Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

E-ba le Tumelo Litšepisong Tsa Jehova

E-ba le Tumelo Litšepisong Tsa Jehova

“Tumelo ke . . . bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.”—BAHEB. 11:1.

LIPINA: 54, 125

1. Re lokela ho nka tumelo ea Bokreste joang?

TUMELO ea Bokreste ke tšobotsi ea bohlokoa haholo. Hase batho bohle ba nang le eona. (2 Bathes. 3:2) Leha ho le joalo, Jehova o file morapeli e mong le e mong oa hae “tumelo.” (Bar. 12:3; Bagal. 5:22) Batho bohle ba nang le eona ba lokela ho e ananela.

2, 3. (a) Motho ea nang le tumelo o tla fumana litlhohonolofatso life? (b) Re tlil’o araba lipotso life?

2 Jesu Kreste o ile a re Ntate oa hae ea leholimong o sebelisa Mora oa hae ho hulela batho ho eena. (Joh. 6:44, 65) Ho ba le tumelo ho Jesu ho thusa motho hore a tšoareloe libe. Seo se boetse se bula monyetla oa ho thabela ho ba le kamano e ntle le Jehova ka ho sa feleng. (Bar. 6:23) Re entse’ng e le hore re be le tlhohonolofatso e babatsehang hakaale? Kaha re baetsalibe, ntho feela e re tšoanelang ke lefu. (Pes. 103:10) Empa Jehova o ile a bona hore re ka khona ho ba ba lokileng. Ka lebaka la mosa oa hae o sa re tšoaneleng, o ile a bula lipelo tsa rōna e le hore re amohele litaba tse molemo. Kahoo, re ile ra qala ho ba le tumelo ho Jesu, ’me ra ba le tšepo ea bophelo bo sa feleng.—Bala 1 Johanne 4:9, 10.

3 Empa ha e le hantle tumelo ke eng? Na ke ho utloisisa feela litlhohonolofatso tseo Molimo a re tšepisitseng tsona? Ho phaella moo, re ka bontša joang hore re na le tumelo?

“BONTŠA TUMELO KA PELONG EA HAO”

4. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha tumelo e se feela taba ea ho utloisisa morero oa Molimo.

4 Tumelo hase feela taba ea ho utloisisa morero oa Molimo. Ke matla a susumetsang motho hore a etse lintho tse tumellanong le thato ea Molimo. Ho ba le tumelo ho Molimo ho susumetsa motho hore a bolelle ba bang litaba tse molemo. Moapostola Pauluse o ile a re: “Haeba u bolela phatlalatsa ‘lentsoe leo le molomong oa hao,’ hore Jesu ke Morena, ’me u bontša tumelo ka pelong ea hao hore Molimo o ile a mo tsosa bafung, u tla pholoha. Kaha ka pelo motho o bontša tumelo bakeng sa ho loka, empa ka molomo motho o bolela phatlalatsa hore a bolokehe.”—Bar. 10:9, 10; 2 Bakor. 4:13.

5. Ke hobane’ng ha tumelo e le ea bohlokoa, hona re ka etsa’ng e le hore e lule e le matla? Etsa mohlala.

5 Ho hlakile hore, tšepo ea rōna ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo e itšetlehile ka hore re be le tumelo ’me re e boloke e le matla. Tumelo ea rōna e lokela ho lula e le matla feela joalokaha semela se hloka metsi e le hore se hōle. Ho fapana le semela sa maiketsetso, semela sa sebele se lula se fetoha. Sea shoa haeba se sa fumane metsi a lekaneng, empa sea hōla ha se hlokometsoe hantle. Haeba semela se sa fumane metsi a lekaneng qetellong se tla shoa. Hoa tšoana le ka tumelo ea rōna. E tla fela haeba re sa e matlafatse. (Luka 22:32; Baheb. 3:12) Empa haeba re lula re matlafatsa tumelo ea rōna e tla lula e tiile ebile e “hōla” ’me re tla ‘phela hantle tumelong.’—2 Bathes. 1:3; Tite 2:2.

BIBELE E HLALOSA TUMELO JOANG?

