Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Lentsoe la Molimo lea phela”

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

“Lentsoe la Molimo” leo Baheberu 4:12 e reng “lea phela ’me le fana ka matla” ke eng?

Litemana tse potolohileng temana ena li bontša hore moapostola Pauluse o ne a bua ka molaetsa kapa lipolelo tse hlalosang morero oa Molimo.

Baheberu 4:12 e atisa ho qotsoa lingoliloeng tsa rōna ho bontša hore Bibele e-na le matla a ho fetola bophelo ba batho, ’me ho loketse ho e sebelisa ka tsela eo. Empa ho ka ba molemo hore re hlahlobe moelelo oa taba o potolohileng Baheberu 4: 12. Pauluse o ne a khothalletsa Bakreste ba Baheberu hore ba tsamaisane le morero oa Molimo. O ne o boletsoe ka mangolong a halalelang. Pauluse o ile a etsa mohlala ka ho lopolloa ha Baiseraele Egepeta. Ba ne ba e-na le monyetla oa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng “e phallang lebese le mahe a linotši,” moo ba neng ba ka fumana phomolo ea sebele teng.—Ex. 3:8; Deut. 12:9, 10.

Oo e ne e le morero oa Molimo. Leha ho le joalo, Baiseraele ba ile ba ithatafatsa lipelo ’me ba bontša ho hloka tumelo, kahoo ba bangata ba hlōleha ho kena phomolong eo. (Num. 14:30; Josh. 14:6-10) Empa Pauluse o ile a phaella ka hore ho ntse ho e-na le “tšepiso ea ho kena phomolong” ea Molimo. (Baheb. 3:16-19; 4:1) Ho hlakile hore “tšepiso” eo ke karolo ea morero oa Molimo. Le rōna ho tšoana le Bakreste bao ba Baheberu re ka bala ka morero oo le ho tsamaisana le oona. Ho bontša hore tšepiso ena e thehiloe ka Mangolong, Pauluse o ile a qotsa Genese 2:2 le Pesaleme ea 95:11.

Taba ea hore Molimo o ntse a re ‘tšepisa ho kena phomolong ea hae,’ ka sebele e lokela ho re ama. Re lebeletse ho kena phomolong ea Molimo joalokaha Bibele e tšepisa, ’me re se re nkile mehato ea ho kena. Ha re leke ho khahla Jehova ka ho mamela Molao oa Moshe kapa ka ho etsa mesebetsi e itseng. Ho e-na le hoo, ka tumelo re tsamaisana le morero oa Molimo o senotsoeng. Ho ekelletsa moo, joalokaha ho boletsoe ka holimo, batho ba likete lefatšeng ka bophara ba se ba qalile ho ithuta Bibele le morero oa Molimo. Sena se susumelelitse ba bangata hore ba etse liphetoho bophelong, ba bontše tumelo, ’me ba kolobetsoe. Bona ke bopaki bo hlakileng ba hore “lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” Morero oa Molimo o hlalositsoeng ka Bibeleng o ama tsela eo re phelang ka eona, ’me o tla tsoela pele ho re matlafatsa.