Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Lentsoe la Molimo . . . le Fana ka Matla”

“Lentsoe la Molimo . . . le Fana ka Matla”

“Etsoe lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.”BAHEB. 4:12.

LIPINA: 114, 113

1. Re tseba joang hore Lentsoe la Molimo le fana ka matla? (Sheba setšoantšo se qalong.)

KAHA re batho ba Jehova re kholisehile hore lentsoe la hae, e leng molaetsa o eang ho moloko oa batho “lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheb. 4:12) Re bone matla a Lentsoe la Molimo bophelong ba rona le bophelong ba batho ba bang. Pele e e-ba Lipaki ba bang e ne e le masholu, ba sebelisa lithethefatsi ha ba bang ba ne ba etsa thobalano kantle ho lenyalo. Ba bang bona ba ne ba tumme ebile ba e-na le chelete e ngata empa ba ile ba ’na ba utloa eka ho na le ho haellang bophelong ba bona. (Moek. 2:3-11) Hoa thabisa hore ebe Bibele e ile ea thusa ba bangata ba neng ba se na morero bophelong hore ba be le tšepo. Mohlomong u ile oa thabela ho bala ka batho ba joalo tlas’a sehlooho se reng “Bibele e Fetola Batho,” se hlahang Molula-Qhooeng. ’Me u hlokometse hore le ka mor’a hore ba ithute Bibele, Bakreste ba tsoela pele ho etsa liphetoho bophelong ba bona.

2. Lentsoe la Molimo le ile la fana ka matla joang mehleng ea Pauluse?

2 Na hoa makatsa hore ebe ba bangata ba phelang hona joale ba entse liphetoho tse kholo ka lebaka la ho ithuta Bibele? Le hanyenyane. Ha re bala ka batho ba joalo, re hopola bara le barali babo rona ba phetseng mehleng ea Pauluse ba neng ba e-na le tšepo ea ho phela leholimong. (Bala 1 Bakorinthe 6:9-11.) Ha Pauluse a bua ka ba neng ba ke ke ba rua ’Muso oa Molimo o ile a re: “Ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona.” Empa ba ile ba fetoha ka thuso ea Lentsoe la Molimo le moea oa hae o halalelang. Le ka mor’a ho ithuta Bibele, ba bang ba ile ba loana ka thata e le hore ba ka phela ka litaelo tsa Molimo. Mohlala, Bibele e bua ka mor’abo rona ea tlotsitsoeng ea ileng a khaoloa. Hamorao o ile a etsa liphetoho eaba o khutlisetsoa ka phuthehong. (1 Bakor. 5:1-5; 2 Bakor. 2:5-8) Hoa khothatsa hore ebe bara le barali babo rona ba ile ba etsa liphetoho tse ngata ka lebaka la Lentsoe la Molimo.

3. Re tlil’o ithuta eng sehloohong see?

3 Lentsoe la Molimo le matla. Kaha Jehova o re file lona re lokela ho le sebelisa hamolemo. (2 Tim. 2:15) Sehloohong sena re tl’o bona hore na re ka etsa joang ho sebelisa matla a Lentsoe la Molimo (1) bophelong ba rona, (2) tšimong le (3) ha re fana ka puo. Haeba re ithuta Lentsoe la Molimo, le tla re thusa ho bontša hore re rata Ntate oa rona ea maholimong, ea re rutang hore re itsoele molemo.—Esa. 48:17.

BOPHELONG BA RONA

4. (a) Re lokela ho etsa’ng e le hore Bibele e ka fetola bophelo ba rona? (b) Re ka etsa’ng hore re khone ho bala Bibele kamehla?

4 E le hore re lumelle Lentsoe la Molimo ho fetola bophelo ba rona, re lokela ho le bala kamehla kapa letsatsi le letsatsi. (Josh. 1:8) Ke ’nete hore boholo ba rona re maphathaphathe. Empa ha rea lokela ho lumella boikarabello bofe kapa bofe ba rona ho re sitisa ho bala Bibele. (Bala Baefese 5:15, 16.) Bahlanka ba bangata ba Jehova ba fumane litsela tse fapaneng tsa ho ithekela nako ea ho bala Bibele kamehla, ebang ke hoseng, motšehare kapa Bosiu. Ba ikutloa ka tsela e tšoanang le ea Mopesaleme ea ileng a re: “Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.”—Pes. 119:97.

5, 6. (a) Ke hobane’ng ha ho nahanisisa ka seo re se balileng e le ntho ea bohlokoa? (b) Ke joang re ka nahanisisang ka lintho tseo re li balileng e le hore li re ruise molemo? (c) U ruile molemo joang ka ho bala Lentsoe la Molimo le ho nahanisisa ka lona?

