Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batsoali, Thusang Bana ba Lōna ho Ikaha Tumelong

Batsoali, Thusang Bana ba Lōna ho Ikaha Tumelong

“Bahlankana le lōna baroetsana . . . [le ke le] rorise lebitso la Jehova.”—PES. 148:12, 13.

LIPINA: 88, 115

1, 2. (a) Batsoali ba tobane le bothata bofe, hona ba ka bo hlōla joang? (b) Re tlil’o hlahloba lintho life tse ’nè?

BANYALANI ba bang ba Fora ba ile ba re: “Re lumela ho Jehova, empa seo hase bolele hore le bana ba rōna ba tla lumela ho eena.” Ba ile ba boela ba re: “Tumelo hase ntho eo bana ba e futsang. Ba lokela ho e hlaolela hanyane ka hanyane.” Mor’abo rōna e mong oa Australia o ile a re: “Mohlomong mosebetsi o boima ka ho fetisisa oo motsoali a lokelang ho o etsa ke ho thusa ngoana hore a be le tumelo. Motsoali o lokela ho sebelisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka mo thusang. A ka ’na a nka hore o arabetse potso ea ngoana ka tsela e khotsofatsang. Ebe hamorao ngoana o botsa potso eo hape! Likarabo tse khotsofatsang tseo motsoali a li fang ngoana kajeno, li ka ’na tsa se ke tsa mo khotsofatsa ka le hlahlamang. Le ka ’na la lokela ho buisana ka taba eo ka makhetlo.”

2 Haeba u motsoali, na ka linako tse ling u ee u ikutloe u le mosesaane hore u ka ruta bana ba hao le ho ba tataisa hore e tle e be banna le basali ba tumelo? Bonneteng, ha ho motsoali ea ka etsang sena ka bohlale ba hae feela! (Jer. 10:23) Empa re ka khona ha re kōpa Molimo hore a re tataise. A re ke re hlahlobeng lintho tse ’nè tseo motsoali a ka li etsang ho thusa bana ba hae ho ikaha tumelong: (1) Ba tsebe hantle. (2) Ba rute ka kholiseho. (3) Sebelisa lipapiso tse loketseng. (4) E ba le mamello ’me u rapelle tataiso ea moea o halalelang.

TSEBA BANA BA HAO HANTLE

3. Batsoali ba ka etsisa Jesu joang ha ba ruta bana ba bona?

3 Jesu o ne a sa tsoafe ho botsa balateli ba hae hore na ba lumela’ng. (Mat. 16:13-15) Mo etsise. Nakong eo bana ba phutholohileng, ho ka ba molemo hore u ba kōpe hore ba ntše maikutlo a bona. Seo se ka ’na sa akarelletsa ho buisana ka lintho tseo ba nang le lipelaelo ka tsona. Mor’abo rōna e mong oa Australia ea lilemo li 15, o re: “Ntate o atisa ho buisana le ’na ka seo ke se lumelang le ho nthusa ho tseba hore na ke hobane’ng ha ke se lumela. O mpotsa lipotso tse kang: ‘Bibele e re’ng ka taba ee?’ ‘Na u ua se lumela?’ ‘Ke hobane’ng ha u se lumela?’ O batla hore ke arabe ka mantsoe a ka, eseng hore ke phete seo eena le ’Mè ba mpoleletseng sona. Ha ke ntse ke hōla, o batla hore ke hlalose taba ka ho pharaletseng.”

4. Ke hobane’ng ha u lokela ho nka lipotso tsa ngoana ka ho teba? Fana ka mohlala.

4 Haeba ngoana a sa utloisise hantle taba e itseng, u se ke ua mo halefela kapa hona ho mo fella pelo. Behelana mabaka le eena ka mamello. Ntate e mong o re: “Nka lipotso tsa ngoana ka ho teba. U se ke ua nka hore hase tsa bohlokoa kapa ua li qhelela ka thōko hobane feela li u khopisa.” Ha e le hantle, u lokela ho nka lipotso tsa ngoana e le pontšo ea hore o oa tsotella ’me o batla ho ba le kutloisiso. Esita le Jesu o ile a botsa lipotso tse tebileng a le lilemo li 12. (Bala Luka 2:46.) Moshanyana e mong oa Denmark ea lilemo li 15, o re: “Ha ke botsa batsoali ba ka hore na re fela re le bolumeling ba ’nete, ba ile ba nkaraba ba khobile matšoafo, le hoja e ka ’na eaba ba ne ba tšoenyehile. Ba ile ba araba lipotso tsohle tsa ka ka Bibele.”

