Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“E-ba Sebete . . . ’me u Nke Bohato”

“E-ba Sebete . . . ’me u Nke Bohato”

E-ba sebete u be matla ’me u nke bohato. U se ke ua tšoha kapa ua haroha letsoalo, etsoe Jehova Molimo . . . , o na le uena.” 1 LIKRON. 28:20.

LIPINA: 60, 29

1, 2. (a) Solomone o ile a fuoa mosebetsi ofe oa bohlokoa? (b) Ke hobane’ng ha Davida a ne a tšoenyehile ka Solomone?

JEHOVA o ile a khetha Solomone hore a etelle pele mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oa ho haha tempele Jerusalema. Tempele eo e ne “e lokela ho ba e hlollang ka mokhoa o fetisisang ka botle linaheng tsohle.” Taba ea bohlokoa le ho feta ke hore tempele eo e ne e tla ba “ntlo ea Jehova Molimo oa ’nete.”—1 Likron. 22:1, 5, 9-11.

2 Le hoja Solomone e ne e le mocha a bile a se na boiphihlelo, Morena Davida o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo tšehetsa. Na Solomone o ne a tla ba le sebete sa ho amohela boikarabelo boo ba ho haha tempele? Kapa na o ne a tla sitoa ho o etsa hobane e le mocha a bile a se na boiphihlelo? O ne a lokela ho ba sebete e le hore a etse mosebetsi oo.

3. E ka ’na eaba ke’ng eo Solomone a ileng a ithuta eona ho ntate oa hae?

3 E ka ’na eaba Solomone o ile a ithuta ho ba sebete ho ntate oa hae, Davida. Ha Davida a sa le mocha, o ile a loantša liphoofolo tse neng li hlasela linku tsa ntate oa hae. (1 Sam. 17:34, 35) O ile a boela a ba sebete ha a loana le Goliathe oa senatlahali. Jehova o ile a thusa Davida hore a bolaee Goliathe ka lejoe.—1 Sam. 17:45, 49, 50.

4. Ke hobane’ng ha Solomone a ne a lokela ho ba sebete?

4 Rea utloisisa hore na ke hobane’ng ha Davida e ne e le eena motho ea nepahetseng hore a khothalletse Solomone hore a be sebete ’me a hahe tempele. (Bala 1 Likronike 28:20.) Hoja Solomone ha aa ka a ba sebete, a ka be a sa ka a haha tempele eo. E ne e tla ba ntho e mpe ho feta ho hloleha ho phetha mosebetsi oa hae.

5. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba sebete?

5 Le rona re hloka thuso ea Jehova hore re be sebete ’me re phethe mesebetsi ea rona. A re bueng ka batho ba mehleng ea khale ba ileng ba e-ba sebete. Ka mor’a moo re tla ithuta kamoo re ka ba etsisang kateng ka hore re be sebete ’me re etse mesebetsi eo Jehova a re fang eona.

BATHO BA ILENG BA E-BA SEBETE

6. Ke’ng eo u e ratang ka tsela eo Josefa a ileng a etsa lintho ka eona?

6 Josefa o ile a ba sebete ha mosali oa Potifaro a batla hore a robale le eena. E ka ’na eaba o ne a tseba hore ha a ka hana ho robala le eena, bophelo ba hae bo tla ba kotsing. Empa ho e-na le hore a inehele, o ile a ba sebete eaba hang-hang oa baleha.—Gen. 39:10, 12.

7. Rahaba o ile a bontša joang hore o sebete? (Sheba setšoantšo se qalong.)

7 Rahaba le eena o ile a ba sebete. Ha Baiseraele ba neng ba tl’o hloela naha ba le Jeriko ntlong ea hae, a ka be a ile a tšoha ebe oa ba leleka. Empa kaha o ne a tšepa Jehova, o ile a ba sebete eaba o thusa banna bao ba babeli hore ba tsoe Jeriko ba ntse ba sireletsehile. (Josh. 2:4, 5, 9, 12-16) Rahaba o ne a lumela hore Jehova ke Molimo oa ’nete ’me a kholisehile hore o tla fa Baiseraele naha eo. Ha aa ka a tšoha hore na batho ba tla re’ng ho akarelletsa le morena oa Jeriko le batho ba hae. Ho e-na le hoo, o ile a ba sebete eaba eena le lelapa labo baa pholoha.—Josh. 6:22, 23.