5 Leha ho le joalo ho bala Bibele feela ha hoa lekana. Re lokela ho nahanisisa ka lintho tseo re li balileng. (Pes. 1:1-3) ’Me ho etsa joalo ho tla re thusa ho phela ka melao ea Molimo. Hore na re bala Bibele li-tableteng, liselefounong kapa re e bala moo e ngotsoeng morero oa rona ke ho e lumella ho fetola bophelo ba rona.

6 Re ka nahanisisa ka lintho tseo re li balileng ka tsela e re ruisang molemo joang? Ba bangata ha ba bala litemana tsa Bibele ba ee ba khefutse ebe ba nahana ka lipotso tse latelang: Ke ithuta’ng ka Jehova litemaneng tsee? Ke sebelisa lintho tseo ke ithutileng tsona litemaneng tsee joang bophelong ba ka? Ke lokela ho etsa liphetoho life? Ha re nahanisisa ka Lentsoe la Molimo ’me re kopa Jehova hore a re thuse hore re sebelise likeletso tsa lona, o tla re thusa. Ha re etsa joalo re tla bona matla a Lentsoe la Molimo bophelong ba rona.—2 Bakor. 10:4, 5.

TŠIMONG

7. Ke eng e ka re thusang hore re sebelise Lentsoe la Molimo hamolemo tšebeletsong ea tšimo?

7 Ke eng e ka re thusang hore re sebelise Lentsoe la Molimo hamolemo tšebeletsong ea tšimo? Mohato oa pele ke ho le sebelisa ka bolokolohi ha re bua le batho ka Bibele. Mor’abo rona e mong o ile a re: “Haeba u ne u bua le batho ka ntlo le ntlo u tsamaea le Jehova, na u ne u tla mo fa monyetla oa hore a bue kapa u ne u tla bua molebe?” O ne a bolela hore: Ha re bala Bibele ha re le tšimong, re lumella hore Jehova a bue le mong’a ntlo. Temana e lokiselitsoeng hantle e ka fana ka tšusumetso ho feta eng kapa eng eo re ka e buang. (1 Bathes. 2:13) Ha u le tšimong, na u nka monyetla o mong le o mong ho bala ho tsoa ka Bibeleng?

8. Ke hobane’ng ha ho balla batho litemana tse ka Bibeleng feela ho sa lekana?

8 Ho balla batho litemana tse ka Bibeleng feela ha hoa lekana. Hobane’ng? Hobane ba bangata ha ba utloisise Bibele hakaalo. Mehleng ea Pauluse ho ne ho le joalo ’me le kajeno ho ntse ho tšoana. (Bar. 10:2) Kahoo ha rea lokela ho nahana hore batho ba tla utloisisa temana ea Bibele ka hore re ba balle eona feela. Re ka ba thusa ka hore mohlomong re phete karolo e itseng ea temana eo e be re ba hlalosetsa eona. Ho etsa joalo ho ka etsa hore Lentsoe la Molimo le hape thahasello ea bamameli ba rona.—Bala Luka 24:32.

9. Pele re bala Lengolo re ka thusa bamameli ba rona joang ho hlompha Bibele? Fana ka mohlala.

9 Re tla be re etsa hantle ka hore pele re bala Lengolo re bue mantsoe a tla thusa bamameli ba rona ho hlompha Bibele. Mohlala, re ka re: “A re bone hore na ’Mopi oa rona o reng ka taba ena.” Ha re bua le motho eo e seng Mokreste, re ka re: “A re ke re bone seo Mangolo a halalelang a se buang.” Kapa haeba re bua le motho ea sa tsotelleng bolumeli, re ka mo botsa: “Na u kile oa utloela ka maele aa?” Haeba re nahana ka semelo sa motho e mong le e mong le tumelo ea hae, re ka etsa sohle seo re se khonang hore re hape thahasello ea hae ka kenyelletso ea rona.—1 Bakor. 9:22, 23.

10. (a) Re ithuta’ng mohlaleng oa mor’abo rona ea ileng a khutlela ho ntate-moholo ea ’nileng a bala limakasine tsa rona? (b) U bone matla a Lentsoe la Molimo joang ha u le tšimong?