6. Baheberu 11:1 e hlalosa tumelo joang?

6 Ka Bibeleng tumelo e hlalosoa ho Baheberu 11:1. (E bale.) Tumelo e itšetlehile linthong tse peli tseo re sa li boneng: (1) “Lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona”—sena se ka ’na sa akarelletsa lintho tseo re li lebeletseng empa li e-s’o phethahale, joaloka bofelo ba tsamaiso ena ea lintho le ho tla ha lefatše le lecha. (2) “Lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” Temaneng ena, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “bopaki bo totobetseng” le bolela “bopaki bo kholisang” ba lintho tsa sebele tse sa bonoeng, joaloka ho lumela hore ho na le Jehova Molimo, Jesu Kreste, mangeloi le mesebetsi e etsoang ke ’Muso oa leholimong. (Baheb. 11:3) Re ka kholisa ba bang joang hore tšepo ea rōna ke ea sebele le hore re lumela lintho tse sa bonoeng tseo ho buuoang ka tsona ka Lentsoeng la Molimo? Ka mantsoe a rōna le liketso, kaha ntle ho tsona tumelo ea rōna e tla be e sa fella.

7. Mohlala oa Noe o re thusa joang ho utloisisa hore na ho ba le tumelo ho bolela’ng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

7 Ha Baheberu 11:7 e bua ka tumelo eo Noe a ileng a e bontša e re: “Ka mor’a ho fuoa temoso ea bomolimo ea lintho tse e-s’o bonoe, o ile a bontša tšabo ea bomolimo eaba o haha areka bakeng sa ho pholosa ba ntlo ea hae.” Noe o ile a bontša hore o na le tumelo ka hore a hahe areka e khōlō. Ha ho pelaelo hore baahelani ba hae ba ile ba mo botsa hore na ke hobane’ng ha a haha ntho e khōlō hakaalo. Na Noe o ile a ithōlela feela kapa a re ba khaohane le eena? Che! Tumelo e ile ea mo susumelletsa ho ba pakela ka sebete le ho ba hlokomelisa hore Molimo o tl’o tlisa kahlolo. Ho ka etsahala hore Noe o ile a ba phetela mantsoe ao Jehova a a buileng ho eena ha a re: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka, hobane lefatše le tletse pefo ka lebaka la bona. . . Ke tlisa moroallo oa metsi holim’a lefatše ho felisa nama eohle eo matla a bophelo a sebetsang ho eona tlas’a maholimo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng e tla shoa.” Ha ho pelaelo hore Noe o ile a hlalosetsa batho hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba pholohe, ’me a ba bolella hore Molimo o itse ho eena: “U tla kena ka arekeng.” Kahoo, Noe o ile a bontša tumelo ka hore ebe “’moleli oa ho loka.”—Gen. 6:13, 17, 18; 2 Pet. 2:5.

8. Morutuoa Jakobo o ile a bululeloa hore a hlalose se boleloang ke tumelo ea Bokreste joang?

8 Ho ka etsahala hore lengolo la Jakobo le ngotsoe nakoana ka mor’a hore moapostola Pauluse a bululeloe ho hlalosa se boleloang ke tumelo. Joaloka Pauluse, Jakobo o ile a hlalosa hore tumelo ea Bokreste hase feela taba ea ho lumela; empa e bonahatsoa ka liketso. Jakobo o ile a re: “Mpontše tumelo ea hao kantle le mesebetsi, ’me ’na ke tla u bontša tumelo ea ka ka mesebetsi ea ka.” (Jak. 2:18) Jakobo o ile a tsoela pele ’me a bontša phapang pakeng tsa ho lumela feela le ho bontša hore motho o na le tumelo. Bademona baa lumela hore Molimo o teng, empa ha ba na tumelo ea sebele. Ho e-na le hoo, ba etsa lintho tse khahlanong le morero oa Molimo. (Jak. 2:19, 20) Empa ha Jakobo a bua ka monna e mong oa mehleng ea khale ea neng a e-na le tumelo, o ile a botsa a re: “Na ha hoa ka ha boleloa hore ntat’a rōna Abrahama o lokile ka mesebetsi ka mor’a hore a nyehele mora oa hae Isaka aletareng? Ua bona hore tumelo ea hae e ile ea sebetsa hammoho le mesebetsi ea hae ’me ka mesebetsi ea hae tumelo ea hae e ile ea etsoa e phethahetseng.” Jakobo o ile a hatisa ntlha ea hore tumelo e lokela ho bonahatsoa ka liketso, a re: “Joalokaha ’mele o se nang moea o shoele, kahoo le tumelo e se nang mesebetsi e shoele.”—Jak. 2:21-23, 26.

