Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisa Jehova ka Hore U Utloele Batho Bohloko

Etsisa Jehova ka Hore U Utloele Batho Bohloko

“Jehova, Jehova, Molimo ea mohau le ea mosa.” EX. 34:6.

LIPINA: 142, 12

1. Jehova o ile a itlhalosa joang ho Moshe, hona ke hobane’ng ha taba eo e le bohlokoa?

HA JEHOVA a itlhalosa ho Moshe o ile a bua ka lebitso la hae le makhabane a hae. Makhabane ao a qalileng ka ’ona e bile mohau le mosa kapa kutloelo-bohloko. (Bala Exoda 34:5-7.) Jehova a ka be a ile a bua haholo ka matla a hae le bohlale ba hae. Empa kaha Moshe o ne a hloka thuso, Jehova o ile a bua ka makhabane a neng a bontša hore o ikemiselitse ho thusa bahlanka ba hae. (Ex. 33:13) Hoa khothatsa ho tseba hore Jehova o buile ka makhabane ana ho feta a mang. Sehloohong sena re tla bua ka ho utloela batho bohloko le hore na re ka etsa’ng ho ba thusa.

2, 3. (a) Ke’ng e bontšang hore ho utloela batho bohloko ke ntho ea tlhaho? (b) Ke hobane’ng ha taba ea ho qenehela batho e le bohlokoa?

2 Jehova o bopile batho ka setšoantšo sa hae. Kahoo, kaha Jehova o utloela batho bohloko, esita le batho ba sa tsebeng letho ka Jehova, ba utloelana bohloko. (Gen. 1:27) Ka Bibeleng ho na le batho ba bangata ba ileng ba utloela ba bang bohloko kapa ba ba qenehela. Nahana ka basali ba babeli ba neng ba entse khang ka hore na ’m’a lesea ke ofe lipakeng tsa bona. Ha Solomone a khaola khang ena o ile a re ngoana eo a khaoloe ka lehare. Eaba ’mè oa ngoana o re ngoana eo a ka mpa a fuoa mosali e mong kaha o ne a qenehela lesea la hae. (1 Mar. 3:23-27) Ha Moshe e sa le lesea, morali oa Faro o ile a mo pholosa. Le hoja a ne a tseba hore ngoana eo ke Moheberu ea neng a lokela ho bolaoa, o ile a “mo qenehela” eaba o etsa qeto ea hore a ikholisetse eena.—Ex. 2:5, 6.

3 Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re qenehele batho? Hobane Bibele e re re lokela ho etsisa Jehova. (Baef. 5:1) Le hoja re bopetsoe ho qenehelana, re atisa ho icheba borona kaha re futsitse ho se phethahale ho batsoali ba rona ba pele. Ka linako tse ling ha re tsebe hantle hore na re thuse batho ba bang kapa re etse ntho e tla tsoela rona molemo. Batho ba bang ba lula ba loantša bothata bona. Ke’ng e ka u thusang hore u lule u utloela batho ba bang bohloko? Ntlha ea pele, nahana hore na ke joang Jehova a ileng a utloela batho bohloko le hore na batho ba bang bona ba ile ba utloelana bohloko joang. Ea bobeli, nahana hore na u ka etsisa Jehova joang le hore na ho etsa joalo ho ka ba le melemo efe.

JEHOVA O UTLOELA BATHO BOHLOKO

4. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a romela mangeloi motseng oa Sodoma? (b) Tlaleho ea Lota le barali ba hae e re ruta’ng ka Jehova?

4 Ho na le batho ba bangata bao Jehova a ileng a ba utloela bohloko. E mong oa bona ke Lota. Lota o ne “a ba mahlomoleng haholo ke ho inehella boitšoaro bo hlephileng ha batho” ba lulang Sodoma le Gomora. Ke kahoo Jehova a ileng a etsa qeto ea ho ba timetsa. (2 Pet. 2:7, 8) Jehova o ile a romela mangeloi hore a pholose Lota. Mangeloi a ile a re Lota le lelapa la hae ba balehe motseng oo. ‘Ha a ntse a lieha, joale ka lebaka la qenehelo ea Jehova ho eena, mangeloi ao a mo tšoara ka letsoho ’me a tšoara mosali oa hae le barali ba hae ba babeli ka matsoho ’me a mo ntša a mo beha ka ntle ho motse.’ (Gen. 19:16) Tlaleho ena e re thusa ho hlokomela hore Jehova oa bona ha batho ba hae ba le maemong a boima.—Esa. 63:7-9; Jak. 5:11; 2 Pet. 2:9.

