Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula U na le Kamano e Ntle le Molimo le ha U Sebeletsa Tšimong ea Puo e ’Ngoe

Lula U na le Kamano e Ntle le Molimo le ha U Sebeletsa Tšimong ea Puo e ’Ngoe

“Ke bolokile polelo ea hao ka pelong ea ka.”—PES. 119:11.

LIPINA: 142, 92

1-3. (a) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng ho sa tsotellehe maemo a rōna? (b) Batho ba ithutang puo e ’ngoe ba tobana le mathata afe, hona see se phahamisa lipotso life? (Sheba setšoantšo se qalong.)

KAJENO Lipaki Tsa Jehova tse likete li ikakhetse ka setotsoana mosebetsing oa ho phatlalatsa litaba tse molemo ‘sechabeng se seng le se seng le molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang.’ (Tšen. 14:6) Na u e mong oa ba ntseng ba ithuta puo e ’ngoe? Na mohlomong u moromuoa kapa u sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo naheng e ’ngoe, kapa u se u kopanela le phutheho ea puo e ’ngoe naheng ea heno?

2 Kaofela re lokela ho ela hloko kamano ea rōna le Molimo le ea ba malapa a rōna. (Mat. 5:3) Leha ho le joalo, ka linako tse ling re ka ’na ra thatafalloa ho ba le nako ea ho ithuta hobane re phathahane. Empa batho ba sebeletsang naheng e ’ngoe ba tobana le bothata bo bong hape.

3 Ho phaella tabeng ea ho ithuta puo e ’ngoe, ba boetse ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba matlafatsa kamano ea bona le Molimo ka ho ithuta Lentsoe la Molimo kamehla. (1 Bakor. 2:10) Ba ka etsa see joang haeba ba sa khone ho utloisisa hantle puo e buuoang phuthehong ea habo bona? ’Me ke hobane’ng ha batsoali ba Bakreste ba lokela ho etsa bonnete ba hore Lentsoe la Molimo le finyella lipelo tsa bana ba bona?

SE KA THEFULANG KAMANO EA RŌNA LE MOLIMO

4. Ke eng se ka thefulang kamano ea rōna le Molimo? Etsa mohlala.

4 Ho se khone ho utloisisa hantle seo Lentsoe la Molimo le se rutang ka puo e ’ngoe ho ka thefula kamano ea rōna le Molimo. Lekholong la bohlano la lilemo mehleng ea pele ho Kreste, Nehemia o ile a tšoenyeha ha a hlokomela hore bana ba bang ba Bajuda ba neng ba khutletse Jerusalema ho tsoa Babylona ba ne ba sa tsebe ho bua Seheberu. (Bala Nehemia 13:23, 24.) Bana bao ba ne ba sa khone ho latela litaelo tsa Molimo ka ho feletseng, kaha ba ne ba sa utloisise hantle melao ea hae.—Neh. 8:2, 8.

5, 6. Batsoali ba bang ba sebeletsang naheng e ’ngoe ba hlokometse’ng, hona hobane’ng?

5 Batsoali ba bang ba Bakreste ba sebeletsang naheng e ’ngoe ba hlokometse hore thahasello ea bana ba bona lithutong tsa Molimo e thefulehile. Kaha bana ba ne ba sa utloisise hantle se rutoang Holong ea ’Muso, kamano ea bona le Molimo e ne e sa khone ho hōla. Pedro [1] oa Amerika Boroa ea ileng a fallela Australia le lelapa la hae o re: “E le hore kamano ea rōna le Molimo e matlafale, re lokela ho ameha pelo le maikutlo.”—Luka 24:32.

6 Ha re bala ka puo e ’ngoe, seo re ithutang sona se ka ’na sa se thopothele lipelong tsa rōna hantle joalokaha re bala ka puo ea rōna. Ho feta moo, ho se khone ho itlhalosa hantle ka puo e ’ngoe ho ka re khathatsa kelellong le maikutlong. Kahoo, ha re ntse re ikitlaetsa ho sebeletsa Jehova naheng e ’ngoe, re lokela ho sireletsa kamano ea rōna le Molimo.—Mat. 4:4.

BA ILE BA SIRELETSA KAMANO EA BONA LE MOLIMO

7. Bababylona ba ile ba etsa’ng ho leka ho susumetsa Daniele hore a latele meetlo ea bona?

7 Ha Daniele le bo-mphato ba hae ba le botlamuoeng, Bababylona ba ile ba leka ho ba susumetsa hore ba latele meetlo ea bona ka ho ba ruta “puo ea Bakalde.” Ho phaella moo, molaoli oa lekhotla ea neng a ba koetlisa o ile a ba reha mabitso a Sebabylona. (Dan. 1:3-7) Daniele o ile a rehoa lebitso la Beltsatsare le akarelletsang la molimotsana ea ka sehloohong oa Bababylona, e leng Bel. Ho ka etsahala hore Morena Nebukadnezare o ne a batla hore Daniele a nke hore Molimo oa hae, Jehova, o ka tlaase ho molimotsana eo oa Bababylona.—Dan. 4:8.