5. Batsoali ba ka bontša joang hore ba amehile ka tumelo ea bana ba bona?

5 Tseba bana ba hao hantle, u tsebe hore na ba nahana’ng, ba ikutloa joang le hore na ba tšoenyehile ka eng. U se ke ua nahana hore kaha ba ea libokeng le uena le tšimong, seo se bolela hore ba se ba e-na le tumelo. Buisana le bona ka lintho tsa moea letsatsi le leng le le leng. Rapela hammoho le bona u be u ba rapelle. Ela hloko boemo leha e le bofe bo ka lekang tumelo ea bona, ’me u ba thuse ho sebetsana le bona.

BA RUTE KA KHOLISEHO

6. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore ’nete ea Bibele e tebe lipelong tsa batsoali e le hore ba e rute bana ba bona?

6 Jesu o ne a finyella batho lipelo ha a ruta, kaha o ne a rata Jehova, a bile a rata Lentsoe la Molimo le batho. (Luka 24:32; Joh. 7:46) Batsoali le bona ba tla finyella bana lipelo haeba ba na le lerato le joalo. (Bala Deuteronoma 6:5-8; Luka 6:45.) Kahoo, batsoali khothallang ho ithuta Bibele le lingoliloeng tsa rōna. Thahasellang lintho tsa tlhaho, ’me le bale lihlooho tse buang ka pōpo lingoliloeng tsa rōna. (Mat. 6:26, 28) Ha le etsa joalo, le tla eketsa tsebo ea lōna, ’me le tla ananela Jehova haholoanyane, e leng se tla le hlomella hore le rute bana ba lōna.—Luka 6:40.

7, 8. Phello e ba efe ha ’nete ea Bibele e tebile pelong ea motsoali? Bontša

7 Ha ’nete ea Bibele e tebile pelong ea hao, u tla susumelletseha ho buisana le ba lelapa la hao ka eona. Buisanang ka eona ka linako tsohle, eseng feela ha le lokisetsa liboka kapa ha le tšoere borapeli ba lelapa. Ho feta moo, puisano ha e ea lokela ho qobelloa, empa e lokela ho itlela feela e le karolo ea moqoqo oa letsatsi le letsatsi. Banyalani ba bang ba United States ba nang le bana ba buisana ka Jehova ha ba bohile pōpo kapa ha ba thabela lijo tse hlabosang. Ba re: “Re hopotsa bana ba rōna hore sohle seo Jehova a se entseng se bontša hore o oa re rata ebile o nahanisisa lintho ka hloko.” Banyalani ba bang ba Afrika Boroa ba re ha ba lema jareteng le barali ba bona ba babeli, ba atisa ho tsota kamoo limela li hōlang kateng. Ba re: “Re leka ho thusa barali ba rōna hore ba ananele lintho tse phelang le tsela e rarahaneng eo li entsoeng ka eona.”

8 Ntate e mong oa Australia ea nang le mora ea lilemo li ka bang leshome, o ile a mo isa musiamong ’me ha a le moo a sebelisa monyetla oo ho mo matlafatsa tumelo tabeng ea hore Molimo o teng le hore lintho li bōpiloe. Ntate eo o re: “Re ile ra bona liphoofolo tsa boholo-holo tsa leoatleng tse bitsoang li-ammonoid le li-trilobite. Re ile ra hlokomela hore liphoofolo tsena tse seng li timetse li ne li le ntle, li entsoe ka tsela e rarahaneng ebile li shebahala li feletse feela joaloka tseo re li bonang kajeno. Kahoo, haeba lintho tse rarahaneng tse phelang li tsoa linthong tse sa rarahanang, ke hobane’ng ha liphoofolo tsee tsa boholo-holo tsa leoatleng li ne li rarahane ka tsela eo? Taba eo e ile ea nkhahla haholo, ’me ka e bolella mora oa ka.”

SEBELISA LIPAPISO TSE LOKETSENG

9. Ke hobane’ng ha lipapiso li atleha, hona ’mè e mong o ile a etsa’ng?

9 Jesu o ne a atisa ho sebelisa lipapiso, tse thusang batho ho nahana, tse ba susumetsang maikutlo le tse ba thusang ho hopola lintlha. (Mat. 13:34, 35) Bana ba na le mohopolo o chatsi. Kahoo, batsoali lekang ho sebelisa lipapiso ha le ba ruta. Ke seo ’mè e mong oa Japane a se entseng. Ha mora oa hae e mong a le lilemo li robeli ’me e mong li le leshome, o ile a ba ruta ka sepakapaka ’me a ba bolella hore Jehova o se entse ka hloko. E le ho hatisa ntlha eo, o ile a ba fa lebese, tsoekere le kofi. A ntan’o ba kōpa hore ba mo etsetse kofi. O re: “Ba ile ba e etsa ka hloko. Ha ke ba botsa hore na ke hobane’ng ha ba bile hlokolosi joalo ha ba e etsa, ba ile ba re ke hobane ba batla ho nketsetsa kofi eo ke tla e thabela. Ke ile ka ba hlalosetsa hore Molimo le eena o ile a kopanya likhase tse sa tšoaneng ka hloko, e le hore re thabele bophelo.” Papiso eo e ne e loketse ho latela lilemo tsa bona, ’me e ile ea ba thusa ho hopola ntlha eo ho fapana le ha a ne a ba boleletse ka molomo feela. Ha ho pelaelo hore ba ile ba lula ba e hopola!

