MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) October 2016

Molula-Qhooa ona o na le lihlooho tse ithutoang tse tla sebelisoa ka la 28 November ho ea ho la 25 December, 2016.

PALE EA BOPHELO

Ke Ikitlaelletsa ho Etsisa Mehlala e Metle

Bakreste ba hōlileng tsebong ba ka thusa ba bang hore ba finyelle lipakane tsa moea. Thomas McLain o bolela kamoo ba bang ba ileng ba mo behela mohlala o motle kateng le hore na eena o entse’ng ho leka ho thusa ba bang.

“Le se ke la Lebala ho Amohela Baeti”

Molimo o talima batho ba tsoang linaheng tse ling joang? U ka etsa’ng ho thusa batho ba tsoang linaheng tse ling hore ba ikutloe ba phutholohile ka phuthehong?

Lula U na le Kamano e Ntle le Molimo le ha U Sebeletsa Tšimong ea Puo e ’Ngoe

Bakreste bohle ba lokela ho ameha ka ho sireletsa bomoea ba bona le ba malapa a bona. Empa haeba u sebeletsa tšimong ea puo e ’ngoe, u tobana le mathata a ikhethang.

Na U “Sireletsa Bohlale bo Sebetsang”?

Ke’ng e khethollang bohlale bo sebetsang ho tsebo le kutloisiso? Ho tseba phapang ho tla re tsoela molemo.

Matlafatsa Tumelo ea Hao Litšepisong Tsa Molimo

Ho na le mehlala e mengata ea tumelo ea batho ba mehleng ea boholo-holo le ba kajeno e ka re matlafatsang. U ka etsa’ng e le hore u lule u le matla tumelong?

E-ba le Tumelo Litšepisong Tsa Jehova

Ha e le hantle, tumelo ke eng? Habohlokoa le ho feta, u ka bontša tumelo joang?

Re U Lome Tsebe?

Baroma ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba file balaoli ba Bajuda bolokolohi bo bokae? Na ke ho utloahalang ho lumela hore mehleng ea boholo-holo, motho o ne a ka jala mofoka tšimong ea e mong?