Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Ke Hlohonolofalitsoe Haholo ka ho Sebetsa le Batho ba Ratang Molimo

Ke Hlohonolofalitsoe Haholo ka ho Sebetsa le Batho ba Ratang Molimo

Lebitso la ntate oa ka ke James Sinclair ’me la ’mè oa ka ke Jessie Sinclair. Mahareng a bo-1930, ba ile ba fallela New York City toropong ea Bronx. Ba ile ba etsa setsoalle le Willie Sneddon ea neng a hlaha Scotland moo ba neng ba tsoa teng. Metsotso feela ba kopane ba ile ba bua ka malapa a bona. E ne eka ke khale ba tsebana. Sena se etsahetse khale pele ke hlaha.

’Mè o ile a qoqela Willie hore nakoana pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, ntate oa hae le abuti oa hae ba ile ba teba leoatleng ha sekepe sa bona se thula seqhomane. Willie o ile a re: “Ntate oa hao o liheleng.” Willie e ne e le Paki ea Jehova ’me ena ke tsela e makatsang eo ’mè oa ka a ileng a ithuta Bibele ka eona.

Willie le Liz Sneddon

Taba ena e ile ea koatisa ’Mè haholo kaha o ne a tseba ntate oa hae e le motho ea lokileng. Willie o ile a boela a re: “Na u ka tšeliseha ha nka u joetsa hore Jesu le eena o ile a ea liheleng?” ’Mè o ile a hopola thuto ea kerekeng e neng e re Jesu o ile a ea liheleng ’me a tsosoa ka letsatsi la boraro. O ile a ipotsa hore na haeba lihele ke sebaka seo batho ba khopo ba hlokofatsoang ho sona, ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka ea teng. Sena se ile sa etsa hore ’Mè a qale ho thahasella ho ithuta ka Bibele. O ile a qala ho ea libokeng phuthehong ea Bronx ’me a kolobetsoa ka 1940.

’Na le ’mè oa ka ka ho le letšehali, hape ke na le ntate oa ka ho le letona

Ka nako eo, batsoali ba Bakreste ba ne ba sa ithute Bibele le bana ba bona. Ha ke sa le ngoana, ntate oa ka o ne a sala le ’na ha ’Mè a ne a ea libokeng leha a ne a ea tšimong mafelo a beke. Empa ka mor’a lilemo tse ’maloa, ’na le Ntate re ile ka qala ho ea libokeng le ’Mè. O ne a le mahlahahlaha tšebeletsong ea tšimo ’me a ithuta Bibele le batho ba bangata ba thahasellang. Ka nako e ’ngoe o ne a khannela sehlopha sa batho Bibele. Ke ne ke ea tšimong le eena ha likolo li koetsoe. ’Me ho etsa joalo ho ile ha nthusa hore ke ithute ho ho ngata ka Bibele ’me ho ile ha boela hoa nthusa le ho ruta ba bang ka eona.

Ka masoabi ha ke le monyane ke ne ke sa rate ho ithuta Bibele. Ke ne ke sa e nkele hloohong. Empa lintho li ile tsa fetoha ha ke le lilemo li 12. Ke ile ka ba mohoeletsi ’me ka ea tšimong kamehla. Ka etsa qeto ea ho kolobetsoa ha ke le lilemo li 16 ka la 24 July 1954 kopanong e neng e tšoaretsoe Toronto, Canada.

KE ITHAOPELA HO THUSA BETHELE

Barab’abo rona ba bang e ne e le litho tsa lelapa la Bethele ha ba bang ba ne ba tsoa teng. Ba ile ba ba le tšusumetso e kholo ho ’na. Ke ne ke rata le tsela eo ba neng ruta le ho hlalosa Bibele ka eona. Le hoja matichere a ka a ne a batla hore ke ee univesithing, ke ne ke batla ho ea thusa Bethele. Kahoo ke ile ka fana ka foromo ea Bethele hona kopanong eo ha ke kolobetsoa. Ke ile ka boela ka tlatsa e ’ngoe kopanong e neng e tšoaretsoe lebaleng la lipapali la Yankee, New York City ka 1955. Ha ke le lilemo li 17 ke ile ka fumana lengolo la ho sebetsa Bethele e Brooklyn ka la 19 September 1955. Letsatsi la bobeli ke le moo ke ile ka sebetsa lefapheng la ho kopanya libuka. Ke ne ke sebetsa mochineng o kopanyang maqephe a 32 a buka e le hore e ka ea mochineng o rokang libuka.