U ka sebelisa lintho tse tloaelehileng ho haha tumelo ea bana ba hao (Sheba serapa sa 10)

10, 11. (a) U ka etsetsa ngoana papiso efe ho mo thusa hore a be le tumelo ho Molimo? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke lipapiso life tseo u boneng li atleha?

10 U ka ’na ua sebelisa risepe ho thusa ngoana oa hao hore a be le tumelo ho Molimo. U ka etsa see joang? Ha u qeta ho baka likuku, u ka mo hlalosetsa hore na molemo oa risepe ke ofe. U ntan’o mo fa tholoana, mohlomong apole, ebe u ua mo botsa: “Na u ua tseba tjee hore apole ee le eona e na le ‘risepe’?” Ka mor’a moo, u ka seha apole eo ka le hare ’me u mo fe pete ea eona. U ka mo hlalosetsa hore risepe ea eona “e ngotsoe” ka har’a pete eo, empa ka tsela e rarahaneng ho feta eo lirisepe li ngoloang ka eona. U ka ’na ua mo botsa: “Haeba ho na le motho ea ngotseng risepe ea likuku, ke mang ea ngotseng ea apole?” Haeba ngoana a se a hōlile, u ka mo hlalosetsa hore risepe ea apole esita le sona sefate sa liapole, e ngotsoe ka har’a DNA. Mohlomong le ka ba la sheba le litšoantšo tse leqepheng la 10 ho isa ho la 20 bukaneng ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking..

11 Batsoali ba bangata ba thabela ho buisana le bana ba bona ka sehlooho se reng “Na e Entsoe?” se hlahang Tsoheng! Kapa ba se sebelisa e le moralo oa ho ruta bana ba banyenyane lithuto tsa motheo. Ka mohlala, banyalani ba bang ba Denmark ba bapisa lifofane le linonyana. Ba re: “Lifofane li shebahala joaloka linonyana. Empa na lifofane li ka behela mahe le ho qhotsa lifofane tse ling? Na linonyana li hloka lebala le khethehileng ha li lula fatše? Hona na molumo oa sefofane o tšoana le oa nonyana ha e bina? Joale ke mang ea bohlale, na ke moetsi oa sefofane kapa ke ’Mōpi ea entseng linonyana?” Ha u hlalosetsa ngoana joalo, u bile u mo botsa lipotso tse loketseng, u mo thusa hore a hōlise “matla a ho nahana” le hore a be le tumelo ho Molimo.—Liprov. 2:10-12.

12. Lipapiso li ka kholisa bana joang hore Bibele e nepahetse?

12 Lipapiso tse loketseng li ka boetse tsa thusa ho kholisa ngoana hore Bibele e nepahetse. Ka mohlala, nahana ka Jobo 26:7. (E bale.) U ka bontša ngoana joang hore temana ee e bululetsoe? U ka mo bolella lintlha tse pakang seo. Empa u ka boela ua mo thusa hore a sebelise kelello ea hae. Mo hopotse hore Jobo o phetse nako e telele pele ho ba le libonela-hōle le lifofa-sebakeng. U ka ’na ua re a bontše hore na ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ho lumela hore ntho e khōlō joaloka lefatše, e lutse holim’a lefeela. A ka ’na a nka bolo kapa lejoe ho bontša hore ntho leha e le efe e boima e batla ho tšehetsoa. Sena se ka ’na sa kholisa ngoana hore Jehova o tlalehile lintho tse nepahetseng ka Bibeleng, nako e telele pele batho ba li sibolla.—Neh. 9:6.

BONTŠA BOHLOKOA BA MELAO-MOTHEO EA BIBELE

13, 14. Batsoali ba ka etsa’ng ho bontša bana ba bona hore melao-motheo ea Bibele ke ea bohlokoa?

13 U lokela ho hlakisetsa bana hore melao-motheo ea Bibele ke ea bohlokoa. (Bala Pesaleme ea 1:1-3.) Ho na le litsela tse ngata tseo u ka etsang sena ka tsona. Ka mohlala, u ka re bana ba nke hore ba il’o lula sehlekehlekeng se hōle ’me ba lokela ho khetha batho ba ’maloa ba tla lula le bona moo. Ebe u ua ba botsa, “E le hore batho ba lulang moo ba phele ka khotso le ka kutloano, ho hlokahala hore e mong le e mong a be le litšobotsi life?” U ka boetse ua bua ka tataiso e bohlale eo re e fumanang ho Bagalata 5:19-23.