8. Hore ebe Jesu o ne a le sebete, ho ile ha thusa baapostola ba hae joang?

8 Baapostola ba Jesu le bona ba ne ba le sebete. Kaha ba ile ba bona kamoo Jesu a neng a le sebete kateng, ba ile ba ithuta ho ba sebete. (Mat. 8:28-32; Joh. 2:13-17; 18:3-5) Ha Basaduse ba ne ba leka ho ba thibela hore ba se ke ba ruta ka Jesu, ba ile ba ’na ba tsoela pele ho ruta.—Lik. 5:17, 18, 27-29.

9. Lengolo la 2 Timothea 1:7 le re thusa joang ho bona bohlokoa ba ho ba sebete?

9 Josefa, Rahaba, Jesu hammoho le baapostola ba hae, ba ne ba ikemiselitse ho etsa lintho tse nepahetseng. Le hoja ba ne ba le sebete, e ne e se hobane ba tšepile matla a bona, empa ba ne ba tšepile Jehova. Ka linako tse ling le rona re tobana le maemo a hlokang hore re be sebete. Kahoo, re lokela ho tšepa Jehova, eseng matla a rona. (Bala 2 Timothea 1:7.) A re bueng ka maemo ao ho ’ona ho hlokehang hore re be sebete, e leng ka lapeng le ka phuthehong.

MAEMO A RE HLOKANG HORE RE BE SEBETE

10. Ke hobane’ng ha bacha ba Bakreste ba lokela ho ba sebete?

10 Ho na le maemo ao ho ’ona bacha ba Bakreste ba hlokang ho ba sebete e le hore ba sebeletse Jehova. Ba ka ithuta mohlaleng oa Solomone, ea ileng a ba sebete ’me a etsa qeto e nepahetseng ea hore a hahe tempele. Le hoja bacha ba lokela ho tataisoa ke batsoali, ke bona ba iketsetsang liqeto. (Liprov. 27:11) Bacha ba hloka ho ba sebete ha ba etsa qeto ea hore ba lule ba itšoere hantle, ea hore na metsoalle ea bona e tla ba bo-mang, hore na ba tla ikhatholla ka eng le hore ba kolobetsoe. Ba hloka ho ba sebete hobane ba tla be ba le khahlanong le Satane eo e leng sera sa Molimo.

11, 12. (a) Moshe o ile a etsa’ng ho bontša hore o sebete? (b) Bacha ba ka ba etsisa Moshe joang?

11 E ’ngoe ea liqeto tseo bacha ba lokelang ho li etsa ke hore na ba tla etsa’ng bophelong ha ba se ba holile. Linaheng tse ling, bacha ba khothalletsoa ho kena sekolo e le hore ba fumane mesebetsi e patalang hantle. Ka lebaka la mathata a lichelete, linaheng tse ling, bacha ba utloa ba tlameha ho sebetsa ka thata e le hore ba tle ba thuse ba malapa a habo bona. Haeba u le boemong bo joalo, nahana ka Moshe. Kaha o ne a holisitsoe ke morali oa Faro, a ka be a ile a etsa qeto ea ho ba morui kapa motho ea tsebahalang. E tlameha ebe ba lelapa labo ba Baegepeta, matichere le baeletsi ba hae ba ne ba mo khothalletsa ho phela bophelo bo tloaelehileng moo. Empa Moshe o ile a ba sebete eaba o khetha ho sebeletsa Jehova. Ka mor’a hore Moshe a siee Egepeta le maruo a eona, o ile a ba sebete eaba o tšepa Jehova. (Baheb. 11:24-26) Kahoo, Jehova o ile a mo hlohonolofatsa haholo ’me o tla mo hlohonolofatsa nakong e tlang.

12 Ka tsela e tšoanang, Jehova o tla hlohonolofatsa bacha bao ka sebete ba etelletsang ’Muso pele bophelong ba bona. Jehova o tla boela a ba thuse ho hlokomela ba malapa a bona. Ha Timothea a sa le mocha, o ile a sebeletsa Jehova. Le uena u ka sebeletsa Jehova bocheng ba hao. *Bala Bafilipi 2:19-22.