Ke ile ka qala ho sebetsa Bethele ha ke le lilemo li 17

Khoeli ka mor’a moo ke ile ka sebetsa lefapheng la Limakasine kaha ke ne tseba ho thaepa. Ka nako eo, bara le barali babo rona ba ne ngola liaterese tsa batho ba bacha ba entseng lipeeletso tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Likhoeli hamorao ke ile ka qala ho sebetsa lefapheng le romellang lingoliloeng liphuthehong. Klaus Jensen e leng molebeli oa lefapha, o ile a mpotsa hore na nka thabela ho felehetsa mokhanni oa teraka ea neng a isa lingoliloeng likoung e le hore li romeloe linaheng tse ling. Ho ne ho boetse ho na le mekotla ea limakasine e neng e lokela ho isoa ofising ea poso e le hore e ka romelloa liphuthehong tsohle tse Amerika. Mor’abo rona Jensen o ile a re mosebetsi oo o ne o tla nthusa kaha ke ne le moketa, ke le boima ba 57 kg. Kaha ke ne ke nka lingoliloeng ho tloha likoung ke ea posong. Ke ile ka okoloha. Hoa bonahala hore mor’abo rona Jensen o ne a tseba mosebetsi o ntoketseng.

Batho ba Lefapha la Limakasine ba ne ba ngola liodara tsa phutheho tsa limakasine. Kahoo, ke ile ka hlokomela hore lefapha la rona le Brooklyn le hatisa limakasine ka lipuo tse ngata ’me le li romela linaheng tse ling. Ke ne ke sa tsebe hore ho na le lipuo tse ngata hakaalo le hore ho romeloa limakasine tse likete libakeng tse hole. ’Me ke ne sa tsebe hore hamorao ke tla ba le tokelo ea ho ea libakeng tseo tse ngata.

’Na le Robert Wallen, Charles Molohan le Don Adams

Ka 1961, ke ile ka sebetsa le Grant Suiter e leng molebeli oa lefapha la lichelete. Lilemo hamorao ke ile ka sebetsa le mor’abo rona Nathan Knorr ea neng a etella pele mosebetsing oa rona oa boboleli. Mor’abo rona Knorr o ile a re hlalosetsa hore ho na le ea khethiloeng har’a rona hore a ee Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso se nkang khoeli, ’me ka mor’a moo o tla sebetsa Lefapheng la Tšebeletso. Ke ile ka khethoa hore ke nke sebaka sa mor’abo rona eo ea ileng sekolong ’me ka sebetsa le mor’abo rona Don Adams. Mor’abo rona Adams e ne e le eena ea ileng a amohela kopo ea ka ea ho sebeletsa Bethele. Ofising eo o ne a sebetsa le Robert Wallen le Charles Molohan. Ke sebelitse hamonate le barab’abo rona bana ba bararo ka lilemo tse fetang 50.—Pes. 133:1.

Lekhetlo la ka la pele ke etela makala ke le molebeli oa makala Venezuela ka 1970

Ka 1970 ke ile ka fuoa mosebetsi oa ho etela makala a Mokhatlo oa Watch Tower ka libeke tse ’maloa selemo le selemo kapa ka mor’a lilemo tse peli. Ka nako eo maeto ao a ne a bitsoa ketelo ea molebeli oa libaka ea tsoang ntlo-kholo. Mosebetsi oa ka o ne o akareletsa ho etela Bethele le baromuoa, ke ba khothatsa le ho hlahloba litlaleho tsa ofisi ea lekala. Ke ile ka thabela ho sebetsa le ho etela linaha tse fetang 90, ke kopana le barab’abo rona ba tsoang Sekolong sa Gileade. Ke ile ka boela ka thaba ha ke bona hore ba ntse ba tsoela pele ho sebetsa ka botšepehi mosebetsing oa bona libakeng tse fapaneng.

Ke ne ke thabela ho etela barab’abo rona linaheng tse fetang 90

KE FUMANA MOLEKANE EA TŠEPAHALANG

Bohle ba neng ba sebetsa Bethele e Brooklyn ba ne ba abetsoe ho ea liphuthehong tse New York City. Phutheho ea pele toropong ea Bronx e ne e bitsoa Upper Bronx ’me ke kopanela ho eona. Empa kaha e ne e se e holile, hamorao e ile ea aroloa.

Mahareng a 1960, lelapa le leng la Malatvia la Lipaki le neng le le phuthehong ea south Bronx le ile la qala ho kopanela phuthehong ea rona. Morali oa lelapeng leo e moholo e leng Livija, e ile ea ba pula-maliboho hang feela ha a qeta sekolong se phahameng. Hamorao o ile a thusa seterekeng sa Massachusetts, moo ho neng ho na le bahoeletsi ba fokolang ka palo. Ke ile ka qala ho mo ngolla ke mo tsebisa ka litaba tsa phutheho ebe o ngolla ka katleho ea hae mosebetsing oa boboleli Boston.