9, 10. Moapostola Johanne o re thusa joang hore re elelloe bohlokoa ba ho ba le tumelo?

9 Lilemo tse mashome a mararo hamorao, moapostola Johanne o ile a ngola Kosepele ea hae le mangolo a mang a mararo. Na o ne a utloisisa botebo ba se boleloang ke seo bangoli ba bang ba Bibele ba ileng ba bululeloa ho se ngola mabapi le tumelo ea sebele? Johanne o sebelisitse leetsi la Segerike le atisang ho fetoleloa e le “ho bontša tumelo,” hangata ho feta bangoli ba bang ba Bibele.

10 Ka mohlala, Johanne o ile a re: “Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng; ea sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, empa khalefo ea Molimo e sala holim’a hae.” (Joh. 3:36) Ho ba le tumelo ho akarelletsa ho bontša hore re mamela litaelo tseo Jesu a re fileng tsona. Johanne o ile a qotsa khafetsa mantsoe a Jesu a bontšang hore ho hlokahala re tsoele pele re bontša tumelo.—Joh. 3:16; 6:29, 40; 11:25, 26; 14:1, 12.

11. Re ka bontša joang hore re ananela hore ebe re ithutile ’nete?

11 Re lokela ho leboha Jehova hore ebe o sebelisitse moea oa hae o halalelang ho re senolela ’nete le ho re nolofalletsa ho bontša tumelo! (Bala Luka 10:21.) Re lokela ho mo leboha kamehla hore ebe o re huletse ho eena ka Mora oa hae, e leng “Moemeli ea ka Sehloohong le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna.” (Baheb. 12:2) E le hore re bontše hore re ananela mosa ona o sa re tšoaneleng, re lokela ho lula re matlafatsa tumelo ea rōna ka ho rapela le ho ithuta Lentsoe la Molimo.—Baef. 6:18; 1 Pet. 2:2.

Bontša hore u na le tumelo ka ho paka neng le neng ha monyetla o hlaha (Sheba serapa sa 12)

12. Re lokela ho etsa’ng e le hore re bontše hore re na le tumelo?

12 Re lokela ho lula re bontša hore re na le tumelo litšepisong tsa Jehova. ’Me re etse sena ka tsela e tla totobala ho bohle. Ka mohlala, re lokela ho phatlalatsa ’Muso oa Molimo ’me re etse batho barutuoa. Re boetse re lokela ho sebetsa “se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.” (Bagal. 6:10) Re ikitlaelletse ‘ho hlobola botho ba khale le litloaelo tsa bona,’ ’me re itebele khahlanong le ntho leha e le efe e ka senyang kamano ea rōna le Molimo.—Bakol. 3:5, 8-10.

MOTHEO OA TUMELO EA RŌNA

13. Ho ba le “tumelo ho Molimo” ke habohlokoa hakae, ’me ho ka tšoantšoa le eng, hona hobane’ng?

13 Bibele e re: “Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho mo khahlisa, kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheb. 11:6) Lentsoe la Molimo le re motho o lokela ho ba le “tumelo ho Molimo” e le “motheo” oa hore ebe Mokreste oa ’nete. (Baheb. 6:1) Kahoo, Mokreste o lokela ho ba le litšobotsi tse ling tsa bohlokoa e le hore a “ipoloke leratong la Molimo.”—Bala 2 Petrose 1:5-7; Juda 20, 21..

14, 15. Tumelo ke ea bohlokoa hakae ha e bapisoa le lerato?

14 Bangoli ba Bibele ba buile ka bohlokoa ba ho ba le tumelo ka makhetlo a makholo. Ha ho na tšobotsi e ’ngoe ea Bokreste eo ho buuoang khafetsa ka eona joaloka ena. Na see se bolela hore tumelo ke eona tšobotsi ea bohlokoa ka ho fetisisa ea Bokreste?

15 Ha Pauluse a bapisa tumelo le lerato o ile a re: “Haeba ke e-na le tumelo eohle hore ke tlose lithaba ho li isa sebakeng se seng, empa ke se na lerato, ha ke letho.” (1 Bakor. 13:2) Jesu o ile a totobatsa hore ho rata Molimo ke habohlokoa ka ho fetisisa ha a araba potso e reng: “Taelo e khōlō ke efe Molaong?” (Mat. 22:35-40) Lerato le akaretsa litšobotsi tse ngata tsa Bokreste, ho akarelletsa le tumelo. Bibele e re, “Lerato . . . le lumela lintho tsohle.” Le lumela lintho tsohle tseo Molimo a li buileng ka Lentsoeng la hae.—1 Bakor. 13:4, 7.

16, 17. Mangolo a totobatsa bohlokoa ba lerato le tumelo joang, empa e khōlō ho tsona ke efe, hona hobane’ng?

16 Kaha bangoli ba Bibele ba ne ba tseba hore tumelo le lerato ke tsa bohlokoa, ba ile ba matahanya litšobotsi tsena ka makhetlo a ’maloa, hangata e bile e le polelong e le ’ngoe. Pauluse o ile a khothalletsa barab’abo hore ba “apare tšireletso ea sefuba ea tumelo le lerato.” (1 Bathes. 5:8) Petrose o ile a re: “Le hoja ho se mohla le kileng la . . . bona [Jesu], lea mo rata. Le hoja le sa mo talima hona joale, empa leha ho le joalo le bontša tumelo ho eena.” (1 Pet. 1:8) Jakobo o ile a botsa barab’abo ba batlotsuoa a re: “Molimo o khethile mafutsana mabapi le lefatše hore e be a ruileng tumelong le majalefa a ’muso, oo a o tšepisitseng ba mo ratang, na ha ho joalo?” (Jak. 2:5) Johanne le eena o ile a re: “Ena ke taelo ea [Molimo], hore re be le tumelo lebitsong la Mora oa hae Jesu Kreste le hore re ratane.”1 Joh. 3:23.

17 Le hoja tumelo e le tšobotsi ea bohlokoa, ha re na ho e hloka ha litšepiso tsa Molimo li phethahala ’me lintho tseo re li lebeletseng li etsahala. Empa ho tla ’ne ho hlokahale hore re rate Molimo le baahelani ba rōna. Ke kahoo, Pauluse a ileng a re: “Leha ho le joalo, ho sala tumelo, tšepo, lerato, tsena tse tharo; empa e khōlō ho tsona ke lerato.”—1 Bakor. 13:13.

JEHOVA O HLOHONOLOFALITSE TUMELO EA RŌNA

18, 19. Jehova o re hlohonolofalitse joang kajeno ka lebaka la ho ba le tumelo, hona see se lokela ho re susumelletsa ho etsa’ng?

18 Mehleng ena, bahlanka ba Jehova ba ’nile ba bontša hore ba na le tumelo ’Musong oa Molimo o hlonngoeng. Sena se entse hore ba momahane lefatšeng lohle, le hoja ba le ka holimo ho limilione tse robeli. Ke litho tsa mokhatlo o bonahatsang tholoana ea moea oa Molimo. (Bagal. 5:22, 23) Jehova o re hlohonolofalitse hakaakang ka lebaka la ho ba le tumelo le lerato la Bokreste!

19 Ha ho motho ea ka etsang sena. Haese Jehova feela. Mosebetsi ona o babatsehang oa Jehova “e tla ba ntho e tsebahalang [le] pontšo e ke keng ea felisoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Esa. 55:13) Ha ho pelaelo hore “mpho ea Molimo” ke hore ‘re pholosoe ka tumelo.’ (Baef. 2:8) Mokhatlo oa rōna o momahaneng o tla tsoela pele ho hōla le ho atleha ho fihlela lefatše lohle le tletse batho ba phethahetseng, ba lokileng le ba thabileng thorisong ea lebitso la Jehova. E se eka re ka tsoela pele re e-na le tumelo litšepisong tsa Jehova!