Na u ikemiselitse ho ba sebete maemong ’ohle?(Sheba serapa sa 13 ho ea ho 17)

13. Ho ba sebete ho thusitse morali’abo rona e mong joang?

13 Morali’abo rona e mong ea lulang Alabama, o ile a tlameha ho ba sebete e le hore a ka etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova. O re: “Ha ke ntse ke hola ke ne ke le lihlong haholo, ke tšaba ho bua le batho ha ke le libokeng le tšimong.” Empa batsoali ba hae le ba bang ka phuthehong ba ile ba mo thusa hore e be pula-maliboho ea kamehla. O re: “Batho bao e seng Lipaki ba khothalletsa bacha ho kena sekolo e le hore ba be le maruo ba be ba tume. Empa hangata batho ha ba khone ho ba le lintho tseo ebile ba qetella ba sa thaba bophelong. Leha ho le joalo, ho sebeletsa Jehova ho etsa hore ke thabe. Hape ke utloa eka ho na le ntho ea bohlokoa eo ke e finyelletseng.”

14. Batsoali ba Bakreste ba lokela ho ba sebete maemong afe?

14 Batsoali ba Bakreste le bona ba lokela ho ba sebete. Mohlala, ba hloka ho ba sebete ’me ba hane ho sebetsa ka mor’a lihora tsa mosebetsi ka matsatsi ao ba eang tšimong, ba etsang borapeli ba lelapa le ka matsatsi a liboka. Ba tla be ba behela bana ba bona mohlala o motle ha ba etsa joalo. Kapa mohlomong batsoali ba bangata phuthehong ea heno ba lumella bana ba bona ho etsa lintho tseo u sa rateng ha bana ba hao ba li etsa. U lokela ho ba sebete e le hore u ka hlalosetsa batsoali bao mabaka a etsang hore u hanele ngoana oa hao ho etsa lintho tse joalo.

15. Lengolo la Pesaleme ea 37:25 le la Baheberu 13:5 le ka thusa batsoali joang?

15 Batsoali ba lokela ho ba sebete ha ba thusa bana ba bona ho etsa liqeto tse tla ba thusa hore ba sebeletse Jehova. Mohlala, batsoali ba bang ba tšaba ho khothalletsa bana ba bona ho nkela bopula-maliboho, ho thusa moo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng, ho sebetsa Bethele kapa kahong. Mohlomong batsoali ba tšaba hore ha ba se ba holile, bana ba bona ba ke ke ba khona ho ba hlokomela. Leha ho le joalo, batsoali ba lokela ho ba sebete ’me ba be le tumelo ea hore Jehova o tla phetha litšepiso tsa hae. (Bala Pesaleme ea 37:25; Baheberu 13:5.) Ha u thusa ngoana oa hao hore a tšepe Jehova ’me a itšetlehe ka eena, u bontša hore le uena u tšepa Jehova.—1 Sam. 1:27, 28; 2 Tim. 3:14, 15.

16. Batsoali ba bang ba thusitse bana ba bona joang hore ba etse qeto ea ho sebeletsa Jehova, hona bana ba bona ba ruile molemo joang?

16 Batsoali ba bang ba lulang United States ba ile ba thusa bana ba bona hore ba etse qeto ea ho sebeletsa Jehova ho tloha bocheng. Ntate o re: “Ha bana ba rona e sa le masea, re ne re atisa ho bua le bona ka monate oa ho bula maliboho le ho thusa phutheho. Hona joale ba batla ho ikutloela. Kaha bana ba rona ba entse qeto ea ho sebeletsa Jehova, ba khona ho hlola liteko tsa Satane ’me ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova.” Mor’abo rona e mong ea nang le bana ba babeli o re: “Batsoali ba bangata ba qeta nako le chelete e ngata ba thusa bana ba bona hore ba kenelle lipapaling, ba ikhatholle le hore ba kene sekolo. Ho bohlokoa le ho feta hore re qete nako le chelete ea rona re thusa bana ba rona hore ba sebeletse Jehova, e leng ntho e tla ba thusa hore ba be le kamano e ntle le eena. Re thabela ho bona bana ba rona ba sebeletsa Jehova. Re boetse re thabela ho sebetsa le bona.” Kholiseha hore Jehova o tla u hlohonolofatsa ha u thusa bana ba hao hore ba mo sebeletse.

KA PHUTHEHONG

17. Fana ka mehlala ea maemo a re hlokang hore re be sebete ka phuthehong.

17 Ho na le maemo a re hlokang hore re be sebete ka phuthehong. Mohlala, baholo ba hloka ho ba sebete ha ba sebetsa litaba tsa motho ea entseng sebe se tebileng kapa ba thusa batho ba keneng sepetlele ’me bophelo ba bona bo le kotsing. Baholo ba bang ba ea literonkong e le hore ba ithute Bibele le batho kapa ba tšoare liboka. Ho thoe’ng ka baralib’abo rona? Ba na le menyetla e mengata ea hore ba sebeletse Jehova. E ka ba bo-pula-maliboho, ba ea moo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng, ba sebetsa kahong kapa ba ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso. Ba bang ba ile ba ea Sekolong sa Gileade.