Lilemo hamorao, Livija e ile ea ba pula-maliboho e khethehileng. Kaha o ne a batla ho sebeletsa Jehova ka hohle kamoo a ka khonang, o ile a kenya kopo ea ho thusa Bethele ’me a amoheloa ka 1971. E ne eka ke mo tliselitsoe ke Jehova. Re ile ra nyalana ka la 27 October 1973, ’me re ile ra ba le tokelo ea ho fuoa puo ea lenyalo ke mor’abo rona Knorr. Liprov. 18:22 e re: “Na motho o fumane mosali ea molemo? O fumane ntho e molemo, ’me o fumana kamohelo e tsoang ho Jehova.” E se e le lilemo tse fetang 40 joale re sebetsa Bethele le Livija ’me re ntse re tsoela pele ho tšehetsa phutheho ea Bronx.

RE SEBETSA MAHETLA A BAPILE LE BARABA’BO KRESTE

Ke ile ka thabela ho sebetsa le mor’abo rona Knorr haholo. O ne a le mafolofolo mosebetsing oa boboleli a bile a ananela mosebetsi oo baromuoa ba neng ba o etsa lefatšeng ka bophara. Ba ne ba rometsoe linaheng tseo ho neng ho se na Lipaki. Ke ile ka utloa bohloko haholo ha mor’a bo rona Knorr a tšoara ke kankere ka 1976. O ne a se a sa khone ho tsoha liphateng. Ka lekhetlo le leng, o ile a kopa hore ke mo balle sengoliloeng se tlo hatisoa. O ile kopa hore ke bitse mor’abo rona Frederick Franz e le hore a ka mamela ha ke bala. Hamorao ke ile ka fumana hore mor’abo rona Knorr o ne a lula a mo balla lingoliloeng tsa rona kaha mor’abo rona Franz o ne a e-na le bothata ba mahlo.

Ke na le Daniel le Marina Sydlik ka 1977, ketelong ea molebeli oa libaka

Mor’abo rona Knorr o ile a hlokahala ka 1977, empa bohle ba neng ba mo tseba ba ile ba tšeliseha kaha o ile a lula a tšepahala ho fihlela a qeta tšebeletso ea hae lefatšeng. (Tšen. 2:10) Ka mor’a moo, mor’abo rona Franz e ile ea ba eena ea etellang pele mosebetsing oa rona.

Ka nako eo, ke ne ke thusa mor’abo rona Milton Henschel ea ileng a sebetsa le mor’abo rona Knorr ka lilemo tse ngata. Mor’abo rona Henschel o ile a re boikarabelo ba ka Bethele e se e tla ba ho thusa mor’abo rona Franz hohle moo a hlokang thuso. Kamehla ke ne ke mo balla lingoliloeng pele li hatisoa. Mor’abo rona Franz o ne a khona ho hopola lintho a bile a khona le ho beha mohopolo oa hae tabeng e ntseng e baloa. Ke ile ka thabela ho sebetsa le eena ho fihlela a qeta tšebeletso ea hae lefatšeng ka December 1992.

124 Columbia Heights, moo ke ileng ka sebetsa lilemo tse ngata

Lilemo tse 61 tseo ke li qetileng Bethele e Brooklyn li fetile kapele. Batsoali ba ka ba ile ba hlokahala ba tšepahala ho Jehova, ’me ke lebeletse ka thabo ho ba amohela lefatšeng le se nang bokhopo. (Joh. 5:28, 29) Ha ho letho le nthabisang ho feta hore ebe ke ile ka sebetsa le Bakreste ba tšepahalang re sebeletsa batho ba Molimo. Kannete re bone hore nakong eo re leng tšebeletsong ea nako e tletseng, ‘thabo ea Jehova [e bile] qhobosheane ea rona.’—Neh. 8:10.

Mosebetsi oa ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo o ntse o tsoela pele, ha oa itšetleha ka motho leha e le ofe. Ke thabetse ho sebetsa le bara le barali babo rona ba sebete le ba tšepahalang ka lilemo tseo tse ngata. Batlotsuoa ba bangata bao ke ileng ka sebetsa le bona ha ba sa phela. Ruri ke ananela tokelo eo ke bileng le eona ea ho sebetsa le barab’abo rona bao ba tšepahalang tšebeletsong ea Jehova.