10 Ba bangata ba hlokometse hore ho sebelisa Bibele ha re le tšimong ho ba le litholoana tse molemo ho bao re ba pakelang. Mohlala, mor’abo rona e mong o ile a khutlela ho ntate-moholo ea ’nileng a bala limakasine tsa rona ka nako e telele. Ho e-na le ho mo fa Molula-Qhooa oa morao-rao, mor’abo rona o ile a khetha ho bala Lengolo le hlahang ka har’a makasine oo. O ile a bala 2 Bakorinthe 1:3, 4 e reng: “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle . . . ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.” Ntate-moholo eo o ile a angoa ke temana eo hoo a ileng a kopa mor’abo rona ho e bala hape. O ile a bontša kamoo eena le mohatsa hae ba neng ba hloka ho tšelisoa kateng, ’me hona joale u thahasella molaetsa oa Bibele. Na ha u lumele hore Lentsoe la Molimo le fana ka matla tšebeletsong ea tšimo?—Lik. 19:20.

HA U FANA KA PUO

11. Barab’abo rona ba fanang ka lipuo ba na le boikarabelo bofe?

11 Kaofela re thabela ho ba teng libokeng, likopanong tse nyenyane le tse kholo. Lebaka le leholo la ho etsa sena ke hobane re batla ho rapela Jehova. Re boetse re rua molemo haholo ka seo re ithutang sona. Barab’abo rona ba fanang ka lipuo ba na le boikarabelo bo boholo empa ba thabela tokelo eo. (Jak. 3:1) Ba lokela ho etsa bonnete ba hore seo ba se rutang kamehla se thehiloe Bibeleng. Ha u fana ka puo, u ka etsa joang hore bamameli ba bone matla a Lentsoe la Molimo?

12. Sebui se ka etsa joang hore Mangolo e be ’ona mokokotlo oa puo?

12 Mangolo a lokela ho ba mokokotlo oa lipuo tsa rona. (Joh. 7:16) Taba ee e akarelletsa’ng? E akarelletsa ho ba hlokolosi hore tsela eo u fanang lipuo ka eona, mehlala le lipapiso ha li hape tlhokomelo ea bamameli ba hao ho feta hore na Bibele e re’ng. Hape u lokela ho hopola hore ho balla bamameli litemana tse itseng feela, ha ho bolele hore ehlile u ruta ho tsoa Bibeleng. Ha e le hantle, ha u bala Mangolo a mangata haholo, bamameli ba ke ke ba a hopola. Kahoo khetha Mangolo ka hloko ebe u nka nako ho a bala, ho a hlalosa, ho etsa lipapiso ’me u a sebelise hantle. (Neh. 8:8) Ha puo ea hao e le kemisong eo u e fuoeng ke mokhatlo, ithute eona le Mangolo a ho eona. Leka ho utloisisa hore na Mangolo a hlahang kemisong a lumellana joang le puo ea hao. Sebelisa Mangolo ao ho totobatsa lintlha tse kemisong. (U ka fumana tataiso ea ho etsa sena bukeng ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo thutong ea 21 ho ea ho 23.) Ka holimo ho tsohle kopa Jehova a u thuse hore u fetise mohopolo oa hae o tsoang ka Bibeleng.—Bala Esdrase 7:10; Liproverbia 3:13, 14.

13. (a) Morali’abo rona e mong o ile a etsa’ng ka mor’a ho utloa Lengolo ha a le libokeng? (b) Ke Mangolo afe a u ruisitseng molemo a ileng a baloa libokeng?

13 Ha morali’abo rona e mong oa Australia e sa le ngoana, o ile a etsahalloa ke lintho tse bohloko ha a ntse a hola. Le hoja hamorao a ile a kolobetsoa, o ne a sa lumele hore Jehova oa mo rata. Ho na le Lengolo le ileng la mo ama maikutlo ha a le libokeng. O ile a nahanisisa ka lona, a etsa lipatlisiso eaba o fumana Mangolo a mang a tšoanang le leo. O ile a kholiseha hore Jehova oa mo rata. * Na le uena u kile oa utloa temana libokeng, likopanong tsa potoloho kapa tsa setereke e u amang ka tsela e tšoanang?—Neh. 8:12.

14. Re ka bontša kananelo ea rona ho Jehova joang?

14 Re motlotlo hore ebe Jehova o re file Bibele. Ha se feela hore ebe ka lerato o re file eona empa o phethahalitse tšepiso ea hae ea hore e tla lula e le teng ka ho sa feleng. (1 Pet. 1:24, 25) Re etsa hantle ka hore re bale Bibele kamehla, re sebelise seo re ithutileng sona re be re e sebelise ha re thusa ba bang. Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore re rata le ho ananela letlotlo lena e le kannete empa haholo-holo Mongoli oa lona e leng Jehova.

^ ser. 13 Sheba lebokose le reng “ Liphetoho Bophelong ba ka.”