5. Lengolo la 1 Johanne 3:17 le re thusa joang hore re utloele batho bohloko?

5 Jehova ha a utloele batho bohloko feela empa o boetse o ba ruta bohlokoa ba ho etsa joalo. Nahana ka molao o neng o fuoe Baiseraele o neng o lumella motho ho nka seaparo sa ea mo kolotang. (Bala Exoda 22:26, 27.) Motho ea se nang pelo o ne a ka nka seaparo sa ea mo kolotang ebe o mo siea a se na letho leo a ka le aparang ha a robala. Jehova o ile a ruta batho ba hae hore ba utloele batho ba bang bohloko ho e-na le hore ba ba tšoare ka tsela eo. Le rona re lokela ho utloela batho ba bang bohloko. Haeba ho e-na le ntho eo re ka thusang Mokreste-’moho le rona ka eona, ha rea lokela ho iphapanyetsa eena, empa re lokela ho mo thusa.—Bakol. 3:12; Jak. 2:15, 16; bala 1 Johanne 3:17.

6. Re ithuta’ng ka tsela eo Jehova a ileng a tšoara Baiseraele ka eona le hoja ba ne ba mo fosetsa hangata?

6 Jehova o ne a qenehela Baiseraele leha ba ne ba mo fosetsa. Bibele e re: “Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a romeletsa khahlanong le bona ka manģosa a hae, a romeletsa nako le nako, hobane o ne a qenehela batho ba hae le sebaka sa hae sa bolulo.” (2 Likron. 36:15) Re lokela ho qenehela batho bao re kopanang le bona tšimong kaha ba ka fetoha ebe ba sebeletsa Jehova. Jehova ha a batle hore mang kapa mang a timele. (2 Pet. 3:9) Re lokela ho tsoela pele re bua le batho ka Bibele ho fihlela Jehova a ka timetsa batho ba khopo.

7, 8. Ke hobane’ng ha lelapa le leng le kholisehile hore Jehova o ile a le qenehela?

7 Ho na le lintho tse ngata tse etsahetseng tse bontšang hore Jehova o qenehela batho ba hae kapa oa ba hauhela. Lilemong tsa bo-1990, ha Milan a le lilemo li 12, eena le lelapa labo ba ile ba kena beseng le Lipaki tse ling ho ea kopanong. Ba ne ba tloha naheng ea Bosnia ho ea naheng ea Serbia. Ka nako eo ho ne ho e-na le lintoa tsa merabe lipakeng tsa linaha tsena tse peli. Batsoali ba Milan ba ne ba tl’o kolobetsoa kopanong eo. Empa ha ba fihla ka borokhong, masole a ile a theola Milan le lelapa labo ka beseng hobane e le ba morabe osele eaba ba tlohela Lipaki tse ling hore li tšele. Ka mor’a hore lelapa leo le lule lelibohong moo matsatsi a mabeli, mookameli o ile a letsetsa mong’a hae a mo botsa hore na a etse’ng ka lelapa leo. Kaha mookameli o ne a eme haufi le lelapa leo, kaofela ba ile ba utloa ha mong’a hae a re: “Ba ise ka ntle u ba thunye.”

8 Ha mookameli eo a ntse a bua le basebetsi-’moho le eena, bo-ntate ba babeli ba ile ba tla ho lelapa leo ’me ba ipolela hore le bona ke Lipaki. Ba ile ba re Lipaki tse ling li ile tsa ba bolella ka bothata bo hlahetseng lelapa la bona. Bo-ntate bao ba ile ba re Milan le moen’ae ba kene koloing ea bona hore ba tšele hobane bana ba lumelloa ho tšela. Eaba ba bolella batsoali hore ba potolohe liofisi tsa leliboho ebe ba kopana ha ba qeta ho tšela. Ha bo-ntate bao ba re Milan le moen’ae ba kene koloing, Milan o ne a utloa a sa tsebe hore na a tšehe kapa a lle. Batsoali ba hae ba ile ba re: “Le bona eka ba tla re lumella ho tsamaea joalo feela?” Ha ba tsamaea, e ne e hlile eka masole ao ha a ba bone. Milan le moen’ae ba ile ba kopana le batsoali ba bona ka mose ho leliboho. Kahoo, ba ile ba ea kopanong ba kholisehile hore Jehova o arabile lithapelo tsa bona ha ba mo kopa thuso. Ke ’nete hore ka Bibeleng ho na le linako tseo Jehova a sa kang a kenella ka ho toba hore a sireletse batho ba hae. (Lik. 7:58-60) Empa Milan o re: “E ne eka mangeloi a foufalitse masole ao, eaba Jehova oa re sireletsa.”—Pes. 97:10.

