Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha, Matlafatsang Tumelo ea Lōna

Bacha, Matlafatsang Tumelo ea Lōna

“Tumelo ke . . . bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.”—BAHEB. 11:1.

LIPINA: 41, 69

1, 2. Bacha ba ka ’na ba tobana le bothata bofe, hona ba ka sebetsana le bona joang?

NGOANA e mong oa sekolo o ile a re ho morali’abo rōna oa Brithani: “U bonahala u hlalefile hore ebe u lumela hore Molimo o teng.” Mor’abo rōna oa Jeremane o ile a ngola, a re: “Matichere a nka hore seo Bibele e se buang ka pōpo ke tšōmo. A nahana hore liithuti kaofela li lumela hore lintho li iphetotse.” Morali’abo rōna oa Fora eena o re: “Matichere aa makala sekolong hore ebe ho na le bana ba ntseng ba lumela seo Bibele e se rutang.”

2 Joaloka mocha ea sebeletsang Jehova kapa ea ntseng a ithuta ka eena, na u ikutloa u le tlas’a khatello ea ho lumela seo bongata bo se lumelang, joaloka hore lintho li iphetotse, ho e-na le ho lumela hore li entsoe ke Molimo? Haeba ho joalo, ho na le mehato eo u ka e nkang ho matlafatsa tumelo ea hao le ho e boloka e le matla. Har’a tse ling u ka sebelisa matla a ho nahana ao Molimo a u fileng ’ona, kaha “a tla u lebela.” A tla u sireletsa lifilosofing tsa lefatše tse ka u lihang tumelong.—Bala Liproverbia 2:10-12.

3. Re tlil’o tšohla eng sehloohong see?

3 Tumelo ea sebele e thehiloe tsebong e nepahetseng ka Molimo. (1 Tim. 2:4) Kahoo, u se ke ua okola boitsebiso ka holimo feela ha u ithuta Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tsa rōna tsa Bokreste. Sebelisa matla a ho nahana e le hore ‘u utloisise’ seo u se balang. (Mat. 13:23) A re bone kamoo ho etsa seo ho ka u thusang kateng ho matlafatsa tumelo ea hao tabeng ea hore Molimo ke ’Mōpi le hore seo Bibele e se buang ke ’nete, etsoe ho na le bopaki bo bongata bo kholisang lintlheng tsena.—Baheb. 11:1.

KAMOO U KA MATLAFATSANG TUMELO EA HAO KATENG

4. Ke hobane’ng ha ho hlokahala tumelo tabeng ea hore Molimo o teng le hore lintho tse phelang li bile teng joang, hona re lokela ho etsa’ng e le hore re fihlele qeto e utloahalang?

4 Na hase ’nete hore batho ba lumelang hore lintho li iphetotse ba re ba na le bopaki ba saense, empa ho hlokahala tumelo hore motho a lumele hore Molimo o teng? Batho ba bangata ba nahana joalo. Empa re lokela ho hopola sena: Ho hlokahala hore motho a be le tumelo, ho sa tsotellehe hore na o lumela hore Molimo o teng kapa hore lintho li iphetotse. Hobane’ng? Ha ho motho ea kileng a bona Molimo, kapa a bona ha lintho li bōptjoa. (Joh. 1:18) ’Me ha ho motho, ebang ke rasaense kapa che, ea kileng a bona ntho e itseng e iphetola ho ba ea mofuta o mong. Ka mohlala, ha ho na motho ea kileng a bona sehahabi se fetoha phoofolo e anyesang. (Jobo 38:1, 4) Kahoo, kaofela ha rōna re lokela ho hlahloba bopaki, ’me re sebelise matla a rōna a ho nahana ho etsa liqeto tse utloahalang. Ha moapostola Pauluse a bua ka pōpo, o ile a re: “Litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng, hoo ba se nang boikemelo.”—Bar. 1:20.

Sebelisa likhatiso tse fumanehang ka puo ea heno ha u buisana le ba bang (Sheba serapa sa 5)

5. Re lokiselitsoe lintho life ho re thusa ho sebelisa matla a rōna a temoho?

5 “Ho lemoha” ho bolela ho hlokomela ntho e sa bonahaleng habonolo kapa e sa totobalang. (Baheb. 11:3) Batho ba nang le temoho ha ba sebelise mahlo le litsebe feela, empa ba sebelisa le kelello. Mokhatlo oa Jehova o re lokiselitse likhatiso tse ngata tse etselitsoeng lipatlisiso ho re thusa. Li re nolofalletsa ‘ho bona’ ’Mōpi oa rōna ka mahlo a tumelo. (Baheb. 11:27) Li akarelletsa video ea The Wonders of Creation Reveal God’s Glory, bukana ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? le ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking, hammoho le buka ea Is There a Creator Who Cares About You? Limakasine tsa rōna le tsona li re fa boitsebiso bo re thusang ho nahana ka botebo. Hangata Tsoheng! ho hlahisoa puisano eo mongoli a bileng le eona le bo-rasaense le batho ba bang ba hlalosang hore na ke’ng e entseng hore ba lumele hore Molimo o teng. Letoto la lihlooho le reng “Na e Entsoe?” le totobatsa boqapi bo hlollang boo re bo bonang linthong tsa tlhaho. Bo-rasaense ba lula ba leka ho etsisa boqapi bona bo babatsehang.

