ea kamehla, ka ba ka fuoa kabelo ea ka ea pele toropong ea Kapuskasing. Toropo eo e ne e le hole haholo le moo lelapa leso le neng le lula teng.

Ha a ne a le Quebec

Ka 1951, ofisi ea lekala e ile ea mema Lipaki tse buang Sefora hore li fallele moo ho neng ho hlokeha bahoeletsi ba buang puo eo profinseng ea Quebec. Kaha ke hotse ke bua Sefora le Senyesemane, ke ile ka amohela kopo eo ’me ka abeloa ho ea Rouyn. Ho ne ho se na motho eo ke mo tsebang moo. Ntho eo ke neng ke e-na le eona feela, ke aterese eo ke buileng ka eona qalong. Lintho li ile tsa ntsamaela hantle hobane ’na le Marcel re ile ra ba metsoalle ea hlooho ea khomo. Ke ile ka thabela ho sebeletsa Quebec ka lilemo tse ’nè ’me qetellong ke ile ka ba pula-maliboho e khethehileng.

HO EA GILEADE LE HO CHECHISA LINTHO TSE LING

Ha ke ntse ke le Quebec, ke ne ke thabile haholo ha ke fumana memo ea ho ea tlelaseng ea bo26 ea Sekolo sa Gileade, South Lansing e New York. Re ile ra fuoa mangolo a Gileade ka la 12 February 1956 ’me ke ile ka abeloa ho ea naheng eo hona joale e bitsoang Ghana, b Afrika Bophirima. Empa pele ke tsamaea, ke ile ka tlameha ho khutlela Canada “libeke tse ’maloa” ke emetse hore litokomane tsa ka tsa ho tsamaea li loke.

Ke ile ka iphumana ke lutse likhoeli tse supileng Toronto ke ntse ke emetse litokomane tsa ka hore li loke. Ka nako eo, ke ne ke lula le lelapa la ha Cripps, eaba ke se ke khahloa ke morali oa bona ra ba ra ratana. Eitse ke sa re ke tla mo kopa hore re nyalane, litokomane tsa ka tseo esale ke li emela li ile tsa fihla. Ka mor’a ho rapela ka matla le Sheila ka taba ena, re ile ra etsa qeto ea hore ke tsamaee ke ee kabelong ea ka. Re ile ra lumellana hore re tla tsoela pele re ngollana ho fihlela maemo a rona a re lumella hore re nyalane. Ho ne ho le thata ho etsa qeto eo, empa hamorao re ile ra hlokomela hore e ne e le e nepahetseng.

Ke ile ka qeta khoeli kaofela ke ntse ke tsamaea, ke ile ka tsamaea ka terene, sekepe le ka sefofane, ’me qetellong ke ile ka fihla Accra, e leng toropo e naheng ea Ghana. Ha ke fihla moo, ke ile ka abeloa ho ba molebeli oa setereke. Ha ke etsa mosebetsi ona, ke ne ke tsamaea hohle naheng ea Ghana, Ivory Coast (eo hona joale e bitsoang Côte d’Ivoire) le Togoland (eo hona joale e bitsoang Togo). Hangata ke ne ke tsamaea ke le mong ka koloi ea mokhatlo ea jeep. Ke ne ke thabela maeto a ka haholo ha ke ea ho bara le barali ba bo rona.

Mafelo a beke, ke ne ke fana ka lipuo likopanong tsa potoloho. Kaha re ne re se na Liholo Tsa Likopano, bara ba bo rona ba ne ba etsa maphephe ka mahlaka ebe ba a rulela ka makhasi e le hore letsatsi le se ke la re chesa haholo. Ho ne ho se na sehatsetsi kahoo bana ba bo rona ba ne ba tla ka liphoofolo tse phelang tse neng li hlabeloa hona moo e le hore batho ba je.

