MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) September 2016

Molula-Qhooa ona o na le lihlooho tse ithutoang tse tla sebelisoa ka la 24 October ho ea ho la 27 November, 2016.

‘Matsoho a Hao a se ke a Tepella’

Jehova o matlafatsa le ho khothatsa bahlanka ba hae joang? U ka etsa se tšoanang joang?

Tsoela Pele U Loanela Hore Jehova a U Hlohonolofatse

Bahlanka ba Molimo ba tobana le mathata a mangata ha ba ntse ba loanela hore a ba amohele. Empa baa a hlōla!

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

“Lentsoe la Molimo” leo Baheberu 4:12 e reng “lea phela ’me le fana ka matla” ke eng?

Ho Sireletsa Litaba Tse Molemo ka Pel’a ba Boholong

Ho na le seo re ka ithutang sona tseleng eo moapostola Pauluse a ileng a sebetsana le ba boholong mehleng ea hae ka eona.

Na Tsela eo U Aparang ka Eona e Tlotlisa Molimo?

Melao-motheo ea Mangolo e ka re thusa.

Rua Molemo Tataisong eo Jehova a Fanang ka Eona

Lipaki tsa Poland le Fiji li etsa liqeto tse bohlale.

Bacha, Matlafatsang Tumelo ea Lōna

Na u ikutloa u qobelleha ho lumela lithuto tse tloaelehileng joaloka ea ho iphetola ha lintho ho e-na le ea hore ho na le ’Mōpi? Haeba ho joalo, sehlooho sena se tla u thusa.

Batsoali, Thusang Bana ba Lōna ho Ikaha Tumelong

Na ka linako tse ling u ee u ikutloe u le mosesaane hore u ka ruta bana ba hao? Mehato e mene e ka u thusang.