6. Re rua molemo joang ha re sebelisa litokisetso tseo re li etselitsoeng, hona li u ruisitse molemo joang?

6 Mor’abo rōna e mong oa United States ea lilemo li 19, o ile a re ka libukana tse peli tse boletsoeng ka holimo: “Li nthusitse haholo. Ke li balile ka makhetlo a mangata.” Morali’abo rōna oa Fora o ile a re: “Ke rata sehlooho se reng ‘Na e Entsoe?’ Lihlooho tseo li mpontša hore bo-rasaense ba leka ho kopitsa lintho tsa tlhaho, empa ha ba khone ho li etsisa ka ho feletseng kaha li entsoe ka tsela e rarahaneng.” Batsoali ba ngoanana e mong ea lilemo li 15 oa Afrika Boroa, ba re: “Sehlooho seo morali oa rōna a ratang ho qala ka sona ha a bala Tsoha! ke sa ‘Puisano.’” Uena? Na u sebelisa litokisetso tsee tseo re li etselitsoeng? Li ka etsa hore tumelo ea hao e be matla joaloka metso ea sefate se metseng ka ho teba. Ka tsela eo, tumelo ea hao e tla u nolofalletsa ho mamella lifefo tse matla tsa lithuto tsa bohata.—Jer. 17:5-8.

TŠEPA BIBELE

7. Ke hobane’ng ha Molimo a batla hore u sebelise matla a hao a ho nahana?

7 Na ho fosahetse ho ipotsa hore na Bibele e nepahetse? Che! Jehova o batla hore u sebelise ‘matla a hao a ho nahana’ ho ikholisa hore seo e se buang ke ’nete. Ha a batle hore u lumele hobane feela ba bang ba lumela. Kahoo, sebelisa matla a hao a ho nahana ho fumana tsebo e nepahetseng. Tsebo eo e ka ba motheo o tiileng oa tumelo ea sebele. (Bala Baroma 12:1, 2; 1 Timothea 2:4.) Tsela e ’ngoe eo u ka khethang ho etsa seo ka eona ke ka ho ithuta lihlooho tse itseng.

8, 9. (a) Re ka ’na ra khetha ho ithuta lihlooho life? (b) Ba bang ba ruile molemo joang ka ho thuisa ka seo ba se balang?

8 Ba bang ba khethile ho ithuta boprofeta kapa histori e tlalehiloeng ka Bibeleng le ho fuputsa hore na litlaleho tsa Bibele li lumellana le seo baepolli ba lintho tsa khale le bo-rasaense ba se fumaneng kapa che. Boprofeta bo bong bo hlollang ke bo tlalehiloeng ho Genese 3:15. Temana eo e kenyelletsa taba e ka sehloohong eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng, e leng ho tlosoa ha qoso bobusing ba Molimo le ho halaletsoa ha lebitso la hae. Temaneng eo ho sebelisitsoe puo ea tšoantšetso ho bontša kamoo Jehova a tlang ho felisa mathata ’ohle ao batho ba bileng le ’ona ho tloha Edene. U ka ’na ua ithuta boprofeta bo ho Genese 3:15 joang? Tsela e ’ngoe e ka ba ka ho etsa chate e bontšang tatellano ea liketsahalo. U ka thathamisa litemana tse bontšang kamoo Molimo a ’nileng a senola butle-butle kateng batho ba neng ba tla phethahatsa boprofeta boo le tsela eo bo neng bo tla phethahala ka eona. Ha ho pelaelo hore ha u bona kamoo litemana tsena li lumellanang kateng, u tla elelloa hore baprofeta le bangoli ba Bibele ba ne ba “khannoa ke moea o halalelang.”—2 Pet. 1:21.