Ho ne ho etsahala lintho tse ngata tse qabolang likopanong tseo. Ka letsatsi le leng ha Mor’abo rona Herb Jennings, c eo e neng e le moromuoa a ntse a fana ka puo, khomo e ile ea khaola. E ile ea matha pakeng tsa sethala le batho e ferekane e sa tsebe moo e eang teng, eaba Mor’abo rona Herb o emisa ho fana ka puo. Bara ba bo rona ba bane ba matla ba ile ba matha ba e tšoara, ba e khutlisetsa moo e neng e fasitsoe teng, eaba batho kaofela ba opa liatla.

Har’a beke, ke ne ke bontša batho filimi e reng The New World Society in Action metseng e haufi. E le hore ke khone ho bapala video ena, ke ne ke haka lesela le lesoeu lipalong tse peli kapa lipakeng tsa lifate. Batho ba metseng eo ba ne ba e rata haholo. Boholo ba bona e ne e le lekhetlo la pele ba bona filimi. Ba ne ba opa matsoho haholo ha filimi e hlahisa batho ba kolobetsoang. Filimi eo e ile ea ba thusa hore ba bone hore Lipaki Tsa Jehova li momahane lefatšeng lohle.

Re nyalane ka 1959 Ghana

Ka mor’a lilemo tse peli ke le Afrika, ke ile ka thabela ho ea kopanong ea machaba New York City ka 1958. Ke ile ka thaba haholo ha ke bona Sheila. O ne a tsoa Quebec, moo a neng a sebeletsa teng e le pula-maliboho ea khethehileng. Re ne re ntse re ngollana mangolo. Kaha joale re ne re kopane, ke ile ka mo kopa hore re nyalane ’me o ile a lumela. Ke ile ka ngolla Mor’eso Knorr d lengolo, ka mo botsa hore na Sheila a ka ea Sekolong sa Gileade ’me ka mor’a moo a e’o sebetsa le ’na Afrika. O ile a lumela. Qetellong Sheila o ile a tla Ghana. Re ile ra nyalana Accra ka la 3 October 1959. Kannete Jehova o ile a re hlohonolofatsa hobane re ne re etsa hore ebe eena ea tlang pele bophelong ba rona.

HA RE SEBELETSA CAMEROON

Ha a ntse a sebeletsa lekaleng la Cameroon

Ka 1961 re ile ra abeloa ho sebeletsa naheng ea Cameroon. Bara ba bo rona ba ile ba nkopa hore ke thuse ho theha ofisi ea lekala. Ke ne ke phathahane haholo. Kaha ke ne ke abetsoe hore ke hlokomele mosebetsi o etsoang Cameroon, ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo ke lokelang ho ithuta tsona. Ka 1965 re ile ra fumana hore mohats’a ka Sheila o imme. Ho ne ho le thata ho amohela hore re tl’o ba batsoali. Empa ha re qala ho thabela boikarabelo bona bo bocha ebile re itlhophisetsa ho khutlela Canada, re ile ra etsahalloa ke ntho e bohloko.

Ngoana oa rona o ile a hlokahala a e-s’o hlahe. Ngaka e ile ea re bolella hore ngoana oa rona e ne e le moshanyana. Ho se ho fetile lilemo tse ka holimo ho 50 ntho ena e etsahetse, empa ha rea ka ra e lebala. Le hoja se etsahetseng se re utloisitse bohloko haholo, re ile ra tsoela pele ka kabelo ea rona ea ho sebeletsa naheng e ’ngoe ’me ke ntho eo re neng re e rata haholo.

O na le Sheila Cameroon ka 1965

Hangata Lipaki Tsa Jehova tse lulang Cameroon li ne li hlorisoa ka lebaka la ho se nke lehlakore lipolotiking. Maemo a ne a e-ba mabe le ho feta ka nako ea likhetho. Ntho eo e leng khale re e tšohile e ile ea etsahala ka la 13 May 1970, ha mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibeloa naheng eo. ’Muso o ile oa nka ofisi ea rona ea lekala e ncha, eo re neng re sebelelitse ho eona ka likhoeli tse hlano feela. Le pele beke e fela, baromuoa bohle ho akarelletsa ’na le Sheila, re ile ra lelekoa naheng eo. Ho ne ho le thata ho siea bara le barali ba bo rona bao re neng re ba rata haholo ’me re ne re tšoenyehile ka hore na ho tla etsahala’ng ka bona ha nako e ntse e ea.

