Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Tsela eo U Aparang ka Eona e Tlotlisa Molimo?

Na Tsela eo U Aparang ka Eona e Tlotlisa Molimo?

“Le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”—1 BAKOR. 10:31.

LIPINA: 34, 61

1, 2. Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li apara ka tsela e hlomphehang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

HA KORANTA e ’ngoe ea Sedache e tlaleha ka kopano ea baeta-pele ba likereke e ile ea re: “Batho ba bangata ba ne ba ikaparetse feela, haholo-holo ha ho chesa. Sena se fapane le se etsahalang likopanong tsa Lipaki Tsa Jehova. . . . Bashanyana le bo-ntate ba apara libaki ’me ba tlama lithae, ha banana le bo-’mè ba apara mese e hlomphehang . . . e seng mekhutšoanyane.” Ke ’nete hore hangata Lipaki Tsa Jehova lia babatsoa ka hore li apara ka tsela e “hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong . . . ka tsela e tšoanelang [batho] ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli.” (1 Tim. 2:9, 10) Moapostola Pauluse o ne a bua ka basali empa molao-motheo ona o oa sebetsa le ho banna ba Bakreste.

2 Jehova o nka moaparo ka ho teba, ’me le bahlanka ba hae ba o nka ka tsela e tšoanang. (Gen. 3:21) Seo Mangolo a se buang ka moaparo se bontša ka ho hlaka hore ’Musi oa Bokahohle o batla hore barapeli ba hae ba ’nete ba apare ka tsela e hlomphehang. Kahoo, moaparo oa rōna ha oa lokela ho laoloa feela ke hore na rōna re batla’ng. Re lokela ho ela hloko hore na ’Musi oa Bokahohleng Jehova o batla’ng.

3. Re ithuta’ng Molaong oo Molimo a neng a o file Baiseraele?

3 Ka mohlala, Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele, o ne o e-na le litaelo tse ba sireletsang liketsong tsa boitšoaro bo bobe tseo batho ba lichaba tse ba potolohileng ba neng ba li etsa phatlalatsa. Litaelo tseo li ne li bontša ka ho hlaka hore na Jehova o ikutloa joang ka liaparo tse sa bontšeng hore na motho ke monna kapa ke mosali. (Bala Deuteronoma 22:5.) Kahoo, re bona ka ho hlaka hore Molimo ha a thabele liaparo tsa banna tse kang ke tsa basali le tse etsang hore basali ba shebahale eka ke banna, kapa tse etsang hore ho be thata ho bona hore na motho ke monna kapa ke mosali.

4. Ke’ng e ka re thusang ho etsa liqeto tse nepahetseng ha re khetha moaparo?

4 Ka Lentsoeng la Molimo ho na le melao-motheo e ka thusang Mokreste ho etsa qeto e nepahetseng mabapi le moaparo. E ka mo thusa ho sa tsotellehe hore na o phela hokae, tloaelo ea moo ke efe, kapa hore na boemo ba leholimo bo joang. Ha re hloke letoto la melao e bontšang hore na ke liaparo life tse loketseng le hore na ke life tse sa lokelang. Ho e-na le hoo, re tataisoa ke melao-motheo ea Mangolo e re fang bolokolohi ba ho ikhethela. A re ke re hlahlobeng e meng ea melao-motheo ea Bibele e ka re thusang hore ha re khetha moaparo re tsebe seo e leng “thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.”—Bar. 12:1, 2.

“RE BASEBELETSI BA MOLIMO”

5, 6. Moaparo oa rōna o ka ama batho ba bang joang?

5 Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a bolele molao-motheo oa bohlokoa o ho 2 Bakorinthe 6:4. (E bale.) Tsela eo re shebahalang ka eona e ea bontša hore na re batho ba joang. Batho ba bangata ba etsa qeto ea hore na re batho ba mofuta ofe ho latela ‘ponahalo ea rōna.’ (1 Sam. 16:7) Kaha re basebeletsi ba Molimo, rea utloisisa hore taba ea moaparo hase feela ho apara lintho tseo re li ratang. Melao-motheo e ka Lentsoeng la Molimo e lokela ho re susumelletsa hore re qobe liaparo tse re penyang, tse bonaletsang, kapa tse tsosetsang ba bang takatso. Sena se bolela hore ha rea lokela ho apara liaparo tse sieang ’mele ka ntle kapa tse o totobatsang. Ha rea lokela ho etsa hore ba bang ba soabe kapa ba tlamehe ho sheba koana ha ba bona tsela eo re apereng ka eona.

6 Hangata batho ba nolofalloa ho hlokomela hore re barapeli ba Jehova, ’Musi oa Bokahohleng ha re apere liaparo tse hloekileng le tse makhethe. ’Me seo se ka ’na sa etsa hore ba batle ho atamela ho Molimo. Ho phaella moo, moaparo oa rōna o ka fa mokhatlo oo re o emelang seriti. Ka lebaka leo, ba bang ba ka ’na ba thabela ho mamela molaetsa oa rōna o phelisang.

7, 8. Ke neng moo ka ho khetheha re lokelang ho apara ka tsela e loketseng?

7 Re tlameha ho apara ka tsela e fang molaetsa oo re o phatlalatsang seriti le e tlotlisang Jehova, kaha re hlompha Molimo oa rōna ea halalelang, bara le barali babo rōna, haesita le batho bao re ba pakelang. (Bar. 13:8-10) Sena ke sa bohlokoa le ho feta ha re le tšebeletsong ea Bokreste, joalokaha re ea libokeng le tšimong. Re lokela ho apara “ka tsela e tšoanelang [batho] ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli.” (1 Tim. 2:10) Ke ’nete hore liaparo tse loketseng sebakeng se seng, li ka ’na tsa se lokele ho se seng. Kahoo, bahlanka ba Jehova lefatšeng lohle ba nahanela litloaelo tsa sebakeng sa habo bona e le hore ba se khopise batho.

Na tsela eo u aparang ka eona e etsa hore ba bang ba hlomphe Molimo eo u mo rapelang? (Sheba serapa sa 7 le 8)

8 Bala 1 Bakorinthe 10:31. Ha re ea kopanong re lokela ho apara ka tsela e loketseng le e hlomphehang ho e-na le ho apara lifeshene tse makatsang tse aparoang kajeno. Esita leha re le hoteleng eo re fihletseng ho eona, kapa re phomotse pele le ka mor’a mananeo a kopano, ha rea lokela ho apara ka tsela e bohlasoa kapa e bontšang ho se tsotelle. Re lokela ho apara ka tsela e tla re nolofalletsa ho bolella batho hore re Lipaki Tsa Jehova. Kahoo, re tla lokoloha ho ba pakela ha monyetla o hlaha.

9, 10. Bafilipi 2:4 e ka re thusa joang ha re khetha liaparo?

9 Bala Bafilipi 2:4. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahanela Bakreste-’moho le rōna ha re khetha moaparo? Lebaka le leng ke hore bahlanka ba Molimo ba leka kahohle ho latela keletso ea Bibele e reng: “Le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi.” (Bakol. 3:2, 5) Ha re batle ho thatafalletsa balumeli-’moho le rōna ho latela taelo ena. Bara le barali babo rōna bao pele ba neng ba phela ka boitšoaro bo bobe, e ka ’na eaba ba ntse ba loantša tloaelo eo. (1 Bakor. 6:9, 10) Ha ho pelaelo hore ha re batle ho ba thatafalletsa lintho le ho feta.

10 Ha re e-na le bara le barali babo rōna, re lokela ho apara ka tsela e tla ba thusa hore ba hloeke boitšoarong. Seo ke ’nete ebang re libokeng kapa re sebakeng leha e le sefe se seng. Re na le bolokolohi ba ho ikhethela liaparo. Empa kaofela ha rōna re na le boikarabelo ba ho apara ka tsela e tla etsa hore ba bang ba nolofalloe ho lula ba tšepahala ’me ba tlotlise lebitso la Molimo oa rōna ea halalelang ka menahano, mantsoe le ka liketso. (1 Pet. 1:15, 16) Lerato la ’nete “ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona.”—1 Bakor. 13:4, 5.

LIAPARO TSE LOKETSENG KA NAKO E LOKETSENG

11, 12. Ke’ng seo re lokelang ho se hopola ha re khetha moaparo?

11 Ha bahlanka ba Molimo ba khetha moaparo, ba lokela ho hopola hore “ho na le nako bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe le malebana le mosebetsi o mong le o mong.” (Moek. 3:1, 17) Ke ’nete hore maemo a leholimo le ho fetoha ha linako tsa selemo ho ama tsela eo re aparang ka eona. Le maemo a batho ha a tšoane. Empa melao ea Jehova ha e feto-fetohe joaloka boemo ba leholimo.—Mal. 3:6.

12 Ha ho chesa, ho ka ’na ha e-ba thata hore re apare ka tsela e hlomphehang le e bontšang ho hlaphoheloa kelellong. Kahoo, bara le barali babo rōna baa ananela ha re sa apare liaparo tse re penyang kapa tse habuhabu. (Jobo 31:1) Le ha re ile mabōpong kapa libakeng tsa ho sesa, re lokela ho apara ka tsela e hlomphehang. (Liprov. 11:2, 20) Esita le haeba batho ba bangata ba lefatše ba apara ka tsela e sieang ’mele ka ntle, rōna kaha re sebeletsa Jehova re lokela ho apara ka tsela e tlotlisang Molimo oa rōna ea halalelang.

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko molao-motheo o ho 1 Bakorinthe 10:32, 33 ha re khetha moaparo?

13 Ho na le molao-motheo o mong o re thusang ho khetha moaparo o loketseng. Ke o mabapi le ho nahanela matsoalo a ba bang, ebang ke balumeli-’moho le rōna kapa che. (Bala 1 Bakorinthe 10:32, 33.) Re lokela ho nka ka botebo taba ea ho apara ka tsela e ka khopisang ba bang. Pauluse o ile a re: “E mong le e mong oa rōna a khahlise moahelani oa hae ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha.” A phaella ka ho re: “Le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa.” (Bar. 15:2, 3) Jesu o ne a sa ichebe boeena, ho e-na le hoo o ne a amehile ka ho thusa ba bang, kaha eo e ne e le eona thato ea Molimo. Kahoo, re lokela ho fetola moaparo oa rōna, haeba o ferekanya batho bao re ba pakelang.

14. Batsoali ba ka etsa’ng ho koetlisa bana ba bona hore ba tlotlise Molimo ka moaparo?

14 Batsoali ba Bakreste ba lokela ho ruta bana ba bona hore ba sebelise melao-motheo ea Bibele. Sena se akarelletsa hore bona le bana ba bona ba apare ka tsela e hlomphehang, e tla thabisa pelo ea Jehova. (Liprov. 22:6; 27:11) Batsoali ba ka behela bana mohlala o motle le ho ba ruta hore ba lokela ho hlompha Molimo ea halalelang eo re mo rapelang. E ka ba hantle hore batsoali ba bontše bana hore na ke hokae moo ba ka fumanang liaparo tse loketseng! Eseng feela tseo ba li ratang, empa tse tla ba nolofalletsa ho emela Jehova Molimo.

SEBELISA BOLOKOLOHI BA HAO BA HO IKHETHELA KA BOHLALE

15. Ke’ng e lokelang ho re tataisa ha re khetha moaparo?

15 Lentsoe la Molimo le re fa tataiso e ka re thusang hore re etse liqeto tse bohlale tse tlotlisang Molimo. Empa batho ha re tšoane. Re khetha liaparo tse sa tšoaneng, kaha le maemo a rōna a lichelete ha a tšoane. Leha ho le joalo, re lokela ho apara ka tsela e makhethe, e hlomphehang le e amohelehang sebakeng seo re lulang ho sona.

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikitlaelletsa ho apara ka tsela e hlomphehang?

16 Ke ’nete hore ka linako tse ling ha ho bonolo ho etsa qeto e bontšang kahlolo e molemo, hobane u nahanne ka lintlha tsohle tse amehang. Mabenkele a mangata a rekisa liaparo tsa feshene, kahoo ho hlokahala hore u iphe nako ’me u etse boiteko e le hore u fumane liaparo tse hlomphehang, tse sa u penyeng. Balumeli-’moho le uena ba tla hlokomela le ho ananela boiteko boo u bo entseng ba ho fumana liaparo tse hlomphehang. Le uena u tla thaba ha u lemoha hore seo se tlotlisa Ntate oa rōna ea leholimong ea lerato.

17. Ke’ng e ka ’na ea ameha tabeng ea hore na mor’abo rōna o hōlisa litelu kapa che?

17 Na ho loketse hore barab’abo rōna ba hōlise litelu? Molao oa Moshe o ne o laela banna hore ba hōlise litelu. Empa Bakreste ha ba tlas’a Molao oo ebile ha ho letho le ba tlamang hore ba o mamele. (Lev. 19:27; 21:5; Bagal. 3:24, 25) Litsong tse ling, ke ntho e amohelehang le e hlomphehang hore mor’abo rōna a be le litelu tse kutiloeng hantle, ’me seo ha se sitise batho ho mamela molaetsa oa ’Muso. Ha e le hantle, barab’abo rōna ba bang ba fuoeng boikarabelo, ba na le tsona. Empa barab’abo rōna ba bang ba ka ’na ba khetha ho se li hōlise. (1 Bakor. 8:9, 13; 10:32) Litsong tse ling le libakeng tse ling, hase tloaelo ebile ke ntho e sa amoheleheng hore mor’abo rōna a siee litelu. Leha ho le joalo, haeba mor’abo rōna a sa apare kapa hona ho itlhopha ka tsela e loketseng, seo se ka ’na sa mo sitisa hore a tlotlise Molimo.—Bar. 15:1-3; 1 Tim. 3:2, 7.

18, 19. Mikea 6:8 e re thusa joang tabeng ea ho apara ka tsela e khahlisang Molimo?

18 Rea thaba hore ebe Jehova ha aa re etsetsa letoto la melao ea hore na re apare joang kapa re itlhophe joang. Ho e-na le hoo, o re file bolokolohi ba ho ikhethela le monyetla oa ho iketsetsa liqeto, re tataisoa ke melao-motheo ea Mangolo. Kahoo, le tsela eo re aparang kapa eo re itlhophang ka eona e ka bontša hore re batla ho “tsamaea le Molimo.”—Mik. 6:8.

19 Boikokobetso bo lokela ho re thusa ho lemoha hore Jehova o hloekile ebile o oa halalela le hore re itšetlehile ka eena ka ho feletseng hore a re tataise. Bo boetse bo re thusa ho hlompha maikutlo a ba bang. Ka hona, ha re phela ka tsela e lumellanang le melao ea Molimo e phahameng ea boitšoaro re bile re hlompha batho ba bang, re bontša hore re “tsamaea le Molimo” ka boikokobetso.

20. Tsela eo re aparang le ho itlhopha ka eona e lokela ho ama ba bang joang?

20 Tsela eo re aparang ka eona e lokela ho bontša ka ho hlaka hore re barapeli ba Jehova. Bara le barali babo rōna le bona ba lokela ho lemoha hore rea tšoaneleha ho emela Molimo oa rōna ea lokileng. O re file melao e phahameng ea boitšoaro, ’me re leka ho phela ka eona. Rea le babatsa lōna bara le barali babo rōna, bao ka ponahalo le ka boitšoaro ba lōna bo botle le hohelang batho hore ba mamele molaetsa oa Bibele, ’me ka tsela eo le thabisa Jehova ebile lea mo tlotlisa. Ha ho pelaelo hore ha re tsoela pele ho etsa liqeto tse bohlale tabeng ea moaparo, re tla tlotlisa Molimo ea apereng “ho hlompheha le bokhabane.”—Pes. 104:1, 2.