14 Puisanong ena, ba ka ithuta lintlha tse peli tsa bohlokoa. Ntlha ea pele, ba ithuta hore melao ea Molimo e etsa hore batho ba phele ka khotso le ka kutloano. Ea bobeli, ba ithuta hore Jehova o se a ntse a re koetlisetsa ho ea phela lefatšeng le lecha. (Esa. 54:13; Joh. 17:3) U ka khetha liphihlelo tse hlahang lingoliloeng tsa rōna ho totobatsa lintlha tsena. Mohlomong u ka khetha tse sehloohong se reng “Bibele e Fetola Batho,” se hlahang Molula-Qhooeng. Kapa haeba phuthehong ea lōna ho na le motho ea entseng liphetoho tse khōlō e le hore a khahlise Jehova, le ka mo mema hore a tl’o le phetela pale ea hae. Liphihlelo tse kang tseo lia bontša hore melao-motheo ea Bibele e ea sebetsa!—Baheb. 4:12.

15. Sepheo sa hao e lokela ho ba sefe ha u ruta bana?

15 Ntlha ea bohlokoa ke hore ha u ruta bana u se ke ua etsa lintho feela ho ea ka tloaelo. Leka ho qapa mekhoa e mecha. Etsa lintho tse batlang hore ba nahane, u ntse u hopola lilemo tsa bona. Etsa hore ba thabele ho ithuta le ho matlafatsa tumelo ea bona. Ntate e mong o re: “U se ke ua tsoafa ho leka litsela tse ncha.”

E BA LE MAMELLO ’ME U RAPELLE TATAISO EA MOEA O HALALELANG

16. Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho ba le mamello ha ba ruta bana? Bontša.

16 Re hloka thuso ea moea o halalelang oa Molimo e le hore re be le tumelo e matla. (Bagal. 5:22, 23) Joalokaha ho nka nako hore tholoana ea sebele e butse, ho nka nako hore le motho a be le tumelo. Kahoo u lokela ho ba le mamello ha u ntse u ruta bana ba hao. Ntate e mong oa Japane ea nang le bana ba babeli o re: “’Na le mosali oa ka re fa bana ba rōna nako e ngata. Ho tloha ba sa le banyenyane haholo, ke ne ke qeta metsotso e 15 letsatsi ka leng ke ithuta le bona, ntle le ka matsatsi a liboka. Re ne re sa thatafalloe ho qeta nako eo le bona ’me le bona ba ne ba sa thatafalloe.” Molebeli e mong oa potoloho o re: “Ha ke sa le mocha ke ne ke e-na le lipotso tse ngata le lintho tseo ke sa li utloisiseng, empa ke sa bue ka tsona. Ha nako e ntse e ea, boholo ba tsona bo ile ba arajoa libokeng kapa ha re tšoere borapeli ba lelapa le ha ke etsa thuto ea botho. Ke kahoo e leng habohlokoa hore batsoali ba tsoele pele ho ruta bana.”

E le hore u atlehe ho ruta bana Lentsoe la Molimo, u lokela ho le tebisetsa pelong ea hao pele (Sheba serapa sa 17)

17. Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho behela bana mohlala o motle, hona banyalani ba bang ba entse see joang?

17 Ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo ke hore bana ba bone mohlala oa hao oa tumelo. Bana ba sheba seo u se etsang, ’me seo sea ba susumetsa. Kahoo, batsoali tsoelang pele ho ikaha tumelong. Etsang hore bana ba lōna ba bone hore Jehova ke oa sebele ho lōna. Ha banyalani ba bang ba Bermuda ba e-na le mathata, ba rapela hammoho le bana ba bona ho kōpa tataiso ea Jehova, ’me ba khothalletsa bana hore ba rapele le ha ba le bang. Ba re: “Re boetse re bolella morali oa rōna e moholo hore a tšepe Jehova ka ho feletseng, ’me a phathahane tšebeletsong ea ’Muso le hore a se ke a tšoenyeha haholo. Ha a bona lintho li raroloha, o oa hlokomela hore Jehova o oa re thusa. Sena se matlafalitse tumelo ea hae le ho etsa hore a tšepe Bibele le ho feta.”

18. Batsoali ba lokela ho lemoha ntlha efe ea bohlokoa?

18 Bonneteng, bana ba lokela ho haha tumelo ea bona. Lōna batsoali le ka lema le ho noesetsa. Empa ke Molimo feela ea melisang. (1 Bakor. 3:6) Kahoo, mo kōpeng hore a le fe moea oa hae, ’me le ikitlaelletse ho ruta bana ba lōna, kaha ha le etsa joalo Jehova o tla le hlohonolofatsa ka ho enneng.—Baef. 6:4.