9 Mor’abo rōna e mong oa Jeremane o re: “Sehlooho sa Bibele se hlahella likarolong tsohle tsa eona. Bibele e momahane le hoja e ngotsoe ke batho ba ka bang 40. Ba phetse ka linako tse sa tšoaneng ’me ba bang ba bona ba ne ba bile ba sa tsebane.” Morali’abo rōna e mong oa Australia o ile a angoa ke sehlooho sa thuto ea Molula-Qhooa oa December 15, 2013 se neng se hlalosa se boleloang ke Paseka. Mokete oo o ikhethang o amana haufi-ufi le se boletsoeng ho Genese 3:15 mabapi le ho tla ha Mesia. Morali’abo rōna o re: “Thuto eo e ile ea mpula mahlo hore ke bone kamoo liketso tsa Jehova li babatsehang kateng. Ke ile ka hlolloa ke hore ebe o ile a nahana ho etsetsa Baiseraele tokisetso eo le hore ebe Jesu o ile a phethahatsa seo e se emelang. Ke ile ka tlameha ho nahanisisa ka se boleloang ke lijo tse neng li jeoa ka Paseka!” Ke’ng e entseng hore morali’abo rōna a ikutloe ka tsela ee? O ile a nahanisisa ka seo a se balang ’me ‘a se utloisisa.’ Sena se ile sa mo thusa ho matlafatsa tumelo ea hae le ho atamela haufi le Jehova.—Mat. 13:23.

10. Tsela eo bangoli ba Bibele ba tlalehileng lintho ka botšepehi ka eona e matlafatsa tumelo ea rōna joang?

10 Ntho e ’ngoe e ka re matlafatsang tumelo ke ho nahana kamoo bangoli ba Bibele ba bontšitseng sebete le botšepehi kateng. Bangoli ba bangata ba boholo-holo ba phafa baeta-pele ba bona le ho tlotlisa linaha tsa habo bona. Empa baprofeta ba Jehova ba ne ba bua ’nete kamehla. Ba ile ba ithaopela ho bolela liphoso tsa sechaba sa habo bona, esita le tsa marena a bona. (2 Likron. 16:9, 10; 24:18-22) Ba ile ba bolela esita le liphoso tseo bona ba li entseng le tsa bahlanka ba bang ba Molimo. (2 Sam. 12:1-14; Mar. 14:50) Mor’abo rōna e mong oa Brithani o re: “Hase batho ba bangata ba tlalehileng lintho ka botšepehi joalo. Sena se re kholisa le ho feta hore Bibele ke buka e tsoang ho Jehova.”

11. Bacha ba ka etsa’ng e le hore ba ananele melao-motheo e ka Bibeleng?

11 Ntho e ’ngoe e kholisang ba bangata hore Bibele e bululetsoe ke Molimo ke melao-motheo ea eona. (Bala Pesaleme ea 19:7-11.) Morali’abo rōna e mong oa Japane o re: “Kaha re ne re phela ka lithuto tsa Bibele lapeng, re ne re thabile. Re ne re phelisana ka khotso, re momahane re bile re ratana.” Melao-motheo ea Bibele e re qobisa borapeli ba bohata ebile e re lokolla litumela-khoeleng tse entseng ba bangata makhoba. (Pes. 115:3-8) Na thuto ea hore Molimo ha a eo, e ama batho? Thuto ea hore lintho li iphetotse e tlotlisa matla a tlhaho, e a fa tlhompho e lokelang ho lebisoa ho Jehova feela. Batho ba reng Molimo ha a eo, ba bolela hore bokamoso ba rōna bo liatleng tsa rōna. Ha ba na tšepo ea hore lintho li tla ntlafala nakong e tlang.—Pes. 146:3, 4.

HO BEHELANA MABAKA LE BA BANG

12, 13. Tsela e molemo eo u ka e sebelisang ke efe ha u buisana le bana ba sekolo, matichere kapa batho ba bang ka pōpo le seo Bibele e se rutang?

12 U ka etsa’ng e le hore u behelane mabaka le ba bang ka pōpo le ka seo Bibele e se rutang? Ntlha ea pele, u se ke ua potlakela ho nahana hore u tseba seo ba bang ba se lumelang. Batho ba bang ba re ba lumela hore lintho li iphetotse, empa ba boetse ba lumela hore Molimo o teng. Ba lumela hore Molimo o entse hore lintho li iphetole ho hlahisa mefuta e meng ea lintho tse phelang. Ba bang ba lumela hore lintho li iphetotse hobane ba re thuto eo e ne e ke ke ea rutoa likolong haeba hase ’nete. Ha ba bang bona ba khaolitse ho lumela hore Molimo o teng ka lebaka la lintho tse mpe tseo malumeli a li etsang. Kahoo, ho ka ba molemo hore u qale ka ho botsa motho lipotso, ha le buisana ka hore na lintho tse phelang li bile teng joang. Mo botse hore na maikutlo a hae ke afe tabeng eo. Haeba u na le temoho ’me u ikemiselitse ho mamela, motho eo a ka ’na a khetha ho u mamela le eena.—Tite 3:2.