9. Jesu o ile a etsa’ng ha a bona batho ba sohlokehileng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

9 Ho na le ntho eo re ka ithutang eona ka Jesu. O ne a qenehela batho bao a kopanang le bona kapa a ba utloela bohloko ‘hobane ba ne ba sohlokehile ’me ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.’ Ha a ba bona o ile a ‘qala ho ba ruta lintho tse ngata.’ (Mat. 9:36; bala Mareka 6:34.) O ne a fapane hole le Bafarisi hobane bona ba ne ba sa batle ho thusa batho ba sohlokehileng. (Mat. 12:9-14; 23:4; Joh. 7:49) Le rona re lokela ho labalabela ho thusa batho hore ba be le kamano e ntle le Jehova.

10, 11. Na ke kamehla re lokelang ho qenehela batho? Hlalosa.

10 Leha ho le joalo, ha se kamehla re lokelang ho qenehela batho. Mehlaleng eo re buileng ka eona, Jehova o ile a qenehela batho ka nepo. Empa Morena Saule o ile a etsa phoso ka ho qenehela Agage kaha Agage e ne e le sera sa batho ba Molimo. Saule o ile a boela a qenehela mohlape o nonneng. Kahoo, Jehova o ile a mo tlosa boreneng. (1 Sam. 15:3, 9, 15) Jehova ke Moahloli ea lokileng hobane eena o khona ho bona lipelo tsa batho ’me oa tseba ha ho sa hlokahale hore motho a hauheloe. (Lillo 2:17; Ezek. 5:11) Ho na le nako eo ka eona a tla timetsa ba sa mo mameleng. (2 Bathes. 1:6-10) Ka nako eo, a ke ke a qenehela batho bao a ba ahlotseng ka hore ba khopo. Ha a ba timetsa o tla be a bontša hore o qenehela batho ba lokileng kapa o ba utloela bohloko.

11 Ha se mosebetsi oa rona ho ahlola batho ka hore na ke bafe ba tla pholoha kapa ba tla timetsoa. Ho e-na le hoo, re lokela ho leka ka hohle ho ba thusa hore ba be le kamano e ntle le Molimo. Empa re lokela ho etsa’ng ho bontša hore re qenehela baahelani ba rona? Nahana ka litsela tse latelang.

E-BA LE KUTLOELO-BOHLOKO

12. U ka bontša joang hore u utloela batho bohloko?

12 Thusa batho ba bang. Ha re qenehela baahelani ba rona le Bakreste-’moho le rona re tla be re bontša hore re batla ho etsisa Jesu. (Joh. 13:34, 35; 1 Pet. 3:8) Lentsoe ho qenehela kapa ho utloela bohloko le ka bolela “ho utloa bohloko hammoho.” Motho ea utloelang ba bang bohloko oa ba thusa ha ba e-na le mathata. Kahoo, u lokela ho batla menyetla ea ho ba thusa. Mohlala, u ka thusa motho e mong ka mosebetsi o itseng kapa oa mo ela moo a lokelang ho ea.—Mat. 7:12.

Bontša hore u utloela batho bohloko ka hore u ba thusa (Sheba serapa sa 12)

13. Lipaki Tsa Jehova li tsebahala ka’ng?

13 Thusa batho linakong tsa likoluoa. Ha batho ba hlahetsoe ke likoluoa, re ba utloela bohloko. Lipaki Tsa Jehova li tsebahala ka ho thusa batho ba hlahetsoeng ke likoluoa. (1 Pet. 2:17) Ka 2011 ho ile ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše le tsunami moo morali’abo rona e mong oa Japane a lulang. O re o ile a khothala haholo a ba a tšeliseha ha Lipaki tse tsoang Japane le libakeng tse ling li ithaopela ho ba thusa ka mor’a hore ba hlaheloe ke koluoa eo. O re: “Ke ile ka hlokomela kamoo Jehova a re ratang kateng le hore bahlanka ba hae baa tsotellana ebile Lipaki lefatšeng lohle lia re rapella.”