Re qetile likhoeli tse tšeletseng ofising ea lekala ea Fora. Ha ke le moo, ke ile ka etsa sohle seo nka se khonang ho thusa bara ba bo rona ba Cameroon ka lintho tseo ba li hlokang. Ka December selemong sona seo, re ile ra abeloa ho sebeletsa lekaleng la Nigeria, le neng le ikarabella ka ho hlokomela mosebetsi o etsoang Cameroon. Bara le barali ba bo rona ba Nigeria ba ile ba re amohela ka mofuthu ’me re ile ra thabela ho sebeletsa moo lilemo tse ’maloa.

RE ILE RA LOKELA HO ETSA QETO E BOIMA

Ka 1973 re ile ra lokela ho etsa qeto e boima haholo. E ne e se e le nako e telele Sheila a mamelletse ho kula. Ha re le kopanong ea setereke New York, o ile a lla a re ho ’na: “Ke utloile ho lekane! Ke lula ke khathetse ebile ke opeloa.” Re sebelitse ’moho lilemo tse fetang 14 Afrika Bophirima. Ke ne ke le motlotlo haholo ka eena ka tšebeletso eo a e entseng ka botšepehi empa re ne re lokela ho etsa liphetoho. Ka mor’a ho buisana ka boemo ba rona le ho rapela ka bona nako e telele, re ile ra etsa qeto ea ho khutlela Canada, moo molekane oa ka a neng a tla fumana thuso ea lingaka habonolo. Ho tlohela kabelo ea rona ea ho ba baromuoa le tšebeletso ea nako e tletseng e bile qeto e boima le e bohloko ka ho fetisisa eo re kileng ra e etsa.

Ka mor’a ho khutlela Canada, ke ile ka hiroa ke motsoalle oa ka eo esale re tsebana ka lilemo-lemo. O ne a e-na le khoebo ea likoloi toropong e ka leboea ho Toronto. Re ile ra hira ntlo, ra ba ra reka thepa e kileng ea sebetsa. Re ile ra qala bophelo ba rona bo bocha ntle le hore re kene likolotong. Re ile ra iphelela bophelo bo bonolo, re e-na le tšepo ea hore ka le leng re tla khutlela tšebeletsong ea nako e tletseng. Re ile ra makala ha re bona tšepo eo e phethahala kapele ho feta kamoo re neng re nahanne.

Ke ile ka qala ka ho ithaopa ka Meqebelo ha ho ne ho hahoa Holo ea Kopano Norval, Ontario. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka kopuoa hore ke sebeletse ke le molebeli oa Holo ea Kopano. Bophelo ba mohats’a ka Sheila bo ne bo ntse bo e-ba betere. Re ile ra hlokomela hore a ka etsa mosebetsi ona o mocha. Ka June 1974, re ile ra e’o lula kamoreng e Holong ea Kopano. Re ne re thabile haholo ha re fumana monyetla oa ho khutlela tšebeletsong ea nako e tletseng!

Re ile ra thaba ha bophelo ba Sheila bo ntse bo tsoela pele ho ba betere. Lilemo tse peli hamorao, re ile ra khona ho amohela kabelo ea ho etsa mosebetsi oa potoloho. Re ne re potoloha Manitoba, e leng profinse ea Canada e tsebahalang ka mariha a batang haholo. Le hoja ho ne ho bata haholo, lerato la bara le barali ba bo rona ba moo, le ile la re futhumatsa. Re ile ra hlokomela hore taba ea hore na u sebeletsa u le hokae ha se ea bohlokoa, empa habohlokoa ke hore u tsoele pele ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe hore na u hokae.