8. Ke eng e ileng ea thusa Daniele hore a lule a e-na le kamano e ntle le Molimo le ha a lula naheng e ’ngoe?

8 Le hoja ho ne ho itsoe Daniele a ka ja limenyemenye tsa morena, o ile a “etsa qeto ka pelong ea hae” hore a ke ke “a itšilafatsa.” (Dan. 1:8) Kaha o ile a tsoela pele a ithuta “libuka” tse halalelang ka puo ea hae, o ile a lula a e-na le kamano e ntle le Molimo ha a le naheng e ’ngoe. (Dan. 9:2) Ke kahoo le ka mor’a lilemo tse 70 a le Babylona, a neng a ntse a bitsoa ka lebitso la hae la Seheberu.—Dan. 5:13.

9. Lentsoe la Molimo le ile la thusa mongoli oa Pesaleme ea 119 joang?

9 Mongoli oa Pesaleme ea 119 o ile a matlafatsoa ke Lentsoe la Molimo hore a lule e le mokhelo. O ile a tlameha ho mamella ho songoa ke ba boreneng. (Pes. 119:23, 61) Empa, o ile a lumella Lentsoe la Molimo hore le mo finyelle pelo.—Bala Pesaleme ea 119:11, 46.

LULA U E-NA LE KAMANO E NTLE LE MOLIMO

10, 11. (a) Sepheo sa rōna e lokela ho ba sefe ha re ithuta Lentsoe la Molimo? (b) Re ka finyella sepheo sa rōna joang? Etsa mohlala.

10 Le hoja e ka ’na eaba re phathahane ka mesebetsi ea phutheho le ea boipheliso, kaofela re lokela ho ipha nako ea ho ithuta le ea ho tšoara borapeli ba lelapa. (Baef. 5:15, 16) Empa sepheo sa rōna ha ea lokela ho ba ho bala maqephe a itseng feela kapa ho araba libokeng. Re batla ho etsa bonnete ba hore re lumella Lentsoe la Molimo ho re finyella lipelo le ho matlafatsa tumelo ea rōna.

11 E le hore re finyelle seo, ha rea lokela ho bala ka sepheo sa ho thusa ba bang feela empa re boetse re lokela ho ameha ka kamano ea rōna le Molimo. (Bafil. 1:9, 10) Re lokela ho hopola hore lintho tse ling tseo re ithutang tsona ha re lokisetsa ho ea tšimong le libokeng, kapa ho ea fana ka puo ha lia tobisoa ho rōna. Ka mohlala: Le hoja seapehi se lokela ho latsoa lijo tseo se li phehileng, se ke ke sa phela feela ka lijo tseo se li latsoang. Haeba se batla ho lula se phetse hantle, se lokela ho iphehela lijo tse nang le phepo. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho matlafatsa tumelo ea rōna ka ho iphepa Lentsoe la Molimo.

12, 13. Ke hobane’ng ha ba bang ba sebeletsang tšimong ea puo e ’ngoe ba bone ho le molemo hore ba ithute ka puo ea bona?

12 Ba bang ba sebeletsang tšimong ea puo e ’ngoe ba bone ho le molemo hore kamehla ba ithute Bibele ka puo eo ba e antseng. (Lik. 2:8) Esita le baromuoa baa tseba hore e le hore ba lule ba le matla tumelong, ha baa lokela ho itšetleha feela ka seo ba ithutang sona libokeng.

13 Alain, ea nang le lilemo tse ka bang robeli a ithuta Sepersia, o re: “Ha ke lokisetsa liboka ka Sepersia, ke ameha haholo ka puo. Kaha kelello ea ka e amehile ka puo, seo ke se balang hase khone ho thopothela pelong ea ka. Ke kahoo, ke iphang nako ea ho bala Bibele le lingoliloeng tse ling ka puo ea ka.”

FINYELLA BANA BA HAO PELO

14. Batsoali ba lokela ho netefatsa eng, hona hobane’ng?

14 Batsoali ba Bakreste ba etsa hantle ha ba netefatsa hore Lentsoe la Molimo le finyella likelello le lipelo tsa bana ba bona. Ka mor’a hore Serge le mohats’a hae, Muriel ba qete lilemo tse ka holimo ho tse tharo ba sebeletsa tšimong ea puo e ’ngoe, ba ile ba hlokomela hore mor’a bona ea lilemo li 17 ha a sa thabela ho ea tšebeletsong ea tšimo. Muriel o re: “O ne a tsoafa ho ea tšimong ea puo e ’ngoe, le hoja pele a ne a thabela ho paka ka Sefora, e leng puo eo a e antseng letsoeleng.” Serge o re: “Ha re hlokomela hore ha re le tlhokahalong seo se mo sitisa ho hatela pele, re ile ra etsa qeto ea ho khutlela phuthehong eo re tsoang ho eona.”