14. Re ka thusa batho ba kulang le ba holileng joang?

14 Thusa batho ba kulang le ba holileng. Ha re bona batho ba kulang le ba holileng, ka tlhaho re ba utloela bohloko. Re labalabela ho bona batho ba se ba sa kule ba bile ba sa tsofale. Ke kahoo re lulang re rapella hore ’Muso oa Molimo o tle. Empa pele o fihla, re etsa sohle seo re ka se khonang hore re thuse batho ba hlokang thuso. Nahana ka mantsoe ao mongoli e mong a ileng a a bua ka ’mè oa hae ea seng a holile ea nang le lefu le amang kelello le bitsoang Alzheimer. Ka letsatsi le leng ’mè oa hae o ile a itšenya. Ha a ntse a leka ho itlhoekisetsa liaparo tsa hae, batho ba ile ba kokota monyako. Batho bao e ne e le Lipaki tse peli tse neng li atisa ho mo chakela. Ba ile ba mo botsa hore na ba ka mo thusa ka eng. Nkhono o ile a re: “Ke utloa ke soabile, empa le ka nthusa.” Lipaki tseo li ile tsa mo thusa ho hlatsoa liaparo tsa hae. Ka mor’a moo, ba ile ba etsa tee eaba ba qoqa le eena. Mora oa nkhono o ne a maketse. O ile a re: “Ke rolela Lipaki tsena khaebana. Liketso tsa bona li lumellana le seo ba se rutang.” Kaha re qenehela batho ba kulang le ba holileng, re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang hore re ba thuse.—Bafil. 2:3, 4.   

15. Re tla fumana molemo ofe ha re bua le batho ka Jehova?

15 Thusa batho hore ba be le kamano e ntle le Molimo. Ha re bona kamoo batho ba nang le mathata kateng, re ba ruta ka Jehova re be re ba rute hore na ’Muso oa hae o tla etsetsa batho eng. Re boetse re ba thusa ho bona melemo ea ho phela ka melao ea Molimo. (Esa. 48:17, 18) Kahoo, u ka eketsa nako eo u e qetang tšimong u etsa mosebetsi o thabisang Jehova. Ha u etsa joalo, u bontša hore u utloela batho ba bang bohloko.—1 Tim. 2:3, 4.

U RUA MOLEMO HA U UTLOELA BATHO BA BANG BOHLOKO

16. U tla rua molemo ofe ha u utloela batho ba bang bohloko?

16 Litsebi tsa kelello li re ha u utloela batho ba bang bohloko u tla ba le bophelo bo botle ’me u be le likamano tse ntle le batho. Ha u thusa batho u tla rua molemo kaha u tla thaba, u be le maikutlo a nepahetseng hape u tla lula u e-na le metsoalle. (Baef. 4:31, 32) Ha u leka ho thusa batho, u tla ba le letsoalo le khutsitseng hobane oa tseba hore u etsa lintho tse lumellanang le melao ea Jehova. Haeba u etsa joalo, u tla ba motsoali, molekane kapa motsoalle ea molemo. Hape, ha u potlakela ho thusa batho ba bang, le bona ba tla potlakela ho u thusa ha u e-na le mathata.—Bala Matheu 5:7; Luka 6:38.

17. Ke hobane’ng ha u batla ho utloela batho bohloko?

17 Ha oa lokela ho utloela batho ba bang bohloko hobane feela u tseba hore le uena u tla rua molemo. Lebaka le ka sehloohong e lokela ho ba hore u batla ho etsisa Jehova ebile u batla ho mo thabisa. (Liprov. 14:31) Jehova ke mohlala o motle oa ho utloela batho bohloko. E se eka re ka etsa sohle seo re ka se etsang hore re mo etsise ’me re etse hore ho be le bonngoe ka phuthehong le hore re be le likamano tse ntle le baahelani ba rona.—Bagal. 6:10; 1 Joh. 4:16.