KE ILE KA ITHUTA THUTO EA BOHLOKOA

Ka mor’a ho qeta lilemo tse ’maloa re etsa mosebetsi oa potoloho, re ile ra memeloa ho ea sebeletsa Bethele e Canada ka 1978. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka ithuta thuto e bohloko empa e le ea bohlokoa. Ke ile ka abeloa ho fana ka puo e nkang hora le halofo ka Sefora, sebokeng se khethehileng Montreal. Ka masoabi, ha kea ka ka fana ka puo eo ka cheseho, ’me mor’abo rona oa Lefapha la Tšebeletso o ile a mpha keletso mabapi le taba eo. Ho bua ’nete feela, nka be ke ile ka hlokomela ka nako eo, joalokaha ke hlokomela hona joale hore ha ke sebui se hloahloa. Ha kea ka amohela keletso eo mor’abo rona a neng a mpha eona. Puisano ea rona ha ea ka ea tsamaea hantle. Ke ne ke koatile hobane o ne a ntšoaea-tšoaea liphoso ho e-na le ho mpolella hore na ke hokae moo ke entseng hantle. Ke ile ka etsa phoso ea ho se mamele keletso ka lebaka la tsela eo e fanoeng ka eona le hobane ke sa utloisise motho ea faneng ka eona.

Ke ile ka ithuta thuto ea bohlokoa ka mor’a ho fana ka puo ka Sefora

Ka mor’a matsatsi a seng makae, setho sa Komiti ea Lekala se ile sa bua le ’na ka taba ena. Ke ile ka lumela hore ha kea ka ka amohela keletso ’me ka kopa tšoarelo. Ha ke tloha moo, ke ile ka buisana le mor’abo rona ea neng a mphile keletso ’me o ile a ntšoarela. Phihlelo ena e nthutile bohlokoa ba ho ikokobetsa ’me nke ke ka e lebala. (Liprov. 16:18) Ke ile ka rapela Jehova ka makhetlo ka taba ena ’me ke ikemiselitse hore le ka mohla, ke se ke ka hlola ke hana keletso.

E se e le lilemo tse ka holimo ho 40 ke sebetsa mona Bethele e Canada, ’me ho tloha ka 1985 ke ile ka abeloa ho sebeletsa ke le setho sa Komiti ea Lekala. Ka February 2021, mohats’a ka Sheila o ile a hlokahala. Ke mo hopola haholo. Ntle ho moo le ’na ke se ke kula. Tšebeletso ea Jehova e etsa hore ke lule ke phathahane ebile ke thabile hoo ‘ka seoelo ke hlokomelang hore matsatsi a ntse a feta.’ (Moek. 5:20) Ho na le mathata a mangata a ntlhahetseng bophelong, empa hape ho na le lintho tse ngata tse monate tse nketsahaletseng tse etsang hore ke lule ke thabile. Ho etsa hore Jehova e be eena ea tlang pele bophelong ba ka le ho qeta lilemo tse 70 ke le tšebeletsong ea nako e tletseng ho entse hore ke khotsofale bophelong. Ke rapella bara le barali ba bo rona ba bacha hore ba tsoele pele ho etsa hore Jehova e be eena ea tlang pele bophelong ba bona, hobane ke kholisehile hore ba tla phela bophelo bo khotsofatsang ba be ba fumane thabo e tlisoang feela ke ho sebeletsa Jehova.

a Sheba pale ea bophelo ea Marcel Filteau e nang le sehlooho se reng “Jehova ke Setšabelo le Matla a Ka,” ho Molula-Qhooa oa February 1, 2000.

b Ho fihlela ka 1957, karolo ena ea Afrika e ne e le kolone ea Brithani e bitsoang Gold Coast.

c Sheba pale ea bophelo ea Herbert Jennings e nang le sehlooho se reng “Ha le Tsebe Hore na Bophelo ba Lōna bo Tla ba Joang Hosasane” ho Molula-Qhooa oa December 1, 2000.

d Mor’abo rona Nathan H. Knorr o ne a etella pele mosebetsi oa rona ka nako eo.