13 Empa haeba motho a u soma ka seo u se lumelang, u ka ’na ua mo kōpa ka bohlale hore a hlalose hore eena o nahana hore lintho tse phelang li bile teng joang. U ka ’na ua re a hlalose hore na li bile teng joang haeba ha ho na ’Mōpi. E le hore ntho e tsoele pele e phela, e lokela ho ikatisa, e hlahise ea mofuta oa habo eona. Moprofesa e mong oa k’hemistri o re har’a tse ling ho hlokahala hore ho be le (1) lera le sireletsang, (2) tsela ea ho monya matla le ho a sebelisa, (3) liphatsa tsa lefutso le (4) bokhoni ba hore li ikatise. O phaella ka ho re: “Ke tsota esita le kamoo lintho tse nyenyane tse phelang li rarahaneng kateng.”

14. U ka etsa’ng haeba u thatafalloa ho buisana le ba bang ka ho iphetola ha lintho kapa ka pōpo?

14 Haeba u thatafalloa ho buisana le ba bang ka ho iphetola ha lintho kapa ka pōpo, u ka ’na ua sebelisa tsela e bonolo eo Pauluse a ileng a e sebelisa. O ile a re: “Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.” (Baheb. 3:4) Ruri ena ke tsela e ntle ea ho hlalosa taba! Ha ho pelaelo hore lintho tse rarahaneng e tlameha ebe li entsoe ke motho ea bohlale. U ka boetse ua fa motho eo u buisanang le eena sengoliloeng se loketseng. Morali’abo rōna e mong o ile a sebelisa libukana tse peli tse boletsoeng pejana ha a buisana le mohlankana e mong ea neng a lumela hore Molimo ha a eo le hore lintho li iphetotse. Ka mor’a hoo e ka bang beke, mohlankana eo o ile a re: “Joale kea lumela hore Molimo o teng.” O ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele, ’me hona joale ke mor’abo rōna.

15, 16. U ka buisana le batho joang ka Bibele, hona ka sepheo sefe?

15 U ka etsa se tšoanang le ha u buisana le motho ea sa lumeleng Bibele. Mo botse hore na o lumela eng le hore na o thahasella lintlha life. (Liprov. 18:13) Haeba o thahasella saense, a ka ’na a thaba ha u mo bontša hore Bibele e nepahetse ha ho tluoa litabeng tsa saense. Batho ba bang ba ka ’na ba angoa ke ha ba bona hore boprofeta ba Bibele bo nepahetse le hore e tlalehile liketsahalo tsa histori ka nepo. Kapa u ka ’na ua bua ka melao-motheo e re tataisang e ka Bibeleng, joaloka e tlalehiloeng Thutong ea Thabeng.

16 Hopola hore sepheo sa hao hase ho etsa khang, empa ke ho fana ka bopaki bo kholisang. Kahoo, u lokela ho mamela ka hloko. Botsa lipotso ’me u bue ka tsela e mosa le e nang le tlhompho, haholo-holo ha u buisana le batho ba baholo. Seo se tla ba nolofalletsa ho u mamela. Hape ba tla elelloa hore u nahanisitse ka seo u se lumelang. Hase bacha ba bangata ba entseng seo. Ke ’nete hore ha ho letho le u tlamang ho araba batho ba batlang ho pheha khang kapa ho u soma ka seo u se lumelang.—Liprov. 26:4.

PHELELA ’NETE

17, 18. (a) Ke’ng e ka u thusang hore u phelele ’nete? (b) Re tlil’o tšohla ntlha efe sehloohong se latelang?

17 Hore re be le tumelo e matla, ha ho hlokahale hore re tsebe Bibele feela. Empa ho hlokahala hore re batlisise matlotlo a ka Lentsoeng la Molimo, joalokaha eka re batla matlotlo a patiloeng. (Liprov. 2:3-6) Kahoo, sebelisa hamolemo likhatiso tse fumanehang ka puo ea heno, tse joaloka DVD ea Watchtower Library, Watchtower ONLINE LIBRARY, hammoho le Watch Tower Publications Index kapa buka ea Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Ipehele le pakane ea ho bala Bibele eohle. U ka ’na ua leka ho e qeta ka likhoeli tse 12. Ho bala Lentsoe la Molimo ho ka re matlafatsa haholo tumelong. Ha molebeli e mong oa potoloho a bua ka tsa bocheng ba hae, o re: “Ntho e ’ngoe e nthusitseng haholo ho lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo ke ho e bala. Ke ile ka qala ho hlakeloa ke lipale tsa Bibele tseo ke neng ke ithutile tsona ha ke sa le monyenyane. Ke eona ntho e ileng ea mpula mahlo.”

18 Batsoali—le phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea ho thusa bana ba lōna hore ba be le kamano e ntle le Molimo. Le ka ba thusa joang hore ba be le tumelo e matla? Re tla tšohla ntlha ena sehloohong se latelang.