18. Morali’abo rona ea holileng o hloka ho ba sebete maemong afe?

18 Re thabela ho ba le baralib’abo rona ba holileng liphuthehong tsa rona. Re ba rata haholo. Le hoja ba bang ba bona ba sa khone ho sebeletsa Jehova joaloka pele, ba ntse ba ka ba sebete ’me ba sebeletsa Jehova. (Bala Tite 2:3-5.) Mohlala, morali’abo rona ea holileng o hloka ho ba sebete ha baholo ba mo kopa hore a bue le morali’abo rona e mocha ka moaparo. A ke ke a mo omanyetsa tsela eo a aparang ka eona. Empa o tla bua le eena ka mosa a mo thuse hore a nahane kamoo moaparo oa hae o amang batho ba bang kateng. (1 Tim. 2:9, 10) Ha a bua ka tsela ena, o tla kenya letsoho hore ho be le bonngoe ka phuthehong.

19. (a) Barab’abo rona ba lokela ho ba sebete joang? (b) Lengolo la Bafilipi 2:13; 4:13 le ka thusa barab’abo rona joang hore ba be sebete?

19 Barab’abo rona ba lokela ho ba sebete ha ba sebeletsa Jehova. Ha ba ikemiselitse ho ba bahlanka ba sebeletsang kapa baholo, phutheho e rua molemo haholo. (1 Tim. 3:1) Empa ba bang ba ka ’na ba e-ba leqe ho ba bahlanka ba sebeletsang kapa baholo. E ka ’na eaba mor’abo rona o ile a etsa liphoso nakong e fetileng, joale o ikutloa a sa tšoanelehe ho ba moholo kapa mohlanka ea sebeletsang. E mong a ka ’na a ikutloa a sa tšoanelehe ho etsa mosebetsi o itseng. Haeba u ikutloa joalo, Jehova o tla u thusa hore u be sebete. (Bala Bafilipi 2:13; 4:13.) Hopola hore Moshe le eena o kile a ikutloa ka tsela e tšoanang. (Ex. 3:11) Empa Jehova o ile a mo thusa hore a be sebete eaba o khona ho etsa mosebetsi oo a neng a lokela ho o etsa. Mor’abo rona a ka ba sebete ka hore a bale Bibele letsatsi le letsatsi ’me a rapele Jehova hore a mo thuse. Hape o lokela ho nahanisisa ka mehlala ea batho ba hlahang ka Bibeleng ba ileng ba e-ba sebete. A ka kopa baholo hore ba mo rupele ’me a lule a le malala-a-laotsoe ho thusa ka phuthehong. Re khothalletsa barab’abo rona bohle hore ba be sebete ’me ba sebetse ka thata ka phuthehong.

“JEHOVA . . . O NA LE UENA”

20, 21. (a) Davida o ile a hopotsa Solomone eng? (b) Re lokela ho kholiseha ka eng??

20 Morena Davida o ile a hopotsa Solomone hore Jehova o tla ba le eena ho fihlela a qeta ho haha tempele. (1 Likron. 28:20) Kaha Solomone o ne a nahana ka lintho tseo ntate oa hae a mo boleletseng tsona, ha aa ka nyahama hobane a le mocha a bile a se na boiphihlelo. Ho e-na le hoo, o ile a ba sebete eaba Jehova o mo thusa hore a hahe tempele ka lilemo tse supileng le likhoeli tse tšeletseng.

21 Feela joalokaha Jehova a ile a thusa Solomone, le rona a ke re thusa hore re etse mosebetsi oa rona ebang ke ka lapeng kapa ke ka phuthehong. (Esa. 41:10, 13) Haeba re e-ba sebete ha re sebeletsa Jehova, o tla re hlohonolofatsa hona joale le nakong e tlang. Kahoo, a re beng sebete ’me re sebeletseng Jehova.

^ ser. 12 U tla fumana mehlala e tla u thusa sehloohong se reng “Sebelisa Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa ’Mōpi oa Hao,” se fumanehang ho Molula-Qhooa oa July 15, 2004.