Tiisa hore ’nete e finyella bana ba hao pelo (Sheba serapa sa 14 le 15)

15. (a) Ke lintho life tse ka susumetsang batsoali hore ba khutlele phuthehong ea puo eo bana ba e utloisisang hantle? (b) Deuteronoma 6:5-7 e re batsoali ba lokela ho etsa’ng?

15 Ke lintho life tse ka susumetsang batsoali hore ba khutlele phuthehong ea puo eo bana ba e utloisisang hantle? Ea pele, ba lokela ho ela hloko hore na ba na le nako e lekaneng ea ho susumetsa bana hore ba rate Jehova, ha ka lehlakoreng le leng ba ntse ba ba ruta puo e ’ngoe. Ea bobeli, ba ka ’na ba elelloa hore bana ha ba thahaselle ho ea tšimong eo ho buuoang puo e ’ngoe. Maemong ana, batsoali ba Bakreste ba ka ’na ba etsa qeto ea ho khutlela phuthehong ea puo eo bana ba e utloisisang, ho fihlela ba se ba tiile hantle tumelong.—Bala Deuteronoma 6:5-7.

16, 17. Batsoali ba bang ba entse’ng ho koetlisa bana ba bona ha ba ntse ba le tšimong ea puo e ’ngoe?

16 Ka lehlakoreng le leng, batsoali ba bang ba fumane litsela tsa ho ruta bana ka puo ea bona, ha ba ntse ba kopanela le phutheho kapa sehlopha sa puo e ’ngoe. Charles le barali ba hae ba bararo ba lilemo li pakeng tsa 9 le 13, ba kopanela sehlopheng sa puo ea Selingala. O re: “Re entse qeto ea hore ha re ba ruta le ha re tšoara borapeli ba lelapa re sebelise puo ea rōna. Empa re boetse re ba le nako ea ho itlhakisa le ea ho etsa lipapali ka Selingala, e le hore ba natefeloe ho ithuta puo eo.”

Ikitlaelletse ho ithuta puo ea moo u lulang ’me u arabe ka libokeng (Sheba serapa sa 16 le 17)

17 Ntate e mong ea bitsoang Kevin ea nang le barali ba babeli, e mong a le lilemo li hlano ’me e mong li le robeli, o leka ka thata ho ba ruta, kaha ha ba le libokeng lintho tse ling ha ba li utloisise ka lebaka la puo. O re: “’Na le mofumahali oa ka re ithuta le bona ka Sefora, e leng puo ea rōna. Re boetse re iketselitse pakane ea ho ea libokeng tsa Sefora hanngoe khoeling, ’me ha re ileng phomolong re nka monyetla oo ho ea kopanong ea puo ea rōna.”

18. (a) Molao-motheo o ho Baroma 15:1, 2 o ka thusa batsoali joang hore ba ele hloko se molemong oa bana ba bona? (b) Batsoali ba bang ba fane ka litlhahiso life? (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.)

18 Ke ’nete hore batsoali lelapeng ka leng ba lokela ho khetha hore na tsela e molemo ke efe e tla thusa bana hore ba tiee tumelong. [2] (Bagal. 6:5) Muriel, ea qotsitsoeng pejana, o re eena le monna oa hae ba ile ba lokela ho tlohela seo ba neng ba se rata molemong oa mora oa bona. (Bala Baroma 15:1, 2.) Ha Serge a hetla morao o oa hlokomela hore ba entse qeto e nepahetseng. O re: “Eitse ha re khutlela phuthehong ea Sefora mora oa rōna a hatela pele a ba a kolobetsoa. Hona joale ke pula-maliboho oa kamehla. O bile o ntse a nahana ho ea sehlopheng sa puo e ’ngoe!”

LUMELLA LENTSOE LA MOLIMO LE U FINYELLE PELO

19, 20. Re ka bontša joang hore re rata Lentsoe la Molimo?

19 Lerato le ile la susumetsa Jehova hore a etse hore Lentsoe la hae Bibele le fumanehe ka lipuo tse makholo e le hore ‘batho ba mefuta eohle ba ka pholoha ’me ba fihla tsebong e nepahetseng ea ’nete.’ (1 Tim. 2:4) Molimo o oa tseba hore batho ba ka matlafatsa kamano ea bona le eena ha ba bala Lentsoe la hae ka puo e ba finyellang lipelo.

20 Ho sa tsotellehe maemo a rōna, re lokela ho ikemisetsa ho matlafatsa tumelo ea rōna ka ho iphepa Lentsoe la Molimo ka puo e re finyellang lipelo. Ha re etsa joalo, re tla lula re e-na le kamano e ntle le Molimo le ba malapa a rōna ’me re tla bontša hore re fela re rata Lentsoe la Molimo.—Pes. 119:11.

^ [1] (serapeng sa 5) Mabitso a fetotsoe.

^ [2] (serapeng sa 18) E le hore u fumane melao-motheo ea Bibele e ka u thusang ho ruta bana, sheba Molula-Qhooa oa October 15, 2002, sehloohong se reng “Mathata le Meputso ea ho Hōlisetsa Bana Naheng Esele.