Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Rua Molemo Tataisong eo Jehova a Fanang ka Eona

Rua Molemo Tataisong eo Jehova a Fanang ka Eona

O ENTSE QETO E BOHLALE POLAND

“KE ILE ka kolobetsoa ha ke le lilemo li 15, ’me ka mor’a likhoeli tse tšeletseng ka nka bopula-maliboho bo thusang. Ka mor’a selemo, ka nka ba kamehla. Ha ke qeta sekolong se phahameng, ke ile ka kōpa ho ea sebeletsa moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng. Ke ne ke batla ho tloha motseng oa heso le pel’a nkhono oa ka eo ke neng ke lula le eena ’me a sa kopanele. Ke ile ka utloa bohloko haholo ha molebeli oa potoloho a mpolella hore ke tla sebeletsa hona moo motseng oa heso, oo ke hlahetseng ho oona! Ke ne ke sa batle a bone hore ke utloile bohloko. Kahoo, ka tloha moo ke kobile hlooho, ke ntse ke nahana ka seo a se buileng. Ke ile ka re ho morali’abo rōna eo ke neng ke sebetsa le eena: “Ke bona eka ke itšoara joaloka Jonase. Feela qetellong Jonase o ile a ea Ninive. Ka ho tšoanang le ’na ke tla sebeletsa moo ke abetsoeng teng.”

“E se e le lilemo tse ’nè ke le pula-maliboho motseng oa heso, ’me kea hlokomela hore qeto eo ke e entseng ea ho mamela e bile e bohlale. Boikutlo bo fosahetseng ke bona bo neng bo nthatafaletsa lintho. Hona joale ke thabile. Ka khoeli ke khona ho khanna lithuto tsa Bibele tse 24. Ka thuso ea Jehova, ke bile ke qalile ho ithuta Bibele le nkhono oa ka ea neng a hanyetsa.”

HO BA LE LIPHELLO TSE THABISANG FIJI

’Mè e mong oa Fiji ea neng a ithuta Bibele o ile a tlameha ho khetha pakeng tsa ho ea kopanong le ho ea le monna phathing ea letsatsi la tsoalo la mong ka bona. Monna oa hae o ile a lumela hore a ee kopanong. ’Mè eo a tšepisa hore o tla ea phathing ha a tsoa kopanong. Empa ha a se a tsoa kopanong, a bona ho le molemo hore a se ke a beha bomoea ba hae kotsing, kahoo a tlohela ho ea phathing.

Ha monna a bolella ba leloko hore o kōpile mosali hore a tle phathing ha a tsoa “sebokeng sa Lipaki,” ba ile ba re, “Ha a na ho tla; Lipaki Tsa Jehova ha li keteke matsatsi a tsoalo!” *

Monna eo o ne a le motlotlo hore ebe mosali oa hae o emela seo a se lumelang ’me o mamela letsoalo la hae. Kahoo, seo se ile sa nolofalletsa mosali ho mo pakela le ho pakela batho ba bang. Phello e bile efe? Monna o ile a lumela ho ithuta Bibele, ’me a qala ho ea libokeng le mosali oa hae.

^ par. 7 Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooeng oa December 15, 2001.