MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) September 2017

Khatiso ena e na le lihlooho tse ithutoang tsa la 23 October  ho ea ho la 26 November , 2017.

Loanela hore u khone ho itšoara

Mehlala ea Bibele e ka re thusa joang hore re khone ho itšoara? Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho itšoara ka linako tsohle?

Etsisa Jehova ka Hore U Utloele Batho Bohloko

Ka lekhetlo le leng, Jehova o ile a bolella Moshe lebitso la Hae le makhabane a hae. Molimo o ile a qala pele ka ho bua ka makhabane a hae e leng kutloelo bohloko. Ho utloela motho bohloko ke’ng hona ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re utloele batho bohloko?

PALE EA BOPHELO

Ke Hlohonolofalitsoe Haholo ka ho Sebetsa le Batho ba Ratang Molimo

David Sinclair o hopola kamoo a neng a thabela ho sebetsa le bara le barali babo rona ka lilemo tse 61 tseo a li qetileng Bethele e Brooklyn.

“Lentsoe la Molimo oa Rōna, le . . . Tšoarella ho Isa Nakong e sa Lekanyetsoang”

Le mehleng ena Bibele e ntse e fetoleloa le hoja puo e ile ea fetoha, bo-ralipolotiki ba lekile ho e thibela ’me batho ba sitisa hore e fetoleloe.

“Lentsoe la Molimo . . . le Fana ka Matla”

Batho ba bangata ba ile ba fetola bophelo ba bona ka mor’a hore ba ithute Bibele. Re lokela ho etsa’ng e le hore Bibele e fetole bophelo ba rona?

“E-ba Sebete . . . ’me u Nke Bohato”

Ke hobane’ng ha re lokela ha lokela ho ba sebete, hona re